Ke Tlohetse ho ba Ofisiri ea Manazi ke Sebeletsa Molimo oa ’Nete
Joalokaha ho boletse Gottlieb Bernhardt
Ke ne ke le ofisiri sesoleng sa Jeremane sa Ma-SS, ao neng e le balebeli ba ka sehloohong ba Hitler, Qhobosheaneng ea Wewelsburg. Ka April 1945, ke ile ka laeloa hore ke bolaee batšoaruoa ba neng ba le kampong ea mahloriso e neng e le haufi le moo. Batšoaruoa bao e ne e le Lipaki Tsa Jehova. Ma-SS a ne a lokela ho mamela ba boholong ka hlooho e ntšo feela. Sena se ile sa ntlama hore ke khethe pakeng tsa ho mamela litaelo le ho etsa se nepahetseng. E-re ke hlalose lebaka la seo.
KE HLAHETSE motsaneng o haufi le Nōka ea Rhine, Jeremane, ka 1922. Le hoja bolumeli bo ka sehloohong moo e ne e le ba Roma e K’hatholike, lelapa leso le ne le kena kereke ea Maprostanta a mang a Jeremane, e leng mokhatlo oa bolumeli o qalileng lekholong la bo17 la lilemo. Ka 1933, ha ke le lilemo li 11, Hitler o ile a qala ho busa Jeremane. Kaha ke ne ke ipabola sekolong le lipapaling, lilemo tse ’maloa hamorao ke ile ka khetheloa ho ea sekolong sa thuto e phahameng se pel’a Marienburg, eo hona joale e leng Malbork, Poland. Ha ke le moo, lik’hilomithara tse makholo hōle le hae, ke ile ka foqoa lithuto tsa Bonazi. Liithuti li ne li rutoa lintho tse kang ho ba le tlhompho, ho ba mafolofolo, ho tšepahala, ho phetha litaelo, ho ikutloa li tlamehile ho etsa lintho tse itseng le ho nkela setso sa habo rōna sa Sejeremane holimo.
Ke Loana Ntoeng ea II ea Lefatše ke le Le-SS
Ha ntoa ea bobeli ea lefatše e qhoma ka 1939, ke ile ka kena lebothong le phahameng la Leibstandarte la masole a Adolf Hitler a Ma-SS, a neng a laoloa ke Hitler ka ho toba. Masole ao a ne a lebela ba boholong ’musong, ’me a sebelisetsoa merero e khethehileng ea sesole. Ke ile ka bona lintoa tse neng li loanoa Belgium, Fora, Netherlands, Romania, Bulgaria le Greece. Ha ke ntse ke le Bulgaria, ke ile ka ea tšebeletsong ea kereke e neng e tšoeroe ke moruti oa sesole. Ke ile ka ipotsa: ‘Na ebe le ba lireng ba tšoara litšebeletso tse tšoanang?’ Ke ile ka boela ka ipotsa: ‘Na Molimo o hlohonolofatsa ntoa? Na o nka lehlakore?’
Ha nako e ntse e ea, ke ile ka khetheloa ho ea sekolong sa Junkerschule, se neng se reretsoe ho koetlisa bahlankana bao e tla ba liofisiri sesoleng. Ka mor’a moo, ke ile ka kenngoa lebothong le lebelang ntlo-khōlō ea ’muso oa Jeremane e Berlin, moo ka le leng ke ileng ka utloa Hitler a tjolietsa ralipolotiki e mong ea phahameng. Ke ile ka re ka pelong: ‘Bona ke boitšoaro bo tlotlollang.’ Empa ke ne nke ke ka buela taba eo holimo!
Ha ke le Berlin ke ile ka kopana le Inge, eo le eena a neng a sebetsa ntlo-khōlō. Ha re le mothating oa ho nyalana, lebotho la rōna le ile la isoa ntoeng Russia ka lehlaphahlapha ka sefofane—le se na liaparo tse loketseng tsa mariha! Ketsahalo eo e ile ea tena masole ’ohle, kaha thempereichara mariheng a 1941/1942 e ile ea theohela ho likhato tse 30 tsa Celsius ka tlas’a ntlha-khoamo. Ha ke le moo, ke ile ka fuoa khau ea bobeli ea Sefapano sa Tšepe. Hamorao, ka mor’a hore ke tsoe likotsi tse mpe ke ile ka khutlisetsoa Jeremane ka sefofane. ’Na le Inge re ile ra nyalana ka 1943.
Ka mor’a moo ke ile ka romeloa ntlo-khōlō ea Hitler e Obersalzberg, lithabeng tsa Bavaria. Heinrich Himmler, eo e neng e le mookameli oa Ma-SS le eena o ne a le teng moo, ’me o ile a lokisetsa hore Felix Kersten, ea neng a mo silila ebile e le ngaka ea hae a nkoke. Hamorao ke ile ka utloa hore Kersten o na le mohaho o moholo o bitsoang Hartzwalde, haufi le Berlin. Ho elella qetellong ea ntoa, o ile a kōpa Himmler hore a lumelle Lipaki Tsa Jehova tse neng li le kampong ea mahloriso e haufi hore li sebetse mohahong oa hae. Himmler o ile a lumela ’me Kersten o ile a tšoara Lipaki tseo ka tlhompho. Paki e ’ngoe e neng e sebeletsa Kersten, Sweden, e ne e lula e kenyetsa Lipaki tsa Jeremane Molula-Qhooa ka sutuk’heiseng ea Kersten.a
Ke Kopana le Lipaki Tsa Jehova
Ho elella qetellong ea 1944, Himmler o ile a nkabela hore ke be mothusi oa molaoli oa Ma-SS, ea neng a okametse Qhobosheaneng ea Wewelsburg, e hahiloeng lilemong tse 400 tse fetileng, haufi le motse oa Paderborn. Himmler o ne a rerile ho etsa Wewelsburg setsi sa lithuto tsa Ma-SS. Haufi le qhobosheane eo ho ne ho e-na le kampo e nyenyane ea mahloriso e bitsoang Niederhagen, e neng e koaletse batšoaruoa ba khethehileng—e leng Lipaki Tsa Jehova, tseo hape li neng li bitsoa Liithuti Tsa Bibele.
Motšoaruoa e mong ea bitsoang Ernst Specht o ne a nketela ka makhetlo a ’maloa a tl’o nkoka. O ne a ee a re: “Lumela Mohlomphehi.”
Ke ile ka mo botsa: “Ke hobane’ng ha u sa re ‘Heil Hitler!’?”
O ile a nkaraba ka masene, a re: “Na u hōletse lelapeng la Bakreste?”
Ka re: “E, ke hōletse lelapeng la Maprostanta a Jeremane.”
O ile a tsoela pele a re: “Joale, u tla hopola hore Bibele e tšepisa hore poloko (heil) e tla tla ka motho a le mong feela, e leng Jesu Kreste. Ke ka lebaka leo nke keng ka re, ‘Heil Hitler!’”
Ke ile ka mo botsa ke maketse ke bile ke hloletsoe, ka re, “Hantle-ntle u batla’ng moo?”
O ile a re: “Ke Seithuti sa Bibele.”
Lintho tseo ke ileng ka buisana ka tsona le Ernst le Paki e ’ngoe e bitsoang Erich Nikolaizig, e neng e kuta batho moriri, li ile tsa nkama ka ho teba pelong. Empa re ne re sa lokela ho buisana ka lintho tseo ’me mookameli oa ka o ile a ntaela hore ke khaotse ho buisana le bona. Leha ho le joalo, ke ne ke nka hore haeba batho bohle Jeremane—eo ho thoeng ke naha ea Bokreste ’me baahi ba eona ba limilione ba kena kereke—ba ne ba itšoere joaloka Lipaki, ho ne ho sa tl’o ba le ntoa. Ke ile ka re ka pelong: ‘Li lokela ho hlomphuoa, eseng ho hlorisoa.’
Hona nakong eo, mosali e mong ea tsielehileng oa mohlolohali o ile a founa a kōpa koloi eo a ka tsamaisang mora oa hae ka eona, eo ho neng ho hlokahala hore a tlosoe lelana ka potlako. Ke ile ka laela hang-hang hore ho ntšoe koloi, empa mookameli oa ka a hana. Hobane’ng? Monna oa mosali eo o ne a bolailoe e le setho sa sehlopha se ileng sa leka ho bolaea Hitler ka July 1944. Moshanyana eo o ile a shoa ’me ho ne ho se letho leo nka le etsang ka seo. Ketsahalo eo e ntse e ntšoenya le kajeno.
Le hoja ke ne ke sa tsoa feta lilemo tse 20, ke ile ka qala ho bona lintho joalokaha li hlile li etsahala bophelong—eseng ho latela mashano a neng a rutoa ke Manazi. Ka nako e tšoanang ke ile ka qala ho ananela Lipaki Tsa Jehova le seo li se rutang. ’Me seo se ile sa etsa hore ke etse qeto ka potlako.
Ka April 1945, mabotho a Selekane a ne a ntse a atamela ’me mookameli oa ka o ile a balehela Wewelsburg. Eaba ho fihla masole a rometsoeng ke Himmler, a laetsoe hore a senye qhobosheane le ho bolaea batšoaruoa. Mookameli oa kampo e haufi ea mahloriso o ile a mpha lethathamo la batšoaruoa ba lokelang ho bolaoa, ’me kaofela e ne e le Lipaki. Hobane’ng? Ho ne ho thoe li tseba mehaho eo ho patiloeng litšoantšo tsa bonono ho eona, tse hapiloeng ke Puso ea Bonazi. Sephiri seo se ne se sa lokela ho tsejoa! Joale ke ne ke lokela ho etsa joang ha ke laeloa hore ke li bolaee?
Ke ile ka ea ho mookameli oa kampo ’me ka re: “Masole a Maamerika aa tla. Na ha u nahane hore uena le masole a hao le lokela ho tloha moo?” O ile a lumela ho tsamaea! Joale ke ile ka etsa ntho eo ofisiri ea le-SS e sa lokelang ho e etsa—ka hana ho mamela taelo ’me Lipaki tsa phela.
Ke Tlotla ho ba Mor’abo Bona
Ka mor’a hore ntoa e lale ’na le Inge re ile ra ikopanya le Lipaki Tsa Jehova ’me ra qala ho ithuta Bibele ka tieo. Re ile ra thusoa ke mosali e mong oa Paki ea bitsoang Auguste hammoho le Lipaki tse ling. Bophelo bo ile ba re thatafalla ka lebaka la likotsi tseo ke bileng le tsona ha ke le ntoeng le mathata a mang a bileng teng ka mor’a ntoa. Leha ho le joalo, ’na le mosali oa ka re ile ra inehela ho Jehova ’me ra kolobetsoa—’na ka 1948, ’me Inge ka 1949.
Lilemong tsa bo-1950, Lipaki tse ’maloa tse neng li le Wewelsburg nakong ea ntoa li ile tsa boela tsa kopana hammoho moo. Li ne li akarelletsa Ernst Specht, Erich Nikolaizig le motšoaruoa e mong ea tšepahalang ea bitsoang Max Hollweg. Ke tlotla e khōlō ho bitsoa mor’abo banna bana ba Molimo ba sebete, kaha ba ile ba ipeha kotsing e le hore ba mpakele. Ho ne ho boetse ho le teng Martha Niemann, eo e neng e le mongoli, Wewelsburg. Le eena o ile a khahloa ka ho teba ke boitšoaro ba Lipaki ’me ea e-ba mohlanka ea inehetseng oa Jehova.
Ha ke nahana ka lintho tse etsahetseng ho theosa le lilemo, ke bona bopaki bo bongata ba hore “lefatše lohle le rapaletse matleng a [Satane Diabolose]”—e leng ntho eo ke neng ke sa e utloisise ha ke sa le mohlankana ea se nang tsebo, ea latelang likhopolo tse sa utloahaleng. (1 Johanne 5:19) Ke boetse ke bona ka ho hlaka phapang pakeng tsa ho sebeletsa puso ea bohatelli, joaloka ea Hitler le ho sebeletsa Jehova. Mebuso ea bohatelli e batla hore batho ba latele litaelo ka hlooho e ntšo feela, athe Jehova eena o batla hore re mo sebeletse hobane re mo rata ’me re e-na le tsebo e nepahetseng ka eena le ka merero ea hae e senotsoeng ka Bibeleng. (Luka 10:27; Johanne 17:3) Ka sebele, ke ikemiselitse ho sebeletsa Jehova bophelo bohle ba ka.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Sheba Molula-Qhooa oa January 1, 1973, leqepheng la 22.
[Setšoantšo se leqepheng la 19]
Foto ea rōna ea lenyalo, ka February 1943
[Setšoantšo se leqepheng la 19]
Qhobosheane ea Wewelsburg e ne e lokela ho ba setsi sa lithuto tsa Ma-SS
[Setšoantšo se leqepheng la 20]
’Na le mosali oa ka, Inge, kajeno