Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g97 8/8 maq. 16-19
  • Phula e Khōlō

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Phula e Khōlō
  • Tsoha!—1997
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Matša a Phula Ena
  • Liphoofolo Tsa Mefuta e Mengata e sa Tšoaneng
  • Bo-hloma-u-hlomole ba Phula Ena
  • Lihoba Tse Masiba a Mafubelu
    Tsoha!—2003
  • Thuto ea 1—Ho Etela Naha e Tšepisitsoeng
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
  • Bophelo Phuleng ea Lefu
    Tsoha!—2006
  • ‘Naha e Ntle le e Khōlō’
    ‘Bona Naha e Ntle’
Bala Tse Ling
Tsoha!—1997
g97 8/8 maq. 16-19

Phula e Khōlō

Ka mongolli oa Tsoha! Kenya

KE KHOHLO e khōlō, foro e holim’a lefatše e khōlō hoo e ka bonoang motho a le khoeling! E tloha Phuleng ea Jordane, ka leboea ho Iseraele, ho theosa ho ea fihla Mozambique—e leng lik’hilomithara tse 6400 tse hlollang—e theosa le karolo e khōlō ea k’honthinente ea Afrika.

Ka 1893, setsebi sa jioloji sa Scotland J. W. Gregory se ile sa qala ho fuputsa ka ho feletseng ka limakatso tsena tsa pōpo. Gregory o ile a hlokomela hore khohlo ena e khōlō ha ea bakoa ke khoholeho ea mobu e bakoang ke metsi le moea, empa e bakiloe ke “lefika le ileng la tebela fatše e le letlapa, ha sebaka se bapileng le lona se sala se eme.” (Bapisa le Pesaleme ea 104:8.) O ile a bitsa lepetsohali lena le holim’a lefatše Phula e Khōlō.

Le kajeno litsebi tsa saense li ntse li sa utloisise ka ho feletseng matla a sebetsang tlas’a lefatše a ileng a baka phula ena lilemong tse likete tse fetileng. Leha ho le joalo, motho o iphumana a hlolloa ke mefuta e fapaneng ea lintho tse ka fumanehang ho eona. Karolo ea Afrika ea Phula e Khōlō, ho qala Ethiopia, e na le sebaka se seng se tšosang ka ho fetisisa lefatšeng, se bitsoang Danakil Depression (hape se tsejoa e le Afar Triangle). Letamohali lena la metsi a letsoai le seha moeli pakeng tsa Leoatle le Lefubelu le lehoatata le boholo ba lisekoere-k’hilomithara tse 150 000. Mona lefatše le tebetse tlaase ka limithara tse 120 ka tlas’a bophahamo ba leoatle. Mocheso o ka phahama ho ea fihla ho likhato tse 54 tsa Celsius. Ho tloha moo phula ena e phahamela lihlabeng tsa Ethiopia—sebaka se pholileng sa limithara tse 1800 ka holimo ho bophahamo ba leoatle, moo tlhōrō ea thaba e phahamang ho fihla ho limithara tse 4300. Meru e teteaneng e lulang e le metala e koahela matsoapo ana a lihlaba tse nonneng, ’me e fepela linōka tse ’maloa, tse kang Blue Nile. Ha u leba boroa karolong e ka bochabela ho eona, phula ena e tsoela pele ho ba matsutla ka tsela e hapang tlhokomelo.

Litlhōrō tsa lithaba tse foqohang seretse se chesang tsa libōpeho le boholo tse sa tšoaneng hammoho le liphulana tse etsang makala, li entse mokoloko ho sika le Phula e Khōlō. Phuleng e ka bophirimela, ho foqoha ha seretse se chesang ho entse mokoloko oa lithaba tsa Ruwenzori le tsa Virunga tse sehang meeli ea Rwanda, Zaire le Uganda. Litlhōrō tse ling li ntse li bontša matšoao a boteng ba mocheso o tsoang mpeng ea lefatše ’me, ka linako tse ling, li ntša mosi le seretse se chesang. Haufi le phula ho elella ka bochabela, ke lithaba tsa khale tsa seretse se foqohileng se chesa tse kang Kilimanjaro le Thaba ea Kenya tse phahameng hoo ho sa tsotellehe letsatsi le bataolang la equator, li lulang li koahetsoe ke lehloa. Liliba tsa metsi a chesang tse tšikhunyang mouoane le metsi a chesang haholo le tsona lia fumaneha ho theosa le Phula, e le bopaki ba hore ho ntse ho loebehlana ka mpeng ea lefatše.

Ho elella ka boroa, Tanzania, ke makhulo a sabaletseng a sehelanang meeli le phula ena. A bitsoa siringet ka puo ea Masai, e leng lentsoe le bolelang “sebaka se phatlaletseng.” A tumme ka hore ke Thota ea Serengeti, a na le joang bo bongata ba ho fepa mehlape e meholo ea liphoofolo tse hlaha. Ke hona mona moo likhokong li fallelang teng ka bongata—ruri eo ke ketsahalo e hlollang!

Matša a Phula Ena

Ho elella karolong e ka bochabela ea Phula e Khōlō Afrika, ke letoto la matša a silafalitsoeng ke sodium carbonate. Lik’hemik’hale tsena li tsoa libakeng tseo ho tsona metsi a lukiloeng ke seretse se foqohang se chesa kapa li kene matšeng ha seretse se chesang se foqoha ka mpeng ea lefatše. Matša a mang, a kang Letša la Turkana le ka leboea ho Kenya, a na le lik’hemik’hale tse fokolang. Le pota-potiloe ke hlathe ea lisekoere-k’hilomithara tse likete-kete, ka linako tse ling Letša la Turkana le ba le ’mala o mong o motle o botala bo boputsoa ’me le na le likoena tse ngata ka ho fetisisa lefatšeng. Matša a kang Letša la Magadi la Kenya le Letša la Natron la Tanzania a na le letsoai le lengata hoo a etsang leloapi la soda e tšoeu. Sesosa ke eng? Ho ba sieo ha kotopo e neng e tla ntša matsoai ao. Metsi a mangata a fela ka ho fetoha mouoane, ’me a salang a ba le liminerale tse ngata haholo. Ke liphoofolo tse seng kae feela tse khonang ho phela metsing a babang a matša a Phula le a libakeng tse haufi le teng a nang le soda. Leha ho le joalo, mekhelo e meng e ikhethang ke li-flamingo tse pinki tse fallang ho tloha letšeng le leng ho ea letšeng le leng le nang le soda, li ja bolèlè bo hōlang metsing a babang. Ke mona moo li-flamingo li phuthehelang teng ka limilione, ho etsa leoatle le phelang le lepinki.

Phoofolo e ’ngoe e phelang metsing ana ao ka lehlakoreng le leng a bolaeang ke tlhapi e nyenyane e bitsoang tilapia grahami. Tlhapi ena e khonang ho tiisetsa lik’hemik’hale hangata e fumaneha tlaase metsing a letamo le etsang mouoane, moo metsi a chesang hoo a tlabolang letsoho. Empa, ke hona moo tlhapi ena e nyenyane e phelang teng, e jang bolèlè ba letša teng.

Ke matša a seng makae phuleng ena e ka bochabela a nang le metsi a hloekileng. Le leng ke Letša la Naivasha, Kenya. Le limithara tse 1870 ka holimo ho bophahamo ba leoatle, ’me metsi a lona a hlakileng a sireletsa litlhapi tsa mefuta e sa tšoaneng hammoho le mehlape ea likubu tse orang letsatsi moo. Mabōpong a lona ho metse joang bo tlokomang ba loli le limela tse ling tsa metsi, moo ho lulang mefuta e fetang 400 ea linonyana tse mebala e metle. Letša la Naivasha le lutse ka pel’a sebaka sa lifate tse tšehla tsa leoka le mokoloko oa lithaba tse pota-potileng sebaka seo, le khahla mahlo ka ho fetisisa.

Har’a matša a phula ena ho na le letša le leng le nang le metsi a hloekileng le boemong ba bobeli matšeng a maholo ka ho fetisisa lefatšeng, ke Letša la Victoria. Metsi a lona a tlōla meeli ea Kenya, Uganda le Tanzania, ’me ke o mong oa mehloli ea Nōka ea Nile. Ho elella ka boroa, metsi a Letša la Tanganyika a theohela botebong ba limithara tse 1440. Lena ke letša le boemong ba bobeli matšeng a tebileng ka ho fetisisa lefatšeng.

Liphoofolo Tsa Mefuta e Mengata e sa Tšoaneng

Phula e ka Bochabela Afrika e phelisa mefuta e mengata ea liphoofolo tse hlaha. Linare, lithuhlo, litšukulu le litlou ke tse ling tsa liphoofolo tse khōlō tse anyesang tse sollang ka bolokolohi masabasabeng ana a hlaha, a maholohali. Liqoaha, mefuta ea litšephe le limpshe li ka bonoa libakeng tse ommeng. Matsa a ratehang a tlōlela holimo ha a ntse a haola ka lebelo makhulong ana. Likatse tse maroboko tse kang lengau le cheetah li tsoma masabasabeng ana, ’me hangata ho puruma ha tau e khōlō ho utluoa lihoreng tsa bosiu. Korilla e sa tloaelehang ea thaba e phela qhooeng ea mekoloko ea lithaba tsa Virunga. Tlaase phuleng, lihlopha tsa litšoene li haola thota li iketlile, li tsoma likokoanyana, lipeō le liphepheng. Lintsu le manong tse matlahali li fofela holimo marung, li phukalalitse mapheo a tsona a maholo har’a mocheso kapa lebatama la moea o chesang. Linonyana tse mebala e metle tse bitsoang li-touraco, li-barbet, li-hornbill, le lipapakhaie, li lula tlaase moferong. Mekholutsoane ka libōpeho tsohle tsa eona, boholo le mebala, e chalametsa ka lebelo, joalokaha eka maoto a eona ha a hate fatše.

Bo-hloma-u-hlomole ba Phula Ena

Phula e ka Bochabela Afrika ke tulo ea merabe e mengata e phelang pakeng tsa lehoatata le makhulo ’me e iphelisa ka leruo la linku le ho hloma e hlomola. Ke likoakoariri, batho ba tsamaeang ba koabila ka ho namalatsa e leng ho khethollang litsamaea-naha tsa Maafrika. Libakeng tseo ho tsona pula e nang seoelo, hangata motsana oohle o tlama thoto ’me o fallele sebakeng se seng ho ea batlela mehlape ea oona makhulo a macha. Ba itšelela ka bolokolohi meeling e sa tšoauoang ea linaha, ha ba na liphasepoto kapa li-visa, ’me ba bonahala ba sa tloaela tsoelo-pele le litsela tse ling tsa bophelo ba ka ntle. Libakeng tsena tse ka thōko, bophelo bo tsamaea bo iketlile. Nako e lekanyetsoa ka ho chaba le ho likela ha letsatsi. Borui ba motho bo lekanyetsoa ka lenane la likamele, lipōli, likhomo kapa linku tseo a li ruileng kapa palo ea bana ba hae.

Matlo a hahiloe ka mokhoa o bonolo, empa e le ka tsela e bohlale. Makala a sefate aa kojoa ’me a tlangoa hammoho hore e be mohlongoa-fatše. Joale ka ntle a koaheloa ka joang bo lohiloeng, matlalo a liphoofolo, kapa mobu o kopantsoeng le bolokoe ba khomo. Hangata matlo a joalo a ba le leifo, lesaka la liphoofolo tse ruuoang lapeng le bethe eo e ka ’nang eaba e entsoe ka phate. Mollo o besoang ifo o tlatsa ntlo ka mosi, e leng ho thibelang lintsintsi le menoang ho kena. Hangata motsana kapa lelapa le tla aha mekhoro e entseng sakana-la-nkope ebe e pota-potoa ke lekhoakhoa le entsoeng ka meutloa e ke keng ea phunyelletsoa, e le ho sireletsa mehlape liphoofolong tse hlaha bosiu.

Ho pholletsa le sebaka sohle sa Phula e Khōlō ho fumanoa batho ba mefuta e fapaneng ba sa tšoaneng ka litšobotsi, lipuo le meetlo ho latela merabe ea bona le tulo eo ba leng ho eona. Litumelo tsa bolumeli le tsona li fapana haholo. Ba bang ba amohetse Boislamo; ba bang Bokreste-’mōtoana. Ba bangata ba na le litumela-khoela ’me ba sekamela ho hlaloseng ntho leha e le efe eo ba sa e utloisiseng e le e tlisoang ke matla a phahametseng a tlhaho. Lilemong tsa morao tjena libaka tse ngata tse thōko li ’nile tsa bulehela tšusumetso ea ka ntle e tlisoang ka mananeo a fanang ka thuto le tlhokomelo ea meriana.

Hase ho makatsang hore ebe Lipaki tsa Jehova le tsona li etsa boiteko ba ho fumana bo-hloma-u-hlomole bana ba likoakoariri. Lipaki li tšepa ho ba bolella ka tšepiso ea Bibele ea nako eo ka eona ho seng motho ea tla phela ka thata naheng e omeletseng. Bibele e re: “Naha e tšehla e tla thaba, le lona lefatše le omeletseng; mahalaopa a tla nyakalla, a mele lipalesa joalo ka leshoma.” (Esaia 35:1) Leha ho le joalo, Phula e Khōlō e lula e le bopaki ba boqapi ba lintho tse sa tšoaneng ba Moetsi oa lintho tsohle, Jehova Molimo.

[’Mapa o leqepheng la 14]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

ISRAEL

EGYPT

SAUDI ARABIA

Red Sea

YEMEN

ERITREA

Gulf of Aden

DJIBOUTI

ETHIOPIA

SUDAN

SOMALIA

KENYA

UGANDA

RWANDA

BURUNDI

ZAIRE

TANZANIA

ZAMBIA

MALAWI

MOZAMBIQUE

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Mountain High Maps® Copyright © 1995 Digital Wisdom, Inc.

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Thoteng ea Serengeti, ketsahalo e hapang mahlo ea etsahala—likhokong li fallela sebakeng se seng ka bongata

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Below: © Index Stock Photography and John Dominis, 1989

[Setšoantšo se leqepheng la 18, 19]

Li-“flamingo” li phutheha ka limilione, ho bōpa leoatle le phelang le lepinki

[Setšoantšo se leqepheng la 18, 19]

Lipaki tsa Jehova li arolelana molaetsa oa Bibele le batho ba phelang Phuleng ena

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela