Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g97 7/8 maq. 3-4
  • Liphoofolo Tse Hlaha Lia Nyamela Lefatšeng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Liphoofolo Tse Hlaha Lia Nyamela Lefatšeng
  • Tsoha!—1997
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Molato ke oa Mang?
  • Mefuta e Kotsing Boholo ba Bothata Bona
    Tsoha!—1996
  • Batho Khahlanong le Tlhaho
    Tsoha!—2001
  • Bophelo bo Rarahaneng
    Tsoha!—2001
  • Sebaka sa Polokelo ea Liphoofolo na ke Eona Tšepo Feela Bakeng sa Liphoofolo Tse Hlaha?
    Tsoha!—1997
Bala Tse Ling
Tsoha!—1997
g97 7/8 maq. 3-4

Liphoofolo Tse Hlaha Lia Nyamela Lefatšeng

KA MONGOLLI OA TSOHA! AUSTRALIA

NA HA u thabele ho bona le ho utloa liphoofolo tse hlaha tse phelang—nkoe, leruarua, kapa tšoene? Ho hlokomela koala? Ho utloa ha lefatše le reketlisoa ke litlhako tsa mehlape e fallang e hasa-hasaneng ho fihlela moo leihlo le fellang teng? Leha ho le joalo, ho bohloko hore ebe batho ba bangata ba ka ’na ba se ke ba thabela phihlelo e joalo le ka mohla—ntle le haeba musiamo, buka kapa k’homputha li nkoa e le phihlelo e joalo. Ke hobane’ng ha see se etsahala?

Hobane nakong eo u ntseng u bala sona sehlooho sena ka eona, limela le liphoofolo tse likete-kete li ntse li khanneloa timelong e ke keng ea qojoa. Dr. Edward O. Wilson, setsebi sa baeloji Univesithing ea Harvard, o hakanya hore ho timela mefuta e ka bang 27 000 ea lintho tse phelang ka selemo kapa e ka bang meraro ka hora. Ka lebelo lena, mefuta ea lintho tse phelang lefatšeng e ka fihlang ho karolo ea 20 lekholong e ka timela lilemong tse 30 tse tlang. Empa lebelo leo li timelang ka lona ha lea ema nģa e le ’ngoe; le ntse le eketseha. Ho nahanoa hore mathoasong a lekholo le latelang la lilemo, mefuta e makholo-kholo ea lintho tse phelang e tla nyamela letsatsi le letsatsi!

Tse thekesellang lintšing tsa timelo ke litšukulu tse ntšo tsa Afrika. Polao e seng molaong ea liphoofolo e fokolitse lenane la tsona ka sekhahla ho tloha ho tse 65 000 ho ea ho tse 2500 ka lilemo tse ka tlaase ho tse 20. Ho setse litšoene tse bitsoang li-orangutan tse ka tlaase ho 5000 meferong e ntseng e qepha ea Borneo le Sumatra. Tse phelang metsing le tsona li kotsing ea ho fela. E ’ngoe e kotsing ke baiji dolphin e khahlehang e phelang Nōkeng ea Yangtze e Chaena. Ka lebaka la tšilafalo le ho tšoasa litlhapi ho sa sieeng letho ho setse methoaela e etsang lekholo le le leng feela, ’me e ka ’na ea be e felile lilemong tse leshome tse tlang.

Linda Koebner ho Zoo Book, o re: “Bo-rasaense ba tsoang mafapheng a sa tšoaneng a thuto baa hanyetsana ka lintho tse ngata, empa tabeng ea hore ho potlakile ho pholosa mefuta ea lintho tse phelang polaneteng ena hammoho le bophelo ba tsona, teng ba ntsoe-leng: Lilemong tse mashome a mahlano tse tlang litaba li tla be li le mosenekeng.”

Molato ke oa Mang?

Palo e ntseng e eketseha ea baahi e potlakisitse lebelo leo li timelang ka lona, empa sepenya sa baahi ka bosona feela se ke ke sa jarisoa molato oohle. Liphoofolo tse ngata—passenger pigeon, moa, auk e khōlō le thylacine, ha re bolela tse seng kae feela—li ile tsa felisoa nako e telele pele palo ea baahi ka boeona e hlahisa tšokelo. Dr. J. D. Kelly, motsamaisi oa Zoological Parks Board ea New South Wales, Australia, o re ka tlaleho ea naha eo: “Tahlehelo ea mefuta e sa tšoaneng ea limela le liphoofolo e qalileng ho fihleng ha sechaba mona ka 1788 ke sekhobo ho sona.” Ntle ho pelaelo tlhaloso ena ke ’nete le linaheng tse ling tse ngata. E boetse e khantša leselinyana lisoseng tse ling tse kotsi haholoanyane tsa ho timela hona—ho hloka tsebo le meharo.

Ka lebaka la tlokotsi ea ho timela ha mefuta ea lintho tse phelang lefatšeng ka bophara, ho hlaheletse mokhoa o mocha o bonahalang o ke ke oa atleha ho sireletsa liphoofolo tse kotsing—libaka tsa polokelo ea liphoofolo. Libaka tsena tse ntseng li ata har’a metse e meholo ke libaka tsa ho qetela tseo mefuta e mengata ea lintho tse phelang e ka tšabelang ho tsona. Empa libaka tsa polokelo ea liphoofolo li na le sebaka se lekanyelitsoeng, ’me li hloka chelete e ngata bakeng sa ho hlokomela liphoofolo tse hlaha tseo ho bileng ho leng thata ho li hlokomela. Ho boetse ho na le taba ea hore li bolokoe li koaletsoe tumellanong le litekanyetso tse amohelehang, le hoja sena se ka ’na sa etsoa ka mosa. Ho feta moo, sebaka sa polokelo ea liphoofolo se itšetlehile ka ho feletseng ka ho fana ha batho ka lichelete, le litsamaiso tsa lipolotiki le moruo tse tetemang, tseo hangata e leng tse sa tsitsang. Kahoo liphoofolo tsee tse tšabetseng libakeng tsa polokelo ea liphoofolo li hlile li sireletsehile hakae?

[Setšoantšo se leqepheng la 3]

Na ho Timela ke ha Tlhaho?

“Na ho timela ha mefuta ee hase karolo ea tatellano eo lintho li hloliloeng ka eona? Karabo ke che, bonyane eseng ka tekanyo eo ho etsahalang ka eona mehleng ena ea morao. Lilemong tse fetang 300 tse fetileng ho ne ho timela hoo e ka bang mofuta o le mong ka selemo. Hona joale lebelo leo motho a timetsang mefuta ea lintho tse phelang ka lona le feta la nakong eo bonyane ka makhetlo a sekete. . . . Sesosa se eketsang ho timela ha mefuta ena ke seo batho ba se etsang.”—The New York Public Library Desk Reference.

“Ke ile ka hlolloa ke lenane la liphoofolo tse sa tloaelehang tse nyamelang, ’me ka utloa bohloko, ’me hangata ke halefisoa ke ho fela ha tsona. Maemong a mangata e ’nile ea e-ba ho ba meharo kapa sehlōhō, ho se tsotelle kapa boiphapanyo tsa Motho tseo ka tsela e tobileng kapa e sa tobang e ’nileng ea e-ba sesosa sa ho timela hona.”—David Day, The Doomsday Book of Animals.

“Seo batho ba se etsang se timetsa mefuta e meng le pele e tlalehoa.”—Biological Conservation.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela