Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 10/07 maq. 12-15
  • Maindia a Brazil—Na a Kotsing ea ho Fela?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Maindia a Brazil—Na a Kotsing ea ho Fela?
  • Tsoha!—2007
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Fokotseha ho Hoholo ha Maindia a Brazil—Selemong sa 1500-1960
  • Bokhoba bo ile ba Qaleha Joang?
  • Ho Loantšana ha Bo-ralikolone—Fora le Holland li Loantša Portugal
  • Maloetse a Nyonyehang a Tsoang Europe
  • Ho Nyallana ha Merabe ho Tšosa Majesuite
  • Maindia a Amehile Joang Lekholong la Bo20 la Lilemo?
  • Na a Tla ke a be le Bokamoso bo Khanyang?
  • Kamoo Lefatše la ’ona le Ileng la Lahleha Kateng
    Tsoha!—1996
  • Matsoalloa a Amerika—ho Fela ha Mehla
    Tsoha!—1996
  • Moru o Lulang o le Motala oa Amazon o Pupelitsoe ke Litšōmo
    Tsoha!—1997
  • Lintho Tse Ngata Tse Hlollang Tse Phelang Amazon e ka Holimo
    Tsoha!—2010
Bala Tse Ling
Tsoha!—2007
g 10/07 maq. 12-15

Maindia a Brazil—Na a Kotsing ea ho Fela?

KA MONGOLI OA TSOHA! BRAZIL

XINGU NATIONAL PARK e profinseng ea Brazil ea Mato Grosso. E boholo ba lisekoere-k’hilomithara tse 27 000—e leng sebaka se batlang se lekana le naha ea Lesotho. Sebaka sena seo ho sona ho lulang Maindia a ka bang 3 600 a litso tse 14 tse fapaneng, ke sehlekehleke se tlokomang botalana seo lifotong tse nkiloeng ka sathelaete se shebahalang joaloka “tafole e khōlōhali ea papali ea snooker.” Meru e haufi e ’nile ea chesoa e le ho fa ba remang lifate monyetla oa ho li rema le ho li rekisa kapa e ’nile ea fetoloa makhulo a mehlape e meholo ea likhomo.

Lilemong tsa bo-1960, ’muso oa Brazil o ile oa qala ho behella ka thōko libaka tse itseng bakeng sa Maindia ao. Libaka tsena tseo boholo ba tsona li leng Amazon, hona joale li nka karolo e etsang liphesente tse 12 tsa naha ea Brazil. Ho behelloa ka thōko ha libaka tsena ho bile le liphello tse hlollang: palo ea Maindia a Brazil e qala ho eketseha—ka mor’a lilemo tse 500! Ho nahanoa hore hona joale a ka ba likete tse makholo a mararo. Leha ho le joalo, palo eo ke karoloana feela ea palo ea Maindia a neng a phela lilemong tsa bo-1500, moo ho hakanngoang hore a ne a ka ba pakeng tsa limilione tse peli le tse tšeletseng.

Joalokaha sengoli se seng se bontša, lilemong tse 500 tse fetileng, “ho bile le ho fokotseha ho hoholo palong ea baahi” ba moo. Ke eng e entseng hore baahi ba Maindia ba fokotsehe haholo joalo? Na keketseho e bileng teng lilemong tsa morao tjee palong ea Maindia a Brazil e bolela hore joale a se a sireletsehile?

Ho Fokotseha ho Hoholo ha Maindia a Brazil—Selemong sa 1500-1960

Lilemong tse 30 ka mor’a hore Brazil e be taolong ea Portugal ka 1500, ’muso oo oa bokolone o ile oa thahasella lifate tsa brazilwood—e leng lehong le thata leo ho etsoang dae e khubelu ka lona. Brazil e rehelletsoe ka sefate sena. Lehong lena le ne le nkoa e le la bohlokoa haholo Europe, ’me Maeurope a ile a fa batho ba moo limpho tseo e seng tsa boleng bo bokaalo hore a fumane lehong lena.

Leha ho le joalo, ka potlako ho ile ha sibolloa hore boemo ba leholimo ba Brazil bo etsa hore ’moba o atlehe haholo. Empa ho ne ho e-na le bothata. Ho lema ’moba e ne e le mosebetsi o boima haholo. Ho ile ha hlokahala makhoba a mangata bakeng sa mosebetsi ona. Bajaki ha baa ka ba batla makhoba hōle! Ho ne ho e-na le matsoalloa a moo a mangata a neng a ka sebelisoa e le makhoba.

Bokhoba bo ile ba Qaleha Joang?

Maindia a ne a tloaetse ho iphelisa ka temo. Banna ba ne ba tloaetse ho tsoma le ho tšoasa litlhapi. Ba ne ba etsa mosebetsi o boima oa ho rema lifate le ho lokisa sebaka bakeng sa temo. Basali ba ne ba lema, ba kotula ba bile ba pheha. Maeurope a rutehileng a ne a rorisa Maindia ao a neng a bonahala a sa tsotelle leruo le a neng a se meharo. Ka lehlakoreng le leng, bajaki ba bangata bona ba ne ba nka hore Maindia a botsoa.

Maindia a botsoalle a ne a khothalletsoa hore a lule haufi le moo Mapotoketsi a ahileng teng, morero e le ho ea sebeletsa Mapotoketsi ao le ho a sireletsa. Hangata Majesuite le baitlami ba bang ke bona ba neng ba phetha karolo e khōlō tabeng ena. Ba ne ba sa lemohe hore seo se ne se tla ba le liphello tse mpe hakaakang ho Maindia. Le hoja molao o ne o sireletsa naha ea Maindia le tokoloho ea ’ona, empa bonneteng, Maindia a ne a qobelloa ho sebetsa e le makhoba a bajaki bana. E ne e le seoelo a lefuoang kapa a lumelloang hore a leme masimo a ’ona.

Boiteko ba ’Muso oa Mapotoketsi ba ho thibela bokhoba ha boa ka ba atleha hakaalo. Bajaki ba ne ba atisa ho ba le mekhoa ea ho tsoa tlaase melao e hanelang bokhoba. Ha e le hantle, ho ne ho nkoa e le ntho e nepahetseng hore Maindia a neng a nkoa e le lira a etsoe makhoba kapa a rekisoe e le makhoba, ha a ne a hapiloe ho seo ho neng ho thoe ke “ntoa e loketseng.” Maindia a neng a hapiloe ke merabe e meng a ne a ka rekoa, kapa a “lopolloa,” ’me a etsoa makhoba.

Bonneteng, indasteri e atlehileng ea tsoekere ke eona e ileng ea etsa hore bajaki bana ba thahaselle kolone eo. ’Me mehleng eo indasteri ea tsoekere e ne e itšetlehile ka mosebetsi oa makhoba. Ka hona, ’Muso oa Mapotoketsi o ne o lokela hore nako le nako o hatelle letsoalo la ’ona e le hore o fumane letlotlo lena.

Ho Loantšana ha Bo-ralikolone—Fora le Holland li Loantša Portugal

Maindia e ne e le ’ona bahlaseluoa ba ka sehloohong ntoeng e neng e kupa pakeng tsa bo-ralikolone. Mafora le Madache a ne a batla ho amoha Mapotoketsi naha ea Brazil. A ile a tsekisana le Mapotoketsi tabeng ea hore na Maindia a tšehetsa lehlakore lefe. Maindia a ne a sa lemohe hore morero o ka sehloohong oa bo-ralikolone e ne e le ho nka naha ea ’ona. Ho e-na le hoo, a ne a nka lintoa tseo e le monyetla oa ho iphetetsa ho lira tsa ’ona—e leng merabe e meng ea Maindia—ka hona, a ile a kena ka boithatelo ntoeng e neng e le pakeng tsa mebuso e loantšanang ea linaha tseo tse ling.

Ka mohlala, ka la 10 November, 1555, mohlomphehi e mong oa Mofora ea bitsoang Nicholas de Villegaignon, o ile a fihla Guanabara Bay (eo hona joale e leng Rio de Janeiro) ’me a haha qhobosheane teng. O ile a etsa selekane le Maindia a moo a Matamoio. Mapotoketsi a ile a tla le Maindia a Matupinamba a Bahia, ’me ka March 1560, a ile a qetella a hlasetse qhobosheane eo e neng e bonahala eka e ke ke ea keneha habonolo. Mafora a ile a baleha empa a ’na a sebelisana le Matamoio le ho a susumelletsa hore a ’ne a hlasele Mapotoketsi. Ka mor’a lintoa tse ngata, qetellong Matamoio a ile a hlōloa. Ho tlalehoa hore ntoeng e le ’ngoe feela, ho ile ha bolaoa a 10 000 ’me a 20 000 a etsoa makhoba.

Maloetse a Nyonyehang a Tsoang Europe

Matsoalloa a moo ao Mapotoketsi a ileng a qala ho kopana le ’ona a ne a bonahala a phetse hantle haholo. Bafuputsi ba khale ba ne ba lumela hore Maindia a mangata a hōlileng a ne a lilemo li lekholo kapa ho feta. Empa ’mele ea Maindia e ne e sa khone ho itšireletsa maloetseng a batho ba hlahang Europe le Afrika. Mohlomong lena e bile lona lebaka le ka sehloohong le ileng la etsa hore a batle a fela.

Litlaleho tsa Mapotoketsi li tletse ka liketsahalo tse tšosang tsa mafu a seoa a ileng a fokotsa baahi ba Maindia haholo. Ka 1561, seoa sa sekholopane se ile sa oela Portugal ’me sa namela le mose ho Atlantic. Seoa seo se ile sa baka masisa-pelo. Ka la 12 May, 1563, Mojesuite ea bitsoang Leonardo do Vale o ile a ngola lengolo le neng le hlalosa masetla-pelo a seoa seo naheng ea Brazil: “Ona e ne e le mofuta oa sekholopane se nyontšang le se nang le letsuka le bohloko hoo ho neng ho se motho ea ka mamellang letsuka le neng le le ho [bakuli]. Ka lebaka lena, ba bangata ba ile ba shoa ba sa hlokomeloe, ba jeoa ke libōkō tse ileng tsa hlaha maqebeng tse neng li hlaha ka bongata ’me li le tenya hoo li neng li nyarosa le ho tšosa motho leha e le ofe ea neng a li bona.”

Ho Nyallana ha Merabe ho Tšosa Majesuite

Ho nyallana ha merabe e sa tšoaneng le hona ho ile ha etsa hore merabe e mengata e nyamele. Buka e bitsoang Red Gold—The Conquest of the Brazilian Indians, e re: “Mapotoketsi le matsoalloa a Brazil ba ne ba sa bone bothata ka ho nyallana.” Ho fana ka basali, bao hangata e neng e le barali ba bona hore ba nyaloe ke balichaba, Maindia a ne a ho nka e le ho bontša kamohelo ea baeti. Ha Majesuite a pele a fihla Brazil ka 1549, a ile a nyarosoa ke seo a ileng a se bona. Mojesuite Manoel da Nóbrega o ile a re: “[Baruti] ba bolella banna phatlalatsa hore ho phela sebeng le basali ba Maindia hase tlōlo ea molao,” a ba a phaella ka ho re, “bajaki ba etsa basali bohle ba Maindia [a makhoba] lirethe tsa bona.” Morena oa Portugal o ile a tsebisoa hore mojaki e mong oa Mopotoketsi ‘o ne a e-na le bana ba bangata, litloholo, litloholoana le litloho-tloholoana tse ngata hoo [ea neng a bua a ileng a re] ha ke na sebete sa ho u bolella Morena hore na ba bakae ka palo.’

Bohareng ba lekholo la bo17 la lilemo, Maindia ao pele e neng e le ’ona baahi ba bangata ba lesabasaba le iphaphathileng ka mabōpo a Brazil a ne a shoele, a entsoe makhoba kapa a koentsoe ke manyalo a ’ona le merabe e meng. Ho bile joalo le ka merabe e meng ea Amazon.

Ka mor’a hore Mapotoketsi a fihle Amazon, ho ile ha e-ba le mokhoa o tsoileng taolong oa “ho bolaea ka molao” baahi ba libakeng tse tlaase tsa Amazon. Ho latela motlatsi oa mobishopo oa Maranhão, e leng Manoel Teixeira, nakong ea lilemo tse mashome a ’maloa feela, Mapotoketsi a ne a bolaile Maindia a ka bang limilione tse peli a Maranhão le a Pará! Ho ka etsahala hore palo ena e ne e fetelelitsoe, empa timetso le mahlomola ’ona a fela a etsahetse. Baahi ba libaka tse ka holimo tsa Amazon le bona ba ile ba timetsoa ka tsela e tšoanang. Bohareng ba lekholo la bo18 la lilemo, libaka tsa Amazon, ntle le tse ka thōko, li ne li se li batla li se na Maindia ao e leng matsoalloa a moo.

Ntšetso-pele ea libaka tse ngata tse ka thōko Amazon lekholong la bo19 le la bo20 la lilemo, butle-butle e ile ea etsa hore batho ba basoeu ba tsoakane le merabe e setseng ea Maindia a neng a phela libakeng tse ka thōko. Ha Charles Goodyear a sibolla mokhoa oa ho thatafatsa rabara ka 1839, seo se ile sa etsa hore ho qaptjoe lithaere tsa rabara ’me sa etsa hore ho “tsongoe rabara hohle.” Bahoebi ba ile ba tšolohela Amazon, eo e neng e le eona feela e nang le rabara e e-s’o sebetsoe. Mehla eo e tsebahala ka ho sebelisoa ha matsoalloa a moo hampe, ho ileng ha fokotsa palo ea ’ona le ho feta.

Maindia a Amehile Joang Lekholong la Bo20 la Lilemo?

Ka 1970, ’muso oa Brazil o ile oa etsa qeto ea ho kopanya libaka tse ka thōko tsa Amazon ka ho haha litsela tse khōlō. Boholo ba litsela tsena bo ne bo paroletsa le libakeng tseo Maindia a phelang ho tsona ’me seo sa etsa hore Maindia a hlaseloe ke batho ba neng ba tsoma lirafshoa, le hore a hlaseloe ke maloetse a bolaeang.

Ka mohlala, nahana ka se ileng sa etsahalla morabe oa Mapanará. Morabe ona o ile oa fieloa ke ntoa le ke bokhoba lekholong la bo18 le la bo19 la lilemo. Ba ’maloa ba setseng ba ile ba balehela karolong e ka leboea-bophirimela, hare-hare merung e ka leboea ho Mato Grosso. Joale tsela e khōlō ea Cuiabá-Santarém e ile ea paroletsa le hona sebakeng seo sa bona.

Ba bangata ba ile ba shoa ka lebaka la ho tsoakana le batho ba basoeu. Ka 1975, ke baahi ba 80 feela ba neng ba setse baahing bao ba kileng ba e-ba bangata. Mapanará a ile a isoa sebakeng se secha, e leng Xingu National Park. A ile a leka ka matla empa a hlōleha ho fumana tikoloho sebakeng sena se secha e tšoanang le meru eo a neng a tsoa ho eona. Joale Mapanará a ile a etsa qeto ea ho khutlela ha habo ’ona. Ka la 1 November, 1996, letona la toka la Brazil le ile la phatlalatsa hore sebaka seo se boholo ba lihekthere tse 495 000 e ne e tla ba “lehae la kamehla la matsoalloa” ao. Ho bonahala Mapanará a ntšitsoe litleneng tsa ho fela.

Na a Tla ke a be le Bokamoso bo Khanyang?

Na ho behella libaka tse itseng ka thōko bakeng sa merabe ea Maindia ho tla etsa hore a se ke a fela? Hona joale ha ho bonahale eka Maindia a Brazil a tla fela. Leha ho le joalo, libaka tsa ’ona hangata li na le lirafshoa tse ngata le matlotlo a mang a tlhaho. Ho hakanngoa hore lirafshoa tse ka jang libilione tse supileng tsa liranta—tse akarelletsang khauta, platinum, taemane, tšepe le loto—li ipatile mobung oa sebaka se bitsoang Legal Amazonia, se akarelletsang liprofinse tse robong tsa sebaka se ka leboea le se bophirimela-bohareng Brazil. Karolo e ka etsang liphesente tse 98 ea sebaka seo, ke moo ho lulang Maindia. Ho se ho ntse ho e-na le batho ba batlang lirafshoa ka ntle ho molao sebakeng sena sa Maindia.

Histori e bontša hore Maindia a ’nile a lahleheloa nako le nako ha a sebelisana le makhooa. A ’nile a fana ka khauta molemong oa liipone le lehong la brazilwood bakeng sa limpho tse sa reng letho, ’me a ’nile a tlameha ho balehela libakeng tse ka thōko merung e le ho qoba ho ba makhoba. Na ebe see se tla etsahala hape?

Maindia a mangata a ithutile ho sebelisa lisebelisoa tsa theknoloji ea morao tjena—lifofane, likepe tse tsamaeang ka lienjene le li-cell phone. Empa ha nako e ntse e feta ke hona ho tla bonahala hore na a tla khona ho sebetsana le mathata a mang a lekholong la bo21 la lilemo.

[’Mapa o leqepheng la 15]

(Sheba boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle khatisong)

■ Xingu National Park

□ Libaka tseo Maindia a lulang ho tsona

BRAZIL

BRASILIA

Rio de Janeiro

FRENCH GUIANA

SURINAME

GUYANA

VENEZUELA

COLOMBIA

ECUADOR

PERU

BOLIVIA

PARAGUAY

URUGUAY

 [Setšoantšo se leqepheng la 15]

Bahoebi ba ile ba sebelisa Maindia hampe ho a etsa makhoba masimong a bona a rabara

[Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

© Jacques Jangoux/Peter Arnold, Inc.

[Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng leqepheng la 12]

Line drawing and design: From the book Brazil and the Brazilians, 1857

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela