Ho Fepa le ho Hlokomela Malinyane Liphoofolong
Ka mongoli oa Tsoha! Spain
BATSOALI hangata ba tela lilemo tse mashome a mabeli bakeng sa ho hōlisa bana. Empa liphoofolo tsona li tlameha ho ba le lenaneo le feletseng la ho fepa le ho koetlisa malinyane a tsona nakong ea likhoeli tse ’maloa feela tsa lehlabula. Mehlala e seng mekae e tla re bontša mosebetsi o boima oo liphoofolo tse ling tse nang le malinyane li tobanang le oona selemo se seng le se seng.
1. Mokotatsie Mokotatsie oo re o bonang setšoantšong ha o na nako ea ho phomola hlabula. Kaha o na le litsuonyana tse seng li hōla-hōlile, o tlameha ho nka maeto a mangata ho ea letšeng ho ea batla linqanqane, litlhapi tse nyenyane, mekholutsoane kapa marutle, ha ka lehlakoreng le leng o tlameha ho lokisa sehlaha nako le nako. Batsoali ka bobeli ba lula ba le tseleng letsatsi lohle. Litsuonyana li ja lijo tse ngata haholo. Nahana feela, libekeng tse ’maloa tsa pele, li ka ja lijo tse etsang halofo ea boima ba ’mele ea tsona letsatsi le leng le le leng! Esita leha e se e ithutile ho fofa, mekotatsie e menyenyane e tsoela pele ho itšetleha ka batsoali ba eona libeke tse ling hape tse ’maloa.
2. Cheetah Li-cheetah ke liphoofolo tsa motsoali a le mong kamehla, ’me e tšehali ke eona e hlokomelang malinyane. E lokela ho fumana phofu hoo e ka bang letsatsi le leng le le leng e le hore e iphepe ka ho lekaneng hore e antše malinyane—ao hangata a bang mararo ho ea ho a mahlano. Sena ka bosona ha se bonolo kaha hangata ho tsoa letšolo ha ho atlehe. Ho feta moo, matsatsing a mang le a mang a seng makae e lokela ho fallisa lelapa ho le isa selaong se secha kaha litau li lula li batla malinyane ao li ka a hlaselang habonolo. Hang ha malinyane a e-ba le likhoeli tse supileng, e qala ho a koetlisetsa ho tsoma, e leng mohato o qetang nako e telele o ka nkang selemo kapa ho feta. Ka tloaelo malinyane a lula le ’m’a ’ona selemo ho isa selemong le halofo.
3. Lefuli Mafuli le litsuonyana tsa ’ona a lula a le hammoho. Hang ha litsuonyana li qhotsoa, li tlohela sehlaha sa tsona se phaphametseng holim’a metsi ’me li iketla mekokotlong ea batsoali. Litsuonyana li hloella mokokotlong oa motsoali, pakeng tsa mapheo le masiba a setonong. Ke moo litsuonyana li fumanang mofuthu le tšireletso teng ha ’mè kapa ntate a ntse a sesa. Batsoali ba chenchana ka ho qoela ho ea batla lijo le ho pepa litsuonyana. Le hoja litsuonyana li ithuta ho qoela ka potlako le ho ipatlela lijo, kamano eo li nang le eona le batsoali e tsoela pele nako e telele.
4. Thuhlo Ke seoelo lithuhlo li bang le lipetsana tse fetang e le ’ngoe ka nako, ’me ha ho thata ho utloisisa hore na ke hobane’ng. Thuhlo e qetang ho hlaha, e kang eo re e bonang setšoantšong, e ka ’na ea e-ba boima ba lik’hilograma tse 60 ’me e ka ba bolelele ba limithara tse peli! Hora ka mor’a hore e hlahe, thuhlo e nyenyane e tseba ho ema ’me ka potlako e qala ho anya lebese la ’m’a eona. E tla anya likhoeli tse robong, le hoja e qala ho fula nako e seng kae ka mor’a hore e hlahe. Ha petsana e le kotsing, e ema lipakeng tsa maoto a ’m’a eona, kaha ho raha ha eona ho matla ke tšireletso e ntle libataneng tse ngata.
5. Seinoli Liinoli li tlameha ho tseba mosebetsi oa tsona le ho khetha hantle ha li tšoasa litlhapi bakeng sa litsuonyana. Litsebi tsa linonyana li sibolotse hore batsoali ka bobeli ba fepa litsuonyana tse sa tsoa qhotsoa litlhapi tse nyenyane hoo li sa fihleng le lisenthimithareng tse peli. Motsoali o nka tlhapi ena ka hloko ka molomo oa hae a shebisitse hlooho ea eona ka ntle. Sena se etsa hore ho be bonolo hore litsuonyana tse lapileng li lochetse tlhapi li qala ka hloohong. Ha litsuonyana li ntse li hōla, batsoali ba li tlisetsa litlhapi tse khōloanyane. Batsoali ba boetse ba eketsa makhetlo ao ba li fepang ka ’ona. Pele, tsuonyana e ’ngoe le e ’ngoe e feptjoa hoo e ka bang metsotso e meng le e meng e 45. Empa ha litsuonyana li se li le matsatsi a ka bang 18, li ja haholo ’me li feptjoa tlhapi metsotso e meng le e meng e 15! Nonyana e nyenyane e setšoantšong e se e tsoile ka sehlaheng ’me e se e le haufi le ho itšoasetsa litlhapi ka boeona. Nakong ena, u ka nahana hore batsoali ba tla thabela ho phomola mosebetsing oa ho e hlokomela. Empa eseng liinoli! Ka tloaelo li boetse li qalella mosebetsi oo hape ka litsuonyana tse ling hona lehlabuleng leo.
Ke ’nete hore ho ntse ho sa tsejoe boitsebiso bo bongata ka litsela tseo liphoofolo tse fapaneng li hlokomelang malinyane a tsona ka eona. Leha ho le joalo, ha litsebi tsa lintho tsa tlhaho li ntse li sibolla lintho tse ling, ho hlaka le ho feta hore boikarabelo ba botsoali bo matla liphoofolong. Haeba Molimo o file pōpo ea hae ea liphoofolo boikarabelo bo joalo, ho hlakile hore o lakatsa hore batho ba fepe le ho hlokomela bana ba bona ka tsela e ba loketseng.