Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g97 6/8 maq. 7-20
  • Ho Etsahetse’ng Ka Boithabiso?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Etsahetse’ng Ka Boithabiso?
  • Tsoha!—1997
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Hlokahala Temoho
  • TV—“Morupeli ea Poteletseng”
    Tsoha!—2006
  • Ho Rata Liketso Tse Mabifi ka ho Feteletseng
    Tsoha!—2012
  • Na Thelevishene e U Fetotse?
    Tsoha!—1991
  • Kamoo U ka Bolokang Pono e Molemo ea Kelello Kateng
    Tsoha!—1999
Bala Tse Ling
Tsoha!—1997
g97 6/8 maq. 7-20

Ho Etsahetse’ng Ka Boithabiso?

KE JOANG Baroma ba boholo-holo, bao ho neng ho lumeloa hore ba tsoetse pele mekhoeng ea bophelo, ba neng ba ka talima ho hlokofatsoa ha batho ba habo bona e le boithabiso? Ho The Conflict of Christianity With Heathenism, Gerhard Uhlhorn oa ngola: “Ho ka hlalosoa feela ka hore ke takatso e feteletseng ea lintho tse tsosang batho molota tse ncha le tse matla. Ba khathetse ke mefuta ena eohle e khonehang ea boithabiso, batho ba ile ba batla . . . boithabiso bo seng bo ke ke ba fumaneha kae kapa kae.”

Kajeno batho ba bangata ba bonahatsa ka ho tšoanang “takatso e feteletseng ea lintho tse tsosang batho molota tse ncha le tse matla.” Ke ’nete hore ba ka ’na ba se ke ba kopana ho tla shebella polao e sehlōhō kapa boitšoaro bo litšila ba sebele. Empa khetho ea bona ea boithabiso e senola tšekamelo e tšoanang ka pefo le likamano tsa botona le botšehali. Nahana ka mehlala e seng mekae.

Libaesekopo. Mohlahlobisisi e mong oa libaesekopo, Michael Medved, o tiisa hore lilemong tsa morao tjena bahlahisi ba lifilimi ba bonahalitse “ho sekamela bobeng.” Oa phaella: “Molaetsa o fetisoang ke khoebo ea libaesekopo ho bonahala e le oa hore litšoantšiso tsa batho ba pelo li mpe le ba hlanyang li lokela ho nahaneloa ka ho teba, li fuoe tlhompho e khethehileng, ho feta boiteko leha e le bofe ba ho ba le seriti kapa ho ba molemo.”

Ho hlōlisana le thelevishene ho ile ha qobella bahlahisi ba lifilimi ho itukubetsa ka matla e le hore ba hohele batho ho ea holong ea libaesekopo. Molula-setulo e mong oa moo ho hlahisoang libaesekopo teng o re: “Re hloka libaesekopo tse susumetsang, tse hlokang kutloelo-bohloko, tse ikhethang mananeong ’ohle ao batho ba a bonang thelevisheneng. Hase hore re hlile re tlamehile ho hlahisa tšollo ea mali le liketso tse ling tsa ho bolaea kapa puo [e litšila], empa ke seo u se hlokang kajeno bakeng sa ho hlahisa filimi.” Ka sebele, ba bangata ha ba sa tšosoa esita le ke setšoantšo sa baesekopo se tletseng pefo ka ho fetisisa. Motsamaisi e mong oa baesekopo, Alan J. Pakula o re: “Batho ha ba sa angoa ke liphello tsa tsona. Palo ea ba shoang e imenne ka makhetlo a mane, litlhaselo tsa liqhomane li eketseha ka sekhahla, ’me ho bonahala batho ba sa re letho ka tsona. Ba hōlisitse boikutlo ba bobatana ba ho se khotsofale.”

Thelevishene. Litšoantšo tse litšila tsa likamano tsa botona le botšehali ke lintho tse tloaelehileng thelevisheneng likarolong tse ngata tsa lefatše kajeno, ho akarelletsa Brazil, Europe le Japane. Motho ea shebellang TV ka ho itekanetseng Amerika o bona litšoantšo tse ka bang 14-000 tsa likamano tsa botona le botšehali ka selemo. Sehlopha se seng sa bafuputsi sea tlaleha: “Ho eketseha ha lihlooho tse buang ka boitšoaro ba likamano tsa botona le botšehali le ho bua puo-phara ka tsona ha ho bontše leha e le letšoao la ho kokobela. Meqoqo e kang ea ho ba le likamano tsa botona le botšehali le mong ka motho ea haufi, ho hlekefetsa ka likamano tsa botona le botšehali le ho robala le phoofolo, eo pele ho neng ho le lihlong ho bua ka eona, e se e fetohile mokhoa oa ho etsa phaello.”

Ho ea ka buka e bitsoang Watching America, ho na le lebaka la ho lumella ntho e ’ngoe le e ’ngoe thelevisheneng. E re: “Boitšoaro ba likamano tsa botona le botšehali ke phaello. . . . Ha lik’hamphani tsa tsamaiso le tlhahiso ea mananeo a thelevishene li hlokomela hore li hapile bashebelli ba bangata ho feta bao li ba halefisitseng, li ile tsa eketsa hanyane ka hanyane monyetla oa hore lihlahisoa tsa bona li rekoe ka ho lumella lintho tse lihlong haholoanyane ho phatlalatsoa e bile e le ka mokhoa o totobetseng haholoanyane.”

Lipapali tsa Video. Ha li bapisoa le tsa mehleng e hlomphehang ea bo-Pac-Man le Donkey Kong li se li nkile tsela e ’ngoe e ncha ea mehla ea lipapali tse bokhopo bo makatsang. Moprofesa Marsha Kinder o hlalosa lipapali tsena li le “mpe ho feta TV kapa baesekopo.” Li fana ka “molaetsa oa hore tsela feela ea ho fumana matla ke ho sebelisa pefo.”

Ka lebaka la kameho ea batho ka kakaretso, feme e ’ngoe e itlhommeng pele United States hona joale e se e sebelisa tsamaiso ea ho lekanyetsa lilemo tsa ba ka bapalang lipapali tsa eona tsa video. Leibole ea “MA-17”—e bontšang hore papali ke ea “ba hōlileng” le hore ha ea lokela ba ka tlaase ho lilemo tse 17—e ka ’na ea akarelletsa pefo e ngata, liketso tsa botona le botšehali le boitšoaro bo bong bo litšila. Leha ho le joalo, ba bang ba tšaba hore mokhoa oa ho lekanyetsa lilemo ka hore ke ea “ba hōlileng” o mpa o tla eketsa ho ipiletsa ha papali feela. Mocha e mong eo e leng mothoholetsi oa papali eo o re: “Haeba ke ne ke le lilemo li 15 ’me ke bona leibole ea MA-17, ke ne ke tla leka ka hohle ho fumana papali eo.”

’Mino. Makasine e ’ngoe e phenya-phenyang boitsebiso bo fuperoeng ke ’mino o tummeng e bolela hore bofelong ba 1995, e ne e le lialbamo tse 10 feela ho tse 40 tse ka holimo-limo tse neng li se na boitšoaro bo litšila kapa li sa bue ka lithethefatsi, pefo kapa boitšoaro ba likamano tsa botona le botšehali. St. Louis Post-Dispatch ea tlaleha: “’Mino o fumanehang ho bacha ba tlaase haholo lilemong o tšosa haholo, boholo ba oona o nyelisa bohlokoa ba litekanyetso le litumelo tse tloaelehileng. [’Mino] o ipiletsang ho bacha ba bang ba tlaase lilemong o tletse khalefo le ho felloa ke tšepo ’me o khothalletsa maikutlo a hore lefatše le motho ea o mametseng ba ea timelong.”

Ho bonahala mefuta ea ’mino ea death metal, “grunge” rock, le “gangsta” rap e nyakallela pefo. ’Me ho ea ka tlaleho ea San Francisco Chronicle, “ba bangata ba boholong indastering ba nahana hore lihlopha tse tšosang ka ho fetisisa li tseleng ea tsona ea bophahamo.” Hona joale lipina tse tlotlisang bohale le lefu, li atile Australia, Europe le Japane. Ke ’nete hore lihlopha tse ling tsa ’mino li lekile ho fetisa molaetsa ka tsela e bobebe. Leha ho le joalo, Chronicle e re: “Bopaki bo bontša hore ha ho na [’mino] o mongata o sa belaetseng o rekisoang.”

Lik’homputha. Tsena ke lisebelisoa tsa bohlokoa tse nang le melemo e mengata. Leha ho le joalo, ba bang ba boetse ba li sebeliselitse ho jala boitsebiso bo litšila. Ka mohlala, makasine ea Maclean e tlaleha hore boitsebiso bona bo litšila bo akarelletsa “litšoantšo le boitsebiso bo ngotsoeng bo mabapi le ntho e ’ngoe le e ’ngoe ho tloha ho bo makatsang ho isa ho ba botekatse le ba ho hlekahlekoa ha bana ka likamano tsa botona le botšehali—e leng boitsebiso bo neng bo tla tšosa batho ba baholo ba bangata, ho se ho sa thoe letho ka bana ba bona.”

Boitsebiso bo Baloang. Libuka tse ngata tse ratoang li tletse ka boitšoaro ba botona le botšehali le pefo. Haufinyane tjena United States le Canada ho na le feshene ea se ’nileng sa bitsoa “libuka tsa litšōmo tse tšosang”—lipale tsa bokhopo bo tšosang tse lebisitsoeng ho bacha ba ka bang lilemo tse robeli. Diana West, ha a ngola ho New York Teacher, o re libuka tsena li “bolaea matsoalo a bana, li sitisa matla a kelello ho hōla esita le pele a qala ho sebetsa.”

Phuputso ea National Coalition on Television Violence (NCTV) e tlaleha hore libuka tse ngata tsa metlae tse hatisoang Hong Kong, Japane le United States li bua ka “lintoa tse khōlō le tse mahlo-mafubelu, bolimo, ho khaoloa hlooho, bosatane, peto le boitšoaro bo bong bo litšila.” Dr. Thomas Radecki, motsamaisi oa phuputso ea NCTV o re: “Ho ata ha boitsebiso bo buang ka pefo le boitšoaro bo theolang seriti ba botona le botšehali limakasineng tsena hoa tšosa. Ho bontša kamoo re bolaileng matsoalo a rōna kateng.”

Ho Hlokahala Temoho

Ka ho hlakileng, lefatše kajeno le thahasella haholo boitšoaro ba botona le botšehali le pefo, ’me sena se bonahatsoa ke khoebo ea boithabiso. Boemo bona bo tšoana le bo ileng ba hlalosoa ke moapostola oa Mokreste Pauluse: “E le [ba] feletsoeng ke kutlo eohle ea boitšoaro, [ba] ineheletse boitšoaro bo hlephileng ho sebetsa ho se hloeke ha mofuta o mong le o mong ka meharo.” (Baefese 4:19) Ka lebaka le utloahalang ba bangata kajeno ba batla ho hong ho molemonyana. Na ua ho batla? Haeba ho joalo, u tla thabela ho tseba hore u ka fumana boithabiso bo khathollang, joalokaha sehlooho se latelang se tla bontša.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 19]

Thelevishene E Ka Ba Kotsi

THELEVISHENE e ile ea qala phatlalatso ea eona United States lipontšong tsa lefatše ka 1939, New York. Moqolotsi e mong oa litaba ea neng a le teng o ile a hlahisa tšabo ea hae mabapi le bokamoso ba sesebelisoa sena se secha. O ile a ngola: “Bothata ba thelevishene ke hore batho ba tlameha ho lula fatše le ho tsepamisa mahlo a bona sekrineng; lelapa le itekanetseng la Amerika ha le na nako ea seo.”

O ne a fositse hakaakang! Ka sebele, ho ’nile ha boleloa hore nakong eo motho ea itekanetseng oa Amerika a qetang sekolong se phahameng, o tla be a qetile nako e fetang karolo ea 50 lekholong a le ka pel’a TV ho feta eo a e qetang a le ka pel’a tichere. Dr. Madeline Levine bukeng ea hae e bitsoang Viewing Violence o re: “Bana ba lemaletseng ho shebella thelevishene ba leqhoko ho feta ba bang, ba nyahame, ba batenya haholo, ha ba nahane haholo, ba hloka kutloelo-bohloko, ’me ke liithuti tse fetoang ke lithaka tsa tsona tse sa lemallang ho e shebella.”

Keletso ea hae ke efe? “Bana ba lokela ho rutoa hore thelevishene, feela joaloka lisebelisoa tse ling tsa ka tlung, e na le mosebetsi o itseng. Ha re siee seomisa-moriri se ntse se sebetsa leha moriri oa rōna o se o omme, kapa ho siea sebesa-bohobe se ntse se tuka leha bohobe bo se bo lokile. Re tseba melemo e itseng ea lisebelisoa tsena ’me re tseba le nako ea ho li tima. Bana ba rōna ba lokela ho rutoa ka mokhoa o tšoanang ka thelevishene.”

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 7]

Boithabiso Ho Potoloha Lefatše

Tsoha! e ile ea kōpa bangolli ba eona likarolong tse fapaneng tsa lefatše ho hlalosa litloaelo tse teng tsa boithabiso libakeng tseo ba phelang ho tsona. Tse latelang ke tse ling tsa litlhaloso tsa bona.

Brazil: “Mananeo a TV a ntse a silafala ka ho eketsehileng. Leha ho le joalo, kaha batsoali ba bangata ba sebetsa hōle le mahae, hangata bana ba siuoa ba le bang hore ba itlose bolutu ka TV. Li-CD-ROM tse buang ka tšebelisano le matla a phahametseng tlhaho le lipapali tsa video tse bontšang pefo e mahlo-mafubelu li atile.”

Czech Republic: “Ho tloha ha Bokomonisi bo ne bo fela, naha e ’nile ea pupetsoa ke boithabiso boo ho seng mohla bo kileng ba bonoa mona, bo akarelletsang mananeo a TV a tsoang Bophirimela le mabenkele a libuka tsa bootsoa. Bacha ba hanella libakeng tsa disco, mekhatlong ea billiard le matlong a thekiso ea joala. Phatlalatso e phafang le khatello ea lithaka hangata li fana ka tšusumetso e matla ho bona.”

Jeremane: “Ka bomalimabe, batsoali ba bangata ba tsoafa ho lokisetsa bana ba bona boithabiso, kahoo hangata bacha ba itšetleha ka ba bang bakeng sa ho ba le nako e monate. Ba bang ba itšehla thajana ka lipapali tsa k’homputha. Ba bang ba kopanela litantšing tsa bosiu bohle tse bitsoang li-rave, moo lithethefatsi li bapalang bana.”

Japane: “Libuka tsa metlae li ratoa haholo ke bacha le ke batho ba baholo bakeng sa ho qhoba nako, empa tsena hangata li tletse ka pefo, boitšoaro bo bobe le puo e litšila. Papali ea chelete le eona e atile. Tloaelo e ’ngoe e hlobaetsang ke ea bananyana ba letsetsang mekhatlo e sebetsang ka thelefono e phatlalatsang hore e sebeletsa banna mererong ea boitšoaro bo bobe. Ba bang ba e letsetsa feela molemong oa ho ithabisa, ha ba bang ba e-ea bohōleng ba ho laetsana e le hore ba lefuoe, e leng hoo mabakeng a mangata ho lebisang botekatseng.”

Nigeria: “Liholo tsa lipapali tsa video tse se nang taolo lia ata Afrika Bophirimela. Mek’huk’hu ena ea nakoana e bulehetse batho ba lilemo tsohle, ho akarelletsa bana. Livideo tsa bootsoa le tse tšosang li bontšoa kamehla. Ho phaella moo, lifilimi tse hlahisoang moo le ho hasoa ho TV li atisa ho bontša tšebelisano le meea.”

Afrika Boroa: “Litantši tsa bosiu bohle lia eketseha mona, ’me hangata lithethefatsi li fumaneha habonolo ho tsona.”

Sweden: “Matlo a thekiso ea joala le li-nightclub li atleha haholo, Sweden, ’me hangata litlokotsebe le barekisi ba lithethefatsi ba khobokellana libakeng tse joalo. Boithabiso ba thelevishene le video bo tletse ka pefo, tšebelisano le meea le boitšoaro bo bobe.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela