Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 2/10 maq. 16-17
  • Seinoli se Mebala-bala

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Seinoli se Mebala-bala
  • Tsoha!—2010
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lefereho le ho Hahela
  • Ho Tloha Ireland ho ea Lihlekehlekeng Tsa Solomon
  • Molomo oa Seinoli
    Tsoha!—2010
  • Ho Fepa le ho Hlokomela Malinyane Liphoofolong
    Tsoha!—2005
  • Lethathamo la Tse ka Hare
    Tsoha!—2010
  • ‘Talimang Linonyana ka Hloko’
    Tsoha!—2014
Bala Tse Ling
Tsoha!—2010
g 2/10 maq. 16-17

Seinoli se Mebala-bala

NONYANA e boputsoa bo khanyang e ikakhela ka metsing a nōka ebile e tsoa ka potlako, e uputsa mapheo moeeng, e momme tlhapi. Hangata sena ke seo batho ba se bonang ha ba qala ho bona seinoli, e leng nonyana e mebala-bala e nang le hlooho le molomo o moholo. Le hoja ka Senyesemane li bitsoa li-kingfisher, hase liinoli tsohle tse jang litlhapi. Tse ling li rata mekholutsoane, linoha, makhala esita le likokoanyana—hangata li tšoara likokonyana li ntse li fofa. Ho feta moo, ke hoo e ka bang seinoli se le seng lefatšeng ho tse tharo tse phelang haufi le metsi. Tse ling li lula merung e teteaneng e lulang e le metalana, ha tse ling li lula lihlekehlekeng tse nang le likorale ’me tse ling li lula mahoatateng. Seinoli se seng se phelang lehoatateng la Australia ke se sefubelu ka mokokotlong.

Liinoli tse jang litlhapi li li tšoasa ka tsela e hlollang. Ka tloaelo, nonyana eo e lula tsullung e shebeletse ka mamello. Ha e bona tlhapi, e itokisetsa ho ikakhela ka metsing, ’me ka bohlale ba eona ba tlhaho e lekanyetsa sebaka seo tlhapi e leng ho sona ho latela khanya ea letsatsi. Joale e theohela metsing e uputsa mapheo e le ho eketsa lebelo. Haeba tlhapi e le ho elella ka holim’a metsi, nonyana eo e ka ’na ea e hloibila feela. Ho seng joalo, e phutha mapheo ebe e ikakhela ka metsing ka sekhahla. Buka ea The Life of Birds e re: “E etsa tseo tsohle ka boqhetseke bo tšabehang, e sa qeaqee kapa hona ho etsa phoso.” Liinoli li bile li khona ho tšoasa litlhapi tse ’maloa ka nako e le ’ngoe! Libakeng tse batang, tse ling li ’nile tsa bonoa li phunya leqhoa le sa tieang haholo hore li tšoase phofu. Australia, seinoli sa azure se ’nile sa bonoa se phamola liphoofotsoana tsa metsing tse neng li tšositsoe ke li-platypuse tse batlang lijo ka tlas’a metsi, nōkeng.

Lefereho le ho Hahela

Mekhoa ea lefereho ea liinoli e thahasellisa haholo. Mefuteng e meng, liinoli tse peli li lelekisana moeeng, ka mor’a moo se setona se bontša bokhoni ba sona ba ho fata sehlaha. Mekhoa eo ea lefereho e ka ’na ea boela ea akarelletsa ho fepa se seng—se setona se bontša bokhoni ba sona ka hore se fe se setšehali lijo tse monate.

Liinoli ha li hahe lihlaha tse tloaelehileng. Tse ling li hahela qetellong ea mekoti eo li ka ’nang tsa e fata lebōpong, lengopeng kapa sebakeng se nang le lehlohlojane. Tse ling li hahela mekoting ea ’mutla kapa ea lifate.

E le hore se hahele, seinoli se ka ’na sa fata mokoti o ka bang bolelele ba mithara. Empa ho ka ’na ha e-ba thata hore se qale ho o fata. Tse ’maloa li sebetsana le bothata bona ka hore li fofele ka ho toba lebōpong ’me li le thule ka molomo—e leng ntho e kotsi e ka etsang hore li ilibane kapa li shoe! Merung e lulang e le metalana ea New Guinea le karolong e ka leboea ho Australia, liinoli tse bitsoang li-paradise li atisa ho fata mekoti liolong. Ho bonahala bohloa bo sa tšoenngoe ke seo, kaha bo lokisa tšenyo e bileng teng hang ha linonyana tseo li tloha ka mor’a hore li qhotse.

Liinoli li boetse li sebetsa ka thata hore li hlokomele malinyane a tsona. Moshebelli e mong oa Afrika o ile a bona liinoli tse peli li tlisetsa malinyane a tsona a mahlano litlhapi tse ka bang 60 ho ea ho 70 ka letsatsi, ntle le tseo tsona li li jang. Ka nako e ’ngoe, se setona se ile sa atleha ho hōlisa malinyane le hoja ’m’a ’ona a ne a shoele matsatsi a mane pele a qhotsoa. Mefuteng e meng, liinoli li thusana ho fuama mahe hamorao li hlokomele le malinyane.

Ho Tloha Ireland ho ea Lihlekehlekeng Tsa Solomon

Liinoli tse tloaelehileng li fumaneha sebakeng se seholo, ho tloha Ireland ka leboea-bophirimela ho haola le Europe le Russia ho ea fihla Lihlekehlekeng tsa Solomon tse ka boroa-bochabela. Kaha sebaka seo li lulang ho sona se akarelletsa libaka tse batang haholo mariha, ke o mong oa mefuta e seng mekae ea linonyana tse fallang, e meng e fofa lik’hilomithara tse ka bang 3 000. Liinoli tse ngata tse tloaelehileng, hammoho le tse mebala-bala le tse tšoeu molaleng, li fumaneha Leoatleng la Galilea le Iseraele le haufi le Nōka ea Jordane. E ka ’na eaba Jesu Kreste o ile a hlokomela linonyana tsena tse ntle le tsela eo li phelang ka eona.—Sheba lebokose le reng, “Talimang Linonyana Tsa Leholimo ka Hloko.”

Seinoli se tsebahalang ka ho khetheha ke kookaburra ea Australia e llang ka tsela e ikhethang. Nonyana ena e sootho e bolelele ba lisenthimithara tse ka bang 43, e nang le molomo o thata o bolelele ba lisenthimithara tse robeli, e atisa ho bonoa lirapeng, Australia. Kookaburra e tsejoang ka sello sa eona se sebe, ke setsomi se sebete, se jang le linoha tse ka bang bolelele ba mithara!a

Le hoja liinoli li se na lira tse ngata tsa tlhaho, palo ea tsona ea fokotseha ha linōka li silafatsoa kapa meru eo li lulang ho eona e senngoa. Ha e le hantle, mefuta e ka bang 25 ea liinoli e thathamisitsoe har’a e batlang e le kotsing le e kotsing e khōlō ea ho fela. Ho na le tšepo ea hore boiteko ba ho li baballa bo tla thusa ho sireletsa linonyana tsena tse ntle tse atisang ho thabisa batho.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Kookaburra e mapheo a maputsoa, e fumanehang karolong e ka leboea ea Australia, eona ha e lle joalo.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 17]

“TALIMANG LINONYANA TSA LEHOLIMO KA HLOKO”

Jesu Kreste o ne a sheba lintho tsa tlhaho ka hloko ’me hangata a sebelisa lintho tseo ho etsa lipapiso tse nahannoeng hantle, tse rutang batho mekhoa e metle le linnete tsa moea. Ka mohlala, Jesu o ile a re: “Talimang linonyana tsa leholimo ka hloko, hobane ha li jale peō leha e le ho kotula kapa ho bokellela matlong a polokelo; ho ntse ho le joalo Ntat’a lōna oa leholimo oa li fepa. Na ha le ba bohlokoa ho li feta?” (Matheu 6:26) Eo ke thuto e amang maikutlo hakaakang e bontšang hore Molimo o rata batho bao a ba bōpileng!

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela