Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g97 5/8 leq. 3
  • Ho Bolaea ka Lebitso la Molimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Bolaea ka Lebitso la Molimo
  • Tsoha!—1997
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke Hobane’ng ha re sa Loane le Hoja Baiseraele ba Mehleng ea Khale ba ne ba Loana?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2022
  • Maikutlo a Molimo ka Ntoa Mehleng ea Khale
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Ke Bolumeli Bofe bo Amohelehang ho Molimo?
    Tsoha!—1997
  • U Tla Re’ng ho Momosleme?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1999
Bala Tse Ling
Tsoha!—1997
g97 5/8 leq. 3

Ho Bolaea ka Lebitso la Molimo

KA MONGOLLI OA TSOHA! FORA

“Ka Lebitso La Molimo, Rea Bolaea ’me Re Tla Tsoela Pele Ho Bolaea”

TLAS’A sehlooho se qotsitsoeng ka holimo, International Herald Tribune e itse: “Lekholong lena la lilemo, leo ka linako tse ling batho ba tletseng tšepo ka bokamoso ba nahanang hore le tsoetse pele, le ’nile la silafatsoa joaloka a tlileng pele ho lona ke tšekamelo e tšabehang ea batho ea ho bolaeana ka lebitso la Molimo.”

Mongoli o ile a qotsa mehlala ea lipolao tse sehlōhō tsa bolumeli tsa makholong a lilemo a pejana. Joale, ha a supa lipolaong tse sehlōhō tse etsahetseng lekholong lena la bo20 la lilemo, o ile a fihlela qeto ea hore: “Seo re se bonang ke ntšetso-pele e tšosang ea ho hloka mamello ho mabifi ha mehla e fetileng. Bolumeli bo behoa e le phephi pefong ea lipolotiki le ho hapuoeng ha libaka.”

Ba bang ba leka ho lokafatsa lintoa tsa kajeno tsa bolumeli ka ho bolela hore Molimo o ile a lumella Bakanana hore ba bolaoe ke Baiseraele ba boholo-holo. Leha ho le joalo, seo ha se lokafatse hore ba ipolelang hore ke Bakreste ba loane ntoeng kajeno. Hobane’ng? Hobane Baiseraele ba ne ba laetsoe ka ho toba ke Molimo hore ba sebetse e le baphethahatsi ba likahlolo tsa hae tse lokileng khahlanong le batho ba neng ba rapela bademona, bao borapeli ba bona bo neng bo akarelletsa boitšoaro bo bobe ba likamano tsa botona le botšehali le ho etsa bana mahlabelo.—Deuteronoma 7:1-5; 2 Likronike 28:3.

Bopaki ba hore lintoa tsa Iseraele ea boholo-holo e ne e se likhohlano tse tloaelehileng feela ke hore ebe Molimo o ile a etsa hore sechaba seo se hlōle lintoeng tseo. Ka mohlala, Baiseraele ba boholo-holo ba kile ba laeloa ho sebelisa manaka, linkho le lirumula—tseo ka sebele e seng libetsa tsa ntoa e tloaelehileng! Ketsahalong e ’ngoe libini li ile tsa emisoa ka pel’a lebotho la Baiseraele le neng le tobane le masole a matlahali a mabotho a hlaselang a tsoang lichabeng tse ngata.—Baahloli 7:17-22; 2 Likronike 20:10-26.

Ho feta moo, ka linako tse ling ha Baiseraele ba ne ba kenella lintoeng tseo ba neng ba sa li laeloa ke Molimo, o ne a sa ba hlohonolofatse ’me ba ne ba hlōloa. (Deuteronoma 28:15, 25; Baahloli 2:11-14; 1 Samuele 4:1-3, 10, 11) Ka lebaka leo, lintoa tsa Iseraele li ke ke tsa sebelisetsoa ho lokafatsa lintoa tse loanoang Bokreste-’mōtoaneng.

Ka lebitso la bolumeli, Mahindu a ’nile a loana le Mamosleme le Masikhe; Mamosleme a Shiite a ’nile a loana le Mamosleme a Sunni; ’me Sri Lanka, Mabuddha le Mahindu a ’nile a bolaeana.

Ho bolaea ho tobileng ka lebitso la Molimo ho ile ha etsahala lintoeng tse ileng tsa loanoa Fora lekholong la bo16 la lilemo. Pale ea lintoa tsena e akarelletsa liketsahalo tsa lipolao tse sehlōhō ka ho fetisisa historing ea malumeli a Roma e K’hatholike le Boprostanta, Europe. A re hlahlobeng lintoa tsena, ’me re bone seo re ka ithutang sona ho tsona.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 3]

U.S. Army photo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela