Emang le Feletse le ka Kholiseho e Tiileng
Batšepehi ba Sebete ba Hlōla Mahloriso a Manazi
“MORA oa ka, hlalefa ’me u thabise pelo ea ka, e le hore nka araba ea ’nyelisang.” (Liproverbia 27:11) Boipiletso bona bo mofuthu bo senola hore libōpuoa tse bohlale tsa Molimo li khona ho thabisa pelo ea Jehova kahobane lia tšepahala ho eena. (Sofonia 3:17) Leha ho le joalo, Satane, eena ea nyelisang, o ikemiselitse ho senya botšepehi ba ba sebeletsang Jehova.—Jobo 1:10, 11.
Satane o halefetse batho ba Jehova ka matla a maholo, haholo-holo ho tloha mathoasong a lekholo la bo20 la lilemo ha a ne a lahleloa lefatšeng. (Tšenolo 12:10, 12) Ho sa tsotellehe seo, Bakreste ba ’nete ba ‘eme ba feletse le ka kholiseho e tiileng’ ’me ba lutse ba tšepahala ho Molimo. (Bakolose 4:12) A re ke re hlahlobeng hakhutšoanyane mohlala o le mong o hlahelletseng oa botšepehi bo joalo—mohlala ona ke oa Lipaki tsa Jehova tsa Jeremane pele ho Ntoa ea II ea Lefatše le nakong ea ha e ntse e loana.
Mosebetsi o Etsoang ka Mafolofolo o Tsoala Liteko Tsa Botšepehi
Ka bo-1920 le mathoasong a bo-1930, Bibelforscher, e leng kamoo Lipaki tsa Jehova li neng li tsejoa kateng Jeremane, li ile tsa aba lingoliloeng tse ngata tsa Bibele. Lipakeng tsa 1919 le 1933, ka karolelano, li ile tsa siea libuka, libukana, kapa limakasine tse robeli lelapeng le leng le le leng Jeremane.
Ka nako eo, Jeremane e ne e le e ’ngoe ea linaha tse nang le sehlopha se seholo ka ho fetisisa sa balateli ba tlotsitsoeng ba Kreste. Ha e le hantle, ho batho ba 83 941 ba ileng ba ja Sejo sa Shoalane sa Morena ka 1933, hoo e ka bang ba etsang karolo ea 30 lekholong ea bona ba ne ba lula Jeremane. Ha hoa ka ha nka nako pele Lipaki tsena tsa Jeremane li kena litekong tse sehlōhō tsa botšepehi. (Tšenolo 12:17; 14:12) Liteko tsa tsona ha ea ka ea e-ba feela tsa ho lelekoa mesebetsing, ho hlaseloa ha mahae a tsona le ho lelekoa likolong, empa kapele-pele boemo bo ile ba mpefala ka hore li shapuoe, li tšoaroe le ho kenngoa lichankaneng. (Setšoantšo sa 1) Ka lebaka leo, ha Ntoa ea II ea Lefatše e nkha moeeng, Lipaki tsa Jehova li ne li etsa karolo ea 5 ho ea ho ea 10 lekholong ea bohle ba neng ba koaletsoe likampong tsa mahloriso.
Lebaka la Hore Manazi a Hlorise Lipaki
Ha e le hantle, ke hobane’ng ha Lipaki tsa Jehova li ile tsa halefisa ’muso oa Manazi? Bukeng ea hae e bitsoang Hitler—1889-1936: Hubris, Ian Kershaw eo e leng moprofesa oa histori, o bolela hore Lipaki li ile tsa fetoha phofu ea mahloriso kahobane li ile tsa hana “ho inehela hore e be thepa ea ’muso oa Manazi ka ho feletseng.”
Buka e bitsoang Betrayal—German Churches and the Holocaust, e hlophisitsoeng ke moprofesa oa histori Robert P. Ericksen le moprofesa oa lithuto tsa Sejuda Susannah Heschel, e hlalositse hore Lipaki “li ile tsa hana ho kopanela pefong kapa tšebelisong ea matla a sesole. . . . Lipaki li ne li sa lumele ho jela paate lipolotiking, e leng se neng se bolela hore li ne li ke ke tsa voutela Hitler kapa tsa lumelisa Hitler ka tlhompho e khethehileng.” Sena, kamoo ho boetseng ho bolela mohloli oona ona oa litaba kateng, se ile sa halefisa Manazi ’me sa beha Lipaki boemong bo kotsi kahobane “Bonazi bo ne bo ke ke ba mamella khanyetso e joalo.”
Boipelaetso ba Lefatše ka Bophara le Tlhaselo ea Khohola-koqo
Ka la 9 February, 1934, Joseph F. Rutherford, eo ka nako eo e neng e le moeta-pele oa mosebetsi, o ile a romella Hitler lengolo la boipelaetso ka lenģosa le khethehileng, e le ha a nka khato ka khethollo ea Manazi. (Setšoantšo sa 2) Ka la 7 October, 1934, lengolo la Rutherford le ile la lateloa ke mangolo le lithelekramo tsa boipelaetso tse ka bang 20 000 tse neng li romeletsoe Hitler ke Lipaki tsa Jehova tse linaheng tse 50, ho akarelletsa le Jeremane.
Manazi a ile a araba ka ho eketsa mahloriso a ’ona. Ka la 1 April, 1935, Lipaki li ile tsa thibeloa naheng eo. ’Me ka la 28 August, 1936, ma-Gestapo a ile a qala tlhaselo ea khohola-koqo khahlanong le tsona. Leha ho le joalo, kamoo ho bolelang Betrayal—German Churches and the Holocaust, Lipaki “li ile tsa tsoela pele ho hasa lipampitšana le ho boloka tumelo ea tsona ka litsela tse ling.”
Ka mohlala, ka la 12 December, 1936, hona ka pel’a ma-Gestapo, Lipaki tse ka bang 3 500 li ile tsa aba likopi tse mashome a likete tsa qeto e hatisitsoeng e buang ka tšoaro e mpe ea tsona, empa ha aa ka a li bona. Mabapi le phutuho ena, Molula-Qhooa (oa Senyesemane) o ile oa tlaleha se latelang: “Sena e ile ea e-ba tlhōlo e khōlō le lerumo le hlabang habohloko ho lira ’me basebetsi bao ba tšepahalang ba ile ba thaba haholo.”—Baroma 9:17.
Mahloriso aa Hlōloa!
Manazi a ile a tsoela pele ho tsoma Lipaki tsa Jehova. Ka 1939, tse likete tse tšeletseng li ne li se li kentsoe litlamong, ’me tse likete li ne li isitsoe likampong tsa mahloriso. (Setšoantšo sa 3) Boemo e ne e le bofe qetellong ea Ntoa ea II ea Lefatše? Lipaki tse ka bang 2 000 tse neng li kentsoe litlamong li ne li shoele, tse fetang 250 ho tsena li ile tsa bolaoa. Leha ho le joalo, Moprofesa Ericksen le Moprofesa Heschel, ba ile ba ngola, “Har’a khathatso eo, Lipaki tsa Jehova tse ngata li ile tsa khomarela tumelo ea tsona.” Ka lebaka leo, ha ’muso oa Hitler o e-oa, Lipaki tse fetang sekete li ile tsa tsoa li hlōtse likampong tseo.—Setšoantšo sa 4; Liketso 5:38, 39; Baroma 8:35-37.
Ke eng e ileng ea matlafatsa batho ba Jehova hore ba mamelle mahloriso? Adolphe Arnold ea ileng a pholoha likampong tsa mahloriso, o ile a hlalosa: “Leha u nyahame ka ho fetisisa, Jehova oa u bona, o tseba se u hlahelang, ’me o tla u fa matla a hlokahalang hore u hlōle boemo le hore u lule u tšepahala. Ha a hlōloe ke letho.”
Mantsoe aa a moprofeta Sofonia a sebetsa hantle hakaakang ho Bakreste bao ba tšepahalang! O ile a re: “Jehova Molimo oa hao o ka hare ho uena. Joaloka Ea matla, o tla pholosa. O tla thaba ka lebaka la hao ka nyakallo.” (Sofonia 3:17) E se eka barapeli bohle ba Molimo oa ’nete ba kajeno ba ka etsisa tumelo ea Lipaki tseo tse tšepahalang tse ileng tsa lula li tšepahala har’a mahloriso a Manazi ’me le bona ba thabise pelo ea Jehova.—Bafilipi 1:12-14.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 8]
Państwowe Muzeum Oświȩcim-Brzezinka, courtesy of the USHMM Photo Archives