Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w98 8/15 maq. 25-29
  • Ho Balehela Tokolohong ha Mahuguenot

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Balehela Tokolohong ha Mahuguenot
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • O Hanyelitsoe ho Tloha Qalong
  • Ho Thatafatsa Molao le ho Feta
  • Ho Khutlela Tetete
  • Na a ne a Tla Ipata, a Loane Kapa a Balehe?
  • Ho Amoheloa Setšabelong
  • Na ho Ile ha Ithutoa ho Itseng?
  • Lintoa Tsa Bolumeli Fora
    Tsoha!—1997
  • Metsi a Tokiso aa Betseha
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Tokoloho ea Bolumeli—Tlhohonolofatso Kapa Thohako?
    Tsoha!—1999
  • Khotso ea Westphalia e Ile ea Tlisa Phetoho ea Bohlokoa Europe
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
w98 8/15 maq. 25-29

Ho Balehela Tokolohong ha Mahuguenot

“Ho latela Morena le Mofumahali, . . . Re Phatlalatsa mona Hore Maprostanta ’ohle a Mafora a tla batla Setšabelo le ho Tla ’Musong oa Rōna, a tla fumana eseng Tšireletso ea Rōna ea Borena feela . . . Empa Re tla boela re Ikitlaetse ka Litsela tsohle le Mekhoa eohle e utloahalang hore Re a Tšehetse, re a Thuse le ho a Tlatsa . . . e le hore bophelo ba ’ona le ho ba ha ’ona ’Musong ona ho ka ba le boiketlo ’me ha ba nolofalla.”

KE KAMOO ho balehang tsebiso ea 1689 ea William le Mary, morena le mofumahali ba Engelane. Empa ke hobane’ng ha Maprostanta a Mafora, kapa Mahuguenot, kamoo ba ileng ba tsebahala kateng, a ne a tlameha ho batla setšabelo le tšireletseho ka ntle ho Fora? Ke hobane’ng ha kajeno re lokela ho thahasella paleho ea ’ona Fora lilemong tse 300 tse fetileng?

Europe ea lekholong la bo16 la lilemo e ile ea sohlokoa ke ntoa le liqabang tse amanang le bolumeli. Ka Lintoa tsa eona tsa Bolumeli lipakeng tsa Mak’hatholike le Maprostanta (1562-1598), Fora ha ea ka ea phonyoha moferefere ona. Leha ho le joalo, ka 1598, morena oa Mafora Henry IV o ile a tekena molao oa mamello, Molao oa Nantes o neng o fa Mahuguenot a Maprostanta tokoloho e itseng ea bolumeli. Ho amoheloa hona ha malumeli a mabeli ka molao e ne e le ho ikhethang Europe. Ka nakoana, ho ile ha felisa merusu ea bolumeli e neng e bakile tšenyo e sa feleng Fora ea lekholong la bo16 la lilemo, ka lilemo tse ka holimo ho 30.

Le hoja Molao oa Nantes o ne o reretsoe hore e be “o sa feleng le oa makhaola-khang,” o ile oa hlakoloa ke Molao oa Fontainebleau ka 1685. Hamorao, rafilosofi e mong oa Mofora, Voltaire, o ile a hlalosa ho hlakoloa ha molao oo e le “e ’ngoe ea litlokotsi tse khōlō ka ho fetisisa tsa Fora.” Ka nako e khutšoanyane feela, ho ile ha etsa hore Mahuguenot a ka bang 200 000 a balehele linaheng tse ling. Leha ho le joalo, ho ile ha e-ba le liphello tsa nako e telele tsa ho falla hoo. Empa ke hobane’ng ha molao oo oa pejana o neng o lumella mamello ea bolumeli o ile oa hlakoloa?

