Mamello ho se be le Eona le ho ba le Eona ka ho Feteletseng
BOTLE bo hlollang ba tlhaho Phuleng ea Kashmir bo ile ba susumelletsa rafilosofi oa lekholong la bo16 la lilemo ho khotsa: “Haeba kae-kae ho na le paradeise, ke hona mona!” Ho hlakile hore o ne a se na tsebo ea se neng se tla etsahala hamorao karolong eo ea lefatše. Nakong ea lilemo tse hlano tse fetileng, bonyane ke batho ba 20 000 ba bolailoeng moo, ntoeng e neng e le pakeng tsa ba buellang karohano le Lebotho la Maindia. Hona joale, koranta ea Jeremane Süddeutsche Zeitung e hlalosa sebaka seo e le “khohlo ea lillo.” Phula eo ea Kashmir e fana ka thuto e bonolo empa ea bohlokoa: Ho hloka mamello ho ka senya paradeise e neng e ka ’na ea e-ba teng.
Ho ba le mamello ho bolela eng? Ho latela Collins Cobuild English Language Dictionary, “haeba u e-na le mamello, u lumella batho ba bang ho ba le maikutlo kapa litumelo tsa bona, kapa ho itšoara ka tsela e itseng, esita le haeba u sa lumellane le tsona kapa ho li amohela.” Ke tšobotsi e ntle hakaakang ea ho bonahatsoa! Ka sebele re ikutloa re phutholohile ha re e-na le batho ba hlomphang litumelo le maikutlo a rōna, esita le haeba tsena li fapane le tsa bona.
Ho Tloha ho Mamello ho ea ho Khethollo
Se fapaneng le mamello ke ho hloka mamello, e leng ho nang le matla ka litekanyo tse fapaneng haholo. Ho hloka mamello ho ka qala ka maikutlo a sa utloahaleng a ho nyatsa boitšoaro ba motho e mong kapa tsela ea hae ea ho etsa lintho. Maikutlo a sa utloahaleng a thibela thabo bophelong ’me a thibela likhopolo tse ncha kelellong ea motho.
Ka mohlala, motho ea melao e feteletseng a ka ’na a shashabanngoa ke ho tlōlaka ho mafolofolo ha ngoana. Mocha a ka ’na a tenoa ke mekhoa ea ho nahanisisa hantle ea motho e moholo ho eena. Haeba motho ea hlokolosi a ne a ka kōptjoa hore a sebelisane le oa ha malekelle, ka bobeli ba ne ba ka khopiseha. Ke hobane’ng ha ho e-ba le ho shashabana, ho teneha le ho khopeha? Hobane boemong ka bomong, motho o fumana ho le thata ho mamella maikutlo kapa boitšoaro ba e mong.
Moo ho hloka mamello ho qalehang, maikutlo a sa utloahaleng a ka fetela leemeng, e leng ho nena sehlopha se itseng, morabe kapa bolumeli. Ho tebileng ho feta leeme ke khethollo, e ka iponahatsang ka lehloeo le mabifi. Phello e ba masisa-pelo le tšollo ea mali. Nahana ka seo ho hloka mamello ho se bakileng nakong ea Lintoa tsa Bolumeli! Esita le kajeno, ho hloka mamello ke sesosa sa lintoa tse Bosnia, Rwanda le Bochabela bo Hare.
Mamello e hloka teka-tekano, ’me ha ho bonolo ho boloka teka-tekano e loketseng. Re tšoana le moleketla o lebang koana le koana oa oache, o tlohang lehlakoreng le leng ho ea ho le leng. Ka linako tse ling, re bontša mamello e fokolang haholo; ka linako tse ling, e tlōtseng meeli.
Ho Tloha ho Mamello ho ea ho Boitšoaro bo Bobe
Na ke ho ka etsahalang ho ba le mamello e fetang tekano? Setho sa Senate sa United States, Dan Coats, ha se bua ka 1993, se ile sa hlalosa “khang ea se boleloang ke mamello le ho e sebelisa.” Se ne se bolela eng? Setho seo sa Senate se ile sa tletleba ka hore ka lebaka la mamello, ba bang ba “lahla tumelo ’neteng ea boitšoaro—ho se setle le se sebe, se nepahetseng le se fosahetseng.” Batho ba joalo ba nahana hore sechaba ha se na tokelo ea ho ahlola hore na boitšoaro bo botle le bo bobe ke bofe.
Ka 1990, ralipolotiki e mong oa Lebrithani, Mohlomphehi Hailsham o ile a ngola hore “sera se kotsi ka ho fetisisa sa boitšoaro hase ho latola boteng ba Molimo, ho nka hore Molimo a ke ke a tsejoa, lerato la lintho tse bonahalang, meharo kapa sesosa leha e le sefe se amoheloang. Sera sa sebele sa boitšoaro ke ho se lumele litekanyetso tsa boitšoaro bo botle, ha e le hantle, ho se lumele letho.” Ka ho hlakileng, haeba ho se seo re se lumelang, ha re na litekanyetso tse loketseng tsa boitšoaro ’me ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ka mamelloa. Empa na ho loketse ho mamella mofuta leha e le ofe oa boitšoaro?
Mosuoe-hlooho oa sekolo se phahameng sa Denmark o ne a sa nahane joalo. Qalong ea bo-1970 o ile a ngola sehlooho koranteng, a tletleba ka lipapatso tsa litšoantšo tsa bootsoa tse hlahang likhatisong, tse bontšang likamano tsa botona le botšehali pakeng tsa liphoofolo le batho. Lipapatso tsena li ne li lumeletsoe ka lebaka la “mamello” ea Denmark.
Ka ho hlakileng, mathata a hlahisoa ke ho ba le mamello e fokolang, empa a boetse a hlahisoa ke ho ba le e tlōlang meeli. Ke hobane’ng ha ho le thata ho phema ho fetella le ho lula teka-tekanong e loketseng? Ka kōpo bala sehlooho se latelang.
[Setšoantšo se leqepheng la 21]
Ho arabela ka ho feteletseng liphosong tseo bana ba li etsang ho ka ba lematsa
[Setšoantšo se leqepheng la 22]
Ho mamella ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo bana ba e etsang ho ke ke ha ba etsa ba loketseng boikarabelo bophelong