Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g96 9/8 maq. 15-28
  • Bokamoso ba ’Ona ke Bofe?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bokamoso ba ’Ona ke Bofe?
  • Tsoha!—1996
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Thuto ea Matsoalloa a Amerika
  • Linaha Tse Halalelang
  • Liphephetso Tsa Kajeno
  • Ho Loantša Lithethefatsi le Tahi
  • Na Lik’hasino le Papali ea Chelete ke Tharollo?
  • Bokamoso bo Fupere Eng?
  • Bophelo Lefatšeng le Lecha la Kutloano le Toka
  • Kamoo Lefatše la ’ona le Ileng la Lahleha Kateng
    Tsoha!—1996
  • Matsoalloa a Amerika—ho Fela ha Mehla
    Tsoha!—1996
  • A ne a e-tsoa Hokae?
    Tsoha!—1996
  • Lethathamo la Tse ka Hare
    Tsoha!—2001
Bala Tse Ling
Tsoha!—1996
g96 9/8 maq. 15-28

Bokamoso ba ’Ona ke Bofe?

PUISANONG ka lipotso le Tsoha!, morena oa khotso oa Mocheyenne, Lawrence Hart o boletse hore bo bong ba mathata a amang Maindia “ke hore re talimane le sekhahla sa ho kopanngoa ha litso tsa merabe le ho ba ntho e le ’ngoe. Ka mohlala, re lahleheloa ke puo ea rōna. Ka nako e ’ngoe sena e kile ea e-ba leano la ka boomo la ’muso. Ho ile ha etsoa boiteko bo matla ba ho re ‘ntšetsa pele’ ka thuto. Re ne re romeloa likolong tseo ho luloang ho tsona ’me re thibeloa ho bua lipuo tsa rōna tsa setso.” Sandra Kinlacheeny oa hopola: “Haeba ke ne ke bua Senavajo sekolong seo ke neng ke lula ho sona, tichere e ne e ntlhatsoa molomo ka sesepa!”

Morena Hart o tsoela pele: “Ntlha e khothatsang ke hore morao tjena ho bile le ho tsoha masene merabeng e fapaneng. Ea hlokomela hore lipuo tsa eona li tla fela haeba ho sa etsoe boiteko ba ho li sireletsa.”

Ho setse batho ba leshome feela ba buang Sekaruk, puo ea o mong oa merabe ea California. Ka January 1996, Red Thunder Cloud (Carlos Westez), Moindia oa ho qetela ea neng a bua puo ea Secatawba, o ile a shoa a le lilemo li 76. Ka lilemo tse ngata ho ne ho se na motho eo a ka buisanang le eena ka puo eo.

Liholong tsa ’Muso tsa Lipaki tsa Jehova libakeng tse khethetsoeng bolulo tsa Manavajo le Mahopi, Arizona, hoo e ka bang e mong le e mong o bua Senavajo kapa Sehopi le Senyesemane. Esita le Lipaki tseo e seng Maindia li ithuta puo ea Senavajo. Ho hlokahala hore Lipaki li tsebe Senavajo e le hore li ka etsa mosebetsi oa tsona oa ho ruta Bibele, kaha Manavajo a mangata a itsebela puo ea ’ona feela. Lipuo tsa Sehopi le Senavajo li ntse li sebelisoa haholo, ’me bacha ba khothalletsoa ho li sebelisa sekolong.

Thuto ea Matsoalloa a Amerika

Ho na le likoleche tse 29 tsa Maindia United States, tse nang le liithuti tse 16 000. Ea pele e ile ea buloa ka 1968 Arizona. Dr. David Gipp, oa American Indian Higher Education Committee o ile a re: “Ena ke e ’ngoe ea liphetoho tse hlollang Naheng ea Maindia, tokelo ea ho ruta kamoo re ikhethelang kateng.” Univesithing ea Sinte Gleska, puo ea Selakota ke thuto e hlokahalang.

