Bacha Baa Botsa . . .
Nka ba Motsoalle oa Molimo Joang?
“BOTŠEPEHI bo sa sekisetseng.” “Boinehelo ba botho.” Tsena ke lipolelo tseo hangata batho ba li sebelisang ho hlalosa kamano eo ba nang le eona le metsoalle ea bona e haufi-ufi. Na u ne u tseba hore lipolelo tsee li ka boela tsa hlalosa kamano le ’Mōpi e Moholo oa bokahohle boo bo hlollang—hore Molimo ka boeena e ka ba motsoalle oa hao oa botho? E, Bibele e bua ka ho ba le boinehelo ba bomolimo, ’me tlhaloso eo ha e akarelletse kutlo feela empa e akarelletsa kamano ea botho le Molimo, katamelano e tsoang pelong e tletseng kananelo.
Lihlooho tse fetileng letotong lena li bontšitse hore kamano e joalo e ka khoneha le hore e molemo.a Empa ke joang u ka fumanang botsoalle boo ba botho le Molimo? Hase ntho eo u tsoaloang le eona kapa eo ho iketsahallang hore u e je lefa ho batsoali ba nang le tšabo ea bomolimo. Ho e-na le hoo, ke ntho e tlisoang feela ke boiteko ba sebele. Moapostola Pauluse o ile a bolella mohlankana Timothea hore a ‘ikoetlise boinehelo ba bomolimo e le sepheo sa hae.’ E, o ne a lokela ho etsa boiteko bo tšoanang le boo sebapali se bo etsang koetlisong! (1 Timothea 4:7, 8, 10) U tlameha ho etsa se tšoanang hore Molimo e be motsoalle oa hao. Empa ke joang u ka qalang ho ikoetlisa tabeng ee?
Ho Tseba Molimo ka Seqo
Kaha boinehelo ba bomolimo bo tsoa pelong, u lokela ho tlatsa pelo ea hao ka tsebo ea Molimo. Ka masoabi, ha bacha ba fetang 500 ba ne ba botsoa: “Ke khafetsa hakae u balang Bibele u le mong?” karolo ea 87 lekholong e ile ea re “ka linako tse ling,” “ka seoelo,” kapa “ho hang ha ke e bale.” Ka ho hlakileng bacha ba bangata ba nahana hore ho bala Bibele hoa tena ’me hoa bora. Empa ha hoa lokela ho ba joalo! Nahana: Ke hobane’ng ha bacha ba bang ba tšoara ka hlooho lipalo-palo tsa mefuta ee kaofela ea lipapali kapa ba ithuta mantsoe a lipina tseo ba li ratang haholo? Hobane ba thahasella lintho tseo. Ka ho tšoanang, ho ithuta Bibele ho fetoha ho thahasellisang haeba u tšoareha ka ho feletseng ka hona. (1 Timothea 4:15) Moapostola Petrose o ile a khothalletsa: “Le hlaolele taba-tabelo ea lebese le sa tsoakoang la lentsoe.” (1 Petrose 2:2) E, u lokela ho hlaolela kapa ho hōlisa thahasello e joalo Mangolong. Sena se ka ’na sa hloka boiteko, empa meputso ea hona ea tšoaneleha.b
Har’a tse ling, ho bala le ho ithuta Lentsoe la Molimo le likhatiso tse ling tse thehiloeng Bibeleng ho tla senola “bokhabane ba Jehova.” (Pesaleme ea 27:4) Mocha e mong oa Mokreste ea bitsoang Amber o ile a ipehela pakane ea ho bala Bibele eohle. Hona ho ile ha mo nka hoo e ka bang selemo. Amber o ile a hlalosa: “Ha ke lumele hore bophelong ba ka ho na le lintho tse ngata tse hlokang nako le boiteko hakaalo empa li tlisa meputso e mengata joalo. Ha ke ne ke e bala, ke ne ke ikutloa eka Jehova o ntšikile joaloka ntate ’me oa nthuta. Ke ile ka ithuta ho hongata ka Jehova—lintho tse ileng tsa nkatametsa haholoanyane ho eena ’me tsa etsa hore ke batle ho mo tšaba ka tlhompho bophelong bohle ba ka.”
Ha u bala Bibele, u ithuta ka liketsahalo tse ngata tseo ho tsona ka botšepehi bo sa sekisetseng Molimo a ileng a tšehetsa metsoalle ea hae. (Pesaleme ea 18:25, NW; 27:10) U fumana hore kamehla litekanyetso tsa hae li molemo ka ho fetisisa le hore li molemong oa rōna oa ka ho sa feleng. (Esaia 48:17) Ho bala ka litšoaneleho tse ke keng tsa bapisoa tsa Molimo, tse kang lerato la hae le bohlale, ho u susumelletsa hore u batle ho mo etsisa. (Baefese 5:1) Empa e le hore boitsebiso bo joalo bo susumetse pelo ea hao, u boetse u tlameha ho thuisa. Ha u ntse u bala, ipotse: ‘See se mpolella’ng ka Jehova? Nka sebelisa see joang monahanong le liketsong tsa ka? See se bontša joang hore Molimo ke motsoalle ea molemo ka ho fetisisa eo nka bang le eena?’
Tsebo eo u e fumanang ka Molimo thutong ea botho le phuthehong e tla u thusa hore u atamele haholoanyane ho eena ka tsela e ’ngoe. Maele a Sefora a re: “Bao e leng metsoalle ea sebele ke feela ba nahanang ka ho tšoana.” Empa ke joang u ka “nahanang ka ho tšoana” le Molimo? Denise e mocha oa hlalosa: “Ha u ntse u ithuta le ho fuputsa taba ka ho eketsehileng, u fumana ho eketsehileng ka pono ea Jehova ka eona. Hoa thusa ha u tseba kamoo a ikutloang kateng tabeng e itseng.”
Boitšoaro bo Khabane Boa Hlokahala
Molimo o khetha metsoalle ea hae feela ho ba hlomphang litekanyetso tsa hae tsa boitšoaro. Liproverbia 3:32 (NW) e re: “Katamelo ea hae e haufi-ufi e ho ba lokileng.” Mocha ea loanelang ho ba ea khabane o tla “tiisa ho tsamaea molaong oa Jehova.” (2 Marena 10:31) Boitšoaro bo joalo bo bontšang kutlo bo tla atametsa motho ho Molimo hakae? Jesu Kreste o ile a re: “Ntate o tla mo rata, ’me re tla tla ho eena ’me re lule le eena.” (Johanne 14:21-24) Ke boemo bo thabisang hakaakang! Nahana, batho ba babeli ba baholo ka ho fetisisa bokahohleng ba lebisa mehopolo le tlhokomelo tsa bona tse tsitsitseng ho motho! Hoo ho tla u etsahalla haeba u hlokomela ho tsamaea molaong oa Jehova.
Na ho ba ea khabane ho bolela hore u be ea phethahetseng? Le hanyenyane! Ho fosa ka lebaka la bofokoli ha ho bolele hore u lahlile ‘tsela ea litaelo tsa Molimo.’ (Pesaleme ea 119:35) Hlokomela seo Bibele e re bolellang sona ka Morena Davida. Le hoja e ne e le motsoalle ea tšepahalang oa Molimo, o ile a etsa liphoso tse itseng tse tebileng ka lebaka la bofokoli. Leha ho le joalo, Jehova o ile a re o tsamaile “ka pelo e lokileng, ea ’nete.” (1 Marena 9:4) Kamehla Morena Davida o ne a bontša pako e tebileng bakeng sa phoso leha e le efe eo a e entseng ’me a leka ka matla ho etsa se khahlisang Molimo.—Pesaleme ea 51:1-4.
Le hoja Davida a ne a rata Molimo, o ne a tseba kamoo ho leng thata kateng ka linako tse ling ho etsa ntho e nepahetseng. Ke kahoo a ileng a kōpa Molimo: “U ntsamaise ’neteng ea hao.” E, o ile a hōlisa tšabo e tiileng ea ho khopisa Molimo. Ka hona, Davida o ne a ka re: “Lekunutu la [“katamelano le,” NW] Jehova ke la ba mo tšabang.” (Pesaleme ea 25:5, 14) Ena hase tšabo e tepelletsang empa ke tlhompho e nang le tšabo e tebileng ea ’Mōpi le tšabo e nepahetseng ea ho mo halefisa. Tšabo ena ea bomolimo ke motheo oo boitšoaro bo lokileng bo thehiloeng ho oona. Ho etsa mohlala, nahana ka mohlala oa mocha e mong oa Mokreste ea bitsoang Joshua.
Joshua o ile a fumana lengolo le tsoang ho moithuti-’moho le eena sekolong a mo bolella hore oa mo rata ’me o batla ho ba le “kamano ea lerato” le eena. Le hoja Joshua a ne a khahluoe ke eena, o ile a hlokomela hore ho tloaelana le motho ea sa lumelang ho ne ho ka lebisa boitšoarong bo bobe ’me ho ne ho ka senya botsoalle ba hae le Jehova. Kahoo o ile a mo bolella a sa qeaqee hore ha a na thahasello! Hamorao ha a bolella ’mè oa hae hore na o sebetsane le boemo joang, o ile a khotsa a sa nahana: “Ao, Joshua, mohlomong u utloisitse maikutlo a hae bohloko!” Joshua o ile a araba: “Empa ’Mè, nka mpa ka mo utloisa bohloko ho e-na le ho utloisa Jehova bohloko.” Tšabo ea hae ea bomolimo, tšabo ea ho khopisa Motsoalle oa hae oa leholimo, e ile ea mo susumelletsa ho boloka boitšoaro bo khabane.
Batla Metsoalle e Metle
Leha ho le joalo, mocha e mong ea bitsoang Lynn o ne a kena khathatsong joalo-joalo. Bothata e ne e le eng? O ne a tsamaea le mokhopi o fosahetseng. (Exoda 23:2; 1 Bakorinthe 15:33) Tharollo e ne e le eng? Ho fumana metsoalle e mecha! Lynn o ile a phetha: “Haeba u e-na le metsoalle e ratang Jehova, e u thusa hore u lule letsoalo la hao le sebetsa ’me u pheme khathatso. Ha e bua ka ho nyonya se fosahetseng, e etsa hore le uena u ikutloe ka tsela e tšoanang.”
Ha e le hantle, khetho ea hao e mpe ea metsoalle e ka ba tšitiso e khōlō ka ho fetisisa ea ho ba le botsoalle le Molimo. Ann ea lilemo li 18 o ile a lumela: “Metsoalle ea hao e na le tšusumetso e khōlō ho uena. Ka mor’a nakoana u tla be u tšoana le eona. E u fetola hore u nahane joaloka eona. Mohlomong karolo e khōlō ea meqoqo ea eona e tabeng ea likamano tsa botona le botšehali. E ka ’na ea etsa hore u be bohelehele. Ua ipotsa hore na ho ka ba joang.” Ann o ile a ithuta sena ka tsela e bohloko. O re: “Kea tseba hore sena ke ’nete. Ke ile ka kopanela boitšoarong bo bobe ’me ka ima ke le lilemo li 15.”
Qetellong Ann o ile a utloisisa ka ho feletseng bonnete ba mantsoe a Bibele: “Ka hona, mang kapa mang ea batlang ho ba motsoalle oa lefatše o iketsa sera sa Molimo.” (Jakobo 4:4) E, Ann o ne a batla ho ba—a ikemiselitse ho ba—motsoalle oa lefatše. Empa sena se ile sa lebisa feela masisa-pelong a latellanang. Ka lehlohonolo, Ann o ile a hlaphoheloa. O ile a soabela tsela ea hae ea bophelo ka ho tebileng ’me a batla thuso ea batsoali ba hae le ea baholo phuthehong ea habo. Hape o ile a iphumanela metsoalle e mecha. (Pesaleme ea 111:1) Ka ho etsa boiteko bo matla, Ann o ile a khona ho boela e e-ba motsoalle oa Molimo. Hona joale, lilemo tse ’maloa hamorao o re: “Kamano ea ka le Jehova ke e atamelaneng haholoanyane.”
Ka thuto ea botho ea Bibele, ho thuisa, boitšoaro bo khabane le botsoalle bo hahang, le uena ka ho tšoanang u ka hlaolela botsoalle bo haufi le Molimo. Leha ho le joalo, ho boloka botsoalle boo ke taba e ’ngoe. Ke joang hoo ho ka khonehang ho sa tsotellehe litšitiso le mefokolo ea botho? Sehlooho se latelang letotong lena se tla tšohla taba ena.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona litokollo tsa Tsoha! tsa August 8 le December 8, 1995.
b Bona “Bacha Baa Botsa . . . Hobane’ng ke Lokela ho Bala Bibele?” tokollong ea rōna ea August 8, 1985.
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Na metsoalle ea ka e tla nthusa ho ba motsoalle oa Molimo?