Ha Lefatše Lohle e Tla be e le Sebaka se Sireletsehileng
NA U batla ho bona sebōpuoa se kotsi ka ho fetisisa lefatšeng? Ak’u shebe ka seiponeng! E, ke rōna, batho, ba senyang lefatše ka ho fetisisa! Re bile re bolaeana ka bongata.
E le hore lefatše le sireletsehe bakeng sa liphoofolo tse hlaha, esita le tsona tse libakeng tsa polokelo ea liphoofolo—haholo-holo haeba e e-ba tsona libaka tsa ho qetela tseo li ka tšabelang ho tsona—ntoa, e leng bothata ho moloko oa batho, e tlameha ho felisoa. Ke liphoofolo tse 91 feela ho tse 12 000 Sebakeng sa Polokelo ea Liphoofolo se Berlin tse ileng tsa pholoha Ntoa ea II ea Lefatše. Libaka tse ling tse ngata tsa polokelo ea liphoofolo li fetile boemong bo tšoanang. Ntoeng ea morao tjena linaheng tsa Balkan, basebetsi ba sebete ba sebaka sa polokelo ea liphoofolo ba ile ba fallisetsa liphoofolo tse ngata sebakeng se sireletsehileng; empa tse ling tse makholo-kholo, tse akarelletsang likhama, liphoofolo tse kang nkoe, libere le liphiri, li ile tsa bolaoa. Ho ea ka liofisiri tse qotsitsoeng koranteng ea The Australian, morao tjena, mokhatlo oa Khmer Rouge o bolaile ka boomo liphoofolo tse ngata tse sa tloaelehang, meferong ea Cambodia. Hobane’ng? E le hore o reke libetsa ka matlalo a tsona le lihlahisoa tse ling!
Ho senngoa ha lintho tse phelang le tikoloho ea tsona, ho kang ho Lihlekehlekeng tsa Peron, ka boroa-bophirimela ho Darwin, Australia, ke bothata bo bong bo lokelang ho felisoa e le hore liphoofolo li tle li sireletsehe—ebang li ka hare ho libaka tsa polokelo ea liphoofolo kapa li ka ntle ho tsona. Ka makhetlo a mabeli lilemong tse tharo, lihlaha tsa li-pelican li ile tsa chesoa lihlekehlekeng tsena, ka ho totobetseng ho se lebaka haese feela ho bolaea malinyane ao a e-song ho fofe ka sehlōhō.
Leha ho le joalo, lilemong tsa morao tjena tse mashome tahlehelo e khōlō ea mefuta ea liphoofolo ha ea bakoa ke bokhopo; e bakiloe ke sepenya sa baahi ba batlang ka mahlo a matšo litša tsa bolulo le masimo a temo. Ka lebaka la ho itšunya-tšunya hona ho hlokang mohau tikolohong ea liphoofolo hammoho le tšilafalo e tsamaeang le hona The World Zoo Conservation Strategy ea lemosa: “Tšepo ea lihloliloeng tsohle tsa lefatše lekholong la bo21 la lilemo e lerootho. Ha ho letho le supang hore tšenyo e etsahalang hoo e batlang e le likarolong tsohle tsa lefatše e tla khaotsa haufinyane.”
Ha ho talingoa kameho e ntseng e hōla ka bokamoso ba lefatše, taba ea hore ho na le nako eo ka eona lefatše lohle e tla ba sebaka se sireletsehileng e ka ’na ea utloahala e le khopolo feela tjee. Leha ho le joalo, tšepo e joalo e thehiloe motheong o tiileng, eseng ponong ea motho ea shebelang lintho haufinyane—eo lilengoaneng tse ka bang 50 tse fetileng, ho ea ka mongoli e mong oa saense, a neng a sa nahane letho ka tšenyo e teng hona joale ea bophelo le tikoloho—empa e thehiloe ho Jehova Molimo, ea e boneng esale pele. Lilemong tse fetang makholo a 19 tse fetileng, o ile a bolela esale pele hore mehleng ea rōna batho ba ne ba tla tšoareha liketsong tse “senyang lefatše.” (Tšenolo 11:18) Kaha mantsoe ao a buuoe nakong eo lefatše le neng le e-na le baahi ba fokolang, mohlomong ho ba bangata ba neng ba phela nakong eo boprofeta boo bo ile ba bonahala eka ke boiqapelo, empa bo ipakile e le bo nepahetseng hakaakang!
Ho bonahalang ho makatsa ke hore tšenyo ena e etsahala nakong eo ka eona saense le theknoloji li bonahalang li hlile li khona ho etsa mehlolo: li-microtransmitter le lisathelaete li khona ho fana ka boitsebiso ba liphoofolo tse kotsing, tšenyo ea meru e lulang e le metala e lekanngoa ka sekoere-mithara ho tloha sepakapakeng, ’me tšilafalo ea moea e lekanngoa ka likarolo tse nyenyane haholo. Le hoja mekhelo e seng mekae e le teng, ho bonahala motho a hlōleha ho sebelisa boitsebiso bona bo bongata bo bokeletsoeng. Mohlomong motho o tšoana le mokhanni oa terene e tsoileng taolong. Ke eena ea tšoereng marapo mechineng e marang-rang ea elektronike le limonithareng tse mo bolellang ntho e ’ngoe le e ’ngoe e etsahalang, empa o sitoa ho emisa terene!
Ke Hobane’ng ha Boiteko bo Etsoang bo Hlōleha?
Nahana ka fektheri e khōlō, eo ho eona motsamaisi e mong ea ikhohomosang, ea hlokang mekhoa e metle a utloang ha mong’a hae a bolela hore a ke ke a mo phahamisa boemong empa, ho e-na le hoo, o tlil’o mo leleka ka mor’a likhoeli li se kae. A halefile ’me a batla ho iphetetsa, o sebelisa mashano, tjotjo le maqheka ana kaofela a bolotsana hore a ikhapele tšehetso ea basebetsi ba bangata ho baka tšenyo. Ba roba mechine, ba liehisa tlhahiso ea thepa, ba etsa hore lihlahisoa e be tse nang le phoso—leha ho le joalo ba etsa sena ka masene e le hore ba se ke ba jarisoa molato. Ka nako e tšoanang, basebetsi ba tšepahalang, ba sa hlokomele se hlileng se etsahalang, ba leka ho lokisa lintho; empa ha ba leka ho ikitlaetsa ka matla, lintho li mpefala le ho feta.
Ka mokhoa o tšoanang “motsamaisi” ea khopo oa lefatše lena o reretse batho le lefatše bolotsana. Empa tabeng ea hae ha rea tlameha ho lula re le “ba hlokang tsebo ka merero ea hae,” kaha Bibele e tlosa lekoko leo a ipatileng ka lona ’me e senola sebōpuoa sena se halefileng sa moea—Satane Diabolose—e leng lengeloi le ileng la fetoha moikakasi ’me la labalabela ho rapeloa. (2 Bakorinthe 2:11; 4:4) Molimo o ile a le lahlela ka ntle ho lelapa la Hae la leholimo ’me a le ahlolela timetso.—Genese 3:15; Baroma 16:20.
Ho tšoana le motsamaisi ea khopo oa fektheri, “ntate [enoa] oa leshano” le eena o sebelisa maqheka a bolotsana ho bontša khalefo ea hae. O hloile Jehova Molimo ’me o batla ho soahlamanya pōpo ea Hae. (Johanne 8:44) Likofuto tse ka sehloohong tsa Satane ke mashano ao a a phatlalatsang, meharo, lerato la lintho tse bonahalang le lithuto tse kotsi tsa bolumeli. Ka tsona o ’nile a ‘khelosa lefatše lohle leo ho ahiloeng ho lona’ le ho faposa batho—ba neng ba lebeletsoe ho hlokomela lefatše—hore e be ba le senyang ka mabifi ka ho fetisisa, ha e hantle, hore e be balateli ba Nimrode oa boholo-holo, “setsomi se matla khahlanong le Jehova.”—Tšenolo 12:9, 12; Genese 1:28; 10:9, NW.
Tšepo Feela ea Sebele Bakeng sa Tšireletseho ea Lefatše
Leha ho le joalo, mabotho a batho le a phahametseng motho a ke ke a atleha ho timetsa moloko oa batho. ’Mōpi ea matla ’ohle ea bōpileng lintho tsohle tse phelang a ka re ntša qhafutsong ena e tšabehang, ’me ke sona seo a tšepisitseng ho se etsa ka ’muso oa hae oa leholimo. O tšepisa ho senya bao ba senyang lefatše. Ke sona seo re se rapellang ha re re: “Ho tle ’muso oa hao; thato ea hao e etsoe lefatšeng, joalo ka ha e etsoa leholimong.”—Matheu 6:9, 10, Bibele ea Sesotho; Tšenolo 11:18.
Na u hlokometse hore ho tla ha ’Muso ho amahanngoa le ho etsoa ha thato ea Molimo lefatšeng? Lebaka ke hobane ’Muso oa Molimo ke puso ea Molimo holim’a lefatše. ’Me kaha ke ’muso, o na le morena—e leng Jesu Kreste, “Morena oa marena le Khosi ea likhosi.” (Tšenolo 19:16) O boetse o na le bafo. Ha e le hantle, Jesu o ile a re: “Ho thaba ba maikutlo a bonolo, kaha ba tla rua lefatše.” (Matheu 5:5) E, bana ba maikutlo a bonolo ke bafo ba oona ba lefatšeng, ’me ka thuso ea ’Muso oa Molimo, ka lerato ba tla hlokomela lefa la bona, ba le fetole paradeise e nyakallisang e tletseng bophelo. Ka ho thahasellisang, Strategy e re: “Bokamoso ba batho le ba lihloliloeng bo tla sireletseha haeba feela batho bohle ba ka qala ho phela kutloanong le lihloliloeng.”
Histori le litšekamelo tsa botho tse sa phethahalang li supa hore ke ntho e ke keng ea etsahala hore “batho bohle” ba teng kajeno ba ‘qale ho phela kutloanong’ le lihloliloeng, kaha ba hlokomolohile Jehova tabeng ena. Ha e le hantle, lebaka le leng leo ka lona Molimo a lumeletseng lefatše lena ho tsoela pele halelele hakana ke ho paka hore boipuso ba batho ke ba lefeela. Empa haufinyane, ba labalabelang bobusi ba Kreste ba tla thabela khotso e feletseng. Esaia 11:9 e tiisa sena, ’me e boetse e supa lebaka leo ka lona e leng bana feela ba tlang ho khona ho ‘qala ho phela kutloanong’ le lihloliloeng: “’Me ha ho sa tla etsoa hampe, ha ho sa tla hlola ho senngoa thabeng eohle e halalelang ea ka, hobane lefatše le tla tlala tsebo ea Jehova, joalo ka ha metsi a aparetse leoatle.” (Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.) E, thuto ea bomolimo ke senotlolo. ’Me na seo hase se utloahalang, kaha ke mang e mong ea ka bang le bohlale bo joalo kantle ho Moqapi oa lihloliloeng?
Ho thoe’ng ka ba phehellang ho hlokomoloha Jehova? Liproverbia 2:22 e re: “Empa ba babe ba tla khaoloa holim’a lefatše.” E, ho ba mabifi kapa ho se tsotelle ha bona ho tla fella ka hore ba lahleheloe ke bophelo “matšoenyehong a maholo” a atamelang ka potlako—e le tsela eo Molimo a lihang kahlolo e lokileng ka eona ho bohle ba phehellang ka boithati ho tlatlapa le ho senya pōpo ea hae.—Tšenolo 7:14; 11:18.
Na u batla ho kopanela lenaneong la tsosoloso ea lefatše? Joale, ka kōpo ithute seo Molimo a se hlokang ho uena ka ho ithuta Bibele. Ke eona feela e nang le matla a ho lokisa monahano oa hao hore o lumellane le oa ’Mōpi. (2 Timothea 3:16; Baheberu 4:12) Ho phaella moo, ka ho sebelisa seo u ithutang sona, hase feela hore u tla ba moahi ea molemonyana hona joale empa hape u tla ipaka hore ka sebele u motho eo Jehova a tla mo tšepela ho hlokomela ‘lefatše la hae le lecha’ le atamelang ka potlako.—2 Petrose 3:13.
Bahatisi ba makasine ena kapa phutheho ea Lipaki tsa Jehova e haufi le moo u lulang teng ba tla thabela ho u thusa ka thuto ea Bibele ea lehae e sa lefelloeng kapa likhatiso tse eketsehileng tse hlalosang litaba tsena haeba u lakatsa seo.