Ho ea ka Ron McNeil (Molakota oa Mohunkpapa), eo e leng mopresidente oa American Indian College Fund, lipalo-palo tsa ho hloka mosebetsi har’a Matsoalloa a Amerika li tloha karolong ea 50 lekholong ho ea ho 85 lekholong, ’me Maindia a na le nako e khutšoanyane ka ho fetisisa ea ho phela le manane a phahameng ka ho fetisisa a lefu la tsoekere, lefuba le bokhoba ba tahi ho feta sehlopha leha e le sefe United States. Thuto e molemo ke o mong feela oa mehato e ka ’nang ea thusa.

Linaha Tse Halalelang

Ho Matsoalloa a Amerika a mangata, linaha tsa baholo-holo ba ’ona lia halalela. Joalokaha White Thunder a ile a bolella setho se seng sa Senate: “Naha ena ea rōna ke ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa ho rōna lefatšeng.” Ha ho ne ho etsoa lilekane le litumellano, hangata Maindia a ne a nka hore li ne li etsetsoa hore makhooa a sebelise naha ea ’ona (Maindia) empa e seng hore e be thepa le letlotlo la ’ona (makhooa) ka ho toba. Merabe ea Maindia a Masioux e ile ea lahleheloa ke naha ea bohlokoa lithabeng tsa Black Hills tsa Dakota lilemong tsa bo-1870, ha batho ba rafang ba ne ba tla ka bongata, ba batla khauta. Ka 1980 Lekhotla le ka Holimo-limo la United States le ile la laela ’muso oa United States ho lefa merabe e robeli ea Masioux lidolara tse limilione tse 105 (liranta tse limilione tse 157,5) e le matšeliso. Ho fihlela lena le holimo merabe eo e hanne ho amohela tefo eo—e batla naha ea eona e halalelang, lithaba tsa Black Hills tsa Dakota Boroa, hore li khutlele ho eona.

Maindia a mangata a Masioux ha a thabele ho bona lifahleho tsa bapresidente ba makhooa tse betliloeng Thabeng ea Rushmore, lithabeng tsa Black Hills. Thabeng e haufi le moo, babetli ba litšoantšo ba etsa setšoantšo se seholo le ho feta. Ke sa Crazy Horse, moeta-pele oa ntoa oa Mosioux oa Mooglala. Sefahleho se tla qetelloa ka June 1998.

Liphephetso Tsa Kajeno

Hore a phele lefatšeng la kajeno, Matsoalloa a Amerika a ile a tlameha ho fetoha ka litsela tse sa tšoaneng. Hona joale a mangata a rutehile hantle ’me a koetlisitsoe likolecheng, ebile a na le bokhoni boo a ka bo sebelisang hamolemo tikolohong ea morabe oa ’ona. Mohlala o mong ke oa Burton McKerchie ea lentsoe le bonolo, Mochippewa oa Michigan. O entse lifilimi tsa liketsahalo tsa sebele bakeng sa Public Broadcasting Service, ebile hona joale o sebetsa sekolong se phahameng Sebakeng se Khethetsoeng Bolulo sa Mahopi se Arizona, ’me o hokahanya mananeo a pontšo ea livideo litlelaseng ho pholletsa le naha. Mohlala o mong ke oa Ray Halbritter, moeta-pele oa morabe oa sechaba sa Maoneida ea ithutileng Harvard.

Arlene Young Hatfield, ha a ngola ho Navajo Times, o hlalositse hore bacha ba Manavajo ha ba na liphihlelo kapa hona ho etsa boitelo boo batsoali ba bona le bo-ntat’a bona moholo ba neng ba bo etsa ha ba ntse ba hōla. O ile a ngola: “Ka lebaka la menyetla [ea mehleng ea kajeno] ha ho mohla ba kileng ba roalla kapa ho ratha patsi, ba kha metsi ka koloeana e huloang, kapa ba lisa linku joaloka baholo-holo ba bona. Ha ba tlatsetse tšehetsong ea bophelo ba malapa a rōna joalokaha bana ba ne ba etsa mehleng ea khale.” Oa phethela: “Ke ntho e ke keng ea etsahala ho balehela mathata a mangata sechabeng ao joang kapa joang a tlang ho susumetsa bana ba rōna. Re ke ke ra behella malapa a rōna ka thōko, kapa ho ikarola lefatšeng lohle, leha e le hore re ka khutlela bophelong bo neng bo pheloa ke bo-ntat’a rōna moholo.”

Tabeng ena Matsoalloa a Amerika a talimane le phephetso—kamoo a ka tšoarellang meetlong le litekanyetsong tsa ’ona tsa merabe tse ikhethang ha ka nako e tšoanang a ikamahanya le lefatše le kantle le fetohang ka potlako.

Ho Loantša Lithethefatsi le Tahi

Ho fihlela kajeno, bokhoba ba tahi bo harasoanya sechaba sa Matsoalloa a Amerika. Dr. Lorraine Lorch, ea sebelelitseng baahi ba Mahopi le Manavajo ka lilemo tse 12 e le ngaka ea mafu a bana le ngaka ea mafu ka kakaretso, o ile a bolela tjena puisanong ka lipotso le Tsoha!: “Bokhoba ba tahi ke bothata bo tebileng ho banna le basali ka ho tšoanang. ’Mele e matla e hlaseloa ke lefu la sebete, ho shoa ka tšohanyetso, ho ipolaea le ho bolaeana ha batho. Ke ntho e bohloko ho bona bokhoba ba tahi bo etelletsoa ka pele ho bana, molekane esita le Molimo. Litšeho li fetohile liboko, mosa o fetohile pefo.” O ile a phaella: “Esita le e meng ea mekete, e kileng ea talingoa e halalela ke Manavajo le Mahopi, hona joale ka linako tse ling e silafatsoa ke botahoa le boitšoaro bo nyonyehang. Botahoa bo amoha batho bana ba batle bophelo ba bona, bohlale ba bona, matla a bona a ho qapa lintho le botho ba bona ba sebele.”

Philmer Bluehouse, eo e leng ’muelli oa khotso Lefapheng la Toka la sechaba sa Manavajo, Window Rock, Arizona, ka mokhoa oa ho qoba khopiso o ile a hlalosa tšebeliso e mpe ea lithethefatsi le tahi e le “ho iphekola.” Tšebeliso ena e mpe e sebeletsa ho tlosa masoabi ’me e thusa motho ho balehela boemo ba sebele bo bohloko ba bophelo ba ho hloka mosebetsi le boo hangata bo se nang morero.

Leha ho le joalo, Matsoalloa a Amerika a mangata a loantšitse ka katleho seno seo sa “bademona” se ileng sa tlisoa ke makhooa ’me a loanetse ho hlōla temallo ea lithethefatsi. Mehlala e ’meli ke Clyde le Henrietta Abrahamson, ba Spokane Indian Reservation, Naheng ea Washington. Clyde ke e motenya, ea moriri o motšo le ea mahlo a matšo. O ile a hlalosetsa Tsoha!:

“Nako e ngata ea bophelo ba rōna, re hōletse sebakeng se khethetsoeng bolulo, eaba joale re fallela motseng o moholo oa Spokane ho ea kolecheng. Re ne re sa rate mokhoa oa rōna oa bophelo, o neng o akarelletsa tahi le lithethefatsi. Mofuta ona oa bophelo e ne e le oona feela oo re neng re o tseba. Re ile ra hōla re hloile litšusumetso tsena tse peli ka lebaka la mathata ao re neng re bone li a baka lapeng.

“Eaba joale re kopana le Lipaki tsa Jehova. Re ne re e-s’o ka re utloela ka tsona pele re ea motseng o moholo. Tsoelo-pele ea rōna e ne e e-ea butle. Mohlomong e ne e le hobane re ne re hlile re sa tšepe batho bao re neng re sa ba tsebe, haholo-holo makhooa. Re ile ra ba le thuto ea Bibele e neng e sa tšoaroe kamehla ka lilemo tse ka bang tharo. Tloaelo e thata ka ho fetisisa ho ’na hore ke e tlohele e ne e le ea ho tsuba matekoane. Ke ne ke qalile ho tsuba ha ke le lilemo li 14, ’me ke ne ke le lilemo li 25 pele ke leka ho tlohela. Nako e ngata bophelong ba ka ba bocha ke ne ke lula ke tahiloe. Ka 1986, ke ile ka bala sehlooho se seng tokollong ea Awake! ea January 22 [Tsoha! ea February 8] se reng “E Mong le e Mong o Tsuba Matekoane—Hobane’ng ’Na ke sa Lokela?” Se ile sa nketsa hore ke nahane kamoo e leng booatla kateng ho tsuba matekoane—haholo-holo ka mor’a hore ke bale Liproverbia 1:22, e reng: ‘Helang, lona lithoto, le tla rata bothoto ho le hokae na? Ho tla ’ne ho be hokae na basomi ba thabelang ho soma, ’me mahlanya a hloea tsebo na?’

“Ke ile ka khaotsa tloaelo eo, ’me nakong ea selemo ka 1986, ’na le Henrietta re ile ra nyalana. Re ile ra kolobetsoa ka November 1986. Ka 1993, ke ile ka ba moholo ka phuthehong. Barali ba rōna ka bobeli ba ile ba kolobetsoa e le Lipaki ka 1994.”

Na Lik’hasino le Papali ea Chelete ke Tharollo?

Ka 1984 ho ne ho se na papali ea chelete e tsamaisoang ke Maindia United States. Ho ea ka The Washington Post, selemong sena merabe e 200 e na le litsi tse 220 tsa papali ea chelete linaheng tse 24. Mekhelo e hlaheletseng ke Manavajo le Mahopi, ao ho fihlela joale a hanetseng moleko oo. Empa na lik’hasino le liholo tsa ho bapalla papali ea chelete ke tsela e lebisang katlehong le mesebetsing e eketsehileng ho ba phelang libakeng tse khethetsoeng bolulo? Philmer Bluehouse o ile a bolella Tsoha!: “Papali ea chelete ke sabole e sehang ka ’nģa tse peli. Potso ke hore, Na e tla ruisa batho ba bangata molemo ho feta bao e ba lematsang?” Tlaleho e ’ngoe e bolela hore lik’hasino tsa Maindia li hlahisitse mesebetsi e 140 000 sechabeng ka kakaretso empa e bolela hore ke karolo ea 15 lekholong feela ea mesebetsi ena e laoloang ke Maindia.

Morena Hart oa Mocheyenne o ile a hlalosetsa Tsoha! maikutlo a hae mabapi le kamoo lik’hasino le papali ea chelete li amang batho ba phelang libakeng tse khethetsoeng bolulo. O ile a re: “Maikutlo a ka a ferekane. Ntho e ntle feela ke hore li tlisa mesebetsi le chelete merabeng ena. Ka lehlakoreng le leng, ke hlokometse hore batho ba tlisang chelete moo ke batho ba habo rōna. Ba bang bao ke ba tsebang ba se ba lemaletse papali ea chelete, ’me ba tloha lapeng ka potlako ho ea moo, esita le pele bana ba fihla hae ho tsoa sekolong. Ebe joale bana bao e ba bona ba tšoarang senotlolo sa ntlo ho fihlela batsoali ba bona ba khutla papaling ea chelete.

“Bothata bo boholo ke hore malapa a nahana hore a tla hapa moputso ’me a eketse chelete ea ’ona. Hangata ha a hape letho; aa lahleheloa. Ke ’nile ka a bona a sebelisa chelete e neng e beheletsoe ka thōko bakeng sa likorosari kapa bakeng sa liaparo tsa bana.”

Bokamoso bo Fupere Eng?

Tom Bahti o hlalosa hore ho na le likhakanyo tse peli tse tloaelehileng ha ho buuoa ka bokamoso ba merabe e ka Boroa-bophirimela. “Ea pele ka ho toba feela e bolela esale pele ka ho fela ho atamelang ha mokhoa oa bophelo oa matsoalloa a moo ’me o fetoha karolo ea mokhoa oa bophelo oa Amerika. Ea bobeli e batla e sa utloahale . . . E bua ka bonolo ka mohato oa ho tsoakanya mekhoa ea bophelo, e fana ka maikutlo a ho kopanngoa ha ‘lintho tse molemohali tsa khale le tse molemohali tse ncha,’ mofuta oa mokhoa oa bophelo oa sekhale-khale o molemo oo ho oona Moindia a ka ’nang a lula a thabile tsebong ea hae, a thahasella bolumeli ba hae ’me a le bohlale filosofing ea hae—empa a ntse a e-na le kahlolo e molemo litšebelisanong tsa hae le rōna (ba mokhoa oa bophelo [oa sekhooa] o phahameng) ’me a bona lintho ka tsela ea rōna.”

Bahti joale o botsa potso. “Phetoho e ke ke ea qojoa, empa ke bo-mang ba tla fetoha, hona e le ka morero ofe? . . . Rōna [makhooa] re na le tloaelo e khopisang ea ho talima mefuta e meng eohle ea batho e le Maamerika feela tjee a sa tsoelang pele. Re nka hore e tlameha ebe ha ea khotsofalla tsela ea eona ea bophelo ’me e laba-labela ho phela le ho nahana joaloka rōna.”

O tsoela pele: “Ho na le ntho e le ’ngoe eo e leng ’nete—pale ea Maindia a Amerika ha e e-s’o fele, empa hore na e tla fela joang kapa haeba e tla fela, ho se ho tla bonahala. Mohlomong nako e ntse e le teng ea ho qala ho nahana ka lichaba tsa rōna tsa Maindia tse setseng e le letlotlo la bohlokoa la setso ho e-na le ho nahana ka ’ona feela e le bothata bo tsietsang sechabeng.”

Bophelo Lefatšeng le Lecha la Kutloano le Toka

Ho ea ka pono ea Bibele, Lipaki tsa Jehova li tseba seo bokamoso bo ka bang sona bakeng sa Matsoalloa a Amerika le batho ba lichaba tsohle, merabe le lipuo. Jehova Molimo o tšepisitse ho etsa “maholimo a macha le lefatše le lecha.”—Esaia 65:17; 2 Petrose 3:13; Tšenolo 21:1, 3, 4.

Tšepiso ena ha e bolele polanete e ncha. Joalokaha Matsoalloa a Amerika a tseba hantle, lefatše lena ke lehakoe la bohlokoa ha le hlomphuoa le ho tšoaroa ka ho loketseng. Ho e-na le hoo, boprofeta ba Bibele bo bontša puso e ncha ea leholimo e tla nkela sebaka mebuso ea moloko oa batho e hanyapetsang. Lefatše le tla fetoloa paradeise e nang le lifate tse nchafalitsoeng, lithōta, linōka le liphoofolo. Ka ho hloka boithati, batho bohle ba tla kopanela ho hlokomeleng lefatše. Khanyapetso le meharo li ke ke tsa hlola li e-ba teng. Ho tla ba le matletse-tletse a lijo tse monate le mesebetsi e hahang.

’Me ka tsoho ea bafu, ho hloka toka hohle ha nako e fetileng ho tla felisoa. E, esita le Maanasazi (e bolelang “batho ba khale-khale” ka Senavajo), baholo-holo ba Maindia a mangata a Mapueblo, a lulang Arizona le New Mexico, a tla khutla e le hore a tl’o ba le monyetla oa bophelo bo sa feleng mona lefatšeng le nchafalitsoeng. Hape, le baeta-pele bao ba tummeng historing ea Maindia—Geronimo, Sitting Bull, Crazy Horse, Tecumseh, Manuelito, Morena Joseph le Morena Seattle—le ba bang ba bangata ba ka ’na ba khutla tsohong eo e tšepisitsoeng. (Johanne 5:28, 29; Liketso 24:15) Litšepiso tsa Molimo li fana ka tebello e hlollang hakaakang ho bona le ho bohle ba mo sebeletsang hona joale!

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

Mohlongoa-fatše oa sebele oa Manavajo, o entsoeng ka lithupa le ho liloa ka mobu

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

Setšoantšo sa Crazy Horse se ntseng se betloa thabeng

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Photo by Rob DeWall, courtesy Crazy Horse Memorial Foundation (nonprofit)

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Lipaki tsa Mahopi le Manavajo tse Keams Canyon, Arizona, li kopanela Holong ea tsona ea ’Muso, eo pele e neng e le lebenkele

[Setšoantšo se leqepheng la 16]

Matlo a Maanasazi a ho tloha lilemong tse ka holimo ho 1000 tse fetileng (Mesa Verde, Colorado)

[Setšoantšo se leqepheng la 16]

Geronimo (1829-1909), morena ea tummeng oa Maapache

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Courtesy Mercaldo Archives/ Dictionary of American Portraits/Dover

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela