Moru o Lulang o le Motala oa Amazon o Pupelitsoe ke Litšōmo
KA MONGOLLI OA TSOHA! BRAZIL
MAINDIA a Irimarai a phelang haufi le Nōka ea Napo, Peru, ha aa ka a kholoa mahlo a ’ona! Likepe tse peli tse nang le liseile, tse fapaneng le liketsoana tsa ’ona tse nyenyane, li ile tsa tla li sesa li lebile motsaneng oa ’ona. A ile a bonela hōjana bahlabani ba litelu ba li palameng—ba fapaneng le morabe leha e le ofe oo a kileng a o bona. Maindia ke letsoalo a ile a tšabela liqhobosheaneng ’me a shebella ha balichaba bana ba letlalo le lesoeu ba theohela lebōpong, ba harasoanya lijo tse fepang motsana, ’me ba boela ba sesa ba boela morao—ba susumelitsoe ke khopolo ea ho iketsetsa botumo historing e le ba pele ba ho nka leeto la bohahlauli ho pholletsa le moru oohle o lulang o le motala, ho tloha Lithabeng tsa Andes ho isa Leoatleng la Atlantic.
Selemong sona seo, sa 1542, merabe e meng ea Maindia ka ho latellana e ile ea hlokofatsoa ka litšoso tse tšoanang ha lihloela tse tsoang Europe, tse khantšang liqha le lithunya, li kenella hare-hare morung o lulang o le motala o Amerika Boroa.
Francisco de Orellana, molaoli oa Lesepanishe ea eteletseng pele lihloela tse hapang, ka mor’a nakoana o ile a hlokomela hore litaba tsa hore bahlabani ba hae baa hapa le ho thunya li se li tsamaile kapele ho feta likepe tsa bona tse peli. Merabe ea Maindia e tlaase ho theosa le molatsoana (haufi le motse o moholo oa kajeno oa Brazil, Manaus) e ne e nkile metsu e lutse e le malala-a-laotsoe e letetse bahlaseli bana ba fetang 50.
’Me Gaspar de Carvajal, setho sa sehlopha, o ile a lumela hore Maindia ao a ne a nepa. O ne a bua ka seo a se tsebang, kaha o mong oa metsu ea Maindia o ile oa fihla oa tsepama pakeng tsa likhōpo tsa hae. Forere eo e ntšitsoeng likotsi e ile ea ngola: “Hoja e ne e se ka lebaka la boima ba seaparo sa ka, e ka be e bile tšōmo ka mathetho ka ’na.”
‘Basali ba Loanang Joaloka Banna ba Leshome’
Carvajal o ile a tsoela pele ho hlalosa matla a susumetsang Maindia ao a sebete. ‘Re ile ra bona basali ba loana moleng o ka pele ho oa banna e le balaoli ba basali. Basali bana ba basoeu ’me ba balelele, moriri oa bona o molelele o lohiloe le ho thateloa lihloohong tsa bona. Ke linatla ’me, ka liqha le metsu tse matsohong a bona, a le mong o loana joaloka banna ba leshome.’
Hore na lihloela li bone bahlabani ba basali e le kannete kapa joalokaha mohloli o mong o beha, li bone “setšoantšo feela seo e seng sa sebele ka lebaka la ho tšoha mofero,” ha ho tsejoe. Empa bonyane ho latela litlaleho tse ling, nakong eo Orellana le Carvajal ba fihlang molomong oa nōka e khōlō ’me ba sesa ho kena Leoatleng la Atlantic, ba ile ba lumela hore ba ile ba habanya Lefatše le Lecha la mofuta oa Amazon, bahlabani ba basali ba bohale ba hlalosoang litšōmong tsa Bagerike.a
Forere Carvajal o ile a bolokela meloko e tlang pale ea batho ba Amazon ba Amerika ka ho e akarelletsa tlalehong ea hae ea seo a se boneng ka mahlo leetong la bohloela la Orellana la likhoeli tse robeli. Molaoli Orellana ka boeena o ile a sesa ka sekepe ho leba Spain, moo a ileng a fana ka tlaleho e qaqileng ea leeto la hae ho theosa le seo ho ea ka khopolo ea hae a ileng a se bitsa Río de las Amazonas, kapa Nōka ea Amazon. Nakoana hamorao, bo-mapotiele ba lekholong la bo16 la lilemo ba ile ba toroea bocha ’mapa o sa tsoa sibolloa oa Amerika Boroa—Amazon. Kahoo moru oa Amazon o ile oa pupetsoa ke litšōmo, empa hona joale moru o hlile o boemong ba tlokotsi.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Lentsoe “Amazons” mohlomong le tsoa lentsoeng la Segerike a, le bolelang “kantle,” le ma·zosʹ, le bolelang “letsoele.” Ho latela tšōmo, batho ba Amazon ba ne ba tlosa letsoele le ka letsohong le letona e le hore ba ka tšoara seqha le motsu habonolo haholoanyane.
[Setšoantšo se leqepheng la 11]
Top background: The Complete Encyclopedia of Illustration/J. G. Heck