Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g99 1/8 maq. 6-9
  • Tokoloho ea Bolumeli—Tlhohonolofatso Kapa Thohako?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tokoloho ea Bolumeli—Tlhohonolofatso Kapa Thohako?
  • Tsoha!—1999
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Qaleho e Bohloko ea ho Hlompha Maikutlo a ba Bang
  • Tokoloho e Lekanyelitsoeng
  • Litšokelo Tsa Tokoloho ea Bolumeli
  • “Baahi ba Behang Mohlala”—Ho Thoe ba Kotsi
  • Bohlokoa ba ho Talima Litaba ka Tsela ea Sebele
  • Tokoloho ea Bolumeli e Bolela Eng ho Uena?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Leeme la Bolumeli Kajeno
    Tsoha!—1999
  • Batho ba Lokolohileng Empa ba Tla Ikarabella
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • U se ke Ua Lahleheloa ke Morero oa Tokoloho e Fanoeng ke Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
Bala Tse Ling
Tsoha!—1999
g99 1/8 maq. 6-9

Tokoloho ea Bolumeli—Tlhohonolofatso Kapa Thohako?

Qaleho ea khopolo ea tokoloho ea bolumeli e ne e tsamaea le liketsahalo tse bohloko Bokreste-’mōtoaneng. E ne e le ntoa khahlanong le likhopolo tse thehiloeng mabakeng a sa utloahaleng, lehloeo le leeme. E ile ea bolaea batho ba likete-kete lintoeng tse sehlōhō tsa bolumeli. Histori ee e bohloko e re ruta eng?

BUKENG ea hae ea Pagans and Christians, Robin Lane Fox oa ngola: “Mahloriso e ’nile ea e-ba ketsahalo ea nako e telele historing ea Bokreste.” Bakreste ba pele ba ne ba bitsoa sehlopha sa bokhelohi ’me ba ne ba qosoa ka hore ba sokela taolo ea sechaba. (Liketso 16:20, 21; 24:5, 14; 28:22) Ka lebaka leo, ba bang ba ile ba mamella tlhokofatso ’me ba bolaoa ke libatana mabaleng a boithabiso a Roma. Ha ba talimane le mahloriso a joalo a sehlōhō, ba bang, ba kang moruti oa thuto ea bolumeli Tertullian (bona setšoantšo se leqepheng la 8), ba ile ba kōpa tokoloho ea bolumeli ka tieo. Ka 212 C.E., o ile a ngola: “Ke tokelo ea botho ea motheo, tokelo ea tlhaho, hore motho e mong le e mong o lokela ho rapela ho latela seo a se lumelang.”

Ka 313 C.E., ho hlorisoa ha Bakreste ke naha ea Roma ho ile ha khaotsa tlas’a Constantine, ka Taelo ea Milan, e ileng ea fana ka tokoloho ea bolumeli ho Bakreste le ho bahetene ka ho tšoanang. Ho lumelloa ka molao ha “Bokreste” ’Musong oa Roma ho ile ha felisa leqhubu lena la mahloriso. Leha ho le joalo, hoo e ka bang ka 340 C.E., e mong ea ipolelang e le mongoli oa Mokreste o ile a etsa hore bahetene ba hlorisoe. Qetellong, ka 392 C.E., ka Taelo ea Constantinople, Moemphera Theodosius I o ile a thibela bohetene ka har’a ’muso oo, ’me tokoloho ea bolumeli e ile ea fela pele e hōla. Kaha “Bokreste” ba Roma e ne e le bolumeli ba Naha, Kereke le Naha li ile tsa qalisa phutuho ea mahloriso a ileng a tsoela pele ka makholo a lilemo, a fihla sehlohlolong sa ’ona Lintoeng tsa Bolumeli tse sehlōhō tsa lekholong la bo11 la lilemo le la bo13 le bokhopong ba Makhotla a Otlang Bakhelohi, a ileng a qala lekholong la bo12 la lilemo. Ba itetang sefuba ho belaella tumelo e thehiloeng ea orthodox, thuto ea kereke e laoloang ke sehlopha se le seng, ba ne ba bitsoa bahetene ’me ba hulanyetsoa boemong ba nakong eo ba ho hobosa batho ka lebaka la ho ba le maikutlo a sa amoheleheng. Mehato e joalo e ne e susumetsoa ke eng?

Leeme la bolumeli le ile la lokafatsoa ka lebaka la hore bonngoe ba bolumeli bo ne bo rala motheo o tiileng ka ho fetisisa bakeng sa Naha le hore ho se tšoane ha bolumeli ho ne ho sokela taolo ea sechaba. Ka 1602, le leng la matona a Mofumahali Elizabeth oa Engelane le ile la re: “Naha e lumellang malumeli a mabeli ha ho mohla e sireletsehileng.” Bonneteng, ho ne ho le bonolo haholo ho thibela malumeli a hanyetsanang le Naha ka maikutlo ho e-na le ho fumana hore na ehlile ke tšokelo ho eona kapa bolumeling bo thehiloeng. The Catholic Encyclopedia e re: “Ebang ke ba boholong pusong kapa bolumeling ha baa ka ba hlahisa phapang le e nyenyane pakeng tsa bakhelohi ba kotsi le ba seng kotsi.” Leha ho le joalo, phetoho e ne e tla tloha e e-tla.

Qaleho e Bohloko ea ho Hlompha Maikutlo a ba Bang

Se ileng sa qholotsa phetoho Europe ke morusu o ileng oa bakoa ke Boprostanta, sehlopha sa bokhelohi se ileng sa hana ho khaotsa. Ka potlako e makatsang, Phetohelo ea Boprostanta e ile ea arola Europe motheong oa bolumeli, ea etelletsa pele khopolo ea bolokolohi ba letsoalo. Ka mohlala, Martin Luther Raliphetoho ea tummeng, o ile a lokafatsa maikutlo a hae ka 1521 a re: “Letsoalo la ka le laoloa ke Lentsoe la Molimo.” Karohano ena le eona e ile ea qholotsa Ntoa ea Lilemo tse Mashome a Mararo (1618-48), letoto la lintoa tsa bolumeli tse sehlōhō tse ileng tsa harasoanya Europe.

Leha ho le joalo, ha ba le har’a ntoa ena, ba bangata ba ile ba hlokomela hore ntoa hase mokhoa oa ho tsoela pele. Kahoo, letoto la litaelo, tse kang Taelo ea Nantes Fora (1598), ntle ho katleho le ile la leka ho tlisa khotso Europe e tsekolotsoeng ke ntoa. E bile litaelong tsena moo butle-butle khopolo ea kajeno ea ho hlompha maikutlo a ba bang e ileng ea hlaha. Qalong, “ho hlompha maikutlo a ba bang” ho ne ho e-na le moelelo o sa thabiseng. Ka 1530, Erasmus eo e leng seithuti sa libōpeho tsa batho se tummeng o ile a ngola: “Haeba tlas’a maemo a itseng re ne re tlameha ho lumella lihlopha tsa bokhelohi . . . , ntle ho pelaelo e ne e tla ba bokhopo—ka sebele, bokhopo bo tebileng—empa bo seng bobe joaloka ntoa.” Ka lebaka la moelelo ona o sa thabiseng, ba bang ba kang Paul de Foix oa Mofora, ka 1561 ba ile ba khetha ho bua ka “tokoloho ea bolumeli” ho e-na le “ho hlompha maikutlo a ba bang.”

Leha ho le joalo, ha nako e ntse e feta, ho hlompha maikutlo a ba bang, ho hang ho ne ho se ho sa talingoe e le ntho e mpe, leha e le hore e ne e le mpe hanyenyane, empa ho ne ho talingoa e le mosireletsi oa tokoloho. Ho ne ho se ho sa talingoe e le ho lumela bofokoli empa ho ne ho talingoa e le taba e tiileng. Ha ho se tšoane ha litumelo le tokelo ea ho nahana ka tsela e sa tšoaneng li qala ho ratoa e le motheo oa sechaba sa kajeno, ho ba le cheseho e feteletseng ho ile ha tlameha ho fokotseha.

Qetellong ea lekholo la bo18 la lilemo, ho hlompha maikutlo a ba bang ho ile ha amahanngoa le tokoloho le ho leka-lekana. Sena se ile sa bontšoa ka melao le liphatlalatso, tse kang Phatlalatso e tummeng ea Litokelo tsa Motho le tsa Moahi (1789) Fora, kapa Litokelo tsa Motheo Khahlanong le ho Tlatlapuoa ke Naha (1791), United States. Ha litokomane tsena li ntse li susumetsa monahano o lokolohileng ho tloha lekholong la bo19 la lilemo ho ea pele, ho hlompha maikutlo a ba bang le tokoloho li ne li se li sa talingoe e le thohako empa li ne li talingoa e le tlhohonolofatso.

Tokoloho e Lekanyelitsoeng

Le hoja tokoloho e le ea bohlokoa, e lekanyelitsoe. Ka lebaka la tokoloho e khōloanyane bakeng sa bohle, Naha e etsa melao e lekanyetsang bolokolohi bo itseng ba motho ka mong. Se latelang ke lintlha tse ling tse amanang le tokoloho tseo hona joale ho phehisanoang ka tsona linaheng tse ngata tsa Europe: Melao ea ’muso e lokela ho sebetsa ho ea bohōleng bofe bophelong ba lekunutung? E na le tšusumetso e kae? E ama tokoloho joang?

Phehisano mabapi le bolokolohi ba phatlalatsa le ba lekunutung e ’nile ea totobatsoa ke mecha ea litaba. Likhopolo tsa thuto e qobelloang ka morero oa ho fetola kelello ea motho, ho qhekella licheleteng, ho hlekefetsoa ha bana le litlōlo tsa molao tse ling tse ngata li ’nile tsa etsoa khahlanong le lihlopha tse ling tsa bolumeli, hangata e le ntle ho bopaki leha e le bofe bo utloahalang. Lihlooho tsa litaba tse amanang le lihlopha tse nyenyane tsa bolumeli li ’nile tsa tlalehoa ka ho pharaletseng ke mecha ea litaba. Mabitso a nyelisang a kang “bolumeli ba bokhelohi” kapa “sehlopha sa bokhelohi” hona joale a sebelisoa kamehla. Tlas’a khatello e tsoang maikutlong a sechaba, mebuso e bile e entse mathathamo a seo ho thoeng ke malumeli a bokhelohi a kotsi.

Fora ke naha e ikhohomosang ka neano ea eona ea ho hlompha maikutlo a ba bang le ho se kopane ha bolumeli le Naha. Ka boikakaso e ipolela hore ke naha ea “Tokoloho, ho Lekana, Kutloano.” Empa ho latela buka ea Freedom of Religion and Belief—A World Report, naheng eo ho ’nile ha buelloa “letšolo la thuto likolong la ho khothalletsa ho hana mekhatlo e mecha ea bolumeli.” Leha ho le joalo, batho ba bangata ba nahana hore ketso ea mofuta ona e sokela tokoloho ea bolumeli. Ka tsela efe?

Litšokelo Tsa Tokoloho ea Bolumeli

Tokoloho ea sebele ea bolumeli e ba teng hafeela Naha e tšoara ka tsela e tšoanang lihlopha tsohle tsa bolumeli tse hlomphang molao le ho o mamela. Tokoloho e joalo ea fela ha ka tsela e hatellang Naha e etsa qeto ea hore na har’a lihlopha tsa bolumeli ke sefe seo e seng bolumeli, kahoo e se amoha melemo eo Naha e e fang malumeli. Ka 1997, makasine ea Time e ile ea re: “Khopolo e talingoang e le ea bohlokoa ea tokoloho ea bolumeli ha e na molemo ha naha e inkela ka mahahapa tokelo ea ho tiisa hore malumeli ke a ’nete joalokaha e fa bakhanni lilakesense.” Lekhotla le leng la maipiletso la Fora le sa tsoa bolela hore ho etsa joalo “ho lebisa bompoling, ebang hoa hlokomeleha kapa che.”

