Sebaka sa Polokelo ea Liphoofolo na ke Eona Tšepo Feela Bakeng sa Liphoofolo Tse Hlaha?
MEHLENG ena ea morao ho entsoe liphetoho tse khōlō ka lenyele libakeng tsa lefatše tsa polokelo ea liphoofolo tse tsoelang pele haholoanyane. E le bopaki bo bonahalang, ho ile ha lokisoa libaka tsena tsa pontšo hore li lumellane le khopolo e mosa haholoanyane ea “ho lokisa tikoloho hore e tšoane le eo liphoofolo li e tloaetseng”—ho etsisa tikoloho eo liphoofolo li phelang ho eona ka tlhaho, e nang le limela, mafika, limela tse ithatelang, moholi, melumo esita le liphoofolo le linonyana tse ling tse phelang ’moho. Le hoja ho hloka chelete e ngata—ho sebelisoa lidolara tse ka bang limilione tse 1200 (liranta tse ka bang limilione tse 5600) lintlafatsong tsa libaka tsa polokelo ea liphoofolo le tsa matangoana a liphoofolo tse phelang metsing United States feela—liphetoho tseo li nkoa e le tsa bohlokoa ha ho talingoa pakane e khōlō eo libaka tsa polokelo ea liphoofolo li batlang ho e finyella.
Mosebetsi o Lokelang ho Phethoa Lekholong le Latelang la Lilemo
Ka lebaka la ho sokeloa ha methoaela ea lintho tse phelang lefatšeng, libaka tse itlhommeng pele polokelong ea liphoofolo li ikemiselitse ho phetha mosebetsi oa paballo, thuto le phuputso ea saense lekholong la bo21 la lilemo. Li susumelitsoe ke phephetso eo e potlakileng, tse ling tsa libaka tsa polokelo ea liphoofolo li bile li nyahlalitse lebitso leo ka ho feletseng, bakeng sa lona li khethile mabitso a kang “sebaka sa tšireletso ea liphoofolo tse hlaha” kapa “serapa sa paballo ea lihloliloeng.”
Khatiso e bitsoang The World Zoo Conservation Strategy e fana ka tataiso mokhoeng ona o mocha. Mongoli e mong o ile a e hlalosa e le “tokomane ea bohlokoa ka ho fetisisa eo mokhatlo oa libaka tsa polokelo ea liphoofolo o kileng oa e hatisa,” ’me ha e le hantle, Strategy e hlalosa bophelo ba liphoofolo; e “hlalosa boikarabelo ba libaka tsa lefatše tsa polokelo ea liphoofolo le tsa matangoana a liphoofolo tse phelang metsing hammoho le menyetla eo li ka e sebelisang ho baballa liphoofolo tse sa tšoaneng tse hlaha lefatšeng.” E le ho tlosa lipelaelo leha e le life mabapi le mekhoa e mecha, Strategy ea phaella: “Tokelo ea ho ba teng ha sebaka sa polokelo ea liphoofolo kapa sa letangoana la liphoofolo tse phelang metsing e itšetlehile ka tlatsetso eo se e etsang paballong ea lihloliloeng.”
Ho ruta sechaba le ho etsa phuputso ea saense, haholo-holo tabeng ea ho tsoalisa liphoofolo tse koaletsoeng, ho bohlokoa haholo mokhoeng ona o mocha. Ba bang ba bacha kajeno e tla ba bahlokomeli ba ka moso ba libaka tsa polokelo ea liphoofolo, ba tla beng ba e-na le boikarabelo ba ho sireletsa mesaletsa ea lenane le eketsehang la liphoofolo tse hlaha tse ntseng li timela. Na ba tla phetha boikarabelo boo ka masene le ka boitelo? ’Me na batho ka kakaretso ba tla ba le pono e chabileng ka lintho tsa tlhaho? Ka lebaka lena, Strategy e khothalletsa hore sebaka se seng le se seng sa polokelo ea liphoofolo e be se rutang, se italime e le karolo ea “ho koetlisa matsoalo a batho lefatšeng ka bophara.”
Libaka Tsa Polokelo ea Liphoofolo li Kopanela Khokahanyong ea Lefatše ka Bophara
Ka lebaka la bohlokoa ba mosebetsi oa tsona, libaka tse ngata tsa polokelo ea liphoofolo lia ikopanya e le hore li thehe khokahanyo ea lefatše ka bophara, hona joale ke libaka tse ka bang 1000 tsa polokelo ea liphoofolo tse seng li ikopantse. Mekhatlo ea machaba, e kang The World Zoo Organization le International Union for the Conservation of Nature and Natural Resources, e hokahanya libaka tsena tsa polokelo ea liphoofolo ’me e etsa hore li be le tšebelisano-’moho le tsamaiso.
Ha e supa lebaka le susumetsang tšebelisano-’moho e joalo, buka e bitsoang Zoo—The Modern Ark e re: “Haeba sera se ipatileng, e leng ho neheloa ha mefuta e amanang haufi ea liphoofolo, se ne se ka thijoa, sebaka sa polokelo ea liphoofolo se ne se ka ’na sa se ke sa khotsofalla ho hlokomela sehlotšoana sa liphoofolo tseo se nang le tsona feela, a re re mohlomong, sa linkoe tsa Siberia. Ho e-na le hoo, linkoe tsohle tsa Siberia tse koaletsoeng libakeng tsa polokelo ea liphoofolo hohle k’honthinenteng—esita le lefatšeng ka bophara—li lokela ho nkoa e le mohlape o le mong.” Ka sebele, ho hlokahala liphoofolo tse makholo-kholo mofuteng ka mong e le hore ho fokotsoe kapa ho emisoe taba ea ho nehela mefuta e amanang haufi ea liphoofolo—e leng ho nyopisang liphoofolo le ho li timetsang—’me sena ka ho hlakileng se ke ke sa finyelloa ke sebaka se le seng feela sa polokelo ea liphoofolo. Strategy e re: “Ho bokelloa hona ha mehloli ea thuso e fumanehang ho tla hlokeha bakeng sa ho boloka bophelo tikolohong ea rōna ea Lefatše . . . e leng monyetla o motle ka ho fetisisa oa ho pholoha. Ho na le ba bangata ba lumelang hore haeba re sitoa ho baballa mefuta e meng ea bophelo le rōna re tla sitoa ho ipholosa.” Ka sebele, boikutlo bona ba ho hloka tšepo ea se molemo ha bo natse tšepiso ea Bibele ea ho tsosolosoa ha lefatše la paradeise.—Tšenolo 11:18; 21:1-4.
Litsela Tsa ho Thusa Libaka Tsa Polokelo ea Liphoofolo ho Atleha
Tlokotsi ea ho timela ha mefuta ea lintho tse phelang e boetse e susumelelitse boqapi ba theknoloji e phahameng, lithuso tse fumanehang machabeng tsa ho nehela liphoofolo tse koaletsoeng: libuka tse hlalosang leloko la liphoofolo, International Zoo Yearbook (IZY) le boitsebiso bo tsamaisoang ka k’homputha ba International Species Information System (ISIS).
Buka e ’ngoe le e ’ngoe e hlalosang leloko la liphoofolo e thathamisa boitsebiso bo mabapi le liphoofolo tsohle tse phelang libakeng tsa polokelo ea liphoofolo, kae le kae moo li leng teng lefatšeng. E fana ka boitsebiso ba machaba, ke senotlolo sa ho boloka liphatsa tsa lefutso tse matlafetseng le ho thibela ‘sera seo se ipatileng,’ e leng ho nehela mefuta e amanang haufi ea liphoofolo. Sebaka sa Polokelo ea Liphoofolo sa Berlin se ile sa bula khoro ka ho ngola buka ea pele e hlalosang leloko la liphoofolo ha, ka 1923, se ne se qala ho nehela nare e bitsoang wisent kapa European bison, eo Ntoa ea I ea Lefatše e neng e e siile e le makhatheng a ho timela.
E le ho nolofaletsa boitsebiso ba saense bo kang ba libuka tse hlalosang bophelo ba liphoofolo, IZY le ba lipalo tsa baahi ba lefatše ho ajoa ka bophara lefatšeng, ISIS e ile ea kenya tšebetsong tsamaiso e rarahaneng ea puisano ka 1974, United States. Tsamaiso ea eona e rarahaneng le e pharaletseng ea elektronike e ntseng e hōla hammoho le mehloli e fanang ka boitsebiso e ntseng e eketseha e thusa libaka tsa polokelo ea liphoofolo ho sebelisana ’moho ho etseng hore khopolo ea ho iketsa khokanyana-phiri ha libaka tsa polokelo ea liphoofolo e be ea sebele.
Likofuto tsa baeloji tseo libaka tsa polokelo ea liphoofolo li ileng tsa li amohela ka thabo li akarelletsa khatiso ea menoana ea DNA, ho kenngoa ha lelinyane le sa tsoa emoloa phoofolong e ’ngoe, ho kopanngoa ha peō e tona le e tšehali ka ntle ho ’mele oa phoofolo le ho hatsetsa (ho hoamisa peō e tona le lelinyane le sa tsoa emoloa). Khatiso ea menoana ea DNA e thusa libaka tsa polokelo ea liphoofolo ho khetholla leloko la liphoofolo li e-na le bonnete bo feletseng, e leng ho hlokahalang bakeng sa ho nehela mefuta e amanang haufi ea liphoofolo tse phelang e le mehlape, tseo ho leng thata ho khetholla leloko la tsona har’a tse ling. Ka nako e tšoanang, ho kenngoa ha lelinyane le sa tsoa emoloa phoofolong e ’ngoe le ho kopanya peō e tona le e tšehali ka ntle ho ’mele oa phoofolo ho hlahisa malinyane a mangata. Tsela e ’ngoe ea ho etsa sena ke ka ho atolosa lenane la “liphoofolo tse ka tsoalisoang” mefuteng ena e kotsing. Malinyane a tsona a sa tsoa emoloa a kenngoa liphoofolong tsa mofuta oa tsona—esita le liphoofolong tse ruuoang lapeng—tse ka nkang sebaka sa bo-’m’a malinyane ao. Mokhoa ona o entse hore khomo ea holstein e tsoale gaur (nare) ’me katse e ruuoang lapeng e tsoale setsetse sa India se kotsing ea ho fela. O boetse o fokotsa litšenyehelo, likotsi le mathata a ho tsamaisa liphoofolo tse kotsing ea ho fela bakeng sa ho neheloa. Sohle se hlokang ho nkuoa ke mokotlana o tšetseng malinyane a sa tsoa emoloa kapa peō e tona e hoamisitsoeng.
Kaha ho na le monyetla oa hore mefuta e meng ea liphoofolo e nyamele ka ho feletseng, libaka tse ’maloa tsa polokelo ea liphoofolo li qalile ho sebelisa mokhoa oa ho hoamisa—ho hoamisa peō e tona le malinyane a sa tsoa emoloa ho a boloka nako e telele. Liphoofolo tsena tse hoamisitsoeng li ka ’na tsa tsoaloa e le malinyane ka mor’a lilemo tse mashome, esita le tse makholo, ka mor’a hore mefuta ea habo tsona e timele! Le hoja mokhoa ona o sa fane ka tiiso, o nkoa e le “tšepo ea ho qetela bakeng sa ho li sireletsa.”
Ho Ithuta ka Liphoofolo Tse Hlaha ho Thusa Libaka Tsa Polokelo ea Liphoofolo ho Hlahisa Malinyane a Eketsehileng
Ho ithuta ha saense ka liphoofolo, ho akarelletsang ho ithuta tsela eo li itšoarang ka eona ha li le tikolohong ea tsona ea tlhaho, ke habohlokoa bakeng sa ho tsoalisa liphoofolo tse koaletsoeng ’me ho susumetsa tsela ea “ho lokisa tikoloho hore e tšoane le eo liphoofolo li e tloaetseng.” E le hore liphoofolo li lule li phela hantle ’me li tsoala, libaka tsa polokelo ea liphoofolo li lokela ho nahanela tsela eo li itšoarang ka eona ka tlhaho ’me li li boloke li “thabile.”
Ka mohlala, li-cheetah tse tona le tse tšehali li phela libakeng tse arohaneng hlatheng ’me li fetisetsana boitsebiso feela ka monko oa mosese le mantle a tsona. E tona ka nko feela e tseba ha e tšehali e palesitse, ebe joale e e tlōlela letsatsi kapa a mabeli feela. Ha libaka tsa polokelo ea liphoofolo li hlokomela tsela ena eo li itšoarang ka eona, li ile tsa ntlafatsa libaka tseo li li koallang ka ho tsona e le hore tse tona le tse tšehali li lule li arohane nako eohle haese feela nakong ea ho hoelisoa, ’me hoo ho ile ha atleha; malinyane a ile a tsoaloa.
Le hoja karohano e etsa hore li-cheetah li ratane le ho feta, ka li-flamingo ha ho joalo. Li kotana feela ha li le mehlapeng e meholo eo libaka tse ngata tsa polokelo ea liphoofolo li sitoang ho e boloka. Ke seo sebaka se seng sa polokelo ea liphoofolo Engelane se ileng sa se leka—sa “mena habeli” lenane la tsona ka ho sebelisa seipone se seholo. Ka lekhetlo la pele, linonyana tsena li ile tsa qala mokhoa oa tsona o tloaelehileng oa ho okaokelana! Na mehlala ee ha e u fe leselinyana la kamoo bophelo ba liphoofolo tse hlaha lefatšeng bo rarahaneng kateng? Ka sebele libaka tsa polokelo ea liphoofolo li tobane le phephetso e khōlō.
Pakane ea ho Sireletsa Liphoofolo ke ea Sebele Hakae?
E le ho bontša bokhoni ba lenaneo lena le lecha, mefuta e meng ea liphoofolo tse tsoaletsoeng libakeng tse koaletsoeng e se e khutliselitsoe tikolohong ea eona ea tlhaho. Har’a eona ke lenong la California, European bison, American bison, Arabian oryx, golden lion tamarin le pere ea Przhevalski. Leha ho le joalo, ho ntse ho ririellane leru le letšo holim’a litebello tsa tsona tsa nako e telele.
Strategy e re: “Mokhatlo oa batho ke o rarahaneng haholo, le mathata a lefatše a mangata hoo ho sa tsotellehe ho eketseha ha boiteko ba ho lemoha le ho ameha ka lihloliloeng le tikoloho, ho sa bang bonolo ho emisa mekhoa e mengata e timetsang.” Ka lebaka leo, ea phaella: “Ba baballang lihloliloeng ba tlameha ho itokiselletsa ho fumana mokhoa oa ho phonyoha nako e mahlonoko e lebeletsoeng.” Ka ho utloahalang sena se hloka hore ho be le tšebelisano-’moho likarolong tsohle tsa sechaba. Ho ea ka mongoli e mong oa saense, tšebelisano-’moho e teng hona joale, “e haelloa ke se hlokahalang ka mokhoa o soabisang.” Haeba likhatello tse isang timelong li mpa li fokotseha feela empa li sa fele, esita le boiteko bo molemo ka ho fetisisa mohlomong bo tla ’ne bo hlōlehe. Tikoloho ea tlhaho e khōlō le e phethahetseng—eseng feela ea libakanyana tse itseng, tse lebisang ho neheleng mefuta e amanang haufi ea liphoofolo—e tlameha ho ba teng. Ke ha ho le joalo feela libaka tsa polokelo ea liphoofolo li ka bang sebete ho lokolla liphoofolo tse ho tsona ho boela hlatheng. Empa na ho tšepa hoo ke ho tšepa ntho e ka etsahalang kapa e mpa e le takatso e inahaneloang feela?
Ho thatafatsang ho lumela seo le ho feta ke hore na libaka tse ikentseng khokanyana-phiri tsa polokelo ea liphoofolo li ka ba le matla a ho rarolla bothata bona. Moprofesa Edward Wilson o re: “’Nete e nyarosang ke hore libakeng tsohle tse teng lefatšeng kajeno tsa polokelo ea liphoofolo, ke mefuta e ka fihlang ho 2000 feela ea lianyesi, linonyana, lihahabi le liphoofolo tse khonang ho phela metsing kapa moo ho omileng e ka hlokomeloang ke tsona”—hoo e leng tlhasenyana feela ea tse teng. Kahoo libaka tsa polokelo ea liphoofolo li na le mosebetsi o sa rateheng ka ho fetisisa oa ho etsa qeto ea hore na ho siuoa mefuta efe ea lihloliloeng e le hore e baballoe ’me e meng e setseng e kenelle lethathamong le lelelele la e eang timelong.
Ho litsebi tsa lefapha la paballo ea lihloliloeng, sena se hlahisa potso e phephetsang, Ha ho nahanoa kamoo lintho tsohle tse phelang li tšehetsanang kateng, ke neng ho tla fihla nako ea hore bophelo ba tse teng hona joale bo be boemong bo kotsi ba ho timela ha mefuta e mengata hoo bophelo bo ntseng bo le teng lefatšeng moo bo tla ripitloa larita, ho akarelletsa moloko oa batho? Bo-rasaense ba khona ho hakanya feela. Ho Zoo Book, Linda Koebner o re: “Ho timela ha mofuta o le mong kapa e ’meli kapa e mashome a mahlano ho tla ba le liphello tseo re sitoang ho li hakanyetsa. Ho timela ha lintho tse phelang ho fetola lintho esita le pele re utloisisa bohlokoa ba tsona.” Ho sa le joalo, buka e bitsoang Zoo—The Modern Ark e re, “libaka tsa polokelo ea liphoofolo ke tse ling tsa libaka tse sireletsehileng ka ho fetisisa bakeng sa ho pholosa bophelo bo kotsing ea ho timela polaneteng, e leng ntoa eo ho ke keng ha hakanngoa tšenyo ea eona empa eo meloko e tlang e tlang ho re jarisa boikarabelo bo feletseng ka eona.”
Kahoo, na ho na le motheo leha e le ofe oa ho ba le tšepo? Kapa na meloko e tlang e tla ja tsuo ea lefatše le nang le mofuta o le mong feela oa bophelo, ha eona ka boeona e lebile timelong?
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Motho ke sera sa tsona se seholo ka ho fetisisa
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Tiger and Elephants: Zoological Parks Board of NSW
[Setšoantšo se leqepheng la 8]
Tse ling tsa liphoofolo tse kotsing—“bison,” “li-cheetah” le litšukulu tse ntšo
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Bison and Cheetahs: Zoological Parks Board of NSW
Rhinoceros: National Parks Board of South Africa