Lentsoe la Jehova Lea Phela
Lintlha-khōlō Tsa Buka ea Marena a Pele
“HA BA lokileng ba ngatafala, batho baa thaba; empa ha mang kapa mang ea khopo a busa, batho baa feheloa.” (Liproverbia 29:2) Buka ea Bibele ea Marena a Pele e bontša ka ho hlaka bonnete ba maele ana. E pheta pale ea bophelo ba Solomone, eo Iseraele ea boholo-holo e ileng ea e-ba sechaba se sireletsehileng le se atlehileng ka ho fetisisa nakong ea puso ea hae. Buka ea Marena a Pele e boetse e tlaleha kamoo sechaba se ileng sa arohana kateng ka mor’a lefu la Solomone ebile e tlaleha ka marena a 14 a ileng a mo hlahlama, a mang a le Iseraele ha a mang a le Juda. Ho marena ao, ke a mabeli feela a ileng a lula a tšepahala ho Jehova. Ho feta moo, buka ena e pheta lintho tse ileng tsa etsoa ke baprofeta ba tšeletseng, ho akarelletsa Elia.
Tlaleho ena e ngotsoe ke moprofeta Jeremia a le Jerusalema le Juda, ’me e akaretsa lilemo tse ka bang 129—ho tloha ka 1040 B.C.E. ho isa ho 911 B.C.E. Kamoo ho bonahalang kateng, Jeremia o ile a hlahloba litlaleho tsa boholo-holo tse kang ‘buka ea litaba tsa Solomone’ ha a ngola buka ena. Litlaleho tseo tsa boholo-holo ha li sa le eo.—1 Marena 11:41; 14:19; 15:7.
MORENA EA BOHLALE O TLISA KHOTSO LE NALA
Buka ea Marena a Pele e qala ka tlaleho e hapang thahasello ea ha mora oa Morena Davida ea bitsoang Adonija a leka ho inkela borena ba ntat’ae ka likhoka. Morero oo o nyopisoa ke ha moprofeta Nathane a nka khato ka potlako, ’me mora oa Davida ea bitsoang Solomone a etsoa morena. Jehova o khahloa ke seo morena enoa e mocha ea sa tsoa behoa teroneng a se kōpang ’me o mo fa “pelo e bohlale le e nang le kutloisiso” hammoho le “maruo le khanya.” (1 Marena 3:12, 13) Ha ho motho ea ka bapang le morena ka bohlale, ’me leruo la hae ha le na palo. Iseraele e phela ka khotso le nala.
Mesebetsi e meng ea kaho eo Solomone a e qetang ke ho hahoa ha tempele ea Jehova le mehaho e meng ea ’muso. Jehova o tiisetsa Solomone, o re: “Ke tla tiisa terone ea ’muso oa hao holim’a Iseraele ho isa nakong e sa lekanyetsoang,” hafeela morena a lula a mamela. (1 Marena 9:4, 5) Molimo oa ’nete o boetse o mo lemosa ka liphello tsa ho se mamele. Leha ho le joalo, Solomone o nyala basali ba bangata ba balichaba. Ba mo hlohlelletsa hore a retelehele borapeling ba bohata botsofaling ba hae. Jehova o bolela esale pele hore ’muso oa hae o tla aroloa. Solomone o shoa ka 997 B.C.E., ’me puso ea hae ea lilemo tse 40 ea fela. Mora oa hae Roboame o hloella teroneng.
Lipotso Tsa Mangolo Lia Arajoa:
1:5—Ke hobane’ng ha Adonija a ile a leka ho inkela terone empa Davida a ntse a phela? Bibele ha e hlalose lebaka. Empa ke ho utloahalang ho etsa qeto ea hore kaha baholoane ba Adonija, e leng Amnone le Absalome ba ne ba se ba shoele, mohlomong le mora e mong oa Davida ea bitsoang Kileabe, Adonija o ile a nahana hore kaha ke eena e moholo bareng ba Davida ba ntseng ba phela o na le tokelo ea ho nka terone. (2 Samuele 3:2-4; 13:28, 29; 18:14-17) E ka ’na eaba Adonija o ne a hlile a nahana hore o tla atleha boitekong ba hae, kaha o ne a tšehelitsoe ke Joabe, molaoli ea matla oa lebotho le Abiathare, moprista ea phahameng ea nang le tšusumetso. Bibele ha e bolele hore na o ne a tseba hore Davida o rerile ho beha Solomone e le mojalefa teroneng kapa che. Leha ho le joalo, Adonija ha aa ka a mema Solomone le batho ba bang ba tšepahalang ho Davida ha a etsa “sehlabelo.” (1 Marena 1:9, 10) Sena se fana ka maikutlo a hore o ne a inka a qhothisana lehlokoa le Solomone.
1:49-53; 2:13-25—Ke hobane’ng ha Solomone a ile a bolaea Adonija ka mor’a hore a mo tšoarele? Le hoja Bathe-sheba a ne a sa hlokomele, Solomone o ile a lemoha sepheo seo ha e le hantle Adonija a neng a kōpile Bathe-sheba ka sona hore a mo kōpele morena ho mo fa Abishage ho ba mosali oa hae. Le hoja Davida a ne a sa ka a kopanela liphate le Abishage e motle, o ne a nkoa e le serethe sa Davida. Ho ea ka tloaelo ea mehleng eo, o ne a ka nkoa feela ke mojalefa oa molao oa Davida. Mohlomong Adonija o ile a nahana hore ha a ka nka Abishage hore e be mosali oa hae, o ne a ka ’na a boela a leka ho inkela terone. Kaha Solomone o ne a nka hore kōpo eo ea Adonija e bontša hore o lakatsa ho ba morena, o ile a hula tšoarelo eo a neng a mo file eona.
6:37–8:2—Tempele e ile ea khakoloa neng? Tempele e ile ea qetoa khoeling ea borobeli ka 1027 B.C.E., e leng selemo sa bo11 sa puso ea Solomone. Ho bonahala eka ho ile ha nka likhoeli tse 11 ho kenya thepa le ho etsa litokisetso tse ling. E tlameha ebe e khakotsoe khoeling ea bosupa ka selemo sa 1026 B.C.E. Ho bonahala eka tlaleho e fana ka tlhaloso e feletseng ea mesebetsi ea kaho e neng e etsoa nakong eo, kaha e bua ka mesebetsi e meng ea kaho e entsoeng tempele e se e qetiloe pele e bua ka ho khakoloa ha eona.—2 Likronike 5:1-3.
9:10-13—Na ho ne ho lumellana le Molao oa Moshe hore Solomone a fe Morena Hirame oa Tyre metse e 20 e naheng ea Galilea? Molao o boletsoeng ho Levitike 25:23, 24 o ka nkoa o ne o sebetsa feela sebakeng seo Baiseraele ba neng ba lula ho sona. Ho ka etsahala hore ebe metseng eo Solomone a ileng a e fa Hirame ho ne ho ahile batho bao e seng Baiseraele, le hoja e ne e le ka har’a meeli ea Naha e Tšepisitsoeng. (Exoda 23:31) Ketso eo ea Solomone e ka ’na ea boela ea bontša ho hlōleha ha hae ho mamela Molao ka ho feletseng, joalokaha a ile a “ikekeletsa lipere” le ho inkela basali ba bangata. (Deuteronoma 17:16, 17) Ho sa tsotellehe hore na boemo e ne e le bofe, Hirame ha aa ka a khotsofalla mpho eo. Mohlomong baahi ba metse eo ba bahetene ba ne ba sa e hlokomela hantle, kapa e ne e sa lula botleng.
11:4—Na kelello e seng e thotofetse ea botsofali ke eona e entseng hore Solomone a se ke a tšepahala ha a se a tsofetse? Ha ho bonahale eka ho joalo. Solomone o qalile ho busa a sa le monyenyane haholo, ’me le hoja a busitse ka lilemo tse 40, ha aa ka a fihla boqhekung bo boputsoa. Ho feta moo, ha aa ka a khaotsa ho rapela Jehova ka ho feletseng. Kamoo ho bonahalang kateng o ile a leka ho kopanya litšebeletso tsa bolumeli.
Seo re Ithutang Sona
2:26, 27, 35. Kamehla seo Jehova a se bolelang esale pele sea phethahala. Ho tlosoa ha Abiathare, oa lesika la Eli, ho ile ha phethahatsa “lentsoe la Jehova leo a neng a le buile khahlanong le ntlo ea Eli.” Ho behoa ha Tsadoke oa lesika la Finease sebakeng sa Abiathare ho ile ha phethahatsa Numere 25:10-13.—Exoda 6:25; 1 Samuele 2:31; 3:12; 1 Likronike 24:3.
2:37, 41-46. Ho kotsi e le ruri hore motho a nahane hore a ka tlōla molao oa Molimo ebe ha a fumane kotlo! Batho ba khelohang ka boomo ‘tsela e moqotetsane e isang bophelong’ ba tla utloa liphello tse bohloko tsa qeto eo e booatla.—Matheu 7:14.
3:9, 12-14. Jehova o arabela lithapelo tse tiileng tsa bahlanka ba hae ha ba kōpa bohlale, kutloisiso le tataiso e le hore ba mo sebeletse.—Jakobo 1:5.
8:22-53. Solomone o ile a bontša hore o ananela Jehova ka ho teba hakaakang—e le Molimo ea mosa o lerato, Ea phethahatsang litšepiso le Ea utloang thapelo! Ho thuisa ka mantsoe ao Solomone a a buileng thapelong ha ho khakoloa tempele ho tla etsa hore re ananele ka ho teba litšobotsi tsena tsa botho ba Molimo le tse ling.
11:9-14, 23, 26. Ha Solomone a se a sa mamele lilemong tsa hae tsa botsofali, Jehova o ile a mo hlahisetsa bahanyetsi. Moapostola Petrose o re: “Molimo o hanyetsa ba ikhohomosang, empa o fana ka mosa o sa tšoanelang ho ba ikokobelitseng.”—1 Petrose 5:5.
11:30-40. Morena Solomone o ile a batla ho bolaea Jeroboame ka lebaka la seo Akija a se profetileng mabapi le Jeroboame. Tsela eo morena a etsang lintho ka eona e fapane hakaakang le eo a ileng a etsa lintho ka eona lilemong tse 40 pejana ho moo, ha a hana ho iphetetsa khahlanong le Adonija le mahlabaphio a mang! (1 Marena 1:50-53) O ile a fetoha a itšoara ka tsela ena hobane a suthetse hōle le Jehova.
’MUSO O MOMAHANENG OA AROHANA
Jeroboame le batho ba bang ba ea ho Morena Roboame ’me ba kōpa hore a bebofatse moroalo oo Solomone, ntat’ae a ba jarisitseng oona. Ho fapana le hore Roboame a etse kamoo ba kōpang kateng, o ba sokela ka hore o tla ba jarisa moroalo o boima le ho feta. Meloko e leshome ea mo fetohela ’me e beha Jeroboame e le morena oa eona. ’Muso oa arohana. Roboame o busa ’musong o ka boroa, o etsoang ke moloko oa Juda le oa Benjamine, ’me Jeroboame o busa ’muso o ka leboea oa meloko e leshome ea Iseraele.
Jeroboame o etsa manamane a mabeli a khauta—e ’ngoe Dane ’me e ’ngoe Bethele—ho nyahamisa batho hore ba se ke ba ea Jerusalema ho ea rapela teng. Marena a mang a busang Iseraele ka mor’a Jeroboame ke Nadabe, Basha, Ela, Zimri, Tibni, Omri, Akabe le Akazia. Juda teng Roboame o hlahlangoa ke Abijame, Asa, Josafate le Jorame. Baprofeta ba phelang mehleng ea marena ao ba akarelletsa Akija, Shemaia le monna e mong oa Molimo ea sa boleloang ka lebitso, hammoho le Jehu, Elia le Mikaia.
Lipotso Tsa Mangolo Lia Arajoa:
18:21—Ke hobane’ng ha batho ba ile ba khutsa ha Elia a re ba latele Jehova kapa ba latele Baale? E ka ’na eaba ba ile ba hlokomela hore ba hlōlehile ho fa Jehova boinehelo bo khethehileng boo a bo hlokang ’me kahoo ba ne ba ikutloa ba le molato. Kapa mohlomong matsoalo a bona a ne a se a shoele hoo ba neng ba sa bone letho le phoso ka ho rapela Baale empa ka nako e tšoanang ba ntse ba ipolela hore ke barapeli ba Jehova. Ke feela ka mor’a hore Jehova a bonahatse matla a hae moo ba ileng ba re: “Jehova ke Molimo oa ’nete! Jehova ke Molimo oa ’nete!”—1 Marena 18:39.
20:34—Ke hobane’ng ha Akabe a ile a hauhela Ben-hadade, morena oa Syria, ka mor’a hore Jehova a etse hore Akabe a hlōle Basyria? Ho e-na le hore Akabe a bolaee Ben-hadade, o ile a theha selekane le eena sa hore Akabe a fuoe literata tsa motse-moholo oa Syria, e leng Damaseka, kamoo ho bonahalang kateng e le hore Akabe a hlome libaka tsa khoebo le limmaraka. Pejana ho moo, ntat’a Ben-hadade le eena o ne a iphile literata Samaria bakeng sa merero ea khoebo. Kahoo, Ben-hadade o ile a lokolloa e le hore Akabe a ka theha mesebetsi ea khoebo Damaseka.
Seo re Ithutang Sona:
12:13, 14. Ha re etsa liqeto tsa bohlokoa bophelong, re lokela ho batla keletso ea batho ba bohlale le ba nang le phihlelo ba tsebang Mangolo ba bile ba hlompha melao-motheo ea bomolimo ka ho teba.
13:11-24. Keletso kapa tlhahiso e utloahalang e belaetsa, esita le haeba e fanoa ke molumeli-’moho le rōna a e fana ka sepheo se setle, e lokela ho hlahlojoa ka hore e bapisoe le tataiso e utloahalang e ka Lentsoeng la Molimo.—1 Johanne 4:1.
14:13. Jehova oa re hlahlobisisa e le hore a fumane se molemo ka ho rōna. Ho sa tsotellehe hore na molemo oo o ka ’na oa bonahala o fokola hakae, a ka o hōlisa ha re ntse re etsa sohle se matleng a rōna ho mo sebeletsa.
15:10-13. Re lokela ho furalla bokoenehi ka sebete ’me re ntšetse pele borapeli ba ’nete.
17:10-16. Mohlolohali oa Sarepta o ile a hlokomela hore Elia ke moprofeta eaba o mo amohela ka tsela e loketseng, ’me Jehova a hlohonolofatsa mesebetsi ea hae ea tumelo. Le kajeno, Jehova o ntse a hlokomela mesebetsi ea rōna ea tumelo, ’me o putsa ba tšehetsang mosebetsi oa ’Muso ka litsela tse sa tšoaneng.—Matheu 6:33; 10:41, 42; Baheberu 6:10.
19:1-8. Re ka kholiseha hore Jehova o tla re tšehetsa ha re tobana le khanyetso e matla.—2 Bakorinthe 4:7-9.
19:10, 14, 18. Ha ho mohla barapeli ba ’nete ba leng bang. Ba na le Jehova le mokhatlo oa bara ba motho oa lefatšeng ka bophara.
19:11-13. Jehova hase molimo ea fumanoang ho lihloliloeng kapa mothofatso feela oa matla a tlhaho.
20:11. Ha Ben-hadade a ithorisa ka hore o timelitse Samaria, morena oa Iseraele o ile a mo araba a re: “U se ke ua lumella ea itlamang [ka lihlomo tsa hae a itokisetsa ntoa] hore a ithorise joaloka ea tlamollang” lihlomo tsa hae ha a khutla ntoeng a hlōtse. Ha re tšoanela ho qala tšebetso e itseng, re lokela ho qoba ho itšepa ho tlōla joaloka motho ea ikhantšang.—Liproverbia 27:1; Jakobo 4:13-16.
Ke ea Bohlokoa Haholo ho Rōna
Ha Moshe a bua ka Molao o fanoeng Thabeng ea Sinai, o ile a re ho bana ba Iseraele: “Bonang, kajeno ke beha ka pel’a lōna tlhohonolofatso le bomalimabe: tlhohonolofatso, haeba le tla mamela litaelo tsa Jehova Molimo oa lōna tseo ke le laelang tsona kajeno; le bomalimabe, haeba le sa mamele litaelo tsa Jehova Molimo oa lōna ’me le kheloha tseleng eo ke le laelang eona kajeno.”—Deuteronoma 11:26-28.
Re hlakiselitsoe ’nete ee ea bohlokoa hakaakang bukeng ea Marena a Pele! Joalokaha re bone, buka ena e boetse e ruta lithuto tse ling tsa bohlokoa. Ka sebele molaetsa oa eona oa phela ’me o fana ka matla.—Baheberu 4:12.
[Setšoantšo se leqepheng la 29]
Tempele le mehaho e meng e hahiloeng ke Solomone
[Setšoantšo se leqepheng la 30, 31]
Ka mor’a hore Jehova a bonahatse matla a hae, batho ba ile ba hooa ba re: “Jehova ke Molimo oa ’nete!”