Ikoetlise U Habile Boinehelo ba Bomolimo
“Ikoetlise u habile boinehelo ba bomolimo.”—1 TIMOTHEA 4:7, NW.
1. Ke hobane’ng ha semathi se seng se hloahloa se ile sa hlōleha ho hapa moputso?
ENE e le semathi se hloahloa sehlopheng lebelong leo a neng a le matha. Ho hlōla hoa hae pejana ho ne ho mo beile maemong a ho emela naha. Ka hona o ne a lebelletsoe hore o tla hlōla le lebelong lena le khethehileng. Leha ho le joalo, ho khathaleng matla hoa mokoetlisi oa hae, libapali ’moho, le eena ka boeena, a matha hampe ka ho fetisisa mosebetsing oa hae oa ho matha. Hobane’ng? Mosali enoa e monyenyane o ile a lumela a soabile hampe: “Ke ile ka ba botsoa ho ikoetlisa ’me ka khaotsa ho ikoetlisa ka thata. Mokoetlisi oa ka o ile a leka ho nkhanna hore ke ikoetlise ka matla haholoanyane le ho ntemosa, empa ha kea ka ka mamela.” Ho hlōleha ho ikoetlisa hoa hae ka ho nepahetseng ho ile hoa mo etsa hore a hlōloe tlholong eo a neng a e habile.
2. Bakreste ba tlameha ho ikoetlisa ka tsela efe, hona ke hobane’ng ha bohle ba lokela ho rata ho tseba hore na joang?
2 Joaloka Mokreste, haholo-holo haeba u mocha, le uena u na le boikoetliso ba bohlokoa. “Ikoetlise u habile boinehelo ba bomolimo.” (1 Timothea 4:7, NW) Lentsoe la Segerike bakeng sa “ikoetlise” (gy·mnaʹzo) le ne le hlalosa boikoetliso bo matla boo hangata bo leng bohloko boo limathi li neng li bo etsa ntlong ea boikoetliso. Ka hona, mabapi le boinehelo ba bomolimo le meputso ea bona, moapostola Pauluse o phaelletse: ‘Hoba ke ka lebaka leo re sebetsang ka thata re bileng re ikitlaetsang.’ (1 Timothea 4:10, NW) Tšoaneleho ena ea bohlokoa hase ntho e ’ngoe e itlisang feela ka tlhaho kapa e nkoang ho batsoali ba barapeli. Empa u tlameha ho nka mehato efe? Bakreste ba lilemo tsohle ba lokela ho rata ho tseba.
Puisano e Ntle le Molimo
3. (a) Ke hobane’ng ha thuto ea botho e le ea bohlokoa hakaale? (b) Ke litšoaneleho life tsa Molimo tse u hulelang ho oona?
3 Kaha boinehelo ba bomolimo bo akarelletsa kananelo ea boikutlo ba pelo bakeng sa litšoaneleho tsa Jehova, u hloka ho tseba hore na o hlile o seng. Jehova o buisana ka tsena ka Bibeleng. Empa u tlameha ho ithuta ka hloko Lentsoe la hae le libuka tse theiloeng Bibeleng, kahoo u tla be u le ea “otliloeng ka lipolelo tsa tumelo le ka thuto e molemo.” (1 Timothea 4:6) Ho ithuta ho joalo ho tla u thusa ho bona “bokhabane ba Jehova.”—Pesaleme ea 27:4.
4. Ke liphihlelo life tse bontšang molemo oa thuto ea botho, hona ke lipotso life tseo u lokelang ho li nahana ka ho teba?
4 Moevangeli (pula-maliboho) e mong oa nako e tletseng ea lilemo li 22 o-oa bolela: “Ho u atametsa haufi-ufi le Jehova ha u ithuta ka ho eketsehileng ka eena. Ha ke bala boprofeta ’me ke bona kamoo bo phethahatsoang kateng, ho nketsa hore ke mo tšabe. Boithuto ba botho ke bona bo hlileng bo nthusang.” E mong ea lilemo li 16, ea neng a tepelletse hampe, o ile a ngola ka se seng sa lihlooho tse lethathamong la “Bacha ba Botsa” tse hlahang kamehla makasineng oa Tsoha!: “Hang feela ha ke se ke lahlile tšepo eohle, sehlooho sena sa hlaha. Ke ne ke thabile hoo ke sitoang ho e bea fatše! E ile ea nketsa hore ke ikutloe ke atametse haholoanyane ho Jehova, ’me ka hlokomela hore o-oa utloisisa o bile o re hlokomela haholo. Hona joale kea ikutloa hore nka loana ka katleho.”a Na u etsa bonnete ba hore u bala tokollo e ’ngoe le e ’ngoe ea limakasine tsa rōna? Le hoja ho hloka boikitlaetso, na u ipha nako ea ho matlafatsa kelello ea hao le pelo ea hao ka boithuto ba botho ba Bibele? Ka ho ipatlela ka bouena, ka sebele u ka ipakela hore u na le ’nete. Ha tsebo e joalo e fihla pelong, ha ho pelaelo hore e tla u susumetsa, hobane ke “thuto e bapileng le borapeli [boinehelo ba bomolimo].”—1 Timothea 6:3; Ba-Roma 12:2.
5, 6. Ke lithapelo tsa mofuta ofe tse u atametsang haufi le Molimo? Bontša.
5 Puisano e ntle le Molimo e boetse e akarelletsa lithapelo tsa boikutlo ba pelo le tse tobileng. Tsena li thusa ho haha setsoalle sa botho le Jehova. Ha u etsa liphoso, ikemisetse ho ithapella joaloka Davida: “U lebale libe tsa bocha ba ka le litlōlo tsa ka.” (Pesaleme ea 25:7, 11) ’Me u tsebe hore o tla u tšoarela ha u bakile. Ithute ho likoloha thapelong, u tšollela pelo ea hao ho eena. Mocha e mong, leha a ne a hōliselitsoe lelapeng la borapeli, o ile a lumella ho se tsebe ho bua hantle ho mo sitisa ho amana le bolumeli ba ’nete. Mocha enoa ea lilemo li 22 o ile a senola hore: “Ka bosiu bo bong, ka kōpa Jehova, ‘Nthuse hore ke batle ho u sebeletsa, ’me e seng feela hobane baholo kapa batsoali ba ka ba batla ha ke etsa joalo.’” Bophelo ba hae bo ile ba qala ho fetoha hakaakang! Ho sa tsotellehe lehoeleha la hae, o ile a ameha ka botlalo tšebeletsong. Ka thabo o-oa bolela, “Hona joale ke tšepa Jehova ka hohle hobane kea tseba hore kamehla o-oa kenella.”—Pesaleme ea 62:8.
6 Mocha e mong oa Mokreste o ile a rapela ka ho toba mabapi le merero ea hae ea ho bula maliboho. Ha lithapelo tsa hae li arabeloa, a bolela: “Ka tseba hore Jehova ke motho oa sebele le hore o-oa re hlokomela! Pele ho mona ke ne ke nahana hore ke na le kamano le eena empa hona joale o batla a tšoana le motsoalle—le hona oa hlooho ea khomo.” Hase kamehla Jehova a tla arabela ka tsela e ’ngoe e ikhethang, empa haeba u tiile ’me u sebetsa tumellanong le lithapelo tsa hao, u tla ananela tataiso ea hae e lerato.—Pesaleme ea 145:18.
Boloka Letsoalo le Letle
7. Letsoalo ke eng, hona ke hobane’ng ha u tlameha ho le boloka le le letle?
7 Ha Pauluse a ne a khothaletsa Timothea ho tsoela pele a “bolokile . . . letsoalo le letle,” moapostola o ne a tseba hore ho ne ho tla hloka boiteko bo ikemiselitseng. (1 Timothea 1:19) Hobane’ng? Letsoalo la rōna ke matla ao re a filoeng ke Molimo ho itlhahloba le ho ahlola seo re se entseng kapa re nahanang ho se etsa. Le ka ’na la re ‘qosa,’ la nyatsa litsela tsa rōna habohloko, kapa la re ‘tšoarela,’ le ananela seo re se etsang e le se nepahetseng. (Ba-Roma 2:15) Empa ha le holofatsoa, le ka hlahisa melaetsa e fosahetseng. Ba bang ba nang le matsoalo a fosahetseng ba ka itšoara joaloka liphoofolo tse se nang kelello, empa e le hore ‘lentsoe le kahare’ ha le ba ‘qose.’ Ba ka ba ba ‘bolela phatlalatsa hore ba tseba Molimo’ empa “ba o latola ka liketso.” U ka itebela joang khahlanong le ho haha letsoalo le cheleng?—Tite 1:10-16.
8. Ba bang lekholong la pele la lilemo ba ile ba ‘lahla’ letsoalo le letle joang?
8 Pauluse o ile a bolella Timothea hore Bakreste ba bang ba ‘lahlile’ letsoalo la bona le letle ka ‘ho ela hloko lipale tsa bohata’ le “lipolelo tsa lefeela, tsa bonyefoli.” (1 Timothea 1:4, 19, 20; 6:20; 2 Timothea 2:16-18) Kaha ba ile ba mamela lintho tsena, tumelo ea bona e ile ea khelosoa, ’me hona hoa fella ka ho robeheloa ke sekepe hoa moea. Leha ho le joalo, Pauluse, o ile a bontša hore lintho tse ling ntle ho lithuto tsa bokoenehi li ne li ‘furallana le thuto ea pholoho.’ Ho 1 Timothea 1:9, 10 o thathamisa lintho tse kang ho bolaea, bohlola, le bosodoma.
9, 10. (a) Ho ka ithutoa eng mohlaleng oa banyalani ba Bakreste ba ileng ba hlōleha ho boloka letsoalo le letle? (b) Re ka thibela hore matsoalo a rōna a se ke a cha joang?
9 Kajeno pefo le boitšoaro bo bobe ba likamano tsa botona le botšehali li phunyelletsa litšoantšong tsa libaesekopo le lithelevisheneng hammoho le lingoliloeng. Haeba re fepa likelello tsa rōna ka lintho tse joalo, matsoalo a rōna a ka shoa butle-butle. Hona ho etsahalletse banyalani ba bang ba bacha ba Bakreste ba ileng ba oela bohloleng pejana ho letsatsi la bona la lechato. Mosali e monyenyane o ile a lumela, “Ke nahana hore ho ne ho amana le seo re neng re se shebelletse thelevisheneng. Ka linako tsohle u bona batho ba sunana le ho kopana ka matsoho, kahoo ha ho bonahale ho tebile hakaalo. Ua ho tloaela. Ka hona ra qala ho ho etsa. Hoja feela nkile ka nahana ka kamoo ho tebileng kateng!” Pele a ho hlokomela, a lahleheloa ke letsoalo la hae le letle. Mohlankana a phaella: “Le ’na ke ne ke e-na le bothata ba ho pholla litho tsa botona, ’me hona ho bolaea letsoalo la hao kahoo ha ho thata haholo ho kopanela ho sunaneng le ho kopaneng ka matsoho ’me joale qetellong bohloleng.” Le hoja ba ne ba bonahala ba bea mohlala o motle ka pel’a ba bang, hoo ba ileng ba ho shebella bakeng sa boithabiso, hammoho le mokhoa o litšila oa ka sephiring, ho ile hoa sebeletsa ho bolaea letsoalo la bona joalokaha nama e ba shohlo ke ho ’na e chesoa ka tšepe e chesang.—1 Timothea 4:2.
10 Na ka ho tšoanang letsoalo la hao le ka bolaoa ke seo u se shebellang kapa seo u se balang bakeng sa boithabiso? Na ka sebele u sebetsa ka thata ho hlōla mokhoa leha e le ofe o mobe o ka silafatsang letsoalo la hao? Bakeng sa ho sireletseha hoa hao, u ka nka bohato bo sebetsang ka ho bala—le ho boela u bala—libuka tse theiloeng Bibeleng tseo ka ho khetheha li sebetsanang le bothata ba hao kapa ka ho buisana le moholo e mong ka bothata ba hao. Letsoalo le letle le le hloekileng ke mpho ea bohlokoa e tsoang ho Molimo e tla u thusa ho haha boinehelo ba bomolimo. U se ke ua lumella ntho leha e le efe ho u lahlisa lona!
Khetha Metsoalle e Nepahetseng
11, 12. (a) Ke temoso efe e fanoeng ho 2 Timothea 2:20, 21? (b) U ka mamela temoso eo joang?
11 Moapostola Pauluse o-oa ngola: “Ka tlung e kholo [phutheho], ha ho na lipitsa tsa gauda le tsa silevera feela, empa tsa mahong li teng le tsona tsa letsopa; tse ling ke tse hlomphuoang, tse ling ke tse sa hlomphuoeng. Joale, ekare ha motho a itlhoekisa ka ho itima ntho tseo, o tla fetoha pitsa e khethetsoeng hlompho, e molemo ho mong a eona, e lokiselitsoeng mesebetsi eohle e metle.” (2 Timothea 2:20, 21) Maikutlo a rōna le boitšoaro ba rōna li angoa haholo ke bao re ba khethang e le metsoalle. Ho hlakile hore ba sa lumelang hase metsoalle e molemohali. Empa mona Pauluse o bontša ka ho totobala hore le kahare ho phutheho ho ka ba le batho bao e seng metsoalle e lakatsehang. Ke ’nete, u ka ’na ua fumana hore ho ba teng hoa ba joalo ho monate, empa tšusumetso ea bona e ke ke ea u thusa ho ‘balehela litakatso tsa bocha’ kapa ho haha boinehelo ba bomolimo. Hahamalla metsoalle e hahang kahare ho phutheho. Pauluse o tsoela pele temaneng 2Ti 2 ea 22: “U phehelle ho loka, le tumelo, le lerato, le khotso hammoho le bohle ba rapelang Morena ka pelo e hloekileng.”—Bapisa Ba-Filippi 4:8, 9.
12 Nka taba ea mocha e mong oa Mokreste eo, ho sa tsotellehe boikoetliso ba bomolimo, a neng a kena khathatsong kamehla. O itse: “Haholo-holo e bile ka lebaka la batho bao ke tloaelaneng le bona.” Ha a bona bophelo ba hae bo hlōleha, a fetola metsoalle ea hae. O qetella ka hore: “Haeba u pota-potiloe ke metsoalle e ratang Jehova, ho u thusa hore u boloke letsoalo le sebetsang ’me u tsoa likhathatsong. Ha e bontša ho nyatsa ho etsa phoso, ho u etsa hore le uena u ikutloe ka tsela eo.” Ka ho ipoloka hōle le metsoalle e belaetsang, o fetohile pitsa “e khethetsoeng hlompho, e molemo ho mong a eona, e lokiselitsoeng mesebetsi eohle e metle.” Hoba a sebeletse ka lilemo tse leshome e le pula-maliboho, o-oa phaella: “Joale ke fumana hore Jehova o ntšebelisitse ho thusa ba bang.”—2 Timothea 2:21; Liproverbia 15:31.
13. U ka rera joang hore na metsoalle e metle ke bo-mang, hona e ka u susumetsa joang?
13 Ka hona, ka tieo ak’u hlahlobe metsoalle ea hao. Na e phehella ho loka, tumelo, lerato la sebele, le khotso? Na e tletse cheseho ea Bokreste? Ka ho etsa ba joalo metsoalle ea hao e haufi, uena ka bouena u ka fetoha mohlala puong, boitšoarong, leratong, tumelong, le bohloeking, feela joaloka Timothea, motsoalle ea haufi-ufi oa Pauluse. Hona ha ho bolele hore u lokela ho hatsela kapa ho hloka botsoalle ho ba sa beeng mohlala. Mohlala oa hao o thabisang o ka ’na oa susumelletsa bana, hore le bona ba otlollele maoto a bona litsela.—1 Timothea 4:12; Ba-Heberu 12:12-15.
Etsetsa Molimo Mahlabelo
14, 15. (a) Ke eng se neng se hlokoa ho limathi tsa boholo-holo ha li ikoetlisa? (b) Ke mosebetsi ofe o hlokang boitelo, hona re na le mehlala efe e molemo kajeno?
14 Mehleng ea Timothea, limathi ha li ne li ikoetlisa li ne li “itima tsohle,” li itima menate e mengata e loketseng. (1 Ba-Korinthe 9:25) Li ne li le seli hore li ja eng. Seroki Horace sa lekholo la pele la lilemo B.C., se bolela hore li “ne li itima basali le veine” hore li “finyelle pakane eo li e shebileng.” Ka ho tšoanang, ho ikoetlisa u habile boinehelo ba bomolimo ho hloka boitelo. Pauluse o itse ka Timothea: ‘Ha ke na e mong eo pelo ea hae e tšoanang le ea ka joale ka eena, hobane bohle ba ipatlela tsa bona, e seng tsa Jesu Kreste. Empa eena, o ntšebelisitse Evangeling.’—Ba-Filippi 2:19-22.
15 Timothea o ile a laeloa: “U etse mosebetsi oa ’moleli oa Evangeli, u phethisise tšebetso ea hao.” (2 Timothea 4:5) Ho sa tsotellehe hore na lithahasello tse ling tsa hae tsa botho e ka ’na ea ba li ne li ipiletsa hakae, o ile a li tela hore a phethe mosebetsi oa Molimo. Na u lakatsa ho etsa ho tšoanang? Kajeno Bakreste ba bang ba bacha ba lokolohileng boikarabelong bo boima ba Mangolo ba phehelletse thuto e phahameng kapa mesebetsi ea nako e tletseng e lefang haholo ho e-na le ho etsa tšebeletso ea Bokreste mosebetsi oa bona. E mong oa bona o ne a letetse mosebetsi o joalo ka cheseho. Leha ho le joalo, pele a qala ho sebetsa, a amohela memo ea ho sebetsa le banyalani ba bo-pulamaliboho tšebeletsong ea tšimo lehlabula lohle. A o rata. Ka baka leo, a tela mosebetsi oo o lakatsehang oa nako e tletseng ’me a nka mosebetsi o batlang o sa thahasellise oa nakoana e le hore a ka bula maliboho. Ka moea ona o kang oa Timothea, hona joale o sebeletsa ntlo-kholo ea lefatše ea Lipaki tsa Jehova. Ho ithaopela ho tela ntho ke bopaki ba lerato la ’nete, ’me mahlabelo a tebisa lerato leo, joalokaha a ile a ho fumana.
16. Mahlabelo a mang ao bacha ba ka ’nang ba lokela ho a etsa ke afe?
16 Joaloka “’moleli le moapostola,” Pauluse o ile a hatisa boitlhompho bo lakatsehang moaparong. Na u ne u tla ithaopela ho tela mokhoa o itseng oa moaparo le ho itlhopha o ka ’nang oa khopisa ba bang kapa oa u thibela katleho ea hao u le ’moleli? (1 Timothea 2:7-10) Ha a tsoela pele, Pauluse a ngola: “Bohle ba ratang ho phela ka borapeli [boinehelo ba bomolimo], . . . ba tla hlorisoa joalo.” (2 Timothea 3:12) Na u rata ho emela ’nete leha ho ka ’na hoa bolela ho songoa le ho tela boemo boo u bo ratang le bao u kenang sekolo le bona? Mahlabelo a joalo ha a etsoa ka boikutlo bo nepahetseng a tla u thusa ho haha boinehelo ba bomolimo ’me ka nako e tšoanang a u rute ho itšetleha ka Jehova le ho nahana ka maikutlo a hae ka holim’a tsohle.
U ’Ne U Tsoele Pele
17. Ka ho tsoela pele, Timothea e bile mohlala joang bakeng sa basebeletsi ba bacha kajeno?
17 Ho haha boinehelo ba bomolimo ke ntho e tsoelang pele. Pauluse o bolelletse Timothea: “Hlokomela taba tseo, ’me u be ho tsona; ho tsoela pele ha hao ho ’ne ho lemohuoe ke bohle.” (1 Timothea 4:15) Ba bang, ka lebaka la ho ba banyenyane haholo hore e ka ba bahlanka ba sebeletsang kapa baholo, ba ka ’na ba ikutloa ba sa khone ho tsoela pele, ba nahana hore tsoelo pele e lekanngoa feela ka boikarabelo le litokelo tsa phutheho. Ke ’nete, Timothea o ne a tšoaneleha e seng feela tsoelopeleng ea moea empa hape le lilemong ho sebeletsa e le moholo. Empa Timothea o ne a tlameha ho tsoela pele a ikhanna, ’me ho sena o ile a beela basebeletsi bohle ba bacha mohlala o totobetseng hore ba o latele ho sa tsotellehe hore na ba ka ’na ba buleheloa ke lefapha lefe.—1 Timothea 4:12, 13.
18. Bakreste ba bacha ba ka tsoela pele ka litsela life?
18 Ka hona, joaloka Timothea, uena mohlanka oa Jehova ba hōlang tsebong le ka ba ‘mehlala ea balumeli’ ka ho lumella hore ’nete e susumetse tsela eo le phelang ka eona ka ho teba le ka ho ntlafatsa tšebeletsong ea lōna. Hona joale le ka loanela ho tsoela pele ka ho ithuta ho hlaolela litšoaneleho tse kang ho ba ea itekanetseng mekhoeng, ea laolehileng, ea amohelang baeti, le ea tiileng. Ka ho iketsa ea fumanehang ho baholo le ho nka mosebetsi leha e le ofe ka ho teba oo ba u kōpang hore u o etse, u ka sebelletsa ho ntlafatsa ho ‘tiea ha hao tekong.’ (1 Timothea 3:1, 2, 8-10) Esita le haeba ba bang ba sa hlokomele kapele ho tsoela pele hoa hao, tiiseha hore Jehova o-oa bona. Ka nako ea teng, ba bang le bona ba tla bona.—1 Timothea 5:25.
19. Ho sa tsotellehe boiteko, ke hobane’ng ha u lokela ho ikoetlisa u habile boinehelo ba bomolimo?
19 Le kamohla u se lebale hore ke ka ho haha boinehelo ba bomolimo u ka ’nang ua fumana kamano ea botho e amohelehang le Jehova. Ho haelloa ke ho ikoetlisa ha moea ho fella ka ho lahleheloa haholoanyane ho feta semathi se ileng sa soaba se boletsoeng qalong ea sehlooho sena. Ho haha boinehelo ba bomolimo ke mosebetsi o thata. Empa lefatšeng lohle, ho luma mantsoe a matšoele a bacha ba thabileng: BO TŠOANELOA KE BOITEKO BOHLE! Ho fumana tšoaneleho ena ho isa tseleng e khotsofatsang ea bophelo hona joale, ho se boikoahlaeo, ’me e bula tšepo ea thabo e sa feleng. Ka hona u ’ne u ikoetlise. Tsoela pele ho etsa ho molemohali, esita leha ho le thata. Tšiliseha hore “Molimo oa mehauhelo eohle, . . . o tla le etsa ba phethehileng, o le tiise, o le fe matla, o le thee. Khanya le matla ke tsa oona kamehla e sa feleng! Amen!”—1 Petrose 5:10, 11.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a “Ke hobane’ng ha Ke Tepella Hakana?” tokollong ea Tsoha! ea la 8 Motšeanong, 1983 makasine oa bo Molula-Qhooa.
Na U Ka Arabela?
◻ Ho hlokahala boiteko bofe ho boloka puisano e ntle le Molimo?
◻ Ho akarelletsa eng ho boloka letsoalo le letle?
◻ 2 Timothea 2:20-22 eka’na ea sebelisoa joang ho haheng boinehelo ba bomolimo?
◻ Bakreste ba bacha ba ka tsoela pele joang?
[Lebokose le leqepheng la 17]
Litšoaneleho tse ling tsa Molimo oa rōna o pelo e nolo
■ O na le maikutlo, ka hona liketso tsa rōna li ka mo “khathatsa” kapa tsa mo thabisa.—Pesaleme ea 78:40; Liproverbia 27:11.
■ Hangata ha batho ba talima litšobotsi feela, oona “o talima pelo.”—1 Samuele 16:7.
■ O-oa re hlokomela ’me o re mema hore re lahlele lipelaelo tsohle tsa rōna ho oona ’me ke “setšhabelo tšiung ea tlokotsi.”—Nahume 1:7; 1 Petrose 5:7.
■ O bitsoa “Molimo o thabileng” ’me o ‘thabela’ bahlanka ba oona.—1 Timothea 1:11; Pesaleme ea 35:27, NW.
■ Le kamohla o ke ke oa sebetsa ka leeme kapa ho bontša ho ea ka tšobotsi.—Jobo 34:10; Liketso 10:34, 35.
■ Kaha ha o batle bobe, ha re bakela liphoso kapa bofokoli, o “tletse lereko,” o sa etse ho rōna “kamoo libe tsa rōna li leng ka teng” leha e le ho “re putsa ka makhopo a rōna.”—Pesaleme ea 86:5; 103:8-14.
■ O-oa atameleha, ’me o khothalletsa libōpuoa tsa hae tse tšepahalang ho sebelisa matla a tsona. Ho sa tsotellehe bohlale ba oona bo sa feleng, o mamela litlhahiso. Morena Davida o ngotse: “Lereko la hao le nkholisitse.”—Pesaleme ea 18:35; 1 Marena 22:19-22.
[Setšoantšo se leqepheng la 20]
Bakreste ba bangata ba fumana thabo e tebileng tšebeletsong ho feta mesebetsing e lefang haholo