Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g99 1/8 maq. 3-5
  • Leeme la Bolumeli Kajeno

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Leeme la Bolumeli Kajeno
  • Tsoha!—1999
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mefuta e sa Tšoaneng ea Khethollo
  • Ke’ng se Leng Kotsing?
  • Tokoloho ea Bolumeli e Bolela Eng ho Uena?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Ho Sireletsa Tokoloho—Joang?
    Tsoha!—1999
  • Batho ba Lokolohileng Empa ba Tla Ikarabella
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • U se ke Ua Lahleheloa ke Morero oa Tokoloho e Fanoeng ke Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
Bala Tse Ling
Tsoha!—1999
g99 1/8 maq. 3-5

Leeme la Bolumeli Kajeno

“E mong le e mong o na le tokelo ea bolokolohi ba monahano, ba letsoalo le ba bolumeli; tokelo ena e akarelletsa bolokolohi ba ho fetola bolumeli ba hae kapa seo a se lumelang ’me, ebang o mong kapa o kopane le ba bang, o pooaneng kapa o poteletse, o na le bolokolohi ba ho totobatsa bolumeli ba hae kapa seo a se lumelang ka ho ruta, ka liketso, ka borapeli le ka ho iphaphatha ka bona.” KAROLO EA 18 EA PHATLALATSO E AKARETSANG EA LITOKELO TSA BOTHO EA 1948.

NA U na le tokoloho ea bolumeli naheng ea heno? Ho bonahala hore linaha tse ngata lefatšeng li lumellana le molao-motheo ona o khabane, oo hangata o ’nileng oa kenyelletsoa liphatlalatsong tsa machaba. Leha ho le joalo, ho hakanngoa hore linaheng tse ngata moo leeme le khethollo e leng linnete tse bohloko, batho ba limilione tse se nang palo ha ba thabele tokoloho ea bolumeli. Ka lehlakoreng le leng, batho ba bangata ba phela lichabeng tsa merabe e mengata kapa tsa malumeli a mangata moo tokoloho e tiisitsoeng ka molao le moo ho hlompha maikutlo a ba bang ho bonahalang ho sireletsoa setsong sa lichaba tseo.

Leha ho le joalo, esita le libakeng tsena, tokoloho ea bolumeli ea batho ba bang ea sokeloa. Angelo d’Almeida Ribeiro, eo e kileng ea e-ba Motlalehi ea Khethehileng ea neng a khethiloe ke Moifo oa Machaba a Kopaneng oa Litokelo tsa Botho o ile a re: “Khethollo ea bolumeli kapa tumelo e teng hoo e ka bang litsamaisong tsohle tsa moruo, tsa sechaba le tsa likhopolo le lefatšeng lohle.” Bukeng ea bona ea Freedom of Religion and Belief—A World Report, e hatisitsoeng ka 1997, bahlophisi ba eona Kevin Boyle le Juliet Sheen ba re: “Mahloriso a bolumeli a malumeli a manyenyane [le] ho nyatsoa ha seo batho ba se lumelang le khethollo e atileng . . . ke lintho tse etsahalang letsatsi le letsatsi qetellong ea lekholo lena la mashome a mabeli la lilemo.”

Leha ho le joalo, khethollo ea bolumeli ha e ame malumeli a manyenyane feela. Moprofesa Abdelfattah Amor, Motlalehi ea Khethehileng oa Moifo oa Machaba a Kopaneng oa Litokelo tsa Botho, Litabeng tsa Leeme la Bolumeli, o hlokomela hore “ha ho bolumeli bo ke keng ba hatakeloa.” Kahoo, ka sebele ho ka etsahala hore ebe moo u lulang teng, malumeli a mang a talimane le leeme le lehloeo.

Mefuta e sa Tšoaneng ea Khethollo

Khethollo ea bolumeli e ka ba le libōpeho tse ngata. Linaha tse ling li mpa feela li thibela malumeli ’ohle ntle ho bo le bong, ha e le hantle li bo etsa bolumeli ba Naha. Linaheng tse ling ho fetisoa melao e thibelang mosebetsi oa malumeli a itseng. Linaha tse ling li entse melao eo motho ka mong a ’nileng a e utloisisa ka tsela ea hae. Nahana ka tekanyetso ea tšebeliso e mpe ea molao o buelloang Iseraele oa ho liha kotlo bakeng sa ho kenngoa ka har’a naha ha libukana kapa thepa “tse nang le tšusumetso ea ho sokollela batho bolumeling bo itseng,” ho hatisoa ha tsona, ho ajoa ha tsona kapa ho ba le tsona. Ha ho makatse hore ebe koranta ea International Herald Tribune ea tlaleha: “Iseraele, Lipaki tsa Jehova li ’nile tsa hobosoa le ho hlaseloa.” Holo ea ’Muso ea Lipaki tsa Jehova e Lod e ile ea thuhuoa ka makhetlo a mararo ’me thepa ea eona ea senngoa ka makhetlo a mabeli ke lihlopha tsa batho ba chesehelang bolumeli ka ho feteletseng. Mapolesa a ile a hana ho kenella.

Buka ea Freedom of Religion and Belief e bua ka mehlala e meng ea leeme: “Bokhelohi le bakhelohi hase khopolo feela ea nakong e fetileng. . . . Ho khesoa, ho hlorisoa le ho khetholloa ha ba nkileng tsela e fapaneng e sa ntse e le sesosa se ka sehloohong sa leeme. Baahmadi ba Pakistane le [Bahai] ba Egepeta, Iran le Malaysia ke mehlala e meng e kang Lipaki tsa Jehova linaheng tse ’maloa tsa Europe Bochabela, Greece le Singapore.” Ho hlakile hore tokoloho ea bolumeli ea sokeloa likarolong tse ngata tsa lefatše.

Ha a talimane le sena, Federico Mayor, motsamaisi-kakaretso oa Mokhatlo oa Machaba a Kopaneng oa Thuto, Saense le Setso, o ile a bolela hore mokhatlo oa batho o hlahang oa bokamoso bo haufi “ha o susumelletse cheseho ea pelo eohle. . . . Meea e fokang ea tokoloho e hotelitse hape mashala a sa ntseng a hlenne a lehloeo.” Ha a bontša bonnete ba tšabo ena, mookameli oa Setsi sa Litokelo tsa Botho sa Univesithi ea Essex, United Kingdom, o ile a hlokomela: “Bopaki bohle bo lebisa qetong ea hore leeme la bolumeli . . . lea eketseha ho e-na le ho fokotseha lefatšeng la kajeno.” Leeme le joalo le ntseng le eketseha le sokela tokoloho ea bolumeli, mohlomong tokoloho ea hao ea bolumeli. Leha ho le joalo, ke hobane’ng ha tokoloho ea bolumeli e le ea bohlokoa hakaale?

Ke’ng se Leng Kotsing?

Bryan Wilson, setsebi litabeng tsa kahisano, bukeng ea hae ea Human Values in a Changing World o ile a hlokomela: “Tokoloho ea bolumeli ke tlhokahalo e ka sehloohong pele sechaba sefe kapa sefe se ka boleloa se lokolohile. . . . Ntle ho tokoloho ea bolumeli le tokelo ea hore motho a hase tumelo ea hae ho ke ke ha e-ba le tokelo ea letsoalo le ea puso ea sebele ea sechaba ka sechaba.” ’Me, joalokaha lekhotla la Fora le sa tsoa hlokomela, “tokoloho ea bolumeli ke e ’ngoe ea likarolo tse ka sehloohong tsa tokoloho sechabeng.” Kahoo, ebang u molumeli kapa ha u eena, u lokela ho thahasella tšireletso ea tokoloho ea bolumeli.

Maikutlo a naha ka tokoloho ea bolumeli a boetse a ama haholo botumo ba eona le ho tšeptjoa ha eona ke machaba. Tlaleho e ’ngoe e ileng ea etsoa ka 1997 sebokeng sa lichaba tse 54 sa Mokhatlo oa Europe oa Tšireletseho le Tšebelisano e itse: “Tokoloho ea Bolumeli ke e ’ngoe ea lintho tsa bohlokoahali litokelong tsa botho, e hlokahalang bakeng sa seriti sa botho. Ha ho tsamaiso e hatakelang kapa e lumellang ho hatakeloa ho hlophisitsoeng ha litokelo tse joalo e ka fanang ka lebaka le utloahalang la ho ba setho sa sechaba sa linaha tse nang le boitšoaro bo botle le tsa puso ea sechaba ka sechaba tse hlomphang litokelo tsa botho tsa motheo.”

Tokoloho ea bolumeli e tšoana le karolo ea motheo oa mohaho. Mefuta e meng ea tokoloho—e leng ea sechaba, ea lipolotiki, ea setso le ea moruo—e hahiloe holim’a eona. Haeba motheo o tlosoa, mohaho oohle oa senyeha. Moprofesa Francesco Margiotta-Broglio o beha taba ena ka ho toba ka tsela ena: “Neng le neng ha tokoloho [ea bolumeli] e hatakeloa, mefuta e meng ea tokoloho e tla senyeha.” Ho hlokahala hore tokoloho ea bolumeli e sireletsoe pele e le hore mefuta e meng ea tokoloho e ka sireletseha.

E le hore ho ka hlokomeloa hore na ntho e itseng e ka sireletsoa ka tsela e molemo joang, ho hlokahala hore e utloisisoe. Metso ea tokoloho ea bolumeli ke efe? E ile ea thehoa joang, hona e le ka litšenyehelo life?

[Setšoantšo se leqepheng la 4]

Leeme la bolumeli le na le histori ea nako e telele

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela