Tokoloho ea Bolumeli e Bolela Eng ho Uena?
Le hoja tokoloho ea bolumeli e nkoa e le tokelo ea motheo United States, leqhubu la pefo ea mahoo-hoo khahlanong le Lipaki tsa Jehova le ile la puputla ho pholletsa le naha ka bo-1940
BA LIMILIONE ba e loanetse. Ba bang ba bile ba e shoetse. Ka sebele ke le leng la matlotlo a bohlokoa ka ho fetisisa a moloko oa batho. Ke eng? Tokoloho! The World Book Encyclopedia e hlalosa tokoloho e le “matla a ho etsa liqeto le ho li phetha.” E tsoela pele: “Ho ea ka kutloisiso ea molao, batho ba lokolohile haeba sechaba se sa ba behela meeli e leeme, e sa hlokahaleng kapa e sa utloahaleng. Sechaba se boetse se lokela ho sireletsa litokelo tsa sona—ke hore, tokoloho ea sona ea motheo, matla le litokelo.”
Khopolo ena e utloahala e le bonolo. Leha ho le joalo, ha e sebelisoa, ho bonahala ho batla ho le boimanyana ho batho hore ba lumellane ka hore na ha e le hantle meeli ea tokoloho e lokela ho behoa hokae. Ka mohlala, ba bang ba lumela hore ’muso o lokela ho etsa melao bakeng sa ho sireletsa tokoloho ea baahi ba oona. Empa ba bang ba tla pheha khang ea hore melao ena ke tsona litlamo tseo baahi ba lokelang ho lokoloha ho tsona! Ka ho hlakileng, tokoloho e bolela lintho tse fapaneng ho batho ba fapaneng.
Ho Thoe’ng ka Tokoloho ea Bolumeli?
Mohlomong tokoloho eo ho phehisanoang khang ka eona ka mokhoa o matla ke tokoloho ea bolumeli, e hlalositsoeng e le “tokelo ea ho lumela le ho sebelisa tumelo eo motho a ikhethetseng eona.” Ho latela United Nations Universal Declaration of Human Rights, “e mong le e mong o na le tokelo tokolohong ea monahano, ea letsoalo le ea bolumeli.” Sena se kopanyelletsa tokelo ea motho ea “ho fetola bolumeli ba hae kapa tumelo,” hammoho le tokoloho ea “ho bonahatsa bolumeli ba hae kapa tumelo ka ho li ruta, ho li sebelisa, ho rapela le ho li boloka.”—Molao oa 18.
Ka sebele, re ka lebella hore sechaba leha e le sefe seo kannete se tsotellang bafo ba sona se fane ka tokoloho e joalo. Ka masoabi, hase kamehla sena se etsahalang. The World Book Encyclopedia ea bontša: “Bolumeli bo ama maikutlo a ka hare-hare a batho ba bangata. Mebuso e meng e na le maqhama a haufi-ufi le bolumeli bo itseng ’me e nka batho ba litumelo tse ling e le tšokelo bolaoling ba eona ba lipolotiki. Hape ’muso o ka ’na oa talima bolumeli bo e-na le kotsi lipolotiking hobane malumeli a ka ’na a tšepahala ho Molimo ho feta ho mamela naha.”
Ka mabaka ana, mebuso e meng e beha lithibelo tšebelisong ea bolumeli. E seng mekae ha e khothalletse ka ho feletseng tšebeliso ea tumelo leha e le efe. E meng le hoja e bolela hore e tšehetsa tokoloho ea borapeli, e laola ka ho sa tenyetseheng litšebeletso tsohle tsa bolumeli.
Ka mohlala, nahana ka boemo bo ileng ba rena ka lilemo tse ngata Mexico. Le hoja Molao-motheo o ne o tiisitse tokoloho ea bolumeli, o ne o qaqisa: “Likereke tse sebelisetsoang borapeli ba sechaba ke thepa ea Sechaba, e emetsoeng ke ’Muso oa Kopanelo o tlang ho rera hore na ke life tse ka tsoelang pele li sebelisoa ka mokhoa oo.” Ka 1991, Molao-motheo oo o ile oa lokisoa ho felisa moeli ona. Leha ho le joalo, mohlala ona o bontša hore tokoloho ea bolumeli e ka hlalosoa ka mekhoa e fapaneng linaheng ka ho fapana.
Mofuta o Mong oa Tokoloho ea Bolumeli
Na naheng eo u lulang ho eona ho na le tokoloho ea bolumeli? Haeba ho joalo, e hlalosoa joang? Na u ka rapela Molimo ka mokhoa oo u o khethang, kapa u qobelloa ho ba setho sa bolumeli ba Naha? Na u lumeletsoe ho bala le ho hasanya lingoliloeng tsa bolumeli, kapa ’muso o thibetse boitsebiso bo joalo bo ngotsoeng? Na u ka bua le ba bang ka tumelo ea hao, kapa see se talingoa e le ho kena-kenana le litokelo tsa bona tsa bolumeli?
Likarabo tsa lipotso tsena li itšetlehile ka hore na u lula hokae. Leha ho le joalo, ka ho thahasellisang ho na le mofuta oa tokoloho ea bolumeli oo ho hang o sa itšetlehang ka sebaka. Ha a ne a le Jerusalema ka selemo sa 32 C.E., Jesu o ile a re ho balateli ba hae: “Haeba le lula lentsoeng la ka, ka sebele le barutuoa ba ka, ’me le tla tseba ’nete, ’me ’nete e tla le lokolla.”—Johanne 8:31, 32.
Jesu o ne a bolela’ng ka polelo ee? Bamameli ba hae ba Bajuda ba ne ba laba-labela ho lokoloha pusong ea Maroma. Empa Jesu o ne a sa bue ka tokoloho khatellong ea lipolotiki. Ho e-na le hoo, o ne a tšepisa barutuoa ba hae ho hong ho molemonyana, joalokaha re tla bona sehloohong se latelang.