Lihoba Tse Masiba a Mafubelu
KA MONGOLI OA TSOHA! KENYA
LERATA ke le thibang litsebe. Molumo o sa khaotseng oa thabo o hasana ho tšelela ka nģ’ane ho letša lena le ka thōko. Linonyana tse pinki tse likete li qaputsa metsing a matalana, a phatsimang. Holimo sebakeng ho na le tse fofang ka bokhabane bo tsotehang. Ha li ntse li potoloha le ho phethoha holim’a metsi ana, li opa mapheo a tsona a masesaane, a malelele, li hlahisa bofubelu ba oona bo loileng. Mohlape ona oa linonyana tse khabileng ka mebala-bala e khanyang, ke o hlollang! E ka ’na eaba ke tsona linonyana tse tsotehang ka ho fetisisa lefatšeng—li-flamingo tse pinki tsa Great Rift Valley ea Afrika.
Menoto e Metle e Melelele
Ho tloha mehleng ea khale flamingo e ’nile ea ananeloa ka lebaka la sebōpeho sa eona se ratehang le se tetemang. Setšoantšo se bontšitseng molala oa eona o molelele se betliloe lejoeng ’me se ka bonoa mengolong ea Baegepeta. Ponahalo ea nonyana ena e ne e le e sa tloaelehang le e khahlehang hoo Baegepeta ba neng ba e hlompha joaloka molimo Ra. Molala o mosesaane le o kobehileng oa flamingo, le menoto ea eona e metle li ne li tšoantšelitsoe mengolong ea khale ea mahaheng.
Kajeno mefuta e mene ea li-flamingo e ka fumanoa libakeng tsa Afrika, Amerika Boroa, Caribbean le Eurasia. Ho na le mofuta o monyenyane ka ho fetisisa oa li-flamingo. O na le mebala e metle, ka masiba a mapinki bo loileng, le menoto le maotoana a bofubelu bo khanyang. Mofuta o moholoanyane oa flamingo o boholo bo menang e nyenyane ka makhetlo a mabeli ’me e bolelele ba lisentimithara tse 140. Mefuta eohle ea li-flamingo e na le sebōpeho se tšoanang—molomo o kobehileng hanyenyane bohareng ’me o kobehela tlaase, e leng ho etsang hore e be ntho e bohehang hantle.
Ha e qala ho fofa, nonyana ena e opa mapheo a eona ka bokhabane ’me e matha holim’a metsi ka menotoana ea eona, e kha matla a hore e tle e tsebe ho fofela holimo. E thamotse molala oa eona o molelele ’me e raetse menoto ea eona morao, ka bokhabane e fofela sebakeng. Ho hakanngoa hore ho na le li-flamingo tse limilione tse ’nè Great Rift Valley ea Afrika.
Nonyana e Tetemang Tikolohong e Matsaranka
Boholo ba li-flamingo tse lulang Rift Valley lia atleha matšeng ana a ’maloa a nang le soda a ikhethang. Metsi ana a na le k’hemik’hale ea sodium carbonates e ngata haholo hoo ha motho aa thetsa e kang a oli ’me a choachoaselisa letlalo hanyenyane. Mocheso tikolohong ea matša ana a nang le soda Khohlong ena o ka phahamela likhatong tse 65 tsa Celsius. Monko o matla oa sebabole le oa metsi a letsoai o tsoa metsing a etsang libululoana a letša ’me o tlala moeeng o chesang. Motsoako oa alkaline le matsoai metsing ana o loile hoo o etsang likristale le ho etsa mahoholi a masoeu, a thata a iphaphathileng ka lebōpo.
Ke libōpuoa tse fokolang tse ka phelang metsing a joalo a lik’hemik’hale. Leha ho le joalo, libōpuoa tse ling tse nyenyane lia phela moo—mofuta oa bolele o monyenyane haholo. Letsatsi le chesang, la libakeng tsena tse mofuthu le futhumatsa metsi a nang le alkaline, le etse hore boemo e be bo loketseng bakeng sa hore bolele bo mele ka bongata. Bolele bo teteana hoo bo fetolang metsi a letša lena hore a be matala. Joaloka mahakoe a emeralde sefaheng se setle, mokoloko oa matša ana a soda o khabisa liphula le lithaba tse sabaletseng mona Great Rift Valley.
Ke ntho e tsotehang hore ebe sebōpuoa se tetemang joaloka flamingo se ka phela tikolohong e matsaranka le e hlaha joalo. Leha ho le joalo, mona flamingo ea atleha. Menotoana e melelele ea eona e khona ho mamella metsi a nang le lik’hemik’hale, ’me maotoana a eona a sephara a etsa hore e se ke ea teba seretseng se bonolo, se petepete. Flamingo ea mofuta o monyenyane e hlometse ka ho khethehileng bakeng sa ho phela tikolohong ena e thata. Molomo oa eona o na le sefe eo o khonang ho sefa metsi ha e inola likokoanyana tse nyenyane haholo tse ngata tse lisenthimithareng tse hlano ho ea ho tse supileng metsing. Ha e e-ja, flamingo e thulamisa molomo oa eona o shebe morao, e o kenya hanyenyane feela ka metsing. Leleme la flamingo le bōpehileng joaloka bistolo le hula metsi e be le a ntša le lisefeng, ebe e koenya likokoanyana tsena tse nyenyane.
Menyakoe Nakong ea Lefereho
Hoseng ha letsatsi le chabela metsi a matala a letša, ho ba joalokaha eka ho butsoe kharetene e khōlōhali. Khanya ea mesong e senola mohlape o moholo oa li-flamingo, tse phatsimang joaloka malakabe a mollo letšeng. Linonyana tsena li teteane haholo. Li thamotse melala, linonyana tse iketang li tsamaea ka lihlopha, li ntse li tebuka.
Ha lihlopha tsa linonyana tsena li ntse li fapana ka litsela, letsatsi le etsa hore masiba a bonojoana a tsona a hlahise mebala e fapaneng, e mefubelu le e mepinki. Linonyana tsena li tsamaea li tlōla-tlōla le ho qoqopela, li phukalatsa mapheo a tsona ho hlahisa bofubelu bo loileng ba masiba a tsona. Li ikhantša ka mebala ea tsona e phatsimang, li matha ka metsing ebe lia fofa, li boele li lule hape ’me li qale qalong. Li-flamingo li teteane hoo nonyana e le ’ngoe e ke keng ea fofa, empa e lokela ho ema ho fihlela tse ka mathōko li fofa. Li etsa molumo o pheta-phetoang oa thabo, o bakang lerata le thibang litsebe.
Ka tšohanyetso, ha ho se ho le lefifi, linonyana tsena lia khobokana ebe lia fofa. Li entse mela e melelele kapa e sebōpeho se kang sa V, li fofa lik’hilomithara tse makholo-kholo ho fihlela li fihla moo li eang—letšeng le leng la soda le li loketseng bakeng sa ho etsa sehlaha le ho hōlisa litsuonyana. Ho makatsang ke hore li-flamingo tsena li fallela hong le tse matšeng a mang a soda a lehlakoreng le leng la Rift Valley.
Li ne li le Mpe Empa li se li E-ba Ntle
Li-flamingo li khetha ho hahela matšeng a ka thōko a sa fihleloeng habonolo. Ke habohlokoa hore matša ana a be ka thōko kaha sehlopha sa linonyana tsena tse hahelang ha se batle ho khathatsoa ke letho. Haeba ho e-ba le ntho e li tšoenyang, linonyana tsena li ka ngala mahe a tsona ’me eaba li etse ruri.
Sehlopha sa linonyana tsena tse hahelang li tšoareha haholo ke mosebetsi. Li thabile haholo, linonyana tsena li qala ho hahela. Li koba melala ea tsona e melelele, li kha seretse, makaka a linonyana le ho nka masiba a seng makae e le hore li hahe totoma e chitja e bophahamo ba lisenthimithara tse 40. Holimo e ba le sekhetše se senyenyane e le hore e tsebe ho khakeletsa lehe le le leng, le se ke la ba metsing a sa tebang a nang le alkaline. Ka potlako ho qhotsoa litsuonyana tse makholo a likete. Bo-’malitsuonyana ba tsoa ba kena ka bongata moo lihlaha li leng hona teng, ba tšoarehile ka mosebetsi o boima oa ho fepa le ho hlokomela litsuonyana tse lapileng.
Joale ha litsuonyana li se li hōlile hoo li tsebang ho tsamaea, bo-’m’a tsona baa li siea ’me ba fofela ka ’nģ’ane ho letša, moo bolele bo botalana bo nonneng bo bileng bo leng bongata. Ha li le mona moo litsuonyana li sa li khathatseng, li tla khona ho iphepa le ho imatlafatsa. Litsuonyana tse ngata tse setseng li bokelloa hammoho ho hlokomeloa ke linonyana tse ’maloa tse khōlō tse setseng. Li le tlas’a tlhokomelo e seli ea tsena tse khōlō, litsuonyana tsena tse lerata li tataisoa sebakeng se bataletseng se letsoai ho fihlela li kopana hape le bo-’m’a tsona. Ho makatsang ke hore morusung ona oohle, bo-’m’a litsuonyana ba khona ho khetholla tseo e leng tsa tsona le ho tsoela pele ho li hlokomela.
Litsuonyana tsena li mpe hape ha li tšoane ho hang le bo-’m’a tsona ba batle. Menotoana ea tsona le melala e mekhutšoanyane, melomo ea tsona e otlolohile ’me masiba a tsona a masoeu feela. Ka mor’a nakoana menotoana ea tsona ea lelefala, melala e qala ho ba melelele le ho kobeha, ’me melomo e qala ho kobeha, e ba le sebōpeho se lekhutla se ikhethang ho li-flamingo feela. Ho tla nka lilemo tse peli kapa tse tharo pele tsuonyana ena e sa boheheng e fetoha ho ba flamingo e ntle e masiba a mafubelu. Joale e tla iphumanela ’mate oa eona ’me e kopane le mohlape o moholo oa li-flamingo tse pinki tse khabisang matša a soda a Rift Valley ka botle bo hlollang.
Ho khahleha le botle ba li-flamingo ke mohlala o hlollang oa pōpo e bohlale. Hoa thabisa ho shebella libōpuoa tsena tse ratehang tse hlaha le ho utloa molumo oa tsona. Empa ho feta moo, li matlafatsa kananelo ea rōna le lerato la rōna ho ’Mōpi oa tsona ea babatsehang, Jehova Molimo.
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Mofuta o moholo oa li-“flamingo”
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Mofuta o monyenyane oa li-“flamingo”
[Litšoantšo tse leqepheng la 26]
Litsuonyana ho hang ha li tšoane le bo-’m’a tsona ba batle