Tokoloho ea motheo e boetse ea sokeloa ha sehlopha se le seng e le sona feela se sebelisang mecha ea litaba. Ka bomalimabe, sena se ntse se eketseha linaheng tse ngata. Ka mohlala, mekhatlo e khahlanong le bolumeli ba bokhelohi ha e leka ho hlalosa se nepahetseng mabapi le bolumeli, e ’nile ea iketsa bachochisi, baahloli le lekhotla la baahloli, joale, ka ho sebelisa mecha ea litaba e lekile ho qobella sechaba hore se be le pono ea eona e leeme. Leha ho le joalo, joalokaha koranta ea Fora Le Monde e boletse, ka ho etsa joalo, mekhatlo ena ka linako tse ling e bontša “bokhelohi bona boo ho lumeloang hore e ea bo loantša ’me e ipeha kotsing ea ho etsa hore ho be le boemo ba ‘ho hobosa batho ka lebaka la ho ba le maikutlo a sa amoheleheng.’” Koranta ena e ile ea botsa: “Na ho nyelisoa ha lihlopha tse nyenyane tsa bolumeli sechabeng . . . ha ho sokele tokoloho ea motheo?” Martin Kriele, ea qotsitsoeng ho Zeitschrift für Religionspsychologie (Makasine ea Thuto ea Boitšoaro ba Bolumeli), o itse: “Ho hobosa batho ka lebaka la ho ba le maikutlo a sa amoheleheng lihlopheng tsa bokhelohi ho fana ka sesosa se seng sa ho ameha ntle le ho ameha ka bongata bo boholo ba ‘seo ho thoeng ke lihlopha tsa bokhelohi le lihlopha tsa batho ba kulang kelellong.’ Habonolo feela: Baahi ba sa tlōleng molao ba lokela hore ba se ke ba tšoenngoa. Bolumeli le likhopolo e lokela ho ba lintho tseo batho ba lokolohang ka tsona ’me ba lule ba lokolohile, esita le Jeremane.” A re hlahlobeng mohlala o le mong.

“Baahi ba Behang Mohlala”—Ho Thoe ba Kotsi

Ke sehlopha sefe sa bolumeli seo ho ileng ha thoe “se kotsi ho feta lihlopha tsohle tsa bokhelohi” ho latela maikutlo a ba boholong K’hatholike ba qotsitsoeng koranteng ea Spain e tummeng ea ABC? U ka ’na ua makala ho hlokomela hore ABC e ne e bua ka Lipaki tsa Jehova. Na liqoso tsee tse etsoang khahlanong le tsona li na le motheo o hlokang leeme, le oa sebele? Hlokomela liphatlalatso tsena tse latelang tse tsoang mehloling e meng:

“Lipaki li ruta batho ho lefa makhetho ka botšepehi, ho se kopanele lintoeng kapa litokisetsong tsa ntoa, ho se utsoe ’me, ka kakaretso, ho phela bophelo boo haeba ba bang ba ne ba bo phela bo neng bo tla lebisa ho ntlafaleng ha litekanyetso tsa kahisano sechabeng.”—Sergio Albesano, Talento, November-December 1996.

“Ho fapana le lipuo tse nyelisang tse hasoang ka linako tse itseng, ho ’na [Lipaki tsa Jehova] ha li bonahale li le kotsi le hanyenyane mabapi le litokisetso tsa Naha. Ke baahi ba ratang khotso, ba hlokolosi le ba hlomphang ba boholong.”—Setho sa Belgium sa lekhotla le tlaasana le etsang melao ka paramenteng.

“Ho bonahala hore Lipaki tsa Jehova ke batho ba tšepahalang ka ho fetisisa Federal Republic.”—Koranta ea Jeremane Sindelfinger Zeitung.

“U ka ’na ua talima [Lipaki tsa Jehova] e le baahi ba behang mohlala. Li lefa makhetho ka khothalo, li hlokomela bakuli, li fokotsa palo ea batho ba sa tsebeng ho bala le ho ngola.”—Koranta ea United States San Francisco Examiner.

“Lipaki tsa Jehova li atleha ho feta litho tsa lihlopha tse ling tsa bolumeli tabeng ea ho ba le manyalo a tsitsitseng.”—American Ethnologist.

“Lipaki tsa Jehova li har’a baahi ba linaha tsa Afrika ba lokileng le ba mafolofolo ka ho fetisisa.”—Dr. Bryan Wilson, Univesithi ea Oxford.

“Litho tsa bolumeli boo li tlatselitse haholo ho theosa le mashome a lilemo ho atoloseng bolokolohi ba letsoalo.”—Nat Hentoff, Free Speech for Me—But Not for Thee.

“Li tlatselitse . . . ka ho totobetseng polokong ea lintho tse ling tsa bohlokoahali pusong ea rōna ea sechaba ka sechaba.”—Moprofesa C. S. Braden, These Also Believe.

Joalokaha lipolelo tse qotsitsoeng ka holimo li bontša, lefatšeng lohle Lipaki tsa Jehova li talingoa e le baahi ba behang mohlala. Ho ekelletsa moo, li tsebahala ka mosebetsi oa tsona oa thuto ea Bibele ea mahala le ho ntlafatsa litekanyetso tsa lelapa. Litlelase tsa tsona tsa ho ithuta ho bala le ho ngola li thusitse ba likete tse makholo, ha ka nako e tšoanang mesebetsi ea tsona ea liphallelo ho theosa le mashome a lilemo o thusitse ba likete, haholo-holo Afrika.

Bohlokoa ba ho Talima Litaba ka Tsela ea Sebele

Sechabeng ho tletse batho ba sa tšepahaleng ba hlaselang batho ba se nang molato. Ka lebaka leo, ho hlokahala phalimeho ha ho tluoa boipolelong bo mabapi le bolumeli. Empa ke joang e leng ho talima litaba ka tsela ea sebele, hona ke joang e leng ho khothalletsa tokoloho ea bolumeli ha baqolotsi ba bang ba litaba, ho e-na le ho botsa litsebi tse talimang litaba ka tsela ea sebele, ba itšetleha ka boitsebiso bo tsoang likerekeng tse bonang palo ea litho tsa tsona e fokotseha kapa bo tsoang mekhatlong e khahlanong le lihlopha tsa bokhelohi eo ho nang le pelaelo ea hore ha e talime litaba ka tsela ea sebele? Ka mohlala, koranta e ileng ea bitsa Lipaki tsa Jehova sehlopha “se kotsi ho feta lihlopha tsohle tsa bokhelohi” e ile ea lumela hore litlhaloso tsa eona li ne li tsoa ho “litsebi tsa Kereke [e K’hatholike].” Ho ekelletsa moo, makasine e ’ngoe ea Fora e ile ea hlokomela hore bongata ba lihlooho tse buang ka seo ho hakanngoang hore ke lihlopha tsa bokhelohi li simolohile mekhatlong e khahlanong le lihlopha tsa bokhelohi. Na see se utloahala eka ke tsela e seng leeme ka ho fetisisa ea ho fumana boitsebiso ba ’nete?

Makhotla a machaba le mekhatlo e amehileng ka litokelo tsa botho tsa motheo, e kang Machaba a Kopaneng, e bolela hore “phapang pakeng tsa bolumeli le sehlopha sa bokhelohi ke ea maiketsetso hoo e ke keng ea amoheleha.” Joale ke hobane’ng ha ba bang ba phehella ho sebelisa poleloana ee e nyelisang ea “sehlopha sa bokhelohi”? Ke bopaki bo eketsehileng ba hore tokoloho ea bolumeli ea sokeloa. Joale, tokoloho ee e hlokahalang e ka sireletsoa joang?

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 8]

Basireletsi ba Tokoloho ea Bolumeli

Boipiletso bo matla bakeng sa tokoloho ea bolumeli bo simolohile lintoeng tsa bolumeli tse ileng tsa fella ka polao e sehlōhō Europe lekholong la bo16 la lilemo. Boipiletso bona bo sa ntse bo amana le puisano ea tokoloho ea bolumeli.

Sébastien Chateillon (1515-63): “Mokhelohi ke eng? Ha ke fumane ntho e ’ngoe e fapaneng ntle le hore re nka bakhelohi e le bohle ba sa lumellaneng le maikutlo a rōna. . . . Haeba motseng ona kapa sebakeng sena u nkoa u le molumeli oa ’nete, motseng o latelang u tla nkoa u le mokhelohi.” Chateillon, mofetoleli oa Bibele oa Mofora ea tummeng le motšehetsi ea matla oa ho hlompha maikutlo a ba bang, o ile a bolela le leng la mabaka a ka sehloohong ha ho phehisanoa ka tokoloho ea bolumeli: Ke mang ea ka hlalosang hore na mokhelohi ke mang?

Dirck Volckertszoon Coornhert (1522-90): “Seo re se balang ke hore nakong e fetileng . . . esita le Kreste ka boeena ha a le Jerusalema, ha latela bashoela-tumelo ba bangata Europe . . . ba ne ba tšoenya [sechaba] ka lipolelo tsa bona tsa ’nete. . . . Ho hlokahala hore moelelo oa lentsoe lena ‘tšoenya’ o hlalosoe ka nepo le ka ho hlaka.” Coornhert o ile a bontša hore ho se tšoane ha bolumeli ha hoa lokela ho tšoantšoa le ho ferekanya taolo ea sechaba. O ile a botsa: Na bao ka botšepehi ba mamelang le ho hlompha molao ehlile ke tšokelo taolong ea sechaba?

Pierre de Belloy (1540-1611): Ke “ho hloka tsebo ho lumela hore ho se tšoane ha bolumeli ho baka pherekano ka har’a Naha le ho e eketsa.” Belloy, ’muelli oa molao oa Mofora ha a ngola nakong ea Lintoa tsa Bolumeli (1562-98), o ile a bontša hore kutloano Naheng ha ea itšetleha ka ho tšoana ha bolumeli ntle le haeba, ka sebele, ’muso e le lekhoba la khatello ea bolumeli.

Thomas Helwys (c. 1550–c. 1616): “Haeba sechaba sa hae [morena] e le bafo ba mamelang le ba tšepahalang melaong eohle ea motho, ha a na ho hong hape hoo a ka ho kōpang ho bona.” Helwys, e mong oa bathehi ba Mabaptiste a Engelane, o ile a ngola a lumellana le ho se kopane ha Kereke le Naha, a phehella morena ho fana ka tokoloho ea bolumeli likerekeng tsohle le lihlopheng tsa bokhelohi le ho khotsofalla matla a puso ao a nang le ’ona sechabeng le matlotlong. Libuka tsa hae li ne li hatisa potso e nakong: Naha e lokela ho laola bomoea ba batho ho isa kae?

Mongoli ea sa ipolelang (1564): “E le hore tokoloho ea letsoalo e kenngoe tšebetsong, ha hoa lekana ho lumella motho ho khaotsa ho ba setho sa bolumeli boo a sa bo amoheleng haeba, ka lebaka lona leo, a sa lumelloe ho lokoloha ho ba setho sa boo a bo amohelang.”

[Litšoantšo]

Tertullian

Chateillon

De Belloy

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

All photos: © Cliché Bibliothèque Nationale de France, Paris

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela