Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g96 8/8 maq. 23-24
  • Paballo ea Lintho Tsa Tlhaho Khahlanong le ho Fela ha Tsona

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Paballo ea Lintho Tsa Tlhaho Khahlanong le ho Fela ha Tsona
  • Tsoha!—1996
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Thuso ea Machaba
  • Ho Kenella ha Batho
  • Na ke Katleho e Khōlō Haholo?
  • Litebello Tse Belaetsang
  • Mefuta e Kotsing Boholo ba Bothata Bona
    Tsoha!—1996
  • Sebaka sa Polokelo ea Liphoofolo na ke Eona Tšepo Feela Bakeng sa Liphoofolo Tse Hlaha?
    Tsoha!—1997
  • Bophelo bo Rarahaneng
    Tsoha!—2001
  • Ho Etela Lirapa Tsa Liphoofolo Kajeno
    Tsoha!—2012
Bala Tse Ling
Tsoha!—1996
g96 8/8 maq. 23-24

Paballo ea Lintho Tsa Tlhaho Khahlanong le ho Fela ha Tsona

NTOA e pakeng tsa paballo ea lintho tsa tlhaho le ho fela ha tsona e ntse e kupa ho ea pele. Mekhatlo e mengata e fanang ka lithuso e hatella mebuso ho sebelisa melao e thata haholoanyane ea paballo ea lintho tsa tlhaho e le ho sireletsa mefuta e kotsing.

Ka mohlala, haufinyane tjena, lihlopha tse sa tšoaneng li ile tsa kopana le liofisiri tsa Chaena ’me li ile tsa fumana tšebelisano-’moho ea tsona boitekong ba ho felisa ho chehoa ha libere tse ntšo tsa Asia. Liphoofolo tsena li ’nile tsa nkeloa nyooko ea tsona le mekotlana ea eona, tse sebelisoang merianeng ea moetlo ea Bochabela.

Thuso ea Machaba

Ho sireletsa mofuta o itseng naheng e ’ngoe empa o tsongoa ho fihlela o fela libakeng tse ling ho ke ke ha tlisa katleho ea hore o sireletsoe. Ka lebaka leo, litumellano tsa machaba li ipakile li le nakong—’me li ngata. Convention on Biological Diversity, e leng Rio Treaty, e ile ea qala ho sebetsa ka matla bofelong ba 1993, ’me ea lateloa kapele-pele ke Agreement on the Conservation of Bats ea Europe. International Whaling Commission e ile ea ekelletsa setšabelo sa marua-rua sa Southern Ocean ho sa Indian Ocean e le boiteko ba ho sireletsa marua-rua a maholo le a manyenyane. Empa mohlomong tumellano e matla ka ho fetisisa ke Convention on International Trade in Endangered Species.—Bona lebokose.

Motho o ntse a e-na le ho hongata hoo a lokelang ho ithuta hona ka likamano tse teng pakeng tsa libōpuoa. Batšoasi ba litlhapi ba Afrika Bochabela ba ileng ba tšela tlhapi ea mofuta oa Nile perch ka har’a Lake Victoria bakeng sa ho eketsa phepelo ea lijo ba ile ba baka ntho eo setsebi sa bophelo ba liphoofolo Colin Tudge se ileng sa e bitsa “tlokotsi e khōlō ka ho fetisisa ea tikoloho ea lekholong lena la lilemo.” Har’a mefuta e 300 ea litlhapi tse letšeng leo, e ka bang 200 e ile ea nyamela. Le hoja bopaki ba haufinyane tjena bo beha molato khoholehong ea mobu bakeng sa ho ferekanya botsitso ba mefuta eo, hona joale mebuso ea linaha tse tharo tse sehelanang moeli ka letša leo, e thehile mokhatlo o rerang hore na ke mefuta efe ea litlhapi e ka tšeloang moo kantle le ho beha mefuta ea sebakeng seo kotsing.

Ho Kenella ha Batho

Karolo e ’ngoe eo ho tlalehoang hore ea atleha ke lenaneo la tsoaliso ea liphoofolo tse koaletsoeng libakeng tse ngata tsa polokelo ea liphoofolo. “Haeba kannete libaka tsohle tsa lefatše tsa polokelo ea liphoofolo li ne li ka ntšetsa pele tsoaliso ea liphoofolo tse koaletsoeng, ’me haeba ka sebele sechaba se ne se ka tšehetsa libaka tsa polokelo ea liphoofolo, joale ba ne ba tla sebetsa hammoho ho sireletsa mefuta eohle e nang le lesapo la mokokotlo eo mohlomong nakong e tlang e haufinyane e tlang ho hloka ho tsoalisoa moo e koaletsoeng.”—Last Animals at the Zoo.

Sebaka sa polokelo ea liphoofolo se sehleke-hlekeng se senyenyane sa Brithani sa Jersey se tsoalisa liphoofolo tse seng li qephile ka sepheo sa hore ka mor’a moo li khutlisetsoe naheng. Ka 1975, e ne e le lipapakhaie tse 100 feela tsa St. Lucia tse neng li setse lehaeng la tsona la Caribbean. Tse supileng tsa linonyana tsena li ile tsa isoa Jersey. Ka 1989 sebaka seo sa polokelo ea liphoofolo se ne se qhotsisitse tse ling tse 14 ’me se ne se khutliselitse tse ling tsa tsona St. Lucia. Ho tlalehoa hore hona joale ho na le tse ka holimo ho 300 sehleke-hlekeng seo.

Merero e tšoanang e atlehile le libakeng tse ling. National Geographic e tlaleha hore liphiri tse khubelu tse 17 tse setseng Amerika Leboea li ile tsa tsoala hantle moo li koaletsoeng, hoo hona joale tse fetang 60 li khutliselitsoeng naheng.

Na ke Katleho e Khōlō Haholo?

Liphoofolo tse kotsing hase hakaalo hore kamehla li sokeloa ke ho fela. Ho ea ka buka ea Endangered Species—Elephants, pakeng tsa 1979 le 1989, palo ea litlou tsa Afrika e ile ea theoha ho tloha ho 1300 000 ho ea ho 609 000—tse ling tsa liketso tsena e le phello ea ho bolaea liphoofolo ntle ho tumello ka lebaka la manaka tsona. Joale khatello ea sechaba ea hore khoebo ea manaka a litlou e thibeloe ka molao e eketsehile. Leha ho le joalo, khanyetso mabapi le ho thibeloa ha khoebo ea manaka a litlou e ile ea totobala haholo. Hobane’ng?

Zimbabwe le Afrika Boroa, mekhoa ea teng ea paballo ea lintho tsa tlhaho e atlehile hoo libaka tsa teng tsa sechaba tsa polokelo ea liphoofolo le moo ho koaletsoeng liphoofolo tse hlaha teng li nang le litlou tse ngata ho feta tekano. New Scientist e ile ea tlaleha hore ho ile ha hlokahala hore Zimbabwe e tlose litlou tse 5000 sebakeng sa polokelo ea liphoofolo sa Hwange National Park. Lihlopha tsa ba tšehetsang paballo ea lintho tsa tlhaho li ile tsa buella ho fumana sebaka se seng. Batsamaisi ba sebaka seo ba ile ba rekisa litlou tse eketsehileng ’me ba etsa tlhahiso ea hore mekhatlo ea Bophirimela e hanelang ho bolaoa ha litlou e “fane ka tšehetso ea lichelete bakeng sa ho isa litlou tseo sebakeng se seng, ho e-na le ho fana ka keletso feela.”

Litebello Tse Belaetsang

Leha ho le joalo, ho hlōleha ho ntse ho e-ba teng. Ba bangata ba bontša kameho ka tlokotsi ea ho khutlisetsa mefuta e itseng bophelong bo hlaha. Nkoe ea Siberia e phela hantle moo e koaletsoeng, empa ha e le naheng e hloka sebaka sa moru se etsang lisekoere-k’hilomithara tse 260, moo ho se nang batho ba bolaeang liphoofolo ntle ho tumello. Ho feta moo, The Independent on Sunday ea hlokomela: “Khutlisetsa nkoe e hōletseng sebakeng sa polokelo ea liphoofolo tikolohong ea eona ea tlhaho, ’me joang kapa joang e tla shoa ke tlala.” Tebello e nyahamisang ruri!

Bonneteng, hase mefuta eohle e nang le sehlopha se khethehileng sa bathusi ba batho. ’Me hase khaello ea basebetsi feela e bakang bothata bona. Ho sa tsotellehe hore na basebetsi ba paballo ea lintho tsa tlhaho ba inehetse hakae, ha ba tobane le bobolu ba bahlanka ba ’muso, meharo le ho iphapanya, hammoho le ntoa esita le tšokelo ea lefu, ba na le tšepo efe ea ho atleha? Joale, tharollo ea bothata ba mefuta e kotsing ke efe? Hona u ameha joang?

[Lebokose le leqepheng la 23]

Sebetsa Sa Machaba

Convention on International Trade in Endangered Species ke sebetsa se matla ntoeng e khahlanong le khoebo eo e seng ea molao ka mefuta e kotsing. Matlalo a lengau, manaka a litlou, masapo a nkoe, manaka a tšukulu le likolopata li har’a thepa e rekisoang eo hona joale e thibetsoeng. Tumellano eo e akarelletsa le lifate tse kotsing le mefuta e kotsing ea litlhapi.

Leha ho le joalo, Time e ile ea lemosa: “Ntle leha lichaba tseo e leng litho li ka fumana tsela ea ho etsa hore melao eo e lateloe ka thata, . . . li ka ’na tsa fumana hore liphoofolo tseo li lekang ho li sireletsa ha li sa le eo.”

[Setšoantšo se leqepheng la 24]

Na boiteko ba paballo ea lintho tsa tlhaho bo atlehile haholo?

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Courtesy of Clive Kihn

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela