Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g05 10/8 maq. 3-4
  • Tšebeliso e Mpe ea Joala ke Koluoa Sechabeng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tšebeliso e Mpe ea Joala ke Koluoa Sechabeng
  • Tsoha!—2005
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lenane la Bafu
  • Pefo le Tlhekefetso ka ho Kopanela Liphate
  • Tahlehelo Sechabeng
  • Kamoo U ka Buisanang le Bana ba Hao ka Joala Kateng
    Se ka Thusang Lelapa
  • Tšebeliso e Mpe ea Joala le Bophelo bo Botle ba ’Mele
    Tsoha!—2005
  • E-ba le Pono e Loketseng ka Tšebeliso ea Lino Tse Tahang
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • Tataisoa ke Melao-motheo ea Molimo ka ho Noa Joala
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2023
Bala Tse Ling
Tsoha!—2005
g05 10/8 maq. 3-4

Tšebeliso e Mpe ea Joala ke Koluoa Sechabeng

HO NOA lino tse tahang ho habeli: hoa thabisa ebile hoa soabisa. Ho noa joala ka ho itekanela ho ka etsa hore pelo ea motho e thabe, ho rialo Bibele. (Pesaleme ea 104:15) Leha ho le joalo, Bibele e boetse e lemosa hore ha bo sebelisoa hampe bo ka baka kotsi kapa bo ka ba ba bolaea, joaloka ho longoa ke noha e mahloko. (Liproverbia 23:31, 32) A re ke re shebisiseng kotsi e bakoang ke ho sebelisa joala hampe.

“Mokhanni ea tahiloeng o ile a chaisa mosali ea lilemo li 25 le mora oa hae ea lilemo li peli ka Moqebelo. . . . Mosali eo ea sa leng monyenyane, eo e neng e le moimana oa likhoeli tse tšeletseng, o ile a shoa ka Sontaha. Mora oa hae, ea tsoileng likotsi hloohong, o boemong bo hlobaetsang,” kamoo ho tlalehileng koranta ea Le Monde. Ka masoabi, litlaleho tse joalo li tloaelehile. Mohlomong o tseba motho ea ileng a ameha kotsing e hlahileng ka lebaka la botahoa. Selemo le selemo ho shoa batho ba likete kapa ba tsoa likotsi likotsing tsa mebileng tse amanang le joala.

Lenane la Bafu

Lefatšeng ka bophara, tšenyo e bakoang ke ho noa joala hampe bophelong ba batho ke e ke keng ea lekanngoa. Fora, tšebeliso e mpe ea joala ke sesosa sa boraro se bolaeang batho ka mor’a kankere le lefu la pelo, se bolaeang batho ba ka bang 50 000 ka ho toba kapa ka tsela e sa tobang selemo le selemo. Ena ke “palo e lekanang le ea batho ba bolaoang ke ho oa ha lifofane tse khōlō tse peli ho ea ho tse tharo beke le beke,” ho latela tlaleho e ntšitsoeng ke Lefapha la Bophelo la Fora.

Palo ea batho ba shoang ka lebaka la joala e phahame haholo bacheng. Ho latela tlaleho ea Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo, e phatlalalitsoeng ka 2001, joala ke sesosa se ka sehloohong sa lefu har’a banna ba Europe ba lilemo li 15 ho ea ho tse 29. Ho nahanoa hore linaheng tse ling tsa Europe Bochabela, tšebeliso e mpe ea joala haufinyane e tla bolaea mohlankana a le mong ho ba bang le ba bang ba bararo.

Pefo le Tlhekefetso ka ho Kopanela Liphate

Joala bo tlatsetsa pefong. Ho noa joala ho ka hlokisa motho boitšoaro ’me ho ka fifatsa tsela eo a utloisisang liketso tsa batho ba bang ka eona, ha etsa hore ba arabele ka mabifi.

Joala ke bona bo tlatsetsang haholo pefong ea ka lapeng le ho hlekefetsoa ka ho kopanela liphate. Phuputso e entsoeng Fora batšoaruoeng e boletse hore joala bo ne bo ameha liketsong tsa peto tse peli ho tse tharo le litlhaselong tsa boitšoaro bo sa amoheleheng. Lipatlisiso li bontša hore Poland, liphesente tse 75 tsa basali ba makhoba a tahi li ’nile tsa mamella pefo, kamoo ho hlokometseng makasine ea Polityka. Ho latela phuputso e ’ngoe ho hakanngoa hore “ho noa joala ho amana le ho ba kotsing ea ho bolaoa ka makhetlo a imenneng hoo e ka bang habeli bathong ba lilemo tsohle le hore [esita le] ba sa noeng ba lulang malapeng a batho ba noang joala, ba ne ba le kotsing e khōloanyane ea ho bolaoa.”—American Medical Association, Council on Scientific Affairs.

Tahlehelo Sechabeng

Ha ho baloa litšenyehelo tsa tlhokomelo ea bophelo le inshorense le ho lahleheloa ke tlhahiso ka lebaka la likotsi, ho kula, kapa lefu le sa lebelloang, litjeo tsa lichelete sechabeng e ba tse tšosang. Ho boleloa hore tšebeliso e mpe ea joala e qosa batho ba Ireland ba limilione tse ’nè bonyane liranta tse limilione tse likete tse tšeletseng ka selemo. Mohloli o qotsitsoeng ho The Irish Times o boletse hore chelete ena e lekana le ea “theko ea sepetlele se secha, lebala la lipapali le sefofane sa jete bakeng sa Letona le leng le le leng la ’muso selemo le selemo.” Ka 1998 Mainichi Daily News e ile ea tlaleha hore tahlehelo moruong oa Japane ka lebaka la ho noa haholo e bile “li-yen tse libilione tse fetang tse 6 [liranta tse limilione tse likete tse 3,5] ka selemo.” Tlaleho ea U.S. Congress e itse: “Litšenyehelo tse ileng tsa hakanngoa moruong ka lebaka la tšebeliso e mpe ea joala e ne e le lidolara tse limilione tse likete tse 184,6 [liranta tse libilione tse 1,1] ka 1998 feela, kapa hoo e ka bang $638 [R3 993] bakeng sa monna, mosali le ngoana e mong le e mong ea neng a phela United States selemong seo.” Empa ho thoe’ng ka bohloko ba maikutlo bo bakoang ke malapa a qhalaneng kapa a shoetsoeng ka lebaka la joala, hammoho le ho lahleheloa ke menyetla ea thuto kapa ea mesebetsi?

Liphello tsa ho sebelisa joala hampe sechabeng li lemohuoa habonolo. Na tsela eo u noang ka eona e kotsi bophelong ba hao le ba ba bang? Potso ena e tla arabeloa sehloohong se latelang.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela