Mekhoa e Kotsi ea Bophelo—E Baka Litšenyehelo Hakae?
MAELE a Sedanishe a re: “Ho kula ke morena oa bohle.” Leha e le mang ea nang le boloetse bo tebileng o tla paka ntle ho tikatiko hore ka sebele “morena” enoa e ka ba ea sehlōhō! Leha ho le joalo, u ka ’na ua nyarosoa ke ho tseba hore hangata boloetse e ba moeti ea menngoeng ho e-na le ho ba morena. Centers for Disease Control and Prevention ea United States e hlalosa hore karolo ea 30 lekholong ea matsatsi ao bakuli ba a qetang sepetlele ke bakeng sa maloetse le likotsi tse neng li ka qojoa. Sesosa ke’ng? Mekhoa e bolaeang le e kotsi ea bophelo. Nahana ka mehlala e seng mekae.
HO TSUBA. Ira, ea lilemo li 53, o na le lefu la emphysema—le bakiloeng ke ho tsuba ha lilemo tse ka bang mashome a mane. E le ho phekola lefu la hae, ho hlokahala hore a lule a e-na le botlolo ea oksijene, e bitsang hoo e ka bang R1870 ka khoeli. Ho kula ho ileng ha mo kenya sepetlele matsatsi a robong ka 1994 ho ile ha bitsa R84 000, e leng ho ileng ha bakela Ira kakaretso ea litšenyehelo tsa bongaka tse ka holimo ho R93 500 selemong seo. Ho ntse ho le joalo, Ira ha a bone ho potlakile hore a khaotse ho tsuba. O re: “Ke mpa ke e-na le takatso ena e sa tloaelehang feela.”
Boemo ba Ira hase bo ikhethang. Ho sa tsotellehe likotsi tse tsebahalang hantle tsa ho tsuba, lefatšeng ka bophara batho ba tsuba lisakerete tse ka bang limilione tse likete tse 15 ka letsatsi. Ho hakanngoa hore ka selemo litšenyehelo tsa ho phekola ho kula ho amanang le ho tsuba United States e ka ba lidolara tse limilione tse likete tse 50 (liranta tse limilione tse likete tse 234). Sena se bolela hore ka 1993, ka karolelano, litšenyehelo tsa bongaka mafung a amanang le ho tsuba, paketeng e ’ngoe le e ’ngoe ea lisakerete e ileng ea rekoa, mohlomong e ile ea e-ba $2,06 (R9,62).
Ha ngoana a hlaha, litšenyehelo tsa bongaka tse amanang le ho tsuba li ka qala ho phaellana. E le ho qotsa mohlala o le mong feela, phuputsong e ’ngoe ea United States ho fumanehile hore bana bao bo-’m’a bona ba tsubang ba kotsing e imenneng habeli ea ho ba le melomo e pekane kapa ho peperana mahalapa, e leng boemo bo ka ’nang ba hloka hore ba buuoe ka makhetlo a mane, pele ba fihla selemong sa bobeli. Nakong eohle ea bophelo litšenyehelo tsa bongaka le tse ling tse amanang le tsona, ka karolelano e ba $100 000 (R467 000) motho ka mong. Ke ’nete hore ho ke ke ha lekanyetsoa khatello ea maikutlo e tlisoang ke mefokolo e joalo ea tsoalo ka chelete.
Ba bang ba bolela hore litšenyehelo tse phahameng tsa bongaka ho ba tsubang li bebofatsoa ke ’nete ea hore litsubi tse ngata ha li phele halelele hoo li ka fumanang litsiane tsa Letlōle la Bahloki. Leha ho le joalo, ho joalokaha The New England Journal of Medicine e re, “qeto ena ea hanyetsoa; ho feta moo, ba bangata ba tla lumela hore ho shoa ha batho pele ho nako ea bona ka lebaka la ho tsuba hase tsela e nang le botho ea ho fokotsa litšenyehelo tsa tlhokomelo ea bophelo.”
TŠEBELISO E MPE EA JOALA. Tšebeliso e mpe ea joala e ’nile ea amahanngoa le mafu a ’maloa, ho akarelletsa lefu la ho thatafala ha sebete, la pelo, la ho ruruha qaati, la liso tsa ka maleng, la ho ruruha sebete. E ka boetse ea etsa hore motho a tšoaetsehe habonolo mafu a tšoaetsanoang a kang pneumonia. Ho ea ka Dr. Stanton Peele, selemo le selemo United States “e sebelisa lidolara tse limilione tse likete tse 10 [liranta tse limilione tse 46 700] ho phekola batho ba sitoang ho ithiba linong.”
Hangata joala bo ama lesea le ka pōpelong. United States feela, selemo le selemo ho tsoaloa bana ba likete tse mashome ba holofetseng ka lebaka la ho noa ha bo-’m’a bona nakong ea ha e le baimana. A mang a masea ana a fumanoa a e-na le matšoao a ho angoa ke tahi a sa le ka pōpelong (fetal alcohol syndrome [FAS]), ’me hangata bana bana ba holofala ’meleng le kelellong. Ka karolelano litšenyehelo tsa bongaka nakong eohle ea bophelo ba ngoana e mong le e mong oa FAS li ile tsa hakanyetsoa ho lidolara tse limilione tse 1,4 (liranta tse limilione tse 6,5).
Kaha joala bo tlosa lihlong, ho noa ho tlōla tekano hangata ho na le karolo ho tlakoloheng ka mabifi, ho ka bakang likotsi tse batlang tlhokomelo ea bongaka. Ho boetse ho na le kotsi e ke keng ea qojoa e bakoang ke ba khannang ba tahiloe. Nahana ka se ileng sa etsahalla Lindsey, ngoananyana ea lilemo li robeli ea ileng a tlameha ho parakolloa setulong se ka morao sa koloi ea ’mè oa hae ka mor’a hore ba thuloe ke mokhanni ea tahiloeng. Lindsey o ile a qeta libeke tse supileng a le sepetlele ’me a tlameha ho buuoa ka makhetlo a ’maloa. Litšenyehelo tsa hae tsa meriana li ile tsa feta R1401 000. Etsoe o ne a bile lehlohonolo hore ebe o ile a pholoha.
TŠEBELISO E MPE EA LITHETHEFATSI. Mofuputsi e mong o hakanya hore litšenyehelo tsa tšebeliso e mpe ea lithethefatsi Amerika ke lidolara tse limilione tse likete tse 67 (liranta tse limilione tse likete tse 313). Joseph A. Califano, e monyenyane, mopresidente oa Center on Addiction and Substance Abuse, Univesithing ea Columbia, New York, o bontša karolo e ’ngoe hape e bakang litšenyehelo ea bothata bona: “Masea ao bo-’m’a ’ona ba tsubang crack, a neng a fokola haholo lilemong tse leshome tse fetileng, a tlala liphaposi tsa kokelo tse lefelloang $2000 [R9340] ka letsatsi tsa bana ba sa tsoa tsoaloa. . . . Ho ka ’na ha bitsa lidolara tse milione [liranta tse limilione tse 4,67] ho hōlisa lesea le le leng hore e be motho e moholo.” Ho phaella moo, Califano o re, “ho hlōleha ha baimana ho hlokomela masea a e-song ho tsoaloe le ho khaotsa tšebeliso e mpe ea lithethefatsi ho ikarabella haholo tšebelisong ea lidolara tse ka bang limilione tse likete tse tharo [liranta tse limilione tse likete tse 14] tseo lenaneo la Ntlafatso ea Bophelo le li lefeletseng bakuli ba tšebeliso e mpe ea lithethefatsi bao lipetlele li neng li ba hlokometse ka 1994.”
Boemo bona bo mpefala haholo ha re nahana ka tahlehelo ea botho e ke keng ea lekanngoa ka lebaka la bophelo bona bo kotsi. Ho loana ha banyalani, ho se hlokomeloe ha bana le ho fokolisoa ha mehloli ea lichelete ke a mang a mathata a atileng malapeng a harasantsoeng ke tšebeliso e mpe ea lithethefatsi.
BOITŠOARO BO HLEPHILENG BA BOTONA LE BOTŠEHALI. Batho ba fetang limilione tse 12 United States ba tšoaroa ke mafu a tšoaetsanoang ka likamano tsa botona le botšehali (sexually transmitted diseases [STDs]) selemo le selemo, e leng ho behang United States boemong bo phahameng ka ho fetisisa ba STD naheng leha e le efe e tsoetseng pele. David Celentano, oa Johns Hopkins University School of Hygiene and Public Health, o re hona “ke mahlabisa-lihlong sechabeng.” Litšenyehelo tse bang teng ka ho toba ke mafu ana, ho sa akarelletsoe AIDS, e ka ’na ea e-ba lidolara tse limilione tse likete tse 10 (liranta tse limilione tse 46 700) selemo le selemo. Bacha ba kotsing ka ho khetheha. ’Me hase ho makatsang! Ho ea ka tlaleho e ’ngoe, ha ba fihla sehlopheng sa bo12, ba ka etsang karolo ea 70 lekholong ba ee be ba se ba kile ba kopanela likobo ’me ba ka etsang karolo ea 40 lekholong bonyane ba bile le mecheliete e mene.
AIDS ka boeona ke tlokotsi tlhokomelong ea bophelo. Phekolo e sebetsang ka ho fetisisa e fumanehileng mathoasong a 1996—li-protease inhibitor li kopantsoe le lithethefatsi tse neng li sebelisoa pele—e bitsa chelete e pakeng tsa R56 000 le R84-000 ka selemo motho ka mong. Empa hona ke karoloana feela ea litšenyehelo tse poteletseng tsa AIDS, tse akarelletsang tahlehelo ea tema eo mokuli le baoki ba hae ba ka beng ba e khathile ha ba ntse ba e-ba sieo mosebetsing kapa sekolong bakeng sa ho mo oka. Ho hakanngoa hore selemong sa 2000, HIV le AIDS li tla be li hohotse chelete e pakeng tsa liranta tse libilione tse 1,66 le liranta tse libilione tse 2,4 lefatšeng ka bophara—e leng ho tšoanang le ho liha moruo oohle oa Australia kapa India.
PEFO. Ha e sa ntsane e le mookameli oa lefapha la bongaka, United States, Joycelyn Elders o ile a tlaleha hore litšenyehelo tsa bongaka tse bakoang ke pefo ka 1992 li ne li etsa lidolara tse limilione tse 13 500 (liranta tse limilione tse likete tse 63). Mopresidente oa United States, Bill Clinton o ile a re: “Lebaka le leng le etsang hore ho phekoloa Amerika ho be turu ke hobane lipetlele tsa rōna le libaka tsa tlhokomelo ea likotsi li tletse batho ba maqeba le ba thuntsoeng.” Ke ka lebaka le utloahalang The Journal of the American Medical Association e bitsang pefo ea United States “tlokotsi ea bophelo sechabeng.” Tlaleho e tsoela pele: “Le hoja pefo e se boloetse ka kutloisiso ea ‘sebele,’ seo e se etsang bophelong ba motho le bophelong ba sechaba se tebile joaloka mafu a mang a mangata a ’mele—mohlomong se bile se tebile ho feta.”
Tlaleho e fanoeng ke lipetlele tse 40 tsa Colorado e bolela hore ka karolelano litšenyehelo tsa mohlaseluoa a le mong likhoeling tse robong tse qalang tsa 1993 e bile $9600 (R44 850). Ba fetang halofo ea ba ileng ba okoa sepetlele ba ne ba se na inshorense, ’me ba bangata ba bona ba ne ba sa khone kapa ba sa batle ho itefella. Maemo a joalo a phahamisa litefiso tsa lekhetho, tsa inshorense le tsa sepetlele. The Colorado Hospital Association ea tlaleha: “Bohle rea lefa.”
Ho Fetola Mokhoa oa Bophelo
Ho ea ka pono ea batho, monyetla oa ho etsolla tšekamelo ea mekhoa e kotsi ea bophelo o lerootho. Tlaleho ea Univesithi ea Columbia e re: “Amerika hase Serapa sa Edene ’me le ka mohla re ke ke ra itokolla ka ho feletseng tšebelisong e mpe ea lintho. Empa, ho itšetlehile ka hore na re thibela tšebeliso e mpe joalo hakae, re tla atleha ho ba le masea a phelang hantle, ho fokotsa pefo le tlōlo ea molao, ho theola litefiso tsa lekhetho, ho fokotsa litšenyehelo tsa bongaka, ho fumana phaello e eketsehileng, ho ba le liithuti tse rutehileng hamolemonyana le ho ba le bakuli ba fokolang ba AIDS.”
Lipaki tsa Jehova li fumane Bibele e le thuso e khōlō ka ho fetisisa ho finyelleng pakane eo. Bibele hase buka feela tjee e tloaelehileng. E bululetsoe ke ’Mōpi oa motho, Jehova Molimo. (2 Timothea 3:16, 17) Ke eena “ea u rutang tse leng molemo ho uena, ea u tsamaisang tseleng e u loketseng.” (Esaia 48:17, BPN) Melao-motheo e ngotsoeng Bibeleng e molemo, ’me ba tsamaeang ka keletso ea eona ba rua melemo e meholo.
Ka mohlala, Esther e ne e le setsubi se seholo.a Ka mor’a hore a qale ho ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova, motho ea mo rutang Bibele o ile a mo memela ho ea qeta letsatsi a bona sebaka sa ntlo-khōlō ea lefatše ea Lipaki tsa Jehova e Brooklyn, New York. Qalong, Esther o ne a le lekhonono. A tseba hore Lipaki tsa Jehova ha li tsube, o ile a ipotsa hore na o tla khona ho qeta letsatsi lohle le tsona. Kahoo Esther o ile a kenya sakerete e le ’ngoe ka pheseng ea hae, a nahana hore haeba a utloa tšusumetso e matla ea hore a e tsube, o tla mpe a potele ka ntloaneng. Feela joalokaha a ne a rerile, ka mor’a ho bona karolo e ’ngoe ea sebaka Esther o ile a kena ntloaneng ea basali ’me a ntša sakerete ea hae. Empa joale a hlokomela ntho e ’ngoe. Sebaka se ne se le makhethe le moea e le o hloekileng. Esther oa hopola: “Ke ile ka tšaba ho silafatsa sebaka seo ka ho tsuba sakerete eo, kahoo ka e lahlela ka ntloaneng. ’Me eo e bile sakerete ea ho qetela eo nkileng ka e ama!”
Lefatšeng ka bophara, ba limilione joaloka Esther ba ithuta ho phela tumellanong le melao-motheo ea Bibele. Ba itsoela molemo, ’me ba fetoha batho ba bohlokoa tikolohong eo ba phelang ho eona. Habohlokoa ka ho fetisisa, ba isa tlhompho ho ’Mōpi oa bona, Jehova Molimo.—Bapisa le Liproverbia 27:11.
Le hoja boiteko bo molemo ka ho fetisisa ba batho bo ke ke ba hlahisa “Serapa sa Edene” hape, Bibele e bolela hore Molimo o tla se hlahisa. Petrose oa Bobeli 3:13 e re: “Ho na le maholimo a macha le lefatše le lecha tseo re li letetseng ho ea ka tšepiso ea [Molimo], ’me ho tsena ho loka ho tla aha.” (Bapisa le Esaia 51:3.) Lefatšeng leo le lecha, ho phekoloa e ke ke ea hlola e e-ba ntho e tšoenyang, kaha batho ba tla thabela bophelo bo phethahetseng—e leng ka tsela eo Molimo a neng a rerile ka eona ho tloha tšimolohong. (Esaia 33:24) Na u ka rata ho ithuta ka ho eketsehileng ka litšepiso tsa Molimo? Lipaki tsa Jehova li tla thabela ho u thusa.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Hase lebitso la hae la ’nete.
[Setšoantšo se leqepheng la 28]
© 1985 P. F. Bentley/Black Star