Lintoa Tsa Bolumeli Fora
KA Sontaha sa la 1 March, 1562, ’musi oa Guise le moen’ae Charles, mok’hadinale oa Lorraine—baeta-pele ba babeli ba Bok’hatholike ba Fora—ba ne ba palame le balebeli ba bona ba hlometseng ba lebile Vassy, motsaneng o ka bochabela ho Paris. Ba ile ba etsa qeto ea ho emisa kerekeng ea Vassy hore ba ee ’Miseng.
Ka tšohanyetso ba ile ba utloa molumo oa lifela. Ho ne ho bina Maprostanta a makholo-kholo a neng a bokane ka molikong a rapela. Masole a ile a kena ka likhoka. Pherekanong e ileng ea latela, ho ile ha tjolietsanoa ka mahlapa ’me joale ha fethetsanoa ka majoe. Masole a ile a qala ho thunya, a bolaea Maprostanta a mangata ’me a ntša a mang a lekholo likotsi.
Ke liketsahalo life tse ileng tsa lebisa polaong ee e sehlōhō? Maprostanta a ile a nka khato efe?
Qaleho ea Taba
Lilemong tse qalang tse 50 lekholong la bo16 la lilemo, Fora e ne e atleha moruong ’me e e-na le baahi ba lekaneng. Katleho ena ea moruo le ea boemo ba lipalo tsa baahi e ile ea finyelloa ka boiteko ba ho sebelisa Bok’hatholike bo sekametseng haholoanyane linthong tsa moea le kamanong ea bara ba motho. Batho ba ne ba batla kereke e neng e sa rua haholo empa e le e halalelang haholoanyane. Baruti ba bang hammoho le liithuti tsa lithahasello tsa batho ba ne ba batla hore ho be le liphetoho bolumeling e le hore ho loantšoe tšebeliso e mpe ea matla ke baruti ba litulong tse phahameng le ho se tšoanelehe ha baruti ba maemong a tlaase. Moruti e mong ea ileng a loanela nchafatso ka matla e ne e le mobishopo oa K’hatholike, Guillaume Briçonnet.
Sebakeng se tlas’a taolo ea hae sa Meaux, Briçonnet o ile a khothalletsa bohle ho bala Mangolo. O bile a tšehetsa ka lichelete ho fetoleloa bocha ha Mangolo a Segerike a Bakreste ka Sefora. Ka mor’a nakoana Univesithi ea Sorbonne ea Thuto ea Bolumeli Paris, e hlokometseng tumelo ea Bok’hatholike, e ile ea mo tukela ka bohale, ea ferekanya boiteko ba hae. Empa mobishopo enoa o ne a sirelelitsoe ke Francis I, morena oa Fora ho tloha ka 1515 ho fihlela ka 1547. Ka nako eo, morena o ne a tšehetsa phetoho.
Leha ho le joalo, Francis I o ile a mamella ho nyatsoa ha kereke hafeela hoo ho ne ho sa sokele taolo ea batho le bonngoe ba sechaba. Ka 1534, Maprostanta a fetelletsang lintho a ile a maneha litšoantšo tse khōlō tse nyatsang ’Misa oa K’hatholike ka hore ke borapeli ba litšoantšo, a ba a khokhothela setšoantšo se seng se seholo monyakong oa kamore ea morena ea ho robala. Ka lebaka leo, Francis I o ile a hlanama ’me a qala letšolo le matla la khatello.
Khatello e Sehlōhō
Ka mor’a nakoana Maprostanta a ne a se a chesetsoa thupeng. Liithuti tse ngata tsa lithahasello tsa batho, batšehetsi ba tsona le balateli ba Boprostanta bo sa tsoa thehoa, ba ile ba balehela ka ntle ho naha. Ba boholong ba ile ba qala ho thibela libuka ’me ba laola matichere, baphatlalatsi le bahatisi.
Mawaldense a ile a mamella khatello ea ’muso ka ho feletseng. E ne e le sehlopha se senyenyane sa batho ba sekametseng Bibeleng ba neng ba phela metsaneng e futsanehileng ka boroa-bophirimela ho naha. A mang a ile a chesoa thupeng, a makholo a bolaoa ka sehlōhō, ’me metsana ea ’ona e ka bang 20 ea senngoa.—Bona lebokose le leqepheng la 6.
Le hlokometse hore phetoho ea hlokahala ka har’a kereke, lekhotla la babishopo ba K’hatholike le ile la kopana ka December 1545, Trent, Italy. Ho ea ka The Cambridge Modern History, ha lekhotla le ne le koaloa ka 1563, “boikemisetso bo akaretsang [ba lona] . . . e bile ho matlafatsa matsoho a ba ikemiselitseng ho ntša Boprostanta ka metso.”
Selelekela sa Ntoa
Litho tse ngata tsa mokhatlo oa phetoho ka har’a Kereke e K’hatholike li ile tsa ema le Boprostanta ka lebaka la ho khathala ke ho emela liphetoho. Hoo e ka bang ka 1560, Mafora a mangata a boemo bo phahameng le batšehetsi ba ’ona a ile a ikopanya le Mahuguenot, kamoo Maprostanta a neng a tsejoa kateng. Mahuguenot a ile a ipuella ka bolokolohi haholoanyane. Ka linako tse ling, liboka tsa ’ona tsa phatlalatsa li ne li phephetsa khalefo le lehloeo. Ka mohlala, ka 1558, a likete-kete a ile a bokana Paris ka matsatsi a mane a latellanang ho bina lipesaleme.
Tsena tsohle li ile tsa halefisa baeta-pele ba matla ba litulong tse phahameng Kerekeng e K’hatholike hammoho le matšoele-tšoele a Mak’hatholike. Ka tlhohlelletso ea Mok’hadinale Charles oa Lorraine, Morena Henry II, ea neng a hlahlamme ntat’ae, Francis I, o ile a phatlalatsa hohle Edict of Écouen, ka June 1559. Sepheo sa eona se ileng sa phatlalatsoa e ne e le ho ntša ka metso “Malutere a se nang thuso a tummeng hampe.” Sena se ile sa lebisa letotong la liketsahalo tse tšosang khahlanong le Mahuguenot, Paris.
Henry II o ile a shoa libeke tse seng kae hamorao ka lebaka la maqeba ao a a fumaneng qhoebeshanong. Mor’a hae, Morena Francis II, a hlohlelelitsoe ke lelapa la Guise, o ile a tsosolosa taelo e laelang hore ho fanoe ka kahlolo ea lefu ho Maprostanta a phehellang. Selemong se latelang seo Francis II o ile a shoa, ’me ’mè oa hae, Catherine de Médicis, o ile a busa sebakeng sa moen’ae ea lilemo li leshome, Charles IX. Leano la Catherine la poelano le ne le sa amohelehe ho ba ha Guise, ba neng ba ikemiselitse ho ripitla Boprostanta.
Ka 1561, Catherine o ile a hlophisa seboka, Poissy, haufi le Paris, seo baruti ba thuto ea bolumeli ba K’hatholike le Prostanta ba ileng ba kopana ho sona. Taelong e ileng ea ntšoa ka January 1562, Catherine o ile a lumella Maprostanta bolokolohi ba ho phutheha bakeng sa borapeli ka ntle ho metse. Mak’hatholike a ile a nyekeloa! Sena se ile sa betla tsela ea se ileng sa etsahala likhoeli tse peli hamorao—polao e sehlōhō ea Maprostanta molikong oa motsana oa Vassy, joalokaha ho hlalositsoe pejana.
Lintoa Tsa Pele Tse Tharo
Polao e ileng ea e-ba Vassy e ile ea hotetsa hlaha ea mokoloko oa lintoa tse robeli tsa bolumeli tse ileng tsa khurumetsa Fora ka tšabo ea ho bolaeana ho tloha ka 1562 ho fihlela mahareng a bo-1590. Le hoja litaba tsa lipolotiki le tsa kahisano le tsona li ne li ameha, tšollo eo ea mali e ne e susumelitsoe haholo ke bolumeli.
Ka mor’a Ntoa ea Dreux ka December 1562, eo ho eona ho ileng ha e-shoa batho ba 6000, ntoa eo ea pele ea bolumeli e ile ea lala. Khotso ea Amboise, e ileng ea tekenoa ka March 1563, e ile ea fa bahlomphehi ba Mahuguenot bolokolohi bo lekanyelitsoeng ba ho rapela libakeng tse itseng.
The New Encyclopædia Britannica e re: “Ntoa ea bobeli e ile ea potlakisoa ke tšabo ea Mahuguenot ea hore K’hatholike e rera bolotsana lichabeng tse ngata.” Nakong eo, bo-’maseterata ba Mak’hatholike ba ne ba atisa ho ahlolela baahi ba motse ho fanyehoa ka lebaka feela la hore ke Mahuguenot. Ka 1567, ntoa ea bobeli e ile ea qhomisoa ke boiteko ba Mohuguenot e mong ba ho koetela Morena Charles IX le ’mè oa hae, Catherine.
Ka mor’a ho bua ka ntoa e mahlo-mafubelu ea St.-Denis, ka thōko ho Paris, bo-rahistori Will le Ariel Durant ba ile ba ngola: “Fora e ile ea boela ea ipotsa hore na ke bolumeli ba mofuta ofe bona bo etsang hore batho ba bolaeane.” Nakoana ka mor’a moo, ka March 1568, Khotso ea Longjumeau e ile ea lumella Mahuguenot ho tšoara litšebeletso tsa ’ona tsa bolumeli tseo a neng a kile a li thabela pejana tlas’a Khotso ea Amboise.
Leha ho le joalo, Mak’hatholike a ile a halefa ’me a hana ho phethahatsa litumellano tsa khotso eo. Kahoo, ka September 1568, ntoa ea boraro ea bolumeli e ile ea qhoma. Tumellano ea khotso e ileng ea latela e ile ea lumella Mahuguenot bolokolohi bo eketsehileng ho feta ba pele. A ile a fuoa litoropo tse sirelelitsoeng, ho akarelletsa kou ea La Rochelle. Hape, moeta-pele ea ka sehloohong oa Boprostanta, Admiral de Coligny, o ile a khetheloa ho ba setho lekhotleng la morena. Mak’hatholike a ile a boela a nyekeloa.
Polao e Sehlōhō Letsatsing la “Mohalaleli” Bartholomew
Coligny o ile a phonyoha polaong ea sekhukhu Paris, hoo e ka bang selemo hamorao, ka la 22 August, 1572, nakong eo a neng a ea ha hae a e-tsoa Ntlong ea Borena, Louvre. Maprostanta a tuka ke khalefo, a ile a etsa tšokelo ea ho nka mehato e matla ea ho iphetetsa haeba toka e ne e sa potlakisoe. Lekhotleng la maithero, Morena Charles IX e monyenyane, ’mè oa hae Catherine de Médicis, le baeta-pele ba bang ba ’maloa ba ile ba rera ho bolaea Coligny. E le ho qoba kahlolo ea molao, ba ile ba boela ba laela hore ho bolaoe Maprostanta ’ohle a neng a tlile Paris lenyalong la Moprostanta Henry oa Navarre le morali oa Catherine, Margaret oa Valois.
Bosiung ba la 24 August, litšepe kerekeng ea Saint-Germain-l’Auxerrois, malebana le Louvre, li ile tsa lla e le pontšo ea hore polao e sehlōhō e qale. ’Musi oa Guise le banna ba hae ba ile ba potlakela mohahong oo Coligny a neng a robetse ho oona. Coligny o ile a bolaoa ’me a lahleloa ka ntle ka fensetere, ’me setopo sa hae se ile sa retloa. ’Musi oa Mok’hatholike o ile a jala lentsoe le reng: “Ba bolaeeng kaofela. Ke taelo ea morena.”
Ho tloha ka la 24 ho isa ho la 29 August, liketsahalo tse tšosang li ile tsa senya boemo ba literata tsa Paris. Ba bang ba bolela hore nōka ea Seine e ne e phalla bofubelu ba mali a Mahuguenot a likete-kete a ileng a bolaoa. Litoropo tse ling li ile tsa sesa ka har’a mali le tsona. Likhakanyo tsa lenane la ba shoeleng li fapana ho tloha ho 10 000 ho isa ho 100 000; leha ho le joalo ba bangata ba lumellana bonyane ka palo ea ba 30 000.
Rahistori e mong o ile a tlaleha: “Ntho e ’ngoe, e nyarosang joaloka polao eo e sehlōhō ka boeona, ke thabo eo e ileng ea e baka.” Hoba a utloe ka polao eo, Mopapa Gregory XIII o ile a laela hore ho etsoe mokete oa liteboho ’me a romella litebohelo tsa hae ho Catherine de Médicis. O ile a boela a laela hore ho etsoe khau e khethehileng bakeng sa ho ikhopotsa polao ea Mahuguenot ’me a fana ka tumello ea hore ho etsoe setšoantšo sa pente sa polao ena e sehlōhō, se nang le mantsoe ana: “Mopapa o thoholetsa polao ea Coligny.”
Ho tlalehoa hore ka mor’a polao eo, Charles IX o ne a e-ba le lipono tsa bahlaseluoa ba hae ’me a llela mohlokomeli oa hae: “Ke latetse keletso e khopo hakaakang! Oho, Molimo oa ka, nteballe hle!” O ile a shoa ka 1574 a le lilemo li 23 ’me a hlahlangoa ke moen’ae Henry III.
Lintoa Tsa Bolumeli li Ile Tsa Tsoela Pele
Ka nako e tšoanang, balateli ba K’hatholike ba ile ba hlohlelletsoa ke baeta-pele ba bona ho loantša Mahuguenot. Toulouse, baruti ba K’hatholike ba ile ba khothalletsa balateli ba bona: “Bolaeang bohle, hapang; rōna re bo-ntat’a lōna. Re tla le sireletsa.” Ka ho sebelisa khatello e mabifi, morena, litho tsa palamente, babusi le batsamaisi ba ile ba beha mohlala, ’me matšoele-tšoele a Mak’hatholike a latela.
Leha ho le joalo, Mahuguenot a ile a busetsa molamu sefateng. Ka mor’a likhoeli tse peli tsa polao e sehlōhō ea Letsatsi la “Mohalaleli” Bartholomew, a ile a qhomisa ntoa ea bone ea bolumeli. Moo a neng a feta Mak’hatholike ka palo, a ile a senya liemahale, litšoantšo tsa Jesu sefapanong le lialetare likerekeng tsa K’hatholike, a ba a bolaea. John Calvin, moeta-pele oa Boprostanta Fora, o ile a phatlalatsa bukaneng ea hae, Declaration to Maintain the True Faith: “Molimo ha a batle hore ho baballoe litoropo leha e le batho.”
Lintoa tse ling tse ’nè tsa bolumeli li ile tsa latela. Ea bohlano e ile ea lala ka 1576 ha Morena Henry III a tekenela khotso e ileng ea fa Mahuguenot bolokolohi bo feletseng ba borapeli libakeng tsohle Fora. Hamorao, motse oa Paris oa lingangele tsa Mak’hatholike o ile oa tsosa phetohelo ’me oa leleka Henry III, o nka hore o tsositse botsoalle bo bongata haholo le Mahuguenot. Mak’hatholike a ile a theha ’muso oa bohanyetsi, oa Selekane se Halalelang sa K’hatholike, o eteletsoe pele ke Henry oa Guise.
Qetellong, ntoeng ea borobeli kapa Ntoeng ea Bo-Henry ba Bararo, ho ile ha bonoa ha Henry III (Mok’hatholike) a theha selekane le mohlahlami oa hae, Henry oa Navarre (Moprostanta), khahlanong le Henry oa Guise (Mok’hatholike). Henry III o ile a atleha ho etsa hore Henry oa Guise a bolaoe ka sekhukhu, empa ka August 1589, Henry III ka boeena o ile a bolaoa ka sekhukhu ke moitlami oa Modominike. Kahoo, Henry oa Navarre, ea ileng a sireletsoa lilemong tse 17 pejana nakong ea polao e sehlōhō Letsatsing la “Mohalaleli” Bartholomew, e ile ea e-ba Morena Henry IV.
Kaha Henry IV e ne e le Mohuguenot, Paris e ile ea hana ho ikokobelletsa eena. Selekane se Halalelang sa K’hatholike se ile sa hlophisa ho mo hanyetsa ka lihlomo hohle ka har’a naha. Henry o ile a hlōla lintoeng tse ’maloa, empa ha lebotho la Spain le fihla ho tla tšehetsa Mak’hatholike, o ile a qetella a entse qeto ea ho latola Boprostanta ’me a amohela tumelo ea K’hatholike. A behiloe boreneng ka la 27 February, 1594, Henry o ile a kena Paris, moo batho, ba sohlokehileng ke lintoa, ba ileng ba mo tlotla e le morena.
Kahoo, Lintoa tsa Bolumeli Fora, li ile tsa lala ka mor’a lilemo tse fetang 30 tseo ka tsona Mak’hatholike le Maprostanta a neng a bolaeana nako le nako. Ka la 13 April, 1598, Henry IV o ile a nehelana ka Edict of Nantes (Taelo ea Nantes) e tummeng historing, e ileng ea fa Maprostanta bolokolohi ba letsoalo le borapeli. Ho ea ka mopapa, taelo eo e ne e le “ntho e mpe ka ho fetisisa e neng e ka nahanoa kaha e ne e fana ka bolokolohi ba letsoalo ho e mong le e mong, hoo e neng e le ntho e nyonyehang ka ho fetisisa lefatšeng.”
Mak’hatholike hohle, Fora, a ile a nahana hore taelo eo ke ho hlanohela ha Henry tšepiso ea hae ea ho tšehetsa thuto ea motheo ea bolumeli ba ’ona. Kereke ha ea ka ea iketla ho fihlela hoo e ka bang lilemo tse lekholo hamorao, ha Louis XIV a fanyeha Edict of Nantes, a qala ho hlorisa Mahuguenot ka thata ho feta.
Phello ea Lintoa
Qetellong ea lekholo la bo16 la lilemo, moruo oa Fora o ne o putlame. Halofo ea ’muso e ne e likalikelitsoe ke mabotho a hlometseng, e hapuoe, e fanoe e le topollo kapa e sentsoe. Masole a ile a hanyapetsa batho, e leng se ileng sa tsosa bofetoheli ba balemi. Balateli ba Boprostanta ba ile ba kena lekholong la bo17 la lilemo ba fokotsehile ka palo ka lebaka la ho ahloleloa lefu, ho bolaoa ka sehlōhō, ho lelekoa ka har’a naha le ho qobelloa ho latola tumelo ea bona.
Kamoo ho bonahalang kateng, Mak’hatholike a ne a hlōtse Lintoeng tsa Bolumeli Fora. Empa na Molimo o ile a hlohonolofatsa tlhōlo ea ’ona? Ka ho hlakileng che. Ka lebaka la ho khathala ke lipolao tsena tsohle tse etsoang ka lebitso la Molimo, batho ba bangata ba Fora ba ile ba fetoha ba se nang bolumeli. Ba ile ba li hula pele ho se ’nileng sa bitsoa tšekamelo ea ho se batle Bokreste lekholong la bo18 la lilemo.
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
“Molimo ha a batle hore ho baballoe litoropo leha e le batho.”
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 6]
Mawaldense A Ile A Ema A Tiile Ka Phello Efe?
PIERRE VALDES, kapa Peter Waldo, e ne e le mohoebi ea ruileng lekholong la bo12 la lilemo Fora. Nakong eo Kereke ea Roma e K’hatholike e neng e bolokile batho ka boomo boemong ba ho hloka tsebo ea Bibele, Waldo o ile a tšehetsa ka lichelete ho fetoleloa ha Likosepele le libuka tse ling tsa Bibele ka puo e tloaelehileng ea batho ba ka boroa-bochabela ho Fora. Hamorao o ile a koala khoebo ea hae ’me a inehela boboleling ba Kosepele. Ka mor’a nakoana ba bangata ba ile ba ikopanya le eena, ’me ka 1184 eena le batlatsi ba hae ba ile ba khaoloa ke Mopapa Lucius III.
Ka mor’a nakoana, lihlopha tsena tsa baboleli ba tsamaisanang le Bibele li ile tsa tsejoa e le Mawaldense. Li ile tsa buella hore ho khutleloe litumelong le mekhoeng ea Bokreste ba pele. Li ile tsa hana mekhoa ea lineano le litumelo tsa K’hatholike, ho akarelletsa teselo ea libe, lithapelo bakeng sa bafu, pelekatori, borapeli ba Maria, lithapelo tse isoang ho “bahalaleli,” kolobetso ea masea, ho adora sefapano le thuto ea hore ka mohlolo bohobe le veine li fetoha ’mele le mali tsa sebele tsa Kreste. Ka lebaka leo, hangata Mawaldense a ne a hlokofatsoa habohloko ke Kereke e K’hatholike. Rahistori Will Durant o hlalosa boemo nakong eo Morena Francis I a neng a futuhela bao e seng Mak’hatholike:
“Mok’hadinale de Tournon, a ikemela ka hore Mawaldense a ne a rera bolotsana ba ho liha ’muso, o ile a phehella Morena ea kulang a bile a sa tsebe hore na o ea le bafe ho tekenela molao-taelo (ka la 1 January, 1545) o reng Mawaldense ’ohle a fumanoang a le molato oa bokhelohi a lokela ho bolaoa. . . . Ka mor’a beke (ea la 12-18 April) metsana e ’maloa e ne e chesitsoe lore!; ho o mong oa eona banna, basali le bana ba 800 ba ile ba bolaoa; ka likhoeli tse peli ba 3000 ba ile ba bolaoa, metsana e mashome a mabeli a metso e ’meli e ile ea etsoa masupi, banna ba 700 ba ile ba romeloa ho ea sebetsa likepeng. Basali ba tšohileng ba 25, ba ileng ba batla setšabelo lehaheng, ba ile ba khangoa ke mosi oa mollo o neng o besitsoe monyakong oa lona.”
Mabapi le liketsahalo tse joalo tsa histori, Durant o ile a hlalosa: “Mahloriso ana e ne e le ho hlōleha ho fetisisang ha puso ea Francis.” Empa phello e bile efe ho ba neng ba shebeletse mamello ea Mawaldense nakong ea mahloriso aa a neng a lumeletsoe ke morena? Durant o ile a ngola: “Sebete sa bashoela-tumelo se ile sa fa tsela ea bona seriti le bokhabane; bashebelli ba likete-kete ba tlameha ba be ba ile ba khahloa le ho tšoenyeha, bao, hoja e ne e se ka lebaka la lipolao tsena tse makatsang, mohlomong le ka mohla ba neng ba ke ke ba tšoenyeha ka ho fetola tumelo ea bona eo ba e jeleng lefa.”
[Setšoantšo se leqepheng la 5]
Polao e ileng ea e-ba Vassy e ile ea hotetsa hlaha ea lintoa tsa bolumeli
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Bibliothèque Nationale, Paris
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Polaong e Sehlōhō Letsatsing la “Mohalaleli” Bartholomew, Maprostanta a likete-kete a ile a bolaoa ke Mak’hatholike
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Photo Musée cantonal des Beaux-Arts, Lausanne
[Setšoantšo se leqepheng la 8]
Bibliothèque Nationale, Paris
[Setšoantšo se leqepheng la 8]
Maprostanta a ile a bolaea Mak’hatholike ’me a senya mehaho ea kereke (ka holimo le ka tlaase)
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]
Bibliothèque Nationale, Paris
Ke kamoo ho phatlalalitseng moeta-pele oa Boprostanta Fora