Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g96 8/8 maq. 19-20
  • Mefuta e Kotsing Boholo ba Bothata Bona

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mefuta e Kotsing Boholo ba Bothata Bona
  • Tsoha!—1996
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Kameho e Ntseng e Hōla
  • Bophelo bo Rarahaneng
    Tsoha!—2001
  • Batho Khahlanong le Tlhaho
    Tsoha!—2001
  • Liphoofolo Tse Hlaha Lia Nyamela Lefatšeng
    Tsoha!—1997
  • Paballo ea Lintho Tsa Tlhaho Khahlanong le ho Fela ha Tsona
    Tsoha!—1996
Bala Tse Ling
Tsoha!—1996
g96 8/8 maq. 19-20

Mefuta e Kotsing Boholo ba Bothata Bona

LI-DODO li fetohile letšoao la ho fela ha mefuta e itseng. Linonyana tsa ho qetela tsa mofuta ona o neng o sa khone ho fofa li ne li shoe hoo e ka bang ka 1680 sehleke-hlekeng sa Mauritius. Boholo ba mefuta e leng kotsing hona joale bo phela lihleke-hlekeng ka ho tšoanang. Lilemong tse 400 tse fetileng, mefuta e 85 har’a e 94 ea linonyana tseo ho tsejoang hore li felile e ’nile ea e-ba linonyana tsa lihleke-hlekeng.

Liphoofolo le tsona li kotsing ea ho fela lik’honthinenteng ka bophara. Nahana ka linkoe tse kileng tsa solla ho pholletsa le Russia. Hona joale ho setse sehlopha sa mofuta oa Amur feela Siberia, ’me lipalo-palo tsa oona li fokotsehile ho fihlela ho tse 180 ho ea ho tse 200 feela. Ho tlalehoa hore palo ea linkoe tse karolong e ka boroa ho Chaena ke tse 30 ho ea ho tse 80 feela. The Times ea London e tlaleha hore Indochina, liphoofolo tsena li tobane le ho fela “nakong ea lilemo tse leshome.” Le India ka ho tšoanang, moo e leng lehae la linkoe tse batlang li etsa likarolo tse peli ho tse tharo tsa lefatše, ba boholong ba hakanya hore libōpuoa tsena tse hlollang li ka ’na tsa fela nakong ea lilemo tse leshome.

Litšukulu le lichita li ntse li fokotseha. Hona joale ke libere tse ka bang sekete feela tse fumanehang naheng. Li-pine marten li batla li felile Wales, ’me The Times e bolela hore mesha “e ka ’na ea fela Engelane eohle le Wales lilemong tse leshome ho ea ho tse 20 tse tlang.” Ka mose oane ho Atlantic, United States, bo-’mankhane ke liphoofotsoana tse anyesang tsa naheng tse kotsing ka ho fetisisa.

Pono e teng maoatleng a lefatše ke e nyahamisang ka ho tšoanang. The Atlas of Endangered Species e hlalosa likolopata tsa metsing e le “sehlopha seo mohlomong se leng kotsing ka ho fetisisa” sa libōpuoa tsa leoatleng. Linqaqana li bonahala li boea ka koano; leha ho le joalo, ho ea ka makasine ea New Scientist, mefuta e 89 ea linqaqana e bile “kotsing ea ho fela” lilemong tse 25 tse fetileng. Karolo e ka etsang 11 lekholong ea mefuta ea linonyana tsa lefatše le eona e talimane le ho fela.a

Empa ho thoe’ng ka libōpuoa tse nyenyane, tse kang lirurubele? Boemo bo ntse bo tšoana. Karolo e fetang kotara ea mefuta e 400 ea lirurubele tsa Europe e kotsing—e 19 e kotsing ea ho fela ho ntseng ho ja setsi. Ka 1993, serurubele se seholo sa mofuta oa tortoiseshell sa Brithani le sona se ile sa kena letotong la mefuta e felileng joaloka dodo.

Kameho e Ntseng e Hōla

Selemo le selemo ho fela mefuta e mekae ea libōpuoa? Karabo e itšetlehile ka hore na u botsa setsebi sefe. Le hoja litsebi tsa saense li sa lumellane, kaofela li amohela ’nete ea hore mefuta e mengata e kotsing ea ho fela. Stuart Pimm, setsebi sa lintho tse phelang le tikoloho ea tsona, oa hlokomela: “Tsekisano mabapi le kamoo re lahleheloang [ke mefuta] ka potlako kateng ke phehisano ea bohlokoa ka bokamoso ba rōna.” Oa phaella: “Lilemong tse makholo tse fetileng, re ile ra eketsa sekhahla sa ho fela ha mefuta ho feta sekhahla sa tlhaho. Ka lebaka leo bokamoso ba rōna bo bobe le ho feta.”

Polanete ea rōna ea Lefatše, e tšoana le ntlo. Batho ba bang ba tsotellang mefuta e kotsing ba ithuta thuto e mabapi le lintho tse phelang le tikoloho ea tsona, e leng poleloana e entsoeng karolong e qetellang ea lekholo la bo19 la lilemo ka lentsoe la Segerike oiʹkos, “ntlo.” Lefapha lena la thuto le thahasellisang le lebisa tlhokomelo likamanong tse teng pakeng tsa lintho tse phelang le tikoloho ea tsona. Lekholong la bo19 la lilemo ho ile ha ba le thahasello e hōlang paballong ea lintho tsa tlhaho, eo ntle ho pelaelo e neng e bakoa ke litlaleho tsa mefuta e felileng. United States, sena se ile sa lebisa ho thehoeng ha libaka tsa sechaba tsa polokelo ea liphoofolo le libaka tse sirelelitsoeng tse fanang ka setšabelo ho libōpuoa. Hona joale, lefatšeng ka bophara ho na le libaka tse hakanyetsoang ho 8000, tse amoheloang machabeng, tsa ho sireletsa limela le liphoofolo tse hlaha. Hammoho le libaka tse ling tse 40 000 tse thusang ho sireletsa tikoloho, li etsa hoo e ka bang karolo ea 10 lekholong ea sebaka sa naha sa lefatše.

Hona joale batho ba bangata ba amehileng ba tšehetsa se bitsoang merero ea ho sireletsa tikoloho, ebang ke ka mekhatlo e phatlalatsang tšokelo ea ho fela ha mefuta e itseng kapa e mpang feela e ruta batho ka ho itšetleha ha lintho tse phelang ka tse ling tse phelang. ’Me ho tloha ka 1992 ha ho ne ho tšoeroe Rio Earth Summit, ho hlokomela litaba tsa tikoloho haholoanyane, ka kakaretso ho khetholla monahano oa mebuso.

Bothata ba mefuta e kotsing bo teng lefatšeng lohle ebile bo ntse bo hōla. Empa ke hobane’ng? Na boiteko leha e le bofe ba ho thibela ho fela ha mefuta e itseng boa atleha hona joale? ’Me ho thoe’ng ka bokamoso? U ameha joang? Lihlooho tsa rōna tse latelang li fana ka likarabo.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Mofuta o felileng o hlalosoa e le o sa kang oa bonoa naheng ka lilemo tse 50, ha mofuta o kotsing o boleloa e le o kotsing ea ho fela haeba ho se na phetoho maemong a oona a hona joale.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela