Buka ea Bibele ea 11—1 Marena
Mongoli: Jeremia
Sebaka Seo e Ngoletsoeng ho Sona: Jerusalema le Juda
Ho Ngoloa ho Phethiloe ka: 580 B.C.E.
Nako e Akarelitsoeng: hoo e ka bang ka 1040–911 B.C.E.
1. (a) Katleho e khanyang ea Iseraele e ile ea fetoha tšenyeho joang? (b) Leha ho le joalo ke hobane’ng ha Marena a Pele e ka hlalosoa e le e ‘bululetsoeng le e molemo’?
HO HLŌLA ha Davida lintoeng ho ne ho atolositse sebaka se busoang ke Iseraele ho ea fihla meeling ea sona e fanoeng ke Molimo, ho tloha nōkeng ea Eufrate ka leboea ho ea nōkeng ea Egepeta ka boroa. (2 Sam. 8:3; 1 Mar. 4:21) Nakong ena Davida o ne a se a shoele ’me mor’a hae Salomone o ne a busa tulong tsa hae, “Ba-Juda le ba-Iseraele ba ne ba le bangata, joale ka lehlabathe le lebopong la leoatle, ba e-ja, ba e-noa, ba nyakalla.” (1 Mar. 4:20) Salomone o ile a busa ka bohlale bo boholo, bohlale bo fetang hōle ba Bagerike ba boholo-holo. O ile a hahela Jehova tempele e tsotehang. Leha ho le joalo, esita le Salomone o ile a oela borapeling ba melimo ea bohata. Ha a e-shoa ’muso o ile oa aroloa habeli, ’me marena a khopo a hlahlamanang mebusong e hlōlisanang ea Iseraele le Juda a ile a etsa liketso tse senyang, a tlisetsa batho mahlomola, feela joalokaha Samuele a ne a boletse esale pele. (1 Sam. 8:10-18) Ho marena a 14 a ileng a busa Juda le Iseraele ka mor’a lefu la Salomone joalokaha ho lokolisitsoe litaba tsa ’ona bukeng ea Marena a Pele, ke a 2 feela a ileng a atleha ho etsa se nepahetseng mahlong a Jehova. Ka hona, na tlaleho ee ‘e bululetsoe ’me e molemo’? Ka sebele ho joalo, joalokaha re tla bona litemosong tsa eona, boprofeteng ba eona le litšoantšetsong tsa eona, le kamanong ea eona le sehlooho se seholo sa ’Muso sa “Lengolo lohle.”
2. Ho tlile joang hore tlaleho ea Marena a Pele le a Bobeli e be meqolong e ’meli, ’me e ile ea hlophisoa joang?
2 Qalehong buka ea Marena e ne e le moqolo o le mong, ’me e ne e bitsoa Mela·khimʹ (Marena) ka Seheberu. Bafetoleli ba Septuagint ba ile ba e bitsa Ba·si·leiʹon, “Mebuso,” ’me ke bona ba pele ba ileng ba e arola hore e be meqolo e ’meli hore e khone ho sebelisoa habobebe. Hamorao ba ile ba e bitsa Marena a Boraro le a Bone, e leng lebitso le ntseng le le teng Libibeleng tsa K’hatholike ho fihlela kajeno. Leha ho le joalo, ka tloaelo hona joale e tsejoa e le Marena a Pele le a Bobeli. E fapane le Samuele oa Pele le oa Bobeli ka ho bolela hore litlaleho tsa pejana ke eona mehloli ea boitsebiso bakeng sa mohlophisi. Mohlophisi e mong, ho pholletsa le libuka tseo ka bobeli, ka makhetlo a 15 o supa “bukeng ea litaba tsa ho phela ha marena a Juda,” ka makhetlo a 18 “bukeng ea litaba tsa ho phela ha marena a Iseraele,” hape le “bukeng ea litaba tsa Salomone.” (1 Mar. 15:7; 14:19; 11:41) Le hoja litlaleho tsena tse ling tsa boholo-holo li se li lahlehile ka ho felletseng, tlaleho e hlophisitsoeng e bululetsoeng e ntse e le teng—tlaleho e molemo ea Marena a Pele le a Bobeli.
3. (a) Ntle le pelaelo ke mang ea ngotseng libuka tsa Marena, hona ke hobane’ng ha u arabela joalo? (b) Ho ngola hoo ho phethiloe neng, ’me ke nako efe e akaretsoang ke Marena a Pele?
3 Ke mang ea ngotseng libuka tsa Marena? Ho hatisa ha tsona mosebetsi oa baprofeta, haholo-holo Elia le Elisha, ho bontša hore li ngotsoe ke moprofeta oa Jehova. Ho tšoana ha puo, tlhophiso, le mokhoa oa ho ngola ho bontša hore ke mongoli a le mong le oa buka ea Jeremia. Mantsoe le lipolelo tse ngata tsa Seheberu li hlaha feela ho Marena le Jeremia, ’me ha li hlahe bukeng leha e le efe e ’ngoe ea Bibele. Leha ho le joalo, haeba Jeremia o ngotse libuka tsa Marena, ke hobane’ng ha ho sa boleloe lebitso la hae moo? Hoo ho ne ho sa hlokahale, kaha mosebetsi oa hae o ne o se o ntse o akarelitsoe bukeng e bitsoang ka eena. Ho feta moo, Marena e ne e ngoletsoe ho tlotlisa Jehova le borapeli ba Hae, eseng ho eketsa botumo ba Jeremia. Ha e le hantle, Marena le Jeremia lia tlatselletsana likarolong tse ngata, e ’ngoe e tlatselletsa seo e ’ngoe e se siileng. Ho phaella moo, ho na le litlaleho tse tšoanang, ka mohlala, tse kang 2 Marena 24:18–25:30 le Jeremia 39:1-10; 40:7–41:10; 52:1-34. Neano ea Bajode e tiisa hore Jeremia ke eena mongoli oa Marena a Pele le a Bobeli. Ha ho pelaelo hore o qalile ho hlophisa libuka tseo ka bobeli Jerusalema, ’me ho bonahala eka buka ea bobeli e ile ea phethoa Egepeta hoo e ka bang ka 580 B.C.E., kaha o supa liketsahalo tsa selemo seo qetellong ea tlaleho ea hae. (2 Mar. 25:27) Marena a Pele e ntšetsa histori ea Iseraele pele ho tloha qetellong ea Samuele oa Bobeli ’me e tsoela pele ka eona ho fihlela ka 911 B.C.E., ha Josafate a e-shoa.—1 Mar. 22:51.
4. Histori ea lefatše le ho epolloa ha lintho tsa khale li tiisa bonnete ba Marena a Pele joang?
4 Marena a Pele e na le sebaka sa eona se loketseng ka har’a libuka tse amoheloang tsa Mangolo a Halalelang, kaha e amoheloa ke litsebi tsohle. Ho feta moo, liketsahalo tse ho Marena a Pele li tiisoa ke histori ea lefatše ea Egepeta le Assyria. Ho epolloa ha lintho tsa khale le hona ho tšehetsa lipolelo tse ngata tse ka bukeng eo. Ka mohlala, ho 1 Marena 7:45, 46 re bala hore ke “lehoatateng la Jordane . . . mahareng a Sukkothe le Tsarthane” moo Hirame a ileng a etsa lijana tsa koporo tsa tempele ea Salomone. Baepolli ba lintho tsa khale ba neng ba cheka sebakeng sa Sukkothe ea boholo-holo ba sibollotse bopaki ba ho qhibilihisa moo.a Ho phaella moo, mongolo oa litšoantšo o leboteng la tempele Karnak (Thebes ea boholo-holo) o ithorisa ka ho futuheloa ha Juda ke morena oa Egepeta Sheshonk (Shishake), ho boletsoeng ho 1 Marena 14:25, 26.b
5. Ke bopaki bofe bo bululetsoeng bo pakang bonnete ba tlaleho ea Marena a Pele?
5 Litšupiso tsa bangoli ba bang ba Bibele le phethahatso ea boprofeta li tšehetsa bonnete ba tlaleho ea Marena a Pele. Jesu o ile a bua ka liketsahalo tse amang Elia le mohlolohali oa Sarepta e le linnete tsa histori. (Luka 4:24-26) Ha Jesu a bua ka Johanne Mokolobetsi, o itse: “Ke eena Elia ea neng a tšoanetse ho tla.” (Matt. 11:13, 14) Mona Jesu o ne a supa boprofeta ba Malakia, eo ka ho tšoanang a ileng a bua ka letsatsi le tlang: “Bonang, ke ea le romela moprofeta Elia, ho e-so ho tle letsatsi la Jehova, le leholo, le tšabehang.” (Mal. 4:5) Jesu o ile a tsoela pele ho tiisa hore Marena a Pele ke karolo ea Mangolo a halalelang a amoheloang ka ho supa se ngotsoeng bukeng eo mabapi le Salomone hammoho le mofumahali oa boroa.—Matt. 6:29; 12:42; bapisa le 1 Marena 10:1-9.
LITABA TSE KA HARE TSA MARENA A PELE
6. Salomone o hloella teroneng tlas’a maemo afe, ’me o tiisoa ka ho felletseng ’musong joang?
6 Salomone e ba morena (1:1–2:46). Tlaleho ea Marena a Pele e qala ha Davida a se a le haufi le ho shoa ha a atamela qetello ea puso ea hae ea lilemo tse 40. Mor’a hae Adonija, ka thuso ea molaoli oa lebotho Joabe le moprista Abiathare, o etsa morero oa phetohelo oa ho inkela borena. Moprofeta Nathane o tsebisa Davida sena ’me ka tsela e sa tobang o mo hopotsa hore o se a ntse a khethile Salomone ho ba morena ha a e-shoa. Ka hona Davida o laela moprista Tsadoke ho tlotsa Salomone ho ba morena, le hoja bafetoheli ba ntse ba keteka bohlahlami ba Adonija. Joale Davida o laela Salomone hore a be matla ’me a ipake e le monna le ho tsamaea litseleng tsa Jehova Molimo oa hae, ’me ka mor’a moo Davida oa shoa ’me o patoa “Motseng oa Davida.” (2:10) Hamorao Salomone o leleka Abiathare ’me o ahlolela bafehli ba likhathatso Adonija le Joabe lefu. Hamorao, Shimei o ahloleloa lefu ha a sa bontše tlhompho bakeng sa tokisetso e mohau e entsoeng ea ho qenehela bophelo ba hae. Joale ’muso o tiisoa ka ho felletseng matsohong a Salomone.
7. Jehova o arabela thapelo efe ea Salomone, hona e le ka phello efe ho Iseraele?
7 Puso ea Salomone e bohlale (3:1–4:34). Salomone o etsa selekane sa lenyalo le Egepeta ka ho nyala morali oa Faro. O rapella hore Jehova a mo fe pelo e utloang e le hore a tle a ahlole batho ba Jehova ka temoho. Ka baka la hore ha a kōpe bophelo bo bolelele kapa maruo, Jehova o tšepisa ho mo fa pelo e bohlale le e nang le temoho hammoho le maruo le khanya. Qalong ea puso ea hae, Salomone o bontša bohlale ba hae ha basali ba babeli ba hlaha ka pele ho eena ba tseka ngoana a le mong. Salomone o laela banna ba hae ho ‘petsola ngoana ea phelang ka lehare’ le ho fa mosali ka mong mokhekhetho. (3:25) Ha eo e hlileng e leng ’m’a ngoana a utloa sena o ipiletsa hore ho qeneheloe bophelo ba ngoana, o re a neoe mosali e mong. Ka hona Salomone o hlokomela eo e hlileng e leng ’m’ae, ’me ke eena ea fumanang ngoana. Ka baka la bohlale ba Salomone boo a bo fuoeng ke Molimo, Iseraele eohle ea atleha ’me ea thaba ebile ea sireletseha. Batho ba tsoang linaheng tse ngata ba tla ho tla utloa lipolelo tsa hae tse bohlale.
8. (a) Salomone o tsoela pele ho haha tempele joang? Hlalosa likarolo tse ling tsa eona. (b) O tsoela pele ka lenaneo lefe le eketsehileng la kaho?
8 Tempele ea Salomone (5:1–10:29). Salomone o hopola mantsoe a Jehova ho ntat’ae, Davida: “Mora oa hao eo ke tla ’mea teroneng ea hao tulong tsa hao, ke eena ea tla hahela lebitso la ka ntlo.” (5:5) Ka hona Salomone o lokisetsa sena. Hirame morena oa Tyre o thusa ka ho romela likoqo tsa kedare le tsa junipere tse tsoang Lebanone le ka ho fana ka basebetsi ba litsebi. Basebetsi bana ba litsebi, hammoho le basebetsi ba Salomone ba kentsoeng mosebetsing ka ntle ho boikhethelo, ba qala ho sebetsa ntlong ea Jehova selemong sa bone sa puso ea Salomone, selemong sa bo480 ka mor’a hore Baiseraele ba tlohe Egepeta. (6:1, NW) Ha ho lihamore, lilepe, kapa likofuto leha e le life tsa tšepe tse sebelisoang setšeng sa mohaho, kaha majoe ’ohle a lokisoa le ho betloa koaring pele a tlisoa setšeng sa tempele ho tla kopanngoa. Karolo eohle e ka hare ea tempele, e ileng ea koaheloa ka kedare pele maboteng le lepolanka la junipere fatše, joale e koaheloa hantle ka gauda. Ho etsoa litšoantšo tse peli tsa likerubime ka lepolanka la sefate sa oli, setšoantšo ka seng se bophahamo ba litsoe tse leshome (limithara tse 4,5) le litsoe tse leshome ho tloha ntlheng ea lepheo le leng ho ea ntlheng ea lepheo le leng, ’me litšoantšo tsena li behoa ka kamoreng e ka hare-hare. Likerubime tse ling, hammoho le litšoantšo tsa lifate tsa palema le lithung-thung, lia betloa maboteng a tempele. Qetellong, ka mor’a nako e fetang lilemo tse supileng tsa mosebetsi, tempele e majaba-jaba ea phethoa. Salomone o ntšetsa lenaneo la hae la kaho pele: ntlo ea hae, Ntlo ea Moru oa Lebanone, Mathule a Litšiea, Mathule a Terone, le ntlo ea morali oa Faro. O boetse o etsa litšiea tse khōlō tsa koporo bakeng sa mathule a ntlo ea Jehova, leoatle le tšollotsoeng bakeng sa lekhotla, le likoloi tsa koporo, hammoho le likotlolo tsa koporo le lijana tsa gauda.c
9. Ke pontšo efe ea Jehova le thapelo efe ea Salomone tse khethollang ho tlisoa ha areka ea selekane?
9 Joale ho fihla nako ea hore baprista ba tlise areka ea selekane sa Jehova ’me ba e behe ka kamoreng e ka hare-hare, ka Sehalalelisisong, tlas’a mapheo a likerubime. Ha baprista ba e-tsoa, ‘ntlo ea Jehova e tlala khanya ea Jehova,’ hoo baprista ba sitoang ho ema le ho sebeletsa. (8:11) Salomone o rapella phutheho ea Iseraele, ’me o boka Jehova le ho mo rorisa. A khumame ka mangole ’me a otlolletse matsoho a hae maholimong, ka thapelo o lumela hore leholimo la maholimo le ke ke la kopa Jehova, hakaakang ka ntlo ena ea lefatšeng eo a e hahileng. O rapela hore Jehova a utloe bohle ba Mo tšabang ha ba rapela tlung ena, e, esita le molichaba ea tsoang naheng e hōle, “hore lichaba tsohle tsa lefatše li tle li tsebe lebitso la hao, li u tšabe, joale ka ha sechaba sa hao sa Iseraele se u tšaba.”—8:43.
10. Ke tšepiso le temoso life tsa boprofeta tseo Jehova a arabelang thapelo ea Salomone ka tsona?
10 Nakong ea mokete o latelang oa matsatsi a 14, Salomone o etsa mahlabelo a likhomo tse 22 000 le linku tse 120 000. Jehova o bolella Salomone hore O utloile thapelo ea hae le hore O halalelitse tempele ka ho beha ‘lebitso la Hae moo ho isa nakong e ke keng ea lekanngoa.’ Joale, haeba Salomone a ka tsamaea ka ho loka pel’a Jehova, terone ea ’muso oa hae e tla ’ne e be teng. Leha ho le joalo, haeba Salomone le bara ba hae ba tlang ka mor’a hae ba ka furalla borapeli ba Jehova ’me ba sebeletsa melimo e meng, joale, Jehova o re, “Ke tla boela ke khaole Iseraele holim’a lefatše leo ke ba fileng lona; ’me ntlo eo ke e halalelitseng bakeng sa lebitso la ka ke tla e lahlela hōle le ’na, ’me ka sebele Iseraele e tla fetoha polelo ea papiso le nyeliso har’a lichaba tsohle. ’Me ntlo ena ka boeona e tla fetoha liqubu tsa lithako.”—9:3, 7, 8, NW.
11. Maruo a Salomone le bohlale ba hae li fetoha tse pharalletseng hakae?
11 Ho nkile Salomone lilemo tse 20 ho phetha matlo a mabeli, ntlo ea Jehova le ntlo ea morena. Joale o tsoela pele ho haha metse e mengata ho pholletsa le sebaka seo a se busang, hammoho le likepe tse sebelisoang bakeng sa ho hoeba le linaha tse hōle. Ka hona mofumahali oa Sheba o utloela ka bohlale bo boholo boo Jehova a bo fileng Salomone, ’me o tla ho tla mo leka ka lipotso tse emisang hlooho. Ka mor’a ho mo utloa le ho bona katleho le thabo ea batho ba hae, oa khotsa: “Ha kea ka ka bolelloa le halofo.” (10:7) Ha Jehova a tsoela pele ho bontša lerato ho Iseraele, Salomone o “feta marena ’ohle a lefatše ka leruo le ka bohlale.”—10:23.
12. (a) Salomone o hlōleha ho eng, ’me ke peō efe ea phetohelo e qalang ho hlaha? (b) Akija o profeta eng?
12 Ho se tšepahale ha Salomone le lefu (11:1-43). Khahlanong le taelo ea Jehova, Salomone o inkela basali ba bangata ba tsoang lichabeng tse ling—basali ba 700 le lirethe tse 300. (Deut. 17:17) Pelo ea hae e huleloa thōko hore a sebeletse melimo e meng. Jehova o ’molella hore ’muso o tla haholoa ho eena, eseng mehleng ea hae, empa mehleng ea mor’a hae. Leha ho le joalo, karolo e ’ngoe ea ’muso, moloko o le mong ho phaella ho Juda, e tla busoa ke bara ba Salomone. Molimo o qala ho tsosetsa Salomone bahanyetsi lichabeng tse haufi, ’me Jeroboame oa moloko oa Efraime le eena o iphahamisa khahlanong le morena. Moprofeta Akija o bolella Jeroboame hore e tla ba morena oa meloko e leshome ea Iseraele, ’me Jeroboame o balehela Egepeta ho pholosa bophelo ba hae. Salomone o shoa ka mor’a ho busa ka lilemo tse 40, ’me mor’a hae Roboame e ba morena ka selemo sa 997 B.C.E.
13. Karohano e hlaha joang ’musong ha Roboame a qala puso ea hae, ’me Jeroboame o leka ho sireletsa borena ba hae joang?
13 ’Muso oa aroloa (12:1–14:20). Jeroboame o khutla Egepeta ’me o ea le sechaba ho ea kōpa Roboame hore a ba imolle mejarong eohle eo Salomone a neng a ba belesitse eona. Roboame, ka ho mamela bahlankana ho e-na le keletso e bohlale ea baholo ba Iseraele, o eketsa boima boo. Iseraele ea mo fetohela ’me e etsa Jeroboame morena oa meloko e leshome e ka leboea. Roboame, a setse ka Juda le Benyamine feela, o bokella lebotho ho ea loantša bafetoheli, empa ka taelo ea Jehova oa khutla. Jeroboame o haha Sikeme ho e etsa motse-moholo oa hae, empa o sa ntsane a ikutloa a sa sireletseha. O tšaba hore sechaba se tla khutlela Jerusalema ho ea rapela Jehova le hore se tla oela tlas’a Roboame hape. Ho thibela sena, o emisa manamane a mabeli a gauda, e ’ngoe Dane ’me e ’ngoe Bethele, ’me ho tsamaisa borapeli, o khetha baprista har’a batho ka kakaretso, eseng molokong oa Levi.d
14. Ke temoso efe ea boprofeta e phatlalatsoang khahlanong le ntlo ea Jeroboame, ’me ho qaleha litlokotsi life?
14 Ha Jeroboame a ntse a etsa sehlabelo aletareng Bethele, Jehova o romela moprofeta ho mo lemosa hore O tla hlahisa morena lesikeng la Davida, ea bitsoang Josiase, ea tla nka khato e matla khahlanong le aletare ena ea borapeli ba bohata. E le pontšo, joale aletare e tsekoloha likoto hona moo ka eona nako eo. Hamorao moprofeta ka boeena o bolaoa ke tau ka baka la ho se utloe taelo ea Jehova ea hore a se ke a ja kapa a noa ha a ntse a le thōmong ea hae. Joale tlokotsi e qala ho hlasela ntlo ea Jeroboame. E le kahlolo e tsoang ho Jehova, ngoan’a hae oa shoa, ’me moprofeta oa Molimo Akija o bolela esale pele hore ntlo ea Jeroboame e tla khaoloa ka ho felletseng ka baka la sebe sa hae se seholo sa ho emisa melimo ea bohata Iseraele. Ka mor’a ho busa ka lilemo tse 22, Jeroboame oa shoa ’me mor’a hae Nadabe e ba morena tulong tsa hae.
15. Ke liketsahalo life tse hlahang nakong ea ho busa ha marena a mararo a latelang Juda?
15 Juda: Roboame, Abijame, le Asa (14:21–15:24). Khabareng, tlas’a Roboame, Juda le eona e etsa ho leng hobe mahlong a Jehova, e sebelisa borapeli ba melimo ea litšoantšo. Morena oa Egepeta oa futuha ’me o tloha a nkile matlotlo a mangata a tempele. Ka mor’a ho busa ka lilemo tse 17, Roboame oa shoa, ’me mor’a hae Abijame e ba morena. Le eena o tsoela pele ho siteloa Jehova, ’me o shoa ka mor’a puso ea lilemo tse tharo. Joale mor’a hae Asa oa busa, ’me ka ho fapaneng, o sebeletsa Jehova ka pelo e felletseng ’me o tlosa melimo ea litšoantšo e litšila ka har’a naha. Ho ba le toantšano e sa khaotseng pakeng tsa Iseraele le Juda. Asa o fumana thuso ho Syria, ’me Iseraele e qobelloa ho ikhula. Asa o busa ka lilemo tse 41 ’me o hlahlangoa ke mor’a hae Josafate.
16. Joale ho hlaha liketsahalo life tsa merusu Iseraele, hona hobane’ng?
16 Iseraele: Nadabe, Baesha, Ela, Zimri, Thibni, Omri, le Akabe (15:25–16:34). Ke letšoele le khopo hakaakang! Baesha o bolaea Nadabe ka mor’a hore a buse ka lilemo tse peli feela ’me o tsoela pele ho ripitla ntlo eohle ea Jeroboame. O tsoela pele ka borapeli ba bohata le ho loantša Juda. Jehova o bolela esale pele hore O tla felisa ntlo ea Baesha ka ho felletseng, joalokaha a entse ka ntlo ea Jeroboame. Ka mor’a puso ea Baesha ea lilemo tse 24, o hlahlangoa ke mor’a hae Ela, ea bolaoang ke mohlanka oa hae Zimri lilemo tse peli hamorao. Hang ha Zimri a nka borena, o bolaea bohle ba ntlo ea Baesha. Ha sechaba se utloa ka hona, se etsa Omri, molaoli oa lebotho, morena ’me se futuhela Thirtsa, motse-moholo oa Zimri. Ha Zimri a bona hore tsohle li lahlehile, o icheselletsa ka har’a ntlo ea morena, ’me oa shoa. Joale Thibni o leka ho busa e le morena ka tlhōlisano, empa ka mor’a nako balateli ba Omri baa mo hlōla ’me baa ’molaea.
17. (a) Puso ea Omri e tsebahala ka eng? (b) Ke hobane’ng ha borapeli ba ’nete bo oela boemong bo tlaase ka ho fetisisa nakong ea puso ea Akabe?
17 Omri o reka thaba ea Samaria ’me o haha motse oa Samaria moo. O tsoela pele ho tsamaea litseleng tsohle tsa Jeroboame, o halefisa Jehova ka borapeli ba melimo ea litšoantšo. Ha e le hantle, o mobe ho feta bohle ba tlileng pele ho eena. Ka mor’a ho busa ka lilemo tse 12, oa shoa ’me mor’a hae Akabe e ba morena. Akabe o nyala Jezebele, morali oa morena oa Sidone, ’me joale o emisa aletare ea Baale Samaria. O feta bohle ba tlileng pele ho eena ka bokhopo. Ke nakong ena moo Hiele Mobethele a tsosang motse oa Jeriko ka ho lahleheloa ke bophelo ba mor’a hae oa letsibolo le mor’a hae oa ho fela. Borapeli ba ’nete bo boemong bo tlaase ka ho fetisisa.
18. Elia o qala mosebetsi oa hae oa boprofeta Iseraele ka phatlalatso efe, ’me o supa lebaka la sebele la likhathatso tsa Iseraele joang?
18 Mosebetsi oa boprofeta oa Elia Iseraeleng (17:1–22:40). Ka tšohanyetso lenģosa le tsoang ho Jehova lea hlahella. Ke Elia Motishba.e Ka sebele phatlalatso ea hae ea ho qala ho Morena Akabe ke e makatsang: “Ka Jehova, Molimo oa Iseraele, ea utloang, eo ke emeng pel’a hae, ha ho ka ke ha lala phoka, leha e le ho na pula, ka lilemo tsena, ha e se ka polelo ea ka.” (17:1) Ka mokhoa o tšoanang oa tšohanyetso, Elia oa tloha o ea phuleng e ka bochabela ho Jordane ka tataiso ea Jehova. Ho ba le komello Iseraele, empa makhoaba a tlisetsa Elia lijo. Ha molatsoana oa phula o e-psha, Jehova o romela moprofeta oa hae ho ea lula Sarepta, Sidone. Ka baka la mosa oa mohlolohali e mong ho Elija, ka mohlolo Jehova o boloka phofshoana ea hae le oli e nyenyane li sa fele e le hore eena le mor’a hae ba se bolaoe ke tlala. Hamorao mora eo oa kula ’me oa shoa, empa ka thapelo e tiileng ea Elia Jehova o khutlisa bophelo ba ngoana. Joale, selemong sa boraro sa komello, Jehova o boetse o romela Elia ho Akabe. Akabe o nģosa Elia ka ho tlisetsa Iseraele bomalimabe, empa ka sebete Elia o bolella Akabe: “Ke uena le ntlo ea ntat’ao” ka baka la ho latela bo-Baale.—18:18.
19. Tseko ea bomolimo e totobatsoa joang, ’me ho pakoa joang hore Jehova ke eena ea phahametseng tsohle?
19 Elia o bitsa Akabe hore a bokellele baprofeta bohle ba Baale Thabeng ea Karmele. Ho ke ke ha hlola ho etsahala hore ba tenyetsehele likhopolong tse peli. Tseko e totobalitsoe: Jehova kapa Baale! Ka pel’a sechaba sohle, baprista ba Baale ba 450 ba lokisa poho, ba e beha holim’a patsi aletareng, ’me ba rapella hore mollo o theohe ’me o chese nyehelo eo. Ho tloha hoseng ho fihlela motšehare, ba hoeletsa ho Baale empa ha ba fumane thuso, ha Elia a ntse a ba soma. Baa hoeletsa ’me baa itšeha ba bile ba intša maqeba, empa ha ho karabelo! Ka mor’a moo, moprofeta a le mong feela, Elia, o haha aletare ka lebitso la Jehova ’me o lokisa patsi le poho ea sehlabelo. O re batho ba tšele nyehelo le patsi ka metsi ka makhetlo a mararo, joale o rapela Jehova: “Nkarabe, oho Jehova, nkarabe, hore sechaba sena se tle se tsebe hore uena, Jehova, u Molimo oa ’nete.” Ha a rialo, mollo o hlaha leholimong, o chesa nyehelo, patsi, majoe a aletare, lerōle, le metsi. Ha batho bohle ba bona hoo, hang-hang ba oa ka lifahleho tsa bona ’me ba re: “Jehova ke Molimo oa ’nete! Jehova ke Molimo oa ’nete!” (18:37, 39, NW) Baprofeta ba Baale ha ba shoe! Elia ka boeena o nka boikarabelo ba ho ba bolaea, e le hore ho se phonyohe lea mong. Joale Jehova o fana ka pula, o felisa komello Iseraele.
20. (a) Jehova o itlhahisa joang ho Elia Horebe, ’me O fana ka thuto le matšeliso afe? (b) Akabe o etsa sebe le tlōlo efe?
20 Ha litaba tsa ho tlotlolloa ha Baale li fihla ho Jezebele, o batla hore Elia a bolaoe. Ka ho tšoha, o balehela lefeelleng le mohlanka oa hae, ’me Jehova o mo lebisa Horebe. Moo Jehova o itlhahisa ho eena—che, eseng ka mohlolo ka moea kapa ka tšisinyeho kapa ka mollo, empa ka “lentsoe le nyenyetsang, le lesesane.” (19:11, 12) Jehova o ’molella hore a tlotse Hazaele ho ba morena oa Syria, Jehu ho ba moprofeta oa Iseraele, le Elisha ho ba moprofeta tulong tsa hae. O tšelisa Elia ka litaba tsa hore ba 7 000 Iseraele ha baa ka ba khumamela Baale. Elia o tsoela pele hang-hang ho ea tlotsa Elisha ka ho akhela seaparo sa hae sa tšebeletso holim’a hae. Joale Akabe o hlōla Basyria ka makhetlo a mabeli empa o khalemeloa ke Jehova ka baka la ho etsa selekane le morena oa bona ho e-na le ho ’molaea. Joale ho tla taba ea Nabothe, eo Akabe a tsoetseng tšimo ea hae ea morara pelo. Jezebele o etsa hore Nabothe a qosoe ke lipaki tsa bohata a be a bolaoe e le hore Akabe a ka nka tšimo eo ea morara. Ke tlōlo e kaakang e ke keng ea tšoareloa!
21. (a) Elia o phatlalatsa kahlolo efe holim’a Akabe le ntlo ea hae, le holim’a Jezebele? (b) Ke boprofeta bofe bo phethahatsoang lefung la Akabe?
21 Elia o boetse oa hlaha. O bolella Akabe hore moo Nabothe a shoetseng teng, le eena lintja li tla nyeka mali a hae hona teng, le hore ntlo ea hae e tla felisoa ka ho felletseng joaloka matlo a Jeroboame le Baesha. Lintja li tla ja Jezebele tšimong ea naha ea Jizreele. “Ha hoa ka ha e-ba e mong ea ineetseng ho etsa hampe mahlong a Jehova joale ka Akabe, a khanniloe ke Jezebele, mosali oa hae.” (21:25) Leha ho le joalo, ka baka la hore Akabe oa ikokobetsa ha a utloa mantsoe a Elia, Jehova o re tlokotsi eo ha e na ho tla mehleng ea hae empa mehleng ea mor’a hae. Joale Akabe o ikopanya le Josafate, morena oa Juda, ha a il’o loantša Syria, ’me khahlanong le keletso ea moprofeta oa Jehova Mikea, ba ea ntoeng. Akabe o bolaoa ke maqeba a hlahileng ntoeng. Ha koloi ea hae e hlatsuoa letšeng la Samaria, lintja li nyeka mali a hae, feela joalokaha Elia a profetile. Mor’a hae Akazia e ba morena oa Iseraele tulong tsa hae.
22. Ke eng e khethollang ho busa ha Josafate Juda le ho busa ha Akazia Iseraele?
22 Josafate o busa Juda (22:41-54). Josafate, ea ileng a tsamaea le Akabe ho ea loantša Syria, o tšepahala ho Jehova joaloka ntat’ae Asa, empa o hlōleha ho felisa linģalo tse phahameng tsa borapeli ba bohata ka ho felletseng. Ka mor’a ho busa ka lilemo tse 25, oa shoa, ’me mor’a hae Jorame e ba morena. Ka leboea, Iseraele, Akazia o latela mehlaleng ea ntat’ae, o halefisa Jehova ka borapeli ba hae ba Baale.
LEBAKA LEO E LENG MOLEMO
23. Marena a Pele e fana ka kholiseho le khothatso efe mabapi le thapelo?
23 Ho ka fumanoa molemo o moholo thutong ea bomolimo e ho Marena a Pele. Pele, nahana ka taba ea thapelo, eo hangata e hlahellang ka pele bukeng ena. Ha Salomone a talimane le boikarabelo bo boima haholo ba borena Iseraele, o ile a rapela Jehova ka boikokobetso ka mokhoa oa ngoana. O ile a kōpa feela temoho le pelo e utloang, empa ho phaella bohlaleng bo fanoeng ka tekanyo e tšolohang, Jehova o ile a boela a mo fa maruo le khanya. (3:7-9, 12-14) E se eka kajeno re ka ba le kholiseho ea hore lithapelo tsa rōna tse etsoang ka boikokobetso bakeng sa bohlale le tataiso tšebeletsong ea Jehova joang kapa joang li tla arabeloa! (Jak. 1:5) E se eka ka mehla re ka rapela ka tieo ho tsoa pelong, ka kananelo e tebileng bakeng sa molemo oohle oa Jehova, joalokaha Salomone a entse ha ho neheloa tempele! (1 Mar. 8:22-53) E se eka ka mehla lithapelo tsa rōna li ka bontša tšobotsi ea tšepo le kholiseho e felletseng ho Jehova, joalokaha lithapelo tsa Elia li ile tsa ho etsa nakong ea teko le ha a talimane sefahleho le sefahleho le sechaba se rapelang bademona! Jehova o hlokomela ka mokhoa o babatsehang ba mo batlang ka thapelo.—1 Mar. 17:20-22; 18:36-40; 1 Joh. 5:14.
24. Ke mehlala efe e lemosang e fanoeng ho Marena a Pele, hona ke hobane’ng ha, ka ho khethehileng, balebeli ba lokela ho e ela hloko?
24 Ho feta moo, re lokela ho lemosoa ke mehlala ea ba sa kang ba ikokobetsa ka pel’a Jehova. ‘Molimo o hanela ba ikhohomosang’! (1 Pet. 5:5) E mong e ne e le Adonija, ea neng a nahana hore a ka tsoa khetho ea puso ea Jehova tlaase (1 Mar. 1:5; 2:24, 25); Shimei, ea neng a nahana hore a ka ’na a kena litlamong ’me a boela a tsoa ho tsona (2:37, 41-46); Salomone lilemong tsa hae tsa morao, eo ho se utloe ha hae ho ileng ha tlisa bahanyetsi ba tsoang ho Jehova (11:9-14, 23-26); le marena a Iseraele, ao borapeli ba ’ona ba bohata bo ileng ba ipaka ba tlisa tlokotsi (13:33, 34; 14:7-11; 16:1-4). Ho feta moo, e mong e ne e le Jezebele ea khopo ea meharo, matla a neng a susumetsa ’muso oa Akabe, eo lilemo tse sekete hamorao mohlala oa hae o tummeng hampe o ileng oa sebelisoa temosong e eang ho phutheho ea Thyatire: “Empa ke na le litaba tse seng kae tsee ke li nyatsang ho uena; ke hobane u lumella Jezebele, mosali eo ea ipitsang moprofeta, ho ruta, le ho khelosa bahlanka ba ka, hore ba tle ba etse bohlola, ’me ba je linama tse hlabetsoeng melimo ea bohata.” (Tšen. 2:20) Balebeli ba tlameha ho boloka liphutheho li hloekile ’me li lokolohile litšusumetsong tsohle tse kang tsa Jezebele!—Bapisa le Liketso 20:28-30.
25. Ke boprofeta bofe ba Marena a Pele bo ileng ba phethahatsoa ka mokhoa o tsotehang, ’me ho hopola boprofeta boo ho ka re thusa joang kajeno?
25 Matla a Jehova a boprofeta a bontšitsoe ka ho hlaka phethahatsong ea boprofeta bo bongata bo fanoeng ho Marena a Pele. Ka mohlala, bo bong ke boprofeta bo tsotehang, bo fanoeng lilemong tse 300 esale pele, ba hore Josiase e ne e tla ba eena ea tla thumakanya aletare ea Jeroboame e Bethele. Josiase o ile a fela a etsa hoo! (1 Mar. 13:1-3; 2 Mar. 23:15) Leha ho le joalo, boprofeta bo hlahelletseng ka ho fetisisa ke bo amang ntlo ea Jehova, e hahiloeng ke Salomone. Jehova o ile a bolella Salomone hore ho khelohela ho melimo esele ho ne ho tla fella ka hore Jehova a khaole Iseraele holim’a lefatše le hore A lahlele hōle le eena ntlo eo A e halalelitseng bakeng sa lebitso la hae. (1 Mar. 9:7, 8, NW) Ho 2 Likronike 36:17-21 re bala kamoo boprofeta bona bo ileng ba ipaka e le ’nete ka ho felletseng ka teng. Ho feta moo, Jesu o bontšitse hore tempele e ileng ea hahoa hamorao ke Heroda e Moholo setšeng sona seo e ne e tla tleloa ke qetello e tšoanang ka lebaka le tšoanang. (Luka 21:6) Sena se ile sa ipaka e le ’nete hakaakang! Re lokela ho hopola litlokotsi tsena le lebaka leo li bileng teng ka lona, ’me li lokela ho re hopotsa ho tsamaea litseleng tsa Molimo oa ’nete ka mehla.
26. Ke ponelo-pele efe e susumetsang ea tempele ea Jehova le ’Muso oa hae e fanoeng ho Marena a Pele?
26 Mofumahali oa Sheba o ile a tloha naheng ea habo e hōle ho tla tsota bohlale ba Salomone, katleho ea batho ba hae, le khanya ea ’muso oa hae, ho akarelletsa ntlo e babatsehang ea Jehova. Leha ho le joalo, esita le Salomone o ile a lumela tjena ho Jehova: “Esita le maholimo a maholimo a maholimo a ke ke a u kopa; haholo ntlo ena eo ke e hahileng!” (1 Mar. 8:27; 10:4-9) Empa makholo a lilemo hamorao Kreste Jesu o ile a tla ho tla ntšetsa pele mosebetsi oa kaho ea moea o amanang haholo-holo le tsosoloso ea borapeli ba ’nete tempeleng ea moea e khōlō ea Jehova. (Ba-Heb. 8:1-5; 9:2-10, 23) Ho enoa, e moholo ho Salomone, tšepiso ea Jehova ke ’nete: “Ke tla tiisa terone ea ’muso oa hao Iseraeleng ka mehla.” (1 Mar. 9:5; Matt. 1:1, 6, 7, 16; 12:42; Luka 1:32) Marena a Pele e fana ka ponelo-pele e susumetsang ea khanya ea tempele ea Jehova ea moea le katleho, nyakallo, le thabo e nyakallisang ea bohle ba tlang ho tla phela tlas’a puso e bohlale ea ’Muso oa Jehova ka Kreste Jesu. Kananelo ea rōna bakeng sa bohlokoa ba borapeli ba ’nete le tokisetso e babatsehang ea Jehova ea ’Muso oa hae ka Peō e tsoela pele ho hōla!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a The International Standard Bible Encyclopedia, Moq. 4, 1988, e hlophisitsoeng ke G. W. Bromiley, leqephe 648.
b Insight on the Scriptures, Moq. 1, maqephe 149, 952.
c Insight on the Scriptures, Moq. 1, maqephe 750-1.
d Insight on the Scriptures, Moq. 1, maqephe 947-8.
e Insight on the Scriptures, Moq. 1, maqephe 949-50.