O Hanyelitsoe ho Tloha Qalong

Le hoja Molao oa Nantes o ile oa sebetsa ka molao ka lilemo tse ka bang 90, setsebi se seng sa histori se re “ha o tla hlakoloa ka 1685, o ne o se o ntse o e-shoa.” Ka sebele, molao oo o ne o sa hahuoa motheong o tiileng. Ho tloha qalong, o ile oa tlatsetsa ho se ’nileng sa hlalosoa e le “ntoa ea mantsoe” lipakeng tsa baruti ba K’hatholike le seo ba neng ba se bitsa “R.P.R.” (Se ’nileng sa bitsoa Bolumeli bo Fetohileng) Ho tloha ha Molao oo oa Nantes o ne o thehoa ka 1598 ho fihlela hoo e ka bang ka 1630, ho ile ha e-ba le khanyetso khahlanong le oona liphehisanong tsa phatlalatsa lipakeng tsa Maprostanta le Mak’hatholike, hammoho le libukeng tsa lihlopha tsa bolumeli. Leha ho le joalo, ho hloka mamello ho ne ho e-na le litšobotsi tse ngata.

Ka mor’a ho loantša Maprostanta ho tloha ka 1621 ho fihlela ka 1629, ’muso oa Fora o ile oa leka ho a qobella hore a fetohele Bok’hatholikeng ka mekhoa e mengata e hatellang. Tlhoriso ena e ile ea tota tlas’a puso ea Louis XIV, “Morena oa Letsatsi.” Leano la hae la tlhoriso le ile la lebisa ho hlakoloeng ha Molao oa Nantes.

Ho Thatafatsa Molao le ho Feta

E le karolo ea molao o thatafetseng le ho feta, litokelo tsa sechaba tsa Maprostanta li ile tsa felisoa ka ho tsoelang pele. Lipakeng tsa 1657 le 1685, ho ile ha etsoa melao e ka bang 300 khahlanong le Mahuguenot, ’me hangata e le litlhahiso tsa baruti. Melao eo e ne e hohlana le karolo e ’ngoe le e ’ngoe ea bophelo ba ’ona. Ka mohlala, Mahuguenot a ne a haneloa ho ba le tsebo ea mesebetsi e mengata e kang ea bongaka, ea molao esita le ea ho pepisa. Ha e le tabeng ea ho pepisa, setsebi se seng sa histori se ile sa beha lebaka: “Ho ne ho ka behoa joang bophelo ba motho tlhokomelong ea mokhelohi eo sepheo sa hae e neng e le ho senya tsamaiso e neng e le teng?”

Ka 1677, khatello e ile ea tiisoa le ho feta. Mohuguenot leha e le ofe ea neng a ka fumanoa a leka ho sokolla Mok’hatholike o ne a tlameha ho ahloloa liponto tse sekete tsa Fora. Mahuguenot a ile a susumelletsoa hore a sokolohe ka ho batloa lichelete tse phahameng ho tlōla tekanyo makhethong a ’muso. Ka 1675, baruti ba K’hatholike ba ile ba fa Morena Louis XIV liponto tse limilione tse 4,5 tsa Fora ’me ba re: “Joale u lokela ho tsoela pele ho bontša kananelo ho fihlela qetellong ka hore u sebelise matla a hao a ho laela ho felisa bokhelohi bona ka ho feletseng.” Leqheka lena la ho “reka” basokolohi le ile la fella ka hore ba ka bang 10 000 ba sokolohele Bok’hatholiking nakong ea lilemo tse tharo.

Ka 1663, ho sokolohela Boprostanteng ho ile ha thibeloa ka molao. Ho ne ho boetse ho e-na le lithibelo tabeng ea hore na Mahuguenot a ne a ka phela hokae. Mohlala oa bohato bo feteletseng ke oa hore ngoana ea lilemo li supileng e ne e ka ba Mok’hatholike khahlanong le thato ea batsoali ba hae. Batsoali ba Maprostanta ba ne ba tlamehile ho lefella thuto ea bana ba bona eo ba neng ba e rutoa ke Majesuite kapa baruti ba bang ba K’hatholike.

Sebetsa se seng se neng se sebelisoa ho hatella Mahuguenot ka sephiri e ne e le Compagnie du Saint-Sacrement (Sehlopha sa Sakramente e Halalelang). Ona e ne e le mokhatlo oa K’hatholike oo setsebi se seng sa histori, Janine Garrisson se reng e ne e le “sehlopha se nammeng” ho pholletsa le Fora eohle. O phunyelletsa le maemong a phahameng ka ho fetisisa a sechaba, o ne o sa haelloe ke lichelete kapa boitsebiso bo mabapi le lira tsa ’ona. Garrisson o hlalosa hore maqiti a oona a ne a le mangata: “Compagnie eo e ne e sebelisa mokhoa o mong le o mong ho fokolisa sechaba sa Maprostanta, ho qala ka ho se hatella ho isa ho se etsetseng tšitiso ea ka boomo, ho se laoleng ka mano le ho se ahloleng.” Leha ho le joalo, Mahuguenot a mangata a ile a ’na a lula Fora nakong ena ea mahloriso. Setsebi sa histori, Garrisson, se re: “Ho thata ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha Maprostanta a sa ka a tloha ’Musong ona ka bongata ha butle-butle, bora bo a tobileng bo ne bo ntse bo eketseha.” Leha ho le joalo, qetellong ho ile ha hlokahala hore a balehele tokolohong.

Ho Khutlela Tetete

Khotso ea Nymegen (1678) le Tumellano ea ho Beha Libetsa Fatše ka Nako e Itseng ea Ratisbon (1684), li ile tsa lokolla Morena Louis XIV ho loaneng le linaha tse ling. Ka February 1685, Mok’hatholike e mong e ile ea e-ba morena ka mose ho Channel, Engelane. Louis XIV o ne a ka nka monyetla ka boemo bona bo bocha. Lilemo tse ’maloa pejana, baruti ba K’hatholike ba Fora ba ne ba ile ba lokolla Lihlooho Tse ’Nè Tsa Gallican, tse neng li beela matla a mopapa meeli. Kahoo, Mopapa Innocent XI o ile a “nka Kereke [e K’hatholike] ea Fora e le e bakang likarohano.” Ka lebaka leo, ka ho hlakola Molao oa Nantes, Louis XIV o ne a ka lokisa botumo ba hae bo bobe ’me a tsosolosa likamano tse tloaelehileng le mopapa.

Boitšoaro ba morena mabapi le Maprostanta bo ile ba hlaka ka ho feletseng. Ka ho hlakileng, mokhoa o bonolo (oa ho susumetsa le ho theha melao) o ne o hlōlehile ho sebetsa. Ka lehlakoreng le leng, ho sebelisa li-dragonnada tse neng li sa tsoa qaleha, ho ne ho atleha. Kahoo, ka 1685, Louis XIV o ile a tekenela Molao oa Fontainebleau ho hlakola Molao oa Nantes. Tlhoriso e mabifi e neng e tsamaisana le ho hlakoloa hona e ile ea siea Mahuguenot a le boemong bo bobe le ho feta ba pele ho Molao oa Nantes. Joale a ne a tla etsa eng?

Na a ne a Tla Ipata, a Loane Kapa a Balehe?

Mahuguenot a mang a ile a khetha ho rapela ka sekhukhu. Kaha libaka tsa ’ona tsa borapeli li ne li timelitsoe ’me borapeli ba ’ona ba phatlalatsa bo thibetsoe, a ile a retelehela ‘Kerekeng ea Lefella,’ kapa borapeli ba sekhukhu. A ile a etsa sena ho sa tsotellehe ’nete ea hore batho ba neng ba tšoara liboka tse joalo ba ne ba beha bophelo ba bona kotsing ea ho ahloleloa lefu, ho latela molao o neng o emisitsoe ka July 1686. Mahuguenot a mang a ile a latola tumelo ea ’ona tlas’a kano, a nahana hore a tla khona ho sokolohela ho eona hape hamorao. Basokolohi bao e ile ea e-ba Mak’hatholike-’mōtoana a ileng a etsisoa ke meloko e latelang.

’Muso o ile oa leka ho matlafatsa tšokoloho. E le hore basokolohi ba bacha ba fumane mesebetsi, ba ne ba lokela ho hlahisa lengolo la bopaki ba hore e se e le Mak’hatholike, le tekenetsoeng ke moprista oa pharishe ea neng a hlokometse hore ba fela ba e-ba teng kerekeng. Haeba bana ba ne ba sa kolobetsoa le ho hōla e le Mak’hatholike, ba ne ba ka amohuoa batsoali ba bona. Likolo li ne li lokela ho ruta thuto ea K’hatholike. Ho ile ha etsoa boiteko ba hore ho hatisoe libuka tsa bolumeli tse buellang Bok’hatholike bakeng sa “batho ba Buka [Bibele],” kamoo Maprostanta a neng a bitsoa kateng. ’Muso o ile oa hatisa libuka tse ka holimo ho milione ’me oa li romela libakeng tseo palo e ngata e neng e sokolohile ho tsona. Ho ne ho behiloe litekanyetso tse feteletseng hoo haeba motho ea kulang a ne a ka hana tlotso ea bakuli ea K’hatholike, eaba hamorao oa fola, a neng a ahloleloa chankaneng kapa likepeng bophelo bohle ba hae. ’Me hamorao ha a ne a e-shoa, setopo sa hae se ne se lahloa feela joalokaha eka ke lithōle, ’me thepa ea hae e nkoa ke ’muso.

Mahuguenot a mang a ile a retelehela ho itšireletseng ka libetsa. Ka 1702, Mahuguenot a mabifi a neng a bitsoa Ma-camisard a ile a rabela, sebakeng sa Cévennes se neng se tsebahala ka ho chesehela bolumeli. Masole a ’muso a ile a arabela ho lalla le ho hlasela bosiu ha Ma-camisard ka ho chesa metse. Le hoja litlhaselo tsa Mahuguenot tse neng li etsoa seoelo li ile tsa tsoela pele ka nako e itseng, ka 1710, lebotho le matla la Morena Louis le ne le silakantse Ma-camisard.

Karabelo e ’ngoe ea Mahuguenot e bile ho baleha Fora. Ho falla hona ho ’nile ha bitsoa ho falla ha sebele. Mahuguenot a mangata a ne a fumanehile ha a tsamaea hobane ’muso o ne o a amohile matlotlo a ’ona, ’me Kereke e K’hatholike e amohetse karolo ea maruo ao. Kahoo, ho ne ho se bonolo ho falla. Ka potlako, ’muso oa Fora o ile oa nka khato ka se neng se etsahala, oa lebela litsela tse tsoang le ho phenyekolla likepe. Masholu a maoatleng a ne a phahlolla likepe tse tlohang Fora hobane a ne a ka fumana moputso o itseng ka ho tšoara ba lekang ho baleha. Mahuguenot a neng a fumanoa a baleha a ne a tobana le kotlo e boima. E le ho thatafatsa maemo le ho feta, limpimpi tse neng li sebetsa metseng li ne li leka ho fumana mabitso a ba rerang ho baleha le hore na ba tla tsamaea ka litsela life. Mangolo a thibeloang, bolotsana le ho qhekella li ile tsa ata.

Ho Amoheloa Setšabelong

Ho baleha ha Mahuguenot Fora le ho amoheloa ha ’ona linaheng tse ileng tsa a amohela, ho ne ho tsebahala e le Setšabelo. Mahuguenot a ile a balehela Holland, Switzerland, Jeremane le Engelane. Hamorao, a mang a ile a ea Scandinavia, Amerika, Ireland, West Indies, Afrika Boroa le Russia.

Linaha tse ngata tsa Europe li ile tsa fana ka litaelo tse neng li khothalletsa Mahuguenot hore a falle. Har’a lintho tse susumetsang ho nka khato tse neng li fanoa, e ne e le ho fetoloa letsoalloa ntle ho tefo, ho se ntše lekhetho haesitana le ho ba setho sa mokhatlo oa khoebo ntle ho tefo. Ho latela Elisabeth Labrousse eo e leng setsebi sa histori, boholo ba Mahuguenot e ne e le “bahlankana . . . ba nang le boikemisetso, bafo ba matla ba nang le boitšoaro bo khabane ka ho ikhethileng.” Kahoo, Fora, e le boemong ba eona bo phahameng ba puso, e ile ea lahleheloa ke basebetsi ba nang le tsebo mesebetsing e mengata. E, “matlotlo, maruo le litsebo tsa ho qapa lintho” li ile tsa ea linaheng lisele. Maemo a bolumeli le a lipolotiki le ’ona a ile a nka karolo ho faneng ka setšabelo ho Mahuguenot. Empa, liphello tsa nako e telele tsa ho falla hoo e bile life?

Ho hlakoloa ha Molao oa Nantes le mahloriso a ileng a latela li ile tsa hlohlelletsa boitšoaro bo tletseng bora ba machaba. William oa Orange o ile a khona ho rua molemo maikutlong a neng a le khahlanong le Fora hore e be ’musi oa Netherlands. Ka thuso ea liofisiri tsa Mahuguenot, e ile ea boela ea e-ba morena oa Great Britain, a nka sebaka sa James II oa Mok’hatholike. Philippe Joutard, setsebi sa histori, o hlalosa hore “leano la Louis XIV la ho ba khahlanong le Boprostanta e bile le leng la mabaka a sehlooho a ho ketoloa ha James II [le] ho thehoa ha selekane sa Augsburg. . . . Liketsahalo [tsena] li tšoaea phetoho e khōlō historing ea Europe, e ileng ea etsa hore tšusumetso ea Fora holim’a lichaba tse ling e nkeloe sebaka ke tšusumetso ea Manyesemane.”

Mahuguenot a ile a phetha karolo ea bohlokoa mekhoeng ea bophelo Europe. A ile a sebelisa tokoloho ea ’ona e ncha bakeng sa ho hatisa lingoliloeng tse ileng tsa thusa ho bōpa filosofi ea Mehla ea ho Hlahuoa Leseling le likhopolo tsa mamello. Ka mohlala, Moprostanta e mong oa Mofora o ile a fetolela libuka tsa rafilosofi e mong oa Lenyesemane, John Locke, e le ha a buella khopolo ea litokelo tsa tlhaho. Bangoli ba bang ba Maprostanta ba ile ba hatella bohlokoa ba tokoloho ea letsoalo. Ho ile ha hōla khopolo ea hore ho mamela babusi ho lekanyelitsoe ebile ho ka hlokomolohuoa haeba babusi ba sa phethe tumellano eo ba e entseng le sechaba. Kahoo, joalokaha setsebi sa histori, Charles Read se hlalosa, ho hlakoloa ha Molao oa Nantes e bile “le leng la mabaka a hlakileng a ileng a etsa hore ho be le Phetohelo ea Fora.”

Na ho Ile ha Ithutoa ho Itseng?

A fana ka liphello tse kotsi tsa mahloriso le ho lahleheloa ha naha ke batho ba bangata ba bohlokoa, Marquis de Vauban, moeletsi oa Morena Louis XIV ho tsa sesole, o ile a khothalletsa morena hore a khutlisetse Molao oa Nantes tšebetsong, a bolela: “Ho sokoloha ha lipelo ho etsoa ke Molimo feela.” Kahoo, ke hobane’ng ha ’Muso oa Fora o sa ka oa ithuta ho itseng ’me oa hula qeto ea oona? Ka sebele, lebaka le leng le ileng la tlatsetsa ebile la hore morena o ne a tšaba hore hoo ho tla fokolisa ’muso. Ho feta moo, ho ne ho le molemo ho khotsofatsa lithahasello tsa mokhatlo o neng o le khahlanong le ho fetohela Bok’hatholike le leeme la bolumeli le neng le le teng Fora lekholong la bo17 la lilemo.

Liketsahalo tse pota-potileng ho hlakoloa hoo ha molao li entse hore ba bang ba ipotse, “Ebe mokhatlo oa batho o ka lumella le hona ho mamella hakae boemo boo ho bona lihlopha tse sa tšoaneng tsa batho li phelang e le sechaba se le seng?” Ka sebele, joalokaha litsebi tsa histori li hlokometse, ho thata ho tšohla pale ea Mahuguenot ntle le ho nahana ka “tšebeliso ea matla le ho khopama ha eona.” Lichabeng tsa kajeno tseo ho tsona ho ntseng ho ata merabe e tsoaka-tsoakaneng le malumeli a sa tšoaneng, ho balehela ha Mahuguenot tokolohong ke khopotso e amang maikutlo ea se etsahalang ha lipolotiki tse hlohlelletsoang ke kereke li behelloa ka pele ho lithahasello tsa batho.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bona lebokose le leqepheng la 28.

[Lebokose le leqepheng la 25]

Li-dragonnad

Tšokoloho e Bakoang ke Tšabo

Ba bang ba ne ba nka ma-dragoon e le “baromuoa ba etsang mosebetsi o tsoileng matsoho.” Leha ho le joalo, a ne a tlatsa Mahuguenot tšabo, ’me maemong a mang metse eohle e ne e sokolohela Bok’hatholikeng ka ho utloa feela hore a fihlile. Empa ma-dragoon aa e ne e le bo-mang?

Ma-dragoon e ne e le masole a hlometseng haholo a neng a laetsoe ho lula matlong a Mahuguenot ka sepheo sa ho a tšosa. Ho sebelisoa ha ma-dragoon ka tsela ena ho ne ho tsebahala e le li-dragonnad. E le ho eketsa boima bo jarisoang malapa ao li neng li lula ho ’ona, palo ea masole a neng a romeloa lelapeng ka leng e ne e e-ba khōlō haholo ho feta seo lelapa le ka se khonang. Ma-dragoon a ne a lumeletsoe hore a hlokofatse malapa, a etse hore a sitoe ho robala le ho a senyetsa thepa. Haeba beng ba lelapa ba ne ba ka latola tumelo ea Boprostanta, ma-dragoon a ne a tloha.

Ka 1681, li-dragonnad li ile tsa sebelisoa ho sokolla batho ba Poitou, Fora Bophirimela, sebaka se neng se e-na le Mahuguenot a nang le tumelo e matla. Ka likhoeli tse ’maloa feela, ho ile ha sokoloha a 30 000 ho ea ho 35 000. Ka 1685, ho ile ha sebelisoa mokhoa o tšoanang libakeng tse ling tse tletseng Mahuguenot. Ka likhoeli tse ’maloa feela, ho ne ho fumanoe batho ba 300 000 ho ea ho 400 000 ba latotseng tumelo. Ho latela rahistori Jean Quéniart, katleho ea li-dragonnad “e ile ea etsa hore ho Hlakoloa [ha Molao oa Nantes o neng o bontša mamello] ho phethahale hobane joale ho ne ho bonahala ho finyelloa sepheo.”

[Setšoantšo se leqepheng la 25]

Tsebiso ena ea 1689 e ile ea fana ka setšabelo ho Maprostanta a Mafora a neng a batla thuso khatellong ea bolumeli

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

By permission of The Huguenot Library, Huguenot Society of Great Britain and Ireland, London

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Documents conservés au Centre Historique des Archives nationales à Paris

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

Ho hlakoloa ha Molao oa Nantes, 1685 (Lena ke leqephe la pele la ho hlakola hoo)

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

Ho ile ha timetsoa litempele tse ngata tsa Maprostanta

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

© Cliché Bibliothèque Nationale de France, Paris

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

© Cliché Bibliothèque Nationale de France, Paris

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela