Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g89 4/8 maq. 12-16
  • Polao e Sehlōhō—Bahlaseluoa Kapa Bashoela-tumelo?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Polao e Sehlōhō—Bahlaseluoa Kapa Bashoela-tumelo?
  • Tsoha!—1989
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mefuta e Meraro ea Bahlaseluoa
  • “Mokha o Monyane”—Tšoso ho Manazi
  • Ntoa ea II ea Lefatše le ho se Nke Lehlakore
  • Ke’ng se ba Bolokileng?
  • Liketso Tse Khopo Tsa Bonazi Lia Pepesoa
    Tsoha!—1995
  • Batšepehi ba Sebete ba Hlōla Mahloriso a Manazi
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Polao e Sehlōhō—E, e Hlile ea Etsahala!
    Tsoha!—1989
  • Polao e Sehlōhō—Bahlaseluoa ba Lebetsoeng
    Tsoha!—1989
Bala Tse Ling
Tsoha!—1989
g89 4/8 maq. 12-16

Polao e Sehlōhō—Bahlaseluoa Kapa Bashoela-tumelo?

KE HOBANE’NG ha ho etsoa phapang mahareng a bahlaseluoa le bashoela-tumelo? Hobane bohle ba shoeleng ka baka la polao e sehlōhō e bile bahlaseluoa, empa ke sehlotšoana se fokolang feela seo ka sebele e neng e le bashoela-tumelo ka kutloisiso ea sebele ea lentsoe leo. Phapang ke efe?

Mohlaseluoa ke “motho ea bolaoang kapa ea tlas’a tlhokofatso kapa ea hlokofatsoang ke motho e mong.” Hangata bahlaseluoa ha ba na khetho.

Moshela-tumelo ke “motho ea khethang ho shoa ho e-na le hore a latole melao-motheo ea bolumeli” kapa “motho ea etsang sehlabelo ka ho hong ha bohlokoa ho eena e le ho ntšetsa pele tumelo, sepheo se itseng, kapa molao-motheo.” (The American Heritage Dictionary of the English Language) Ka hona, hangata mohlaseluoa ke ea sa ithaopeng, ha moshoela-tumelo eena e le ea ithaopang.

Mefuta e Meraro ea Bahlaseluoa

Sebokeng sa bao e neng e se bahlaseluoa ba Bajode matsohong a Manazi, Ngaka Gordon Zahn, oa Univesithi ea Massachusetts, o hlalositse bahlaseluoa matsohong a Manazi ka lihlooho tse tharo: (1) ba bolailoeng ka baka la seo ba neng ba le sona—Bajode, Maslav, Magypsy; (2) ba bolailoeng ka baka la seo ba se entseng—basodoma, bahanyetsi ba lipolotiki, le lingangele; (3) ba bolailoeng ka baka la seo ba latotseng ho se etsa—ba hanyetsang ka lebaka la metheo ea bolumeli, Lipaki tsa Jehova, le ba bang.

Bajode ba limillione ba ile ba hlokofatsoa le ho shoa ka hobane feela e ne e le Bajode ka kutloisiso ea morabe. Ho balateli ba Hitler ho ne ho sa etse taba hore motho ke mo-Orthodox kapa ke Mojode ea latolang boteng ba Molimo. Ba ile ba ahloleloa “tharollo ea ho qetela,” kapa lefu, ke kamoo mokhoa oa Hitler oa ho felisa Bajode bohle Europe o neng o bitsoa kateng. Ka ho tšoanang, Maslav, lipolaong tsa Hitler e neng e le Mapolish, Marussia, le Maukraine, a ile a ahloleloa lefu kahobane feela e le Maslav, ‘moloko o khelloang tlaase’ ha o bapisoa le “moloko o phahameng” oa Maaryan.

Empa taba ea Lipaki tsa Jehova Europe e ne e fapane. Ba ne ba tsoa lichabeng tse ngata empa ba ne ba utloisisoa ka phoso e le tšoso Pusong ea Manazi ea Jeremane ka lebaka la boemo ba bona ba Bokreste ba ho se jele pate le ho hana ho kenyelletsoa lintoeng tsa sechaba leha e le sefe. Hitler o ile a li bitsa ka hore ke ‘mokha o lokelang ho felisoa.’ “Mokha” oo o ne o le moholo hakae hona na o ile oa felisoa?

“Mokha o Monyane”—Tšoso ho Manazi

Sebokeng se boletsoeng ka holimo, Ngaka Christine King o fane ka lintlha tse itseng ka Lipaki Jeremane ea Bonazi. Oa tlaleha: ‘Hore mokha ona o monyenyane, oa batho ba ka bang 20 000 har’a baahi ba limillione tse 65, bao har’a bona ba limillione tse 20 e le Mak’hatholike a Roma le ba limillione tse 40 e le Maprotestanta, o ile oa hapa tlhokomelo ea ba baokameli ke ho makatsang. Ha u nahana ka likamano tsa bona tse matla le Amerika, taba-tabelo ea bona ea machaba, le tšehetso ea bona ea bokomonisi le Bozione kapele-pele ho ile ha hlaka hore ba ne ba ke ke ba mamelloa.’ Ha e le hantle, Lipaki tsa Jehova e ne e se Makomonisi kapa batšehetsi ba mokhatlo oa Bozione empa ba ne ba sa nke lehlakore litabeng tsa lipolotiki kapa tsa morabe. Leha ho le joalo, Manazi a ne a sa utloisise sena.

Letšolo la Manazi khahlanong le Lipaki le qalile ka 1933 ha Hitler a qala puso ea hae. Ka 1934, ka mor’a hore a amohele melaetsa e potlakileng ea boipelaetso mabapi le Lipaki ho potoloha lefatše, Hitler o ile a phasoloha ka bohale ’me a hoeletsa: “Mokha ona o tla felisoa mona Jeremane!” Ho hlorisoa ha Lipaki ho ile ha eketseha.

Bukeng ea bona Anatomy of the SS State, Helmut Krausnick le Martin Broszat ba ngotse: “Sehlopha se seng hape sa batšoaruoa seo ka mor’a 1935 se ileng sa fetoha se seholo sa batho ba neng ba le kampong tsa mahloriso e ne e e le litho tsa Internationale Vereinigung der Ernsten Bibelforscher [Lipaki tsa Jehova]. Mokhatlo ona o ile oa thibeloa Pusong ea Jeremane ka 1933 ’me ho etsoa ha balateli ba bacha le lipuello tsa Lipaki tsa Jehova ho ne ho thibetsoe ka molao hobane mokhatlo ona o ne o nkoa e le kofuto e sebeletsang ho thotofalletsa sechaba khahlanong le ntoa.”

“Ka Tlhakubele 1936 ho ile ha ntšuoa taelo ea hore baeta-pele bohle ba Internationale Bibelforschervereinigung (IBV) [Lipaki tsa Jehova] ba lokela ho isoa kampong e sireletsehileng ‘ka likhoeli tse peli’. Bohareng ba Motšeanong 1937 ho ile nkuoa mehato e eketsehileng. Gestapo ea ntša mantsoe a reng: Mang kapa mang eo ka mokhoa leha e le ofe a ntšetsang pele boikemisetso boo e seng ba molao ba IBV kapa bonngoe ba balateli ba ’ona o tla isoa kampong e sireletsehileng ’me hang-hang o tla tlisoa ka pel’a lekhotla pele ho ntšuoa lengolo la molao hore a tšoaroe.” Hangata ‘kampo ena e sireletsehileng’ e qetelletse ka hore ba fetisetsoe kampong e ’ngoe ea mahloriso.

Bangoli ba boetse ba hlokomela: “Ka 1937/8 batšoaruoa ba bangata Dachau e ne e le ba lipolotiki ha Sachsenhausen mehleng eo ho ne ho boetse ho e-na le lenane le lekanang la ba neng ba bitsoa batho ba leng khahlanong le ’muso, basodoma, Lipaki tsa Jehova le linokoane tse tsebahalang.”

Ntoa ea II ea Lefatše le ho se Nke Lehlakore

Lintho li ile tsa mpefala haholo bakeng sa Lipaki ka 1939 ha ntoa e qhoma mahareng a Jeremane le Europe, Brithani le Fora. Ke’ng se ileng sa etsahala?

August Dickmann ea lilemo li 23 ea tsoang Dinslaken e ne e le e mong oa Lipaki tse 600 tse tšoeroeng Sachsenhausen ka 1939.a Ha ntoa e qhoma ka Pulungoana, motsamaisi oa kampo Baranowsky o ile a nka hoo e le monyetla oa hae oa ho senya boikemisetso ba Lipaki. August o ile a hana ho kena sesoleng, ’me Baranowsky a kōpa Himmler ho bolaea Dickmann e monyenyane ka pel’a batšoaruoa bohle ba neng ba le kampong. O ne a kholisehile hore Lipaki tse ngata li tla latola tumelo ea tsona haeba ka sebele li bona polao eo. Dickmann o ile a thunngoa ka morao ke banna ba bararo ba SS ’me ofisiri ea SS ea mo qetella ka ho mo thunya phatleng.

Gustav Auschner, paki e boneng ka mahlo, hamorao o ile a tlaleha: “Ba ile ba thunya Dickmann ’me ba re bolella hore le rōna kaofela re tla thunngoa haeba re sa saene qeto ea ho latola tumelo ea rōna. Re ne re tla isoa re le 30 kapa 40 ka nako e le ’ngoe mokoting o chekiloeng lehlabatheng, ’me ba re thunye kaofela. Letsatsing le hlahlamang, ma-SS a ile a tlisetsa e mong le e mong oa rōna pampitšana hore re saene kapa ho seng joalo re thunngoe. E ka re u ka be u bone lifahleho tsa bona tse soabileng ha ba tsamaea ba sa fumana mosaeno leha o le mong. Ba ne ba tšepile ho re tšosa ka ho re bolaea pontšeng. Empa re ne re e-na le tšabo e eketsehileng ea ho soabisa Jehova ho feta likulo tsa bona. Ha ba ka ba hlola ba thunya ba eketsehileng pontšeng.”

Boemo bo tšoanang bo ile ba hōla kampong ea Buchenwald ka la 6 Loetse, 1939. Moofisiri oa Nazi Rödl o ile a bolella Lipaki: “Haeba mang kapa mang oa lōna a hana ho loantša Fora kapa Engelane, kaofela ha lōna le tlameha ho shoa!” Ebile motsotso oa teko. Ho ne ho e-na le masole a hlometseng a SS a neng a se a eme hekeng. Leha ho le joalo, “ha ho lea mong oa Lipaki tsa Jehova ea ileng a arabela kōpo ea moofisiri ea ho loanela Jeremane. Ho bile le khutso ea nakoana, eaba ho hlaha taelo ea tšohanyetso: ‘Matsoho holimo! Ntšang se ka mekotleng ea lōna!’” ho tlaleha Eugen Kogon ho The Theory and Practice of Hell. Na ba ile ba thunngoa? Che, ba ile ba hlapaoloa le ho tlatlapuoa ke banna ba SS eaba ba ba abela mosebetsi o boima oa ho epa majoe. Ba ne ba boetse ba thibetsoe phekolo leha e le efe sepetlele.

Ngaka King, ea qotsitsoeng pejana, o hlalositse: ‘Leha ho le joalo ka ho makatsang, ho Manazi, Lipaki li ne li ke ke tsa felisoa. Ha ba ntse ba hatelloa haholoanyane ba ile ba mamella haholoanyane, ba thatafala joaloka taemane. Hitler o ile a ba lahlela ntoeng ea ho qetela ea lefu, ’me ba ile ba boloka tumelo. Ka khutlo-tharo ea bona e ’mala o perese (letšoao la boitsebahatso le behoang lehetleng) ba ile ba thea likamano tse matla likampong; phihlelo ea bona ke boitsebiso ba bohlokoa ho bohle ba ithutang ho pholoha tlas’a maemo a thata. Hobane ba ile ba pholoha.’

Anna Pawelczyriska ea phonyohileng Auschwitz o ngotse bukeng ea hae Values and Vidlence in Auschwitz: “Boholo ba batho ba Auschwitz, Lipaki tsa Jehova e bile sehlotšoana se sa hlokomeleheng . . . Leha ho le joalo, ’mala [o perese] oa beche ea bona e khutlo-tharo o ile oa bonahala ka ho hlakileng kampong hoo lenane le lenyenyane la bona le neng le sa bontše hantle matla a sebele a sehlopha seo. Sehlotšoana sena sa batšoaruoa se ne se e-na le matla a maholo a boikemisetso bo nahannoeng ’me se ile sa hlōla ntoa ea sona khahlanong le Bonazi. Sehlopha sa Majeremane sa mokha ona e bile sehleke-hleke se senyenyane sa khanyetso e sa thekeseleng se pota-potiloeng ke sechaba se arotsoeng ke ntoa, ’me ka ona moea o tšoanang o hlokang tšabo se sebelitse hammoho kampong Auschwitz.” Oa phaella: “E mong le e mong o ne a tseba hore ha ho Paki ea Jehova le e ’ngoe e tla phetha taelo e khahlanong le tumelo ea eona ea bolumeli le qeto.”

Mohlala o babatsehang tabeng ena ke oa lelapa la Kusserow le tsoang Bad Lippspringe Jeremane. Franz le Hilda ba ne ba e-na le lelapa le leholo la bana ba 11, bashanyana ba 6 le banana ba 5. Pusong ea Bonazi, ba 12 lelapeng lena le nang le litho tse 13 ba ile ba ahloleloa kakaretso ea lilemo tse 65 lichankaneng le likampong tsa mahloriso. Ka 1940 ha Wilhelm a le lilemo li 25, o ile a thunngoa kahobane a hana ho ea ntoeng ka baka la letsoalo la hae. Lilemo tse peli hamorao ngoan’abo Wolfgang, ea lilemo li 20, o ile a khaoloa hlooho teronkong ea Brandenburg ka lebaka le tšoanang. Ka 1946, moena KarlHeinz, a le lilemo tse 28, a bolaoa ke lefuba ka mor’a hore a lokolloe Dachau a kula. Batsoali le barali kaofela ba sebelitse nako e telele literonkong le likampong tsa mahloriso. (Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng ka lelapa lena le hlollang la ho shoela tumelo, bona Molula-Qhooa oa September 1, 1985, maqephe 10-15.)

Eugen Kogon oa tlaleha bukeng ea hae The Theory and Practice of Hell: “Motho a ke ke a balehela ’nete ea hore, ha re se re bua ka kelello, ma-SS le ka mohla a ne a hlile a hlōleha ho thulana le phephetso eo a neng a e fuoa ke Lipaki tsa Jehova.”

Haeba sehlotšoana sena sa Lipaki tsa Bakreste, se theileng tumelo ea sona Bibeleng, se ne se ka mamella Hitler, joale motho o tlamehile ho botsa, Ke hobane’ng ha Maprotestanta le Mak’hatholike a limillione a hlōlehile tabeng ee? Ketello-pele e hlakileng, le e tsitsitseng ea bolumeli melao-motheong ea Bokreste e ka beng e thibetse Majeremane a ka bang limillione tse 60 ho tšehetseng Bonazi e ne e le kae? (Bona lebokoso leqepheng la 13.)

Ke’ng se ba Bolokileng?

Bukeng ea hae The Drowned and the Saved, Primo Levi o ngotse: “Mosebetsing oa letsatsi le leng le le leng [likampong tsa mahloriso], balumeli [ba bolumeli le lipolotiki] ba ne ba phela hamolemo. . . . kaofela ba ne ba tšoana tabeng ea ho khomarela matla a bolokang a tumelo ea bona.”

Oa phaella: “Bokahohle ba bona bo ne bo bonahala bo le boholo ho feta ba rōna, bo ahlame ka sebaka le ka nako, ka holim’a tsohle bo bohanala mohopolong ea bona: ba ne ba e-na le. . . . bokamoso ba lilemo tse sekete. . . . sebaka leholimong kapa lefatšeng moo toka le kutloelo-bohloko li renang teng, kapa mohlomong ba ne ba tla hlōla bokamosong bo tlang empa bo tiileng.”

Tumelo e tiileng ea Lipaki tsa Jehovabokamosong ba Lilemo tse Sekete e bontšoa ke mangolo a latelang a tsoang ho Lipaki tsa Jeremane tse ahloletsoeng lefu: “Ngoan’eso ea ratehang, khaitseli, batsoali le baena bohle,“Ke tlameha ho le ngolla litaba tse bohloko e le hore ha le fumana lengolo lena ke tla be ke se ke sa phele. Ka kōpo le se utloe bohloko haholo. Hopolang hore ke taba e bonolo ho Molimo o Matla ’Ohle ho ntsosa bafung. . . . Tsebang hore e ne e le boikemisetso ba ka ho mo sebeletsa ka bofokoli ba ka ’me ke kholisehile ka ho felletseng hore o bile le ’na ho fihlela qetellong. Ke ipehile mohaung oa hae. . . . ’Me joale, ’mè oa ka le ntate ba ratehang, ke leboha lintho tse molemo tseo le nketselitseng tsona. . . . E se eka Jehova a ka le putsa ka sohle seo le se entseng. “(Le saennoe) Ludwig Cyranek”

Ludwig Cyranek o ile a bolaoa Dresden kahobane e le e mong oa Lipaki tsa Jehova.

Johannes Harms, ka mor’a hore a ahloleloe lefu, o ile a neoa monyetla ka makhetlo a supileng ho latola hore ke Paki. Nakoana pele ho polao ea hae ka 1940, o ile a romela lengolo lena ho ntate oa hae Martin, eo le eena a neng a le litlamong hobane e le Paki.

“Ntate oa ka ea ratehang,“Re sa ntse re e-na le libeke tse tharo ho fihlela ka la 3 Tšitoe, e leng letsatsi leo re bonaneng ka lona lilemong tse peli tse fetileng ka lekhetlo la ho qetela. Ke sa ntse ke bona ho bososela ha hao ho lerato ha u ntse u sebetsa mokatong oa teronko ’me ’na ke le ka ntle ke ntse ke sebetsa mabaleng a teronko.

“Ke ile ka u nahana ka tlhompho nakong ena esita le ka ho hlollang le ka tsela eo u ’nileng oa jara moroalo oa hao o boima ka botšepehi ho Morena. ’Me hona joale, le ’na ke filoe monyetla oa ho paka botšepehi ba ka ho Morena ho fihlela lefung, e, botšepehi e seng feela ho fihlela lefung, empa esita le ho isa lefung.

“Kahlolo ea ka ea lefu e se e tsebahalitsoe ’me ke tlanngoe ka mahlaahlela bosiu le motšehare—matšoao, (a leng holim’a pampiri) ke a entsoeng ke mahlaahlela—empa ho ntse ho le joalo ha ke e-s’o hlōle ka ho felletseng. . . . Ke sa na le monyetla oa ho sireletsa bophelo ba ka ba lefatšeng, empa ka ho etsa joalo ke tla be ke lahla bophelo ba sebele.

“Ha uena ntate ea ratehang u fihla hae hape, tiisa hore u hlokomela ka ho khethehileng moratuoa oa ka Lieschen [mosali oa hae], hobane ka ho khethehileng ho tla ba boima bakeng sa hae, hobane a tseba hore moratuoa oa hae a ke ke a hlola a khutla. Kea tseba hore u tla etsa joalo ’me kea u leboha ka ho tseba hore u tla etsa joalo. Ntate oa ka ea ratehang, ka moea ke re u lule u tšepahala, joalokaha ke lekile ho lula ke tšepahala, ’me re tla bonana hape. Ke tla ’ne ke nahane ka uena ho fihlela motsotsong oa qetelo.

“Mora oa hao Johannes.”

Bana e mpa e le ba babeli feela ba bashoela-tumelo ba makholo-kholo ba Lipaki tsa Jehova, ba shoeleng ba khethile ho ba se kopanele ntoeng ea puso e mpe ka baka la letsoalo. Pale ea bona e felletseng ea boshoela-tumelo e ka tlatsa libuka tse ngata.b

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bakeng sa tlaleho e eketsehileng ea ho shoela tumelo ha August Dickmann, bona 1974 Yearbook of Jehovah’s Witnesses, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc, maqephe 165-8.

b Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng ka tlaleho ea Lipaki tsa Jehova likampong tsa mahloriso, bona 1974 Yearbook of Jehovah’s Witnesses, maqephe 108-212, le 1989 Yearbook of Jehovah’s Witnesses, maqephe 111-34.

[Lebokose le leqepheng la 13]

Lipaki Tsa Jehova e ne e le Bahlaseluoa ba Hitler

Ho tsoa ho “The New York Times,” Motšeanong 14, 1985

Ho Mohlophisi:

’Na le mosali oa ka, ka bobeli re le Majeremane, re qetile kakaretso ea lilemo tse 17 likampong tsa mahloriso tsa Nazi. Ke ne ke le Dachau le Mauthausen, ’me mosali oa ka, Gertrud, o ne a le ravensbrück. Re ne re le har’a Majeremane ao e seng Bajode a hlokofalitsoeng hobane re entse seo linokoane tsa Manazi li hlōlehileng ho se etsa—re ne re hana borapeli ba litšoantšo le ntoa ea Hitler ka baka la letsoalo. Le hoja ba likete ba rōna ba ile ba phonyoha likampong, ba bangata ha baa ka ba phonyoha.

Mangolo a lōna a haufinyane a buang ka Majeremane feela a hlokofalitsoeng tlas’a puso ea Nazi ea Hitler (a Sabina Lietzmann, ’Mesa 25, le Anna E. Reisgies, ’Mesa 30) a nqobella hore ke bolele sehlopha se le seng se senyenyane, seo hangata se neng se hlokomolohuoa, le se neng se hlorisoa ka mabifi ke Gestapo. Se ne se tsejoa e le Ernste Bibelforscher (Liithuti tse Tšepahalang tsa Bibele) kapa Jehovas Zeugen (Lipaki tsa Jehova).

Hang ha Hitler a qala ho busa ka 1933, o ile a hlophisa hore Lipaki tsa Jehova li hlorisoe ka lebaka la boemo ba tsona ba ho se nke lehlakore lipolotiking le ntoeng. Ka lebaka leo, Lipaki tsa Majeremane tse likete-kete, tseo bongata ba tsona e neng e le metsoalle ea ka, ha lia ka tsa e-ba feela bahlaseluoa ba polao e sehlōhō empa hape e ne e le bashoela-tumelo. Ke hobane’ng ha ho e-na le phapang e sa utloahaleng hakale? Hobane re ne re ka tsamaea likampong tsa mahloriso ka nako leha e le efe haeba re ne re ikemiselitse ho saena pampiri e latolang litumelo tsa rōna.

Mehlala e ’meli e mekhutšoane e tla bontša moea o neng o le teng har’a Majeremane a ileng a hanyetsa puso ea Hitler. Wilhelm Kusserow, ea lilemo li 25, ea tsoang Bad Lippspringe, o ile a thunngoa ka la 27 ’Mesa, 1940, hobane a ile a hana ho sebeletsa mabothong a Hitler.

Lilemo tse peli hamorao, ngoan’abo Wilhelm, Wolfgang, o ile a khaoloa hlooho teronkong Brandenburg ka lebaka le tšoanang. Nakong eo Hitler o ne a ahlotse hore ho thunngoa e ne e le lefu le hlomphehang haholo bakeng sa motho ea hanang ho ea ntoeng ka baka la letsoalo. Wolfgang o ne a e-na le lilemo tse 20.

Nka bolela banna le basali ba Majeremane ba makholo-kholo ba ileng ba hlokofatsoa ka mabaka a tšoanang lebitsong la Molimo, hobane ba ile ba hanyetsa puso ea bohatelli. Potso ea hore na ke hobane’ng ho ne ho se Majeremene a limillione a ka beng a ile a ema le ho bolaoa ho ena le a likete feela, mohlomong ke potso eo ba bang ba lokelang ho e araba.

Martin Poetzinger

Brooklyn, 1 Motšeanong, 1985

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Lelapa la Kusserow—Wilhelm (oa bobeli ka letsohong le letona) o ile a thunngoa; Wolfgang (oa boraro ho tloha ka letsohong le letšehali) o ile a khaoloa hlooho; KarlHeinz (oa bobeli ka letsohong le letšehali) o ile a bolaoa ke lefuba ka mor’a hore a lokolloe Dachau

[Setšoantšo se leqepheng la 16]

Martin Poetzinger (ea shoeleng ka 1988) le mosali oa hae Gertrud ka mong oa bona o qetile lilemo tse robong likampong tsa mahloriso tsa Nazi

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela