Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g01 12/8 leq. 19
  • Batho Khahlanong le Tlhaho

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Batho Khahlanong le Tlhaho
  • Tsoha!—2001
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bophelo bo Rarahaneng
    Tsoha!—2001
  • Mefuta e Kotsing Boholo ba Bothata Bona
    Tsoha!—1996
  • Liphoofolo Tse Hlaha Lia Nyamela Lefatšeng
    Tsoha!—1997
  • Paballo ea Lintho Tsa Tlhaho Khahlanong le ho Fela ha Tsona
    Tsoha!—1996
Bala Tse Ling
Tsoha!—2001
g01 12/8 leq. 19

Batho Khahlanong le Tlhaho

“Kajeno batho ba lokela ho lumela hore ba molato bakeng sa keketseho ea ho timela ha mefuta-futa ea lihloliloeng.”—Jane Goodall, ’Muelli Oa Paballo Ea Lihloliloeng.

BOPHELO lefatšeng ke ntšetso-pele ea mosebetsi oa bohlokoa ebile boa nyalana. Rōna batho re karolo ea bohlokoa ea bona. Re itšetlehile ka lihloliloeng lefatšeng bakeng sa lijo tsa rōna le meriana, oksijene eo re e hemang le metsoako e hahang ’mele ea rōna. Ka letsatsi le le leng, baahi ba lefatše ba sebelisa mefuta-futa ea lihloliloeng e fetang 40 000. Lihloliloeng tsohle lefatšeng li bōpa bophelo bo momahaneng, bo hlollang le bo rarahaneng.

Leha ho le joalo, litsebi tse ngata tse ithutang bophelo bona bo rarahaneng li nka hore boa hlaseloa! Mohlomong u kile ua utloa ka ho ba kotsing ha litšukulu, linkoe, li-panda le maruarua. Litsebi tse ling li bolela hore karolo ea 50 lekholong ea mefuta ea limela le ea liphoofolo tsohle e ka ’na ea be e felile lefatšeng lilemong tse 75 tse tlang. Bafuputsi ba tšaba hore mefuta e meng e ka ’na ea nyamela ka potlako ka makhetlo a 10 000 ho feta seo litsebi li se bitsang lebelo leo lintho tsa tlhaho li timelang ka lona. Setsebi se seng se hakanya hore ka karolelano, ho shoa mefuta e meng metsotso e meng le e meng e 10 ho ea ho e 20.

Bo-rasaense ba lumela hore nakong ea boholo-holo, lihloliloeng li ne li timetsoa haholo ke lisosa tsa tlhaho. Empa ba re hona joale sesosa se seholo ha e sa le seo. Ho hlakile hore kajeno ho timela hona ho bakoa ke mesebetsi ea batho. Rasaense e mong o ile a bua ka batho e le “batimetsi ba mefuta-futa ea lihloliloeng.”

Na ruri mesebetsi ea batho ke eona e bakang tšenyo ee e khōlō ho se tšoaneng ha lihloliloeng? Haeba ho joalo, e senya joang? Na re ka tsoela pele re phela ntle le mefuta e fapa-fapaneng ea lihloliloeng lefatšeng? Na ho na le ho etsoang ho emisa se nkoang e le thipitlo ea lihloliloeng lefatšeng?

[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 19]

WHO

NOAA

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela