Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g96 9/8 maq. 16-17
  • A ne a e-tsoa Hokae?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • A ne a e-tsoa Hokae?
  • Tsoha!—1996
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Matsoalloa a Amerika—Tšimoloho le Litumelo Tsa ’Ona
  • Ho Utloisisa Lifilosofi Tsa Matsoalloa a Amerika
  • Kamoo Lefatše la ’ona le Ileng la Lahleha Kateng
    Tsoha!—1996
  • Bokamoso ba ’Ona ke Bofe?
    Tsoha!—1996
  • Re Fumane Seo re Neng re se Batla
    Tsoha!—2009
  • Matsoalloa a Amerika—ho Fela ha Mehla
    Tsoha!—1996
Bala Tse Ling
Tsoha!—1996
g96 9/8 maq. 16-17

A ne a e-tsoa Hokae?

“RE NE re ipitsa eng pele Columbus a fihla? . . . Molokong o mong le o mong, esita le kajeno, ha u fetolela lentsoe leo ka bomong re neng re ipitsa ka lona, meloko e meng e sa tsebe le ho tseba, kamehla e ne e le ntho eo ha e le hantle e bolelang ntho e tšoanang ha e fetoleloa. Puong ea rōna [ea Senarragansett] ke Ninuog, kapa batho [ka Senavajo, ke Diné], e leng batho. Ke kamoo re neng re ipitsa kateng. Kahoo ha bo-ralikolone [ba Maeurope] ba fihla mona, re ne re tseba hore na re bo-mang, empa re ne re sa tsebe hore na bona ke bo-mang. Kahoo re ile ra ba bitsa Maawaunageesuck, kapa basele, hobane ke bona bao e neng e le bajaki, e ne e le bona bao re sa ba tsebeng, empa rōna re ne re tsebana. ’Me re ne re le batho.”—Tall Oak, oa moloko oa Manarragansett.

Ho na le likhopolo tse ngata haholo mabapi le tšimoloho ea Matsoalloa a Amerika.a Joseph Smith, mothehi oa Bamormon, e ne e le e mong oa ba bangata, ho akarelletsa le Moquaker William Penn, ea neng a lumela hore Maindia e ne e le Baheberu, litloholo tsa bao ho thoeng ke meloko e leshome e lahlehileng ea Iseraele. Tlhaloso e amoheloang ke litsebi tse ngata tsa thuto mabapi le batho kajeno, ke hore ebang ke ka ho tsamaea naheng e entseng borokho kapa ka seketsoana, meloko ea Asia e ile ea fallela ho seo hona joale e leng Alaska, Canada le United States. Esita le liteko tsa DNA li bonahala li tšehetsa khopolo ena.

Matsoalloa a Amerika—Tšimoloho le Litumelo Tsa ’Ona

Bahlophisi ba Matsoalloa a Amerika Tom Hill (Moseneca) le Richard Hill e moholo, (Motuscarora) baa ngola bukeng ea bona ea Creation’s Journey—Native American Identity and Belief: “Ho ea ka neano, mefuta e mengata ea batho bao e leng matsoalloa a moo e lumela hore e ile ea bōptjoa ho tsoa lefatšeng ka bolona, ho tsoa metsing, kapa ho tsoa linaleling. Ka lehlakoreng le leng, litsebi tsa ho epolloa ha lintho tsa khale li na le khopolo ea hore ho ne ho e-na le borokho bo boholo ba naha ho haola le Bering Strait, boo Maasia a ileng a tsamaea ho bona ho fallela linaheng tsa Amerika Leboea le Amerika Boroa; khopolo eo e bolela hore Maasia ana e ne e le baholo-holo ba matsoalloa a mefuta ea batho ba Karolong e ka Bophirimela ea Lefatše.” Matsoalloa a mang a Amerika a na le tšekamelo ea ho belaella khopolo ea makhooa ea Bering Strait. A rata ho lumela litšōmo le lipale tsa ’ona. A italima e le ’ona baahi ba pele ho e-na le ho ba bajaki ba tsoang Asia ba neng ba batla libaka.

Bukeng ea hae ea An Indian Winter, Russell Freedman oa hlalosa: “Ho ea ka tumelo ea Mamandan [e leng morabe o neng o le pel’a Nōka ea Missouri e ka holimo], Motho oa Pele e ne e le moea o matla, boleng ba bomolimo. O ne a ile a bōptjoa khale haholo ke Morena oa Bophelo, ’mōpi oa lintho tsohle, hore a sebetse e le ’muelli pakeng tsa batho ba tloaelehileng le melimo e mengata-ngata, kapa meea, e neng e lula bokahohleng.” Tumelo ea Mamandan e ne e bile e akarelletsa le tšōmo ea moroallo. “Mehleng ea khale, ha moroallo o moholo o ne o koahetse lefatše, Motho oa Pele o ile a sireletsa batho ka ho ba ruta ho haha tora e sireletsang, kapa ‘areka,’ e neng e tla phahamela ka holim’a metsi a moroallo. Tlotlisong ea hae, motse o mong le o mong oa Mamandan o ne o e-na le setšoantšo se senyenyane sa tora eo ea tšōmong—pilara ea kedare e ka bang bophahamo ba maoto a mahlano [limithara tse 1,5], e pota-potuoe ke lekhoakhoa la mapolanka.”

Mamandan a ne a boetse a e-na le letšoao la bolumeli la “palo e telele e thatetsoeng ka masiba le boea ’me e etselitsoe hlooho ea lehong e mpe ka ho fetisisa, e pentiloeng ka botšo.” Ebe e ne e emela mang? “Setšoantšo sena se ne se emela Ochkih-Haddä, moea o litšila o neng o e-na le tšusumetso e matla ho batho empa o se matla joaloka Morena oa Bophelo kapa Motho oa Pele.” Ho Maindia a lulang Lithōteng, “ho lumela lefatšeng la meea e ne e le karolo e sa belaelloeng ea bophelo ba letsatsi le letsatsi. . . . Ho ne ho ke ke ha fihleloa qeto e khōlō, ho se morero o ka etsoang, kantle le hore pele ho batloe thuso le kamohelo ea batho ba halalelang ba neng ba laola litaba tsa batho.”

Bukeng ea hae ea The Mythology of North America, John Bierhorst oa hlalosa: “Pele ho e-ba le maloko, ho boleloa hore Maosage, a ne a lelera le libaka a le boemong bo tsejoang e le ganítha (ho hloka molao kapa taolo). Maikutlo a neano a bolela hore matsatsing ao a pele batho ba itseng ba nahanang ba neng ba bitsoa Banna ba Khale ba Banyenyane . . . ba ile ba qapa khopolo ea hore matla a thōtseng, a bōpang a tletse leholimong le lefatšeng ’me a etsa hore linaleli, khoeli le letsatsi li tsamaee ka taolo e phethahetseng. Ba ne ba a bitsa Wakónda (matla a mohlolo) kapa Eáwawonaka (ea entseng hore re be teng).” Mazuni, Masioux le Malakota a ka Bophirimela le ’ona a na le khopolo e tšoanang. Mawinnebago le ’ona a na le tšōmo ea pōpo e amanang le “Moetsi oa Lefatše.” Tlaleho e re: “O ile a lakatsa hore khanya e be teng ’me khanya ea e-ba teng. . . . Eaba o nahana hape ’me a lakatsa hore lefatše le be teng, ’me lefatše lena la e-ba teng.”

Ho seithuti sa Bibele, ke ho thahasellisang haholo ho bona ho tšoana ho itseng pakeng tsa litumelo tsa Matsoalloa a Amerika le lithuto tse hlalosoang ka Bibeleng, haholo-holo mabapi le Moea o Moholo, “ea entseng hore re be teng,” e leng se hopotsang ka moelelo oa lebitso la bomolimo, Jehova, “O Etsa Hore ho be Teng.” Ho tšoana ho hong ho akarelletsa Moroallo le moea o litšila o tsejoang e le Satane ka Bibeleng.—Genese 1:1-5; 6:17; Tšenolo 12:9.

Ho Utloisisa Lifilosofi Tsa Matsoalloa a Amerika

Bangoli bao e leng Matsoalloa a Amerika Tom Hill le Richard Hill ba hlalosa lineo tse hlano tseo ba reng Matsoalloa a Amerika a li amohetse ho baholo-holo ba ’ona. “Neo ea pele . . . ke kamano ea rōna e tebileng le naha.” ’Me ha ho nahanoa ka histori ea ’ona pele le ka mor’a ho fihla ha Maeurope, ke mang ea ka hanang seo? Naha ea ’ona, eo hangata e talingoang e halalela ke Matsoalloa a Amerika, e ile ea nkoa butle-butle ka likhoka, ka bomene-mene, kapa ka lilekane tse sa phethahatsoang.

“Neo ea bobeli ke matla le moea tseo liphoofolo li nang le tsona joaloka batho ba habo rōna.” Ho hlompha liphoofolo ha Matsoalloa a Amerika ho ’nile ha bonahala ka litsela tse ngata. A ne a tsoma feela bakeng sa lijo, liaparo le ho etsa matlo. Hase matsoalloa a moo a ileng a felisa nare (bison) ka ho feletseng empa ke makhooa, ka lebaka la ho rata ha ’ona tšollo ea mali le meharo ea ho se shebele lintho pele.

“Ea boraro ke matla a meea, ao e leng beng ka rōna ba phelang le ba buisanang le rōna ka litšoantšo tsa bona tseo re li etsang.” Ena ke taba e tloaelehileng malumeling a mangata lefatšeng ka bophara—ho pholoha ha matla a itseng a bophelo kapa moea ka mor’a lefu.b

“Ea bone ke boikutlo ba hore na re bo-mang, bo bontšoang le ho tšehetsoa ke lineano tsa rōna tsa moloko.” Kajeno sena se ka hlokomeloa meketjaneng ea moloko, moo batho ba khobokanang ho buisana ka litaba tsa moloko, kapa lipokanong tsa sechaba, moo ho etsoang litantši le ho bapala ’mino oa moloko. Moaparo oa Seindia, ho letsa meropa ka morethetho, litantši, lipoelano tsa malapa le maloko—kaofela li bontša moetlo oa moloko.

“Neo ea ho qetela ke ho khona ho qapa lintho—litumelo tsa rōna li etsoa tsa sebele ka ho fetola lintho tsa tlhaho hore e be lintho tsa tumelo le tsa boithoriso.” Hore na ke ho etsa libaskete, ho ohla, ho bōpa letsopa kapa ho le penta, ho etsa mabenyane le mekhabiso, kapa tšebetso leha e le efe ea ho qapa lintho, e tlamahane le moetlo le setso sa bona ka lilemo tse ngata.

Ho na le meloko e mengata hoo ho neng ho tla hlokahala libuka tse ngata ho hlalosa litumelo le mekhoa ea eona ea moetlo. Seo re se thahasellang hona joale ke sena, Ke phello efe eo tšubuhlellano ea Maeurope a limilione, ao boholo ba ’ona ho neng ho nkuoa hore ke Bakreste, e bileng le eona ho Matsoalloa a Amerika?

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Lebitso lena “Matsoalloa a Amerika” ka ho totobetseng le akarelletsa le meloko e phelang Canada. Ba bangata ba lumela hore bajaki ba pele ba neng ba tsoa Asia ba ile ba tsamaea ho pholletsa le ka leboea-bophirimela ho Canada ha ba leba ka boroa libakeng tse batlang li futhumetse.

b Bibele ha e tšehetse tumelo ea moea o sa shoeng kapa matla a bophelo a pholohang lefung. (Bona Genese 2:7; Ezekiele 18:4, 20.) Bakeng sa boitsebiso bo qaqileng haholoanyane tabeng ena, bona buka ea Moloko oa Batho o Batla Molimo, leqepheng la 52-7, 75, le index ea eona tlas’a “Moea o sa shoeng, tumelo ho.” Buka ena e hatisitsoe ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela