Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g97 4/8 maq. 24-26
  • Na Lenyalo le ka Bolokoa ka Mor’a Ketso ea ho se Tšepahale?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Lenyalo le ka Bolokoa ka Mor’a Ketso ea ho se Tšepahale?
  • Tsoha!—1997
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ntlo e Helelitsoe
  • Na Lenyalo le ka Pholosoa?
  • Ho Hleka “Mauluulu”
  • Ho Tsosolosa
  • Tlhokomelo
  • Bofebe
    Tsoha!—2015
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2022
  • Ho Phelela Boitlamo ba Lōna ba Lenyalo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Haeba Lenyalo le le Mothating oa ho Qhalana
    Lekunutu la Thabo ea Lelapa
Bala Tse Ling
Tsoha!—1997
g97 4/8 maq. 24-26

Pono Ea Bibele

Na Lenyalo le ka Bolokoa ka Mor’a Ketso ea ho se Tšepahale?

“Ke re ho lōna mang kapa mang ea hlalang mosali oa hae, haese ka lebaka la bohlola, ’me a nyala e mong o etsa bofebe.”

—MATHEU 19:9.

KA MANTSOE ao Jesu Kreste o ile a fana ka monyetla oa hore Mokreste a etse khetho ea ho hlala molekane oa hae ea sa tšepahaleng.a Leha ho le joalo, ho thoe’ng haeba molekane ea se nang molato a khetha ho boloka lenyalo ’me balekane ba etsa qeto ea ho haha kamano ea bona bocha? Ke liphephetso life tse letetseng banyalani baa, hona ba ka sebetsana le liphephetso tseo ka katleho joang? A re boneng kamoo Bibele e thusang kateng ho arabela lipotso tsena.

Ntlo e Helelitsoe

Pele re tlameha ho utloisisa hore na tšenyo e bakiloeng ke ho se tšepahale lenyalong e khōlō hakae. Joalokaha Jesu Kreste a hlalositse, Moqapi oa lenyalo o ne a rerile hore monna le mosali ‘ba se hlole ba e-ba babeli, empa e be nama e le ’ngoe.’ O ile a phaella: “Ka hona, seo Molimo a se kopantseng hammoho jokong a ho se ke ha e-ba le motho ea se arolang.” E, lenyalo le reretsoe ho hokahanya batho ka tsela e ke keng ea aroloa. Ha motho a roba kano ea lenyalo ka ho feba, ho hlaha liphello tse bohloko.—Matheu 19:6; Bagalata 6:7.

Ho pakang sena ke mahlomola a utluoang ke molekane ea se nang molato. Liphello tsa bofebe li ka tšoantšoa le tsa leholiotsoana le harasoanyang matlo. Dr. Shirley P. Glass o itse: “Bakuli ba ’maloa bao ke ileng ka ba sebetsa ba mpoleletse hore ho ka be ho bile molemo haholo ho bona hoja balekane ba bona ba ne ba shoele.” Ke ’nete hore ba bang ba lahlehetsoeng ke balekane ba bona ka lefu ba ka hanana le seo. Leha ho le joalo, ho hlakile hore bofebe bo baka bohloko bo otlang pelo. Batho ba bang ha ho mohla ba kileng ba hlaphoheloa ka ho feletseng ho hlokeng botšepehi hoo.

Ha ho nahanoa ka bohloko bo joalo, e mong a ka ’na a botsa, ‘Na bofebe bo tlameha ho felisa lenyalo?’ Eseng joalo. Polelo ea Jesu ka bofebe e bontša hore molekane ea tšepahalang o na le khetho ea Mangolo ea ho hlala empa ha aa tlameha ho etsa joalo. Banyalani ba bang ba etsa qeto ea ho tsosolosa le ho matlafatsa se senyehileng, ka ho etsa liphetoho tse hlokahalang—le hoja ho se letho le emelang bofebe.

Ka ho hlakileng ho molemo ho etsa liphetoho tse hlokahalang kamanong ea lenyalo ha balekane ka bobeli ba tšepahala e mong ho e mong. Leha ho le joalo, esita leha ho hloka botšepehi ho etsahetse, balekane ba bang ba se nang molato ba khetha ho boloka lenyalo. Ho e-na le ho theha qeto e joalo monahanong oa hore lintho li tla tsamaea hantle, molekane ea se nang molato o lokela ho sekaseka maemo. Mohlomong o tla nahanela litlhoko tsa bana ba hae hammoho le litlhoko tsa hae tsa moea, maikutlo, tsa nama le tsa lichelete.b Hape o tla be a le bohlale ho nahana ka hore na lenyalo la hae le ka pholosoa kapa che.

Na Lenyalo le ka Pholosoa?

Pele se leka ho tsosolosa ntlo e soahlamantsoeng ke leholiotsoana, sehahi se tlameha ho lekanyetsa hore na e ka tsosolosoa kapa che. Ka ho tšoanang, pele ba leka ka matla ho tsosolosa kamano e soahlamantsoeng ke ho hloka botšepehi, banyalani—haholo-holo molekane ea tšepahalang—o tla rata ho sekaseka maemo ka tsela ea sebele mabapi le hore na kamano e haufi-ufi le tšepo li ka tsosolosoa lenyalong leo.

Ntlha e ’ngoe e lokelang ho nahanoa ke hore na molekane ea molato o bontša pako ea sebele kapa ho e-na le hoo, o ntse a feba “ka pelong ea hae.” (Matheu 5:27, 28) Le hoja a tšepisa ho fetoha, na o leqe ho felisa kamano ea hae ea boitšoaro bo bobe hang-hang? (Exoda 20:14; Levitike 20:10; Deuteronoma 5:18) Na o sa ntse a robela basali leihlo? Na o beha mosali oa hae molato ka bofebe ba hae? Haeba ho joalo, boiteko ba ho tsosolosa ho tšepana lenyalong ha ho bonolo hore bo tla atleha. Ka lehlakoreng le leng, haeba a felisa pōko eo, a amohela boikarabelo ba phoso ea hae, ’me a bontša hore o ikemiselitse ka ho feletseng ho tsosolosa lenyalo leo, mosali oa hae a ka ba le motheo oa ho tšepa hore ho tšepana ha sebele ho ka tsosolosoa ka letsatsi le leng.—Matheu 5:29.

Hape, na molekane ea tšepahalang a ka tšoarela? Hona ha ho bolele hore ha aa lokela ho bolela maikutlo a hae a ho utloa bohloko bo tebileng mabapi le se etsahetseng kapa hore a etse eka ha ho letho le fetohileng. Ho bolela hore o tla etsa ka matla hore, ka mor’a nako, a tlohele ho boloka likhopiso tse tebileng. Ho tšoarela ho joalo ho nka nako empa ho ka thusa ho theha motheo o tiileng oo ho oona ho ka tsosolosoang lenyalo.

Ho Hleka “Mauluulu”

Ka mor’a hore molekane ea tšepahalang a etse qeto ea ho pholosa lenyalo la bona, banyalani bao ba ka nka mehato efe e latelang? Feela joalokaha mauluulu a pel’a ntlo e sentsoeng hampe ke leholiotsoana a tlameha ho tlosoa, “mauluulu” a pota-potileng lenyalo a tlameha ho hlekoa. Sena se ka finyelloa ho isa bohōleng bo itseng haeba banyalani ba bolellana maikutlo a bona. Liproverbia 15:22 (NW) e re: “Ho na le pherekano ea merero moo ho se nang puo ea lekunutu.” Lentsoe la Seheberu le fetoletsoeng e le “puo ea lekunutu” le fana ka maikutlo a katamelano e haufi-ufi ’me le fetoletsoe e le “sehlopheng sa ba haufi-ufi” ho Pesaleme ea 89:7. (NW) Kahoo ho tla ameha ho fetang feela puo ea molomo, empa ho tšepana ha ’nete le puisano e tiileng eo ho eona bobeli bo phetlelanang lifuba.—Liproverbia 13:10.

Ka mohlala, mabakeng a mang molekane ea tšepahalang a ka ’na a ba le lipotso tse tsoelang pele ho monna oa hae. Taba eo e ile ea qala joang? E ile ea tsoela pele halelele hakae? Ke mang e mong ea e tsebang? Ke ’nete hore ho tla ba bohloko hore balekane ba buisane ka lintlha tsena. Leha ho le joalo, molekane ea tšepahalang a ka ’na a fumana tsebo e joalo e hlokahala bakeng sa ho tsosolosa ho mo tšepa. Haeba ho joalo, ho molemo hore molekane ea sa tšepahalang a arabele ka botšepehi le ka ho nahanela. O lokela ho hlalosa litaba ka mokhoa o lerato le o mosa, a hopola hore morero oa puisano eo ke ho folisa, eseng ho utloisa bohloko. (Liproverbia 12:18; Baefese 4:25, 26) Ka bobeli ho tla hlokahala hore ba sebelise masene, boitšoaro le ho mamela ka kutloelo-bohloko ha ba phetlelana lifuba ka se etsahetseng.c—Liproverbia 18:13; 1 Bakorinthe 9:25; 2 Petrose 1:6.

Bao e leng Lipaki tsa Jehova ba ka batla thuso ho baholo ba phutheho. Ha e le hantle, ho Bakreste, libe tse tebileng joaloka bofebe li tlameha ho boleloa kapele ho baholo, ba amehileng ka boiketlo ba banyalani bao le ba phutheho. Ho ka etsahala hore ha a kopana le baholo, mofebi o ile a bontša pako ea sebele ’me kahoo a lumelloa ho lula ka phuthehong. Boemong bo joalo, baholo ba ka tsoela pele ba fana ka thuso e tsoelang pele ho banyalani ka bobeli.—Jakobo 5:14, 15.

Ho Tsosolosa

Ka mor’a hore balekane ba tsitsise maikutlo a bona ka hohle kamoo ba ka khonang, ba boemong bo botle ba ho tsosolosa litšobotsi tsa bohlokoa tsa lenyalo la bona. Hoa hlokahala hore puisano e tiileng e ’ne e be teng. Moo ho fumanoang mefokolo, ho tlameha ho etsoa liphetoho tse loketseng.

Tlhokahalo ea ho etsa liphetoho e tla oela haholo-holo ho molekane ea molato. Leha ho le joalo, molekane ea tšepahalang o tla tlameha ho phetha karolo ea hae ho matlafatseng libaka tse fokolang lenyalong. Hona ha ho bolele hore bofebe e ne e le molato oa hae kapa hore bo ka emeloa—ha ho na boikemelo bo utloahalang ba ho etsa sebe se joalo. (Bapisa le Genese 3:12; 1 Johanne 5:3.) Ho ka bolela feela hore e ka ’na eaba ho ne ho e-na le mathata lenyalong a neng a hloka ho rarolloa. Ho tsosolosa ke morero o kopaneloang. Na ho na le tlhokahalo ea ho matlafatsa litekanyetso le lipakane tsa e mong ho e mong? Na mesebetsi ea moea e hlokomolohiloe? Khato ena ea ho fumana mefokolo e meholo le ho etsa liphetoho tse hlokahalang ke eona khubu ea ho tsosolosa lenyalo le senyehileng hampe.

Tlhokomelo

Esita le ntlo e hahiloeng hantle e hloka ho hlokomeloa kamehla. Joale ke habohlokoa hakaakang ho boloka kamano e tsosolositsoeng! Banyalani ha baa lokela ho lumella hore ho feta ha nako ho senye boikemisetso ba bona ba hore ba tšoarelle liqetong tsa bona tse ncha. Ho e-na le ho ikutloa ba nyahame haeba ba e-ba le litšitiso tse fokolang, tse kang ho khutlela mekhoeng ea ho hloka puisano e ntle, ba lokela ho nka mehato kapele-pele hore ba boele ba buisane ’me ba ’ne ba tsoele pele.—Liproverbia 24:16; Bagalata 6:9.

Ka holim’a tsohle, monna le mosali ba lokela ho fa kemiso ea bona ea moea ea kamehla sebaka sa pele, le ka mohla ba se lumelle kemiso ena, kapa lenyalo la bona, ho nkeloa sebaka ke tšebetso e ’ngoe. Pesaleme ea 127:1 e re: “Ekare ha e se Jehova ea hahang ntlo, ba e hahang ba sebeletsa lefeela.” Hape, Jesu o ile a lemosa: “E mong le e mong ea utloang lipolelo tsena tsa ka ’me a sa li etse o tla tšoantšoa le monna oa leoatla, ea ileng a haha ntlo ea hae holim’a lehlabathe. ’Me pula ea tšoloha le meroallo ea tla ’me meea ea foka eaba e otla ntlo eo ’me ea heleha, ’me ho oa ha eona ea e-ba ho hoholo.”—Matheu 7:24-27.

E, haeba melao-motheo ea Bibele e hlokomolohuoa hobane ho le thata ho e sebelisa, lenyalo le tla lula le ka hlaseloa habonolo tekong ea botšepehi e latelang e mabifi. Leha ho le joalo, haeba monna le mosali ba tsitlallela litekanyetsong tsa Bibele litabeng tsohle tse joalo, lenyalo la bona le tla fumana tlhohonolofatso ea bomolimo. Hape ba tla ba le tšusumetso e matla haholo ea ho tšepahala lenyalong—takatso ea ho khahlisa Moqapi oa lenyalo, Jehova Molimo.—Matheu 22:36-40; Moeklesia 4:12.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ho na le mabaka a utloahalang a hore na ke hobane’ng ha motho a ka khetha ho hlala molekane oa mofebi. Bakeng sa puisano e qaqileng ka taba ena, bona “Pono ea Bibele: Bofebe—Na U Lokela ho Tšoarela Kapa ho se Tšoarele?” tokollong ea Tsoha! ea August 8, 1995.

b Re bua ka molekane ea sa tšepahaleng e le e motona. Phuputso e ’ngoe e hakanya hore banna ba na le tekanyo e habeli ea ho se tšepahale ho feta basali. Leha ho le joalo, melao-motheo eo ho buuoeng ka eona e sebetsa ka ho lekanang ha molekane ea se nang molato e le monna oa Mokreste.

c Bakeng sa boitsebiso mabapi le ho mamela ho hotle, bona Tsoha! ea February 8, 1994, leqepheng la 22-5 le December 8, 1994, leqepheng la 10-13.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela