Matsoalloa a Amerika—ho Fela ha Mehla
KE MANG ea e-song ho shebelle filimi e tloaelehileng ea ma-cowboy le Maindia? Lefatšeng lohle batho ba utloetse ka Wyatt Earp, Buffalo Bill le Lone Ranger le ka Maindia a latelang, Geronimo, Sitting Bull, Crazy Horse le Morena Joseph, hammoho le ba bang ba bangata. Empa lipontšo tsa Hollywood e bile tsa ’nete hakae? Hona litšoantšo tseo tsa bona tsa Maindia e bile tse se nang leeme hakae?
Pale ea ho hlōloa ha Matsoalloa a Amerika Leboea (Maindia) ke Maeurope e phahamisa lipotso.a Na libuka tsa histori li hlalositse Maindia ka tsela e se nang leeme? Na ho na le lithuto leha e le life tse ka ithutoang ka meharo, khatello, khethollo ea merabe le liketso tse sehlōhō? Tlaleho ea ’nete ke efe ka bao ho thoeng ke ma-cowboy le Maindia?
Ho Setlela ha Custer la ho Qetela e le ho Itšireletsa le Polao e Sehlōhō Wounded Knee
Ka selemo sa 1876, ngaka ea litaola, Sitting Bull oa Malakota (e leng se seng sa lihlopha tse khōlō tse tharo tsa Masioux) e ne e le moeta-pele ntoeng e tummeng ea Nōkeng ea Little Bighorn, Montana. A e-na le masole a 650, Mokolonele Lefothenente “Long Hair” Custer o ne a nahana hore habonolo feela a ka hlōla bahlabani ba 1000 ba Masioux le Macheyenne. Sena e ne e le khakanyo e fosahetseng ka ho fetisisa. Mohlomong o ne a talimane le sehlopha se seholo ka ho fetisisa sa bahlabani ba Matsoalloa a Amerika se kileng sa kopana hammoho—ba ka bang 3000.
Custer o ile a arola Lebotho la hae la bosupa la Bapalami ba Lipere ka lihlopha tse tharo. Ntle le ho emela thuso ea lihlopha tse ling tse peli, sehlopha sa hae se ile sa hlasela moo a neng a nahana hore e ne e le karolo e hlaselehang habonolo ea liahelo tsa Maindia. A eteletsoe pele ke bo-rametse Crazy Horse, Gall le Sitting Bull, Maindia a ile a ripitla Custer le sehlotšoana sa hae sa masole a ka bang 225. E ne e le tlhōlō ea nakoana ea lichaba tsa Maindia empa e le ho hlōloa ho hoholo ha Lebotho la United States. Leha ho le joalo, boiphetetso bo sehlōhō bo ne bo sa le hōle ka lilemo tse 14.
Qetellong, Sitting Bull o ile a inehela, a tšepisitsoe hore o tla tšoareloa. Ho e-na le hoo, o ile a koalloa ka nakoana Fort Randall, Sebakeng sa Dakota. Lilemong tsa hae tsa botsofali, o ile a hlahella sechabeng pontšong e neng e potoloha le libaka ea Buffalo Bill’s Wild West. Moeta-pele eo pele a neng a tumme o ne a fetohile seriti feela sa ngaka eane ea litaola e neng e kile ea e-ba le tšusumetso.
Ka 1890, Sitting Bull (Tatanka Iyotake, ka lebitso la Selakota) o ile a bolaoa ka ho thunngoa ke liofisiri tsa sepolesa tsa Maindia tse neng li rometsoe ho ea mo tšoara. Babolai ba hae e ne e le Masioux a “Metal Breasts” (mapolesa a nang le likhau tsa libeche), Molefothenente Bull Head le Sajene Red Tomahawk.
Hona selemong seo, khanyetso ea Maindia khahlanong le puso ea makhooa qetellong e ile ea hlōleha ka ho feletseng polaong e sehlōhō ea Wounded Knee Creek Lithōteng tse Khōlō tsa Amerika. Mono, banna, basali le bana ba ka bang 320 ba Masioux ba neng ba baleha ba ile ba bolaoa ke mabotho a ’muso le likanono tsa ’ona tsa Hotchkiss tse thunyang ka potlako. Masole ao a ile a ithorisa ka hore seo e ne e le boiphetetso ba ’ona bakeng sa ho bolaoa ha metsoalle ea ’ona, e leng Custer le banna ba hae, maralleng a okametseng Nōka ea Little Bighorn. Kahoo ho ile ha fela lilemo tse 200 tsa lintoa le liqhoebeshano tse neng li e-ba teng ka seoelo lipakeng tsa bajaki ba hlaselang ba Amerika le merabe e thibeletsoeng eo e neng e le baahi ba moo.
Empa tabeng ea pele, Matsoalloa a Amerika a bile teng joang Amerika Leboea? Mokhoa oa ’ona oa bophelo o ne o le joang pele makhooa a fihla Amerika Leboea?b Ke’ng se entseng hore a qetelle a hlōtsoe le ho inehela? ’Me boemo ba Maindia ke bofe kajeno naheng eo hona joale e busoang ke litloholo tsa bajaki ba pele ba Maeurope? Lipotso tsena le tse ling li tla tšohloa lihloohong tse latelang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Le hoja hona joale ba bang ba rata lebitso “Letsoalloa la Amerika,” ka tloaelo ho ntse ho boetse ho sebelisoa “Moindia” libukeng tse ngata tsa litšupiso. Re tla sebelisa mabitso ana ka ho fapanyetsana. “Moindia” ke lebitso le fosahetseng le ileng la rehoa matsoalloa a moo ke Columbus, ea neng a nahana hore o fihlile India ha a ne a fihla ho seo hona joale se tsejoang e le West Indies.
b Lihloohong tsena re shebane le Maindia a Amerika Leboea feela. Maindia a Amerika a Mexico, a Amerika Bohareng le a Amerika Boroa—Maaztec, Mamaya, Mainca, Maolmec le a mang—ho tla buuoa ka ’ona litokollong tse tlang tsa makasine ena.
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Ho pata bafu, Wounded Knee
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Montana Historical Society