Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g98 7/8 maq. 10-14
  • Lipaki Tsa Jehova—Li Sebete ha li Talimane le Tlhaselo ea Manazi

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipaki Tsa Jehova—Li Sebete ha li Talimane le Tlhaselo ea Manazi
  • Tsoha!—1998
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ha Lia ka Tsa Sekisetsa ho Hitler
  • Ho Hetla Morao
  • Ho Ile ha Etsahala’ng ha Hitler a Busa?
  • Lipaki li Nka Bohato bo Sebete
  • Na ke Kopano ea Boikemisetso Kapa ea ho Sekisetsa?
  • Polelo e Etsoang ka Morero
  • Liketso Tse Khopo Tsa Bonazi Lia Pepesoa
    Tsoha!—1995
  • Batšepehi ba Sebete ba Hlōla Mahloriso a Manazi
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Lebaka Leo ka Lona Likereke li Ileng Tsa Khutsa
    Tsoha!—1995
  • “Ba Hloiloeng ke Lichaba Tsohle”
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
Bala Tse Ling
Tsoha!—1998
g98 7/8 maq. 10-14

Lipaki Tsa Jehova—Li Sebete ha li Talimane le Tlhaselo ea Manazi

KA MONGOLLI OA TSOHA! JEREMANE

LIPAKI TSA JEHOVA li tsebahala haholo ka ho khomarela Lentsoe la Molimo, Bibele, ka tieo. Hangata sena se hloka sebete, ’me ka sebele se ama bophelo ba tsona le kamano ea tsona le ba bang.

Ka mohlala, Lipaki li hlompha ka ho tebileng batho ba merabe eohle le limelo. Li rata Molimo le moahelani oa tsona. (Matheu 22:35-40) Ka sebele, li lumellana ka ho feletseng le moapostola Petrose, ea itseng: “Molimo ha a leeme, empa sechabeng se seng le se seng motho ea mo tšabang le ea sebetsang ho loka oa amoheleha ho eena.”—Liketso 10:34, 35.

Lipaki tsa Jehova li boetse li tsebahala haholo lefatšeng ka bophara ka ho hlompha molao, taolo le matla a ho laela a ’muso. Le ka mohla ha li e-s’o susumetse phetohelo ea ’muso ’me ha li sa tla ho etsa. Sena ke ’nete esita leha linaheng tse ling li hlorisoa ka lebaka la ho etsisa baapostola: “Re lokela ho mamela Molimo e le ’musi ho e-na le batho.” (Liketso 5:29; Matheu 24:9) Ka nako e tšoanang, Lipaki li hlokomela tokelo ea ba bang ea ho rapela tumellanong le matsoalo a bona.

Boemo bo sebete ba Bokreste ba Lipaki tsa Jehova tsa Jeremane le tsa linaha tse ling tse neng li busoa ke Adolf Hitler ke taba e tsebahalang historing. Ketsahalo e ileng ea tuma Berlin, Jeremane, ka 1933, e bontša sebete sa tsona, lerato la tsona ho Molimo le moahelani le ho hlompha ha tsona molao, taolo le tokoloho ea bolumeli.

Ha Lia ka Tsa Sekisetsa ho Hitler

Ke lilemong tse fetang 50 tse fetileng ha puso ea Hitler ea lilemo tse 12 e tšabehang ea khethollo ea morabe le polao e fela. Empa, puso eo ea Manazi e ile ea ntša moloko oa batho maqeba a ntseng a o utloisa bohloko ho fihlela kajeno.

Histori e bontša hore ke lihlopha tse seng kae feela tseo ka sebete li ileng tsa ema khahlanong le litšoso tsa Manazi le ho bua khahlanong le tsona. Har’a tsona ke Lipaki tsa Jehova, tse hlalosoang e le “sehlopha sa batho ba seng bakae ba neng ba hanyetsa ba sa sisinyehe ha ba ne ba pota-potiloe ke batho ba tšohileng.” Boemo ba tsona bo sebete bo pakoa hantle ke bo-rahistori ba hlomphehang.

Leha ho le joalo, basomi ba seng bakae, ho akarelletsa le ba neng ba kopanela le Lipaki tsa Jehova pele, ba qosa Lipaki ka hore li ile tsa leka ho sekisetsa pusong ea Hitler ha e qala. Ba bolela hore baemeli ba Mokhatlo oa Watch Tower ntle ho katleho ba ile ba leka ho ratoa ke ’muso o mocha le hore, bonyane ka nako e itseng, ba ile ba tšehetsa khopolo ea khethollo ea morabe ea Manazi, eo qetellong e ileng ea lebisa ho bolaoeng ha Bajuda ba limilione tse tšeletseng.

Ha ho pelaelo hore liqoso tsena tse tebileng ke tsa bohata. Se latelang ke tlaleho ea ’nete ea liketsahalo tseo ho phehisanoang ka tsona, e thehiloeng bopaking bo ngotsoeng bo fumanehang le historing.

Ho Hetla Morao

Lipaki tsa Jehova li ’nile tsa e-ba mafolofolo Jeremane ka lilemo tse fetang 100. Ka 1933, ho ne ho e-na le Lipaki tse ka bang 25 000 tse rapelang Jehova Molimo le ho aba libuka tsa Bibele ho pholletsa le Jeremane.

Ho sa tsotellehe bolokolohi boo molao oa motheo oa Jeremane o ileng oa fana ka bona ka nako eo, Lipaki tsa Jehova e ne e le liphofu tsa matšolo a tšenyo ea lebitso, a qapiloeng haholo-holo ke bahanyetsi ba bolumeli. Khale koana ka 1921, Lipaki, tseo ka nako eo li neng li bitsoa Ernste Bibelforscher (Liithuti tsa Bibele tse Nkang Lintho ka Botebo), li ile tsa qosoa ka ho kopanela le Bajuda morerong oa lipolotiki oa ho liha ’muso. Liithuti tsa Bibele li ile tsa netoa ka hore ke Makomonisi a kotsi a “Bajuda ba eisehang,” le hoja ho se mohla ho kileng ha hlahisoa bopaki ba liqoso tsena. Hamorao moruti oa thuto ea bolumeli oa Switzerland Karl Barth o ile a ngola: “Qoso ea hore Lipaki tsa Jehova li kopane le Makomonisi, e ka bakoa feela ke ho se utloane ho itlisang kapa ha ka boomo.”

Makasine ea kereke Jeremane e ile ea etsa qoso ea hore Lipaki le Bajuda li ne li kopanetse ’momori oa ho fetohela ’muso. Ha e arabela sena, khatiso ea Sejeremane ea The Golden Age (selelekela sa Tsoha!) ea April 15, 1930, e itse: “Ha re na lebaka la ho nka qoso ena ea bohata e le tlhapa—kaha re kholisehile hore bonyane Mojuda ke oa bohlokoa joaloka motho ea ipitsang Mokreste; empa re hana taba ea bohata e ka holimo ea koranta ea kereke hobane pakane ea eona ke ho nyelisa mosebetsi oa rōna, joalokaha eka o ne o sa etsoe ka lebaka la Kosepele empa bakeng sa Bajuda.”

Kahoo, moprofesa oa histori John Weiss o ile a ngola: “Lipaki li ne li se na khethollo ea morabe le ea bochaba ea Majeremane ’me ka makholo a lilemo ha lia ka tsa tšoenyeha ka ho hlōleha ha Bajuda ho sokoloha. Haeba li buelloa, Lipaki, li ne li ntse li khomaretse tumelong ea pele ea Bokreste ea hore ho hlokahala hore bohle bao e neng e ka ba basokolohi ba khanneloe ho Kreste.”

Ho Ile ha Etsahala’ng ha Hitler a Busa?

Ka la 30 January, 1933, Adolf Hitler o ile a khetheloa ho ba tona-khōlō e ncha ea Jeremane. Qalong, ’muso oa Hitler o ile oa leka ka matla ho pata sebōpeho sa oona sa ho ba mabifi le ho fetella. Kahoo, Lipaki, hammoho le Majeremane a mang a limilione mathoasong a 1933, li ile tsa talima Mokha oa National Socialist e le puso e lumeletsoeng ka molao ka nako eo. Lipaki li ne li e-na le tšepo ea hore ’muso oa National Socialist (Manazi) o tla hlokomela hore sehlopha sa tsona sa Bokreste se nang le khotso, se bolokang molao hase tšokelo bakeng sa ho liha ’Muso. Sena se ne se sa bolele hore li ne li tla sekisetsa melao-motheo ea Bibele. Joalokaha ho bile joalo linaheng tse ling, Lipaki li ne li batla ho tsebisa ’muso ka sebōpeho sa sebele sa bolumeli ba tsona sa ho se jele paate lipolotiking.

Ho ile ha totobala kapele hore Lipaki tsa Jehova li ne li tla ba har’a bahlaseluoa ba pele ba khatello e sehlōhō ea Manazi. Lipaki li ile tsa boela tsa netoa ka hore li keneletse morerong o bolotsana oa Makomonisi le Bajuda. Letšolo la mahloriso le ile la qala.

Ke hobane’ng ha sehlopha sa bolumeli se senyenyane hakaalo se ne se ka halefisa ’muso o mocha? Rahistori Brian Dunn o ile a tsebahatsa mabaka a mararo a ka sehloohong: (1) tšebetso ea Lipaki e lefatšeng lohle, (2) ho hanyetsa ha tsona khethollo ea morabe, le (3) boemo ba tsona ba ho se jele paate litabeng tsa lipolotiki tsa Naha. Ka lebaka la pono ea tsona ea Mangolo, Lipaki tsa Jeremane li ile tsa hana ho etsa tumeliso ea Hitler, ho ba litho tsa Mokha oa National Socialist kapa hamorao, ho nka karolo mesebetsing ea sesole.—Exoda 20:4, 5; Esaia 2:4; Johanne 17:16.

Ka lebaka leo, Lipaki li ile tsa mamella litšokelo, ho hlongoa lipotso, ho phenyekolloa ha matlo le ho hobosoa ka litsela tse ling ke SA (Sturmabteilung ea Hitler, masole a Manazi a sekhukhu kapa Bo-Hempe-li-Sootho). Ka la 24 April, 1933, ba boholong ba ile ba hapa ofisi ea Watch Tower e Magdeburg, Jeremane le ho e koala. Ka mor’a hore ho phenyekolla ho se ke ha hlahisa bopaki ba tlōlo ea molao, le ka tlas’a khatello ea Lefapha la Naha la United States, mapolesa a ile a khutlisa thepa eo. Leha ho le joalo, ka May 1933, Lipaki li ile tsa thibeloa linaheng tse ngata tsa Jeremane.

Lipaki li Nka Bohato bo Sebete

Qalong ea taba ena, Hitler o ile a hōlisa botumo ba hae sechabeng e le moloaneli oa Bokreste. O ile a phatlalatsa boitlamo ba hae ba ho tlisa tokoloho ea bolumeli, a tšepisa ho tšoara lihlopha tsa Bokreste “ka toka ea sebele.” E le hore e hōlise botumo ba eona, tona-khōlō ena e ncha e ile ea lokisetsa ho itlhahisa likerekeng. Ena ke nako eo ka eona batho ba bangata linaheng tseo hamorao li neng li tla loana le Jeremane, ba neng ba khahloa ke seo Hitler a se finyeletseng.

A amehile ka tsitsipano e neng e hōla Jeremane, Joseph F. Rutherford eo ka nako eo e neng e le mopresidente oa Mokhatlo oa Watch Tower, hammoho le Paul Balzereit, eo e neng e le mookameli oa ofisi ea lekala la Jeremane, ba ile ba etsa qeto ea ho hlophisa phutuho ea ho tsebisa Tona-khōlō Hitler, ba boholong ’musong le sechaba hore Lipaki tsa Jehova ha li sokele batho ba Jeremane le Naha eo. Ka sebele Rutherford o ne a lumela hore Hitler o ne a sa elelloe pefo e teng khahlanong le Lipaki tsa Jehova kapa hore lihlopha tsa bolumeli li mo file boitsebiso bo fosahetseng mabapi le Lipaki.

Ka lebaka leo, ofisi ea Magdeburg e ile ea lokisetsa kopano bakeng sa ho sebelisa tokelo ea baahi ba Jeremane ea ho etsa kōpo. Ka tsebiso ea nakoana feela, Lipaki tsa Jehova tse tsoang Jeremane eohle li ile tsa memeloa Wilmersdorfer Tennishallen Berlin ka la 25 June, 1933. Ho ne ho lebeletsoe baemeli ba ka bang 5000. Ho sa tsotellehe tikoloho e tletseng bora, ba fetang 7000 ka sebete ba ile ba e-ba teng. Baemeli bana ba ile ba amohela qeto eo sehlooho sa eona se neng se re, “Phatlalatso ea Linnete.” Tokomane ena e ne e hanyetsa lithibelo tse neng li etselitsoe mosebetsi oa Lipaki. E ne e bontša boemo ba tsona ka ho hlaka ’me e hana liqoso tsa ho fetohela ’muso ka lipakane tsa mofuta ofe kapa ofe tsa lipolotiki. E ne e re:

“Re qosoa ka bohata ka pel’a balaoli ba ’muso ona . . . Ka tlhompho re kōpa babusi ba sechaba le batho hore ka ho hloka leeme ba hlokomele linnete tsena tse bontšitsoeng mona.”

“Ha re loane le batho leha e le bafe kapa mesuoe ea bolumeli, empa re lokela ho lebisa tlhokomelo ’neteng ea hore hangata ke ba bolelang hore ba emela Molimo le Kreste Jesu bao ha e le hantle e leng bahlorisi ba rōna le ba re senyang lebitso ka pel’a mebuso.”

Na ke Kopano ea Boikemisetso Kapa ea ho Sekisetsa?

Ba bang ba ’nile ba nahana hore kopano ea Berlin ea 1933 le “Phatlalatso ea Linnete” e ne e le boiteko ba Lipaki tse ka sehloohong ba ho bontša hore li tšehetsa ’muso oa Manazi le ho hloea ha oona Bajuda. Empa lipolelo tsa bona hase ’nete. Li thehiloe boitsebisong bo fosahetseng le ho sothoeng ha linnete.

Ka mohlala, basomi ba bolela hore Lipaki li ile tsa khabisa Wilmersdorfer Tennishallen ka lifolakha tsa swastika. Lifoto tsa kopano ea 1933 li bontša ka ho hlaka hore ha lia ka tsa fanyeha matšoao a swastika ka holong. Ha ho lipaki tse boneng ka mahlo tse hopolang li bona lifolakha ka hare.

Leha ho le joalo, ho ka etsahala hore ebe ho ne ho e-na le lifolakha ka ntle ho mohaho. Masole a Manazi a ne a ile a sebelisa holo ena ka la 21 June, Laboraro la pele ho kopano ena. Joale letsatsi feela pele ho kopano, matšoele a bacha hammoho le lihlopha tsa SS (Schutzstaffel, eo pele e neng e le Lebotho la Tšireletso la Hitler la Bo-Hempe-li-Ntšo) tsa SA, le ba bang ba ne ba keteka ho kena tlung ha letsatsi hlabula. Ka hona, e ka ’na eaba Lipaki tse fihlang kopanong ea Sontaha li ile tsa bona mohaho o khabisitsoeng ka lifolakha tsa swastika.

Haeba ho ne ho e-na le lifolakha tsa swastika tse khabisitseng bokantle ba holo ena, liphaseje, kapa esita le bokahare, Lipaki li ka be li li tlohetse. Esita le kajeno, ha Lipaki tsa Jehova li hira mehaho ea sechaba bakeng sa liboka le likopano, ha li tlose matšoao a sechaba. Empa ha ho na bopaki ba hore Lipaki ka botsona li ile tsa fanyeha lifolakha leha e le life kapa ba hore li ile tsa li lumelisa.

Basomi ba tsoela pele ho bolela hore Lipaki li ile tsa bula kopano ka pina ea sechaba ea Jeremane. Ha e le hantle, kopano ena e ile ea qala ka Pina ea 64 e reng, “Tšepo e Khanyang ea Sione,” bukeng ea lipina ea bolumeli ea Lipaki. Mantsoe a pina ena a ne a tsamaisana le ’mino oa liletsa o neng o qapiloe ke Joseph Haydn ka 1797. Pina ea 64 e ’nile ea ba ka har’a buka ea lipina ea Liithuti tsa Bibele ho tloha hoo e ka bang ka 1905. Ka 1922 ’muso oa Jeremane o ile oa sebelisa ’mino oa Haydn o nang le mantsoe a binoang ke Hoffmann von Fallersleben e le pina ea oona ea sechaba. Leha ho le joalo, Liithuti tsa Bibele tsa Jeremane li ile tsa ’na tsa bina Pina ea tsona ea 64 ka linako tse ling, joalokaha Liithuti tsa Bibele li ne li etsa linaheng tse ling.

Ho binoa ha pina e buang ka Sione ho ne ho ke ke ha nkoa e le boiteko ba ho khotsofatsa Manazi. Tlas’a khatello ea Manazi a neng a e-na le bora khahlanong le Bajuda, likereke tse ling li ile tsa tlosa mantsoe a Seheberu a kang “Juda,” “Jehova” le “Sione” lifeleng tsa tsona le litšebeletsong tsa tsona. Lipaki tsa Jehova ha lia ka tsa etsa joalo. Joale, ka sebele bahlophisi ba kopano ena, ba ne ba sa lebella ho ikhapela lerato la ’muso ka ho bina pina e rorisang Sione. Ha e le hantle, ho ka etsahala hore baemeli ba bang ba ne ba le leqe ho bina “Tšepo e Khanyang ea Sione,” kaha morethetho oa ’mino ona o hlophisitsoeng ke Haydn o ne o tšoana le oa pina ea sechaba.

Polelo e Etsoang ka Morero

Ha ’muso o ne o le nakong ea phetoho ’me naha e le nakong ea pherekano, Lipaki li ne li batla ho bolela boemo ba tsona ka ho hlakileng. Ka “Phatlalatso” eo, Lipaki li ile tsa latola ka matla liqoso tsa ho sebelisana le Bajuda ka lichelete kapa ho ba le kamano ea lipolotiki le bona. Kahoo, tokomane ena e ile ea re:

“Lira tsa rōna li re qosa ka bohata ka hore re fumane tšehetso ea lichelete ho Bajuda bakeng sa mosebetsi oa rōna. Sena hase ’nete ho hang. Ho fihlela hona joale ha ho mohla ho kileng ha e-ba le chelete eo re e fuoang ke Bajuda bakeng sa mosebetsi oa rōna.”

Ha “Phatlalatso” ena e se e buile ka chelete, e ile ea tsoela pele ho nyatsa mekhoa ea khoebo e sa lokang. E itse: “Bahoebi ba Bajuda ba ’muso oa Brithani le oa Amerika e bile bona ba hahileng le ho ntšetsa pele Khoebo e Khōlō e le mokhoa oa ho hanyapetsa le ho hatella batho ba lichaba tse ngata.”

Ho hlakile hore polelo ena e ne e sa bolele Bajuda ka kakaretso, ’me hoa soabisa haeba e ile ea utloisisoa hampe ’me ea baka khopiso leha e le efe. Ba bang ba boletse hore Lipaki tsa Jehova li ile tsa kopanela ho beng lira tsa Bajuda ho neng ho atisa ho rutoa likerekeng tsa Majeremane ka nako eo. Ha ho pelaelo hore sena ke bohata. Ka lingoliloeng tsa tsona le boitšoaro mehleng ea Manazi, Lipaki li ile tsa hana maikutlo a bora khahlanong le Bajuda ’me tsa nyatsa ha Manazi a tšoara Bajuda hampe. Ka sebele, mosa oa tsona ho Bajuda ba neng ba tšoeroe ka tsela e tšoanang le tsona likampong tsa mahloriso o fana ka karabo e hlakileng qosong ena ea bohata.

“Phatlalatso” ena e ile ea hlalosa mosebetsi oa Lipaki e le oa bolumeli, ea re: “Mokhatlo oa rōna hase oa bopolotiki ka kutloisiso leha e le efe. Re mpa feela re phehella ho ruta batho Lentsoe la Jehova Molimo.”

“Phatlalatso” ena e ile ea boela ea hopotsa ’muso ka litšepiso tsa oona ka booona. Lipaki li ile tsa khomarela likhopolo tse itseng tse phahameng, ’me ho ile ha etsahala hore ebe ’muso oa Jeremane le oona o ne o li tšehetsa phatlalatsa. Har’a tsona e ne e le melao-motheo ea lelapa le tokoloho ea bolumeli.

Tabeng ena, “Phatlalatso” ena e ile ea eketsa: “Tlhahlobo e hlokolosi ea libuka tsa rōna le lingoliloeng e tla senola ’nete ea hore tsona litekanyetso tse phahameng tse khomareloang le ho phatlalatsoa ke ’muso oa sechaba o litulong li tlalehiloe le ho tšehetsoa le ho hatisoa ka matla ka har’a lingoliloeng tsa rōna, ’me li bontša hore Jehova Molimo o tla tiisa hore likhopolo tsena tse phahameng, ka nako e loketseng li tla finyelloa ke batho bohle ba ratang ho loka.”

Kahoo, ha ho mohla Lipaki li kileng tsa tšehetsa Mokha oa Manazi. Ho feta moo, ha li sebelisa bolokolohi ba bolumeli, li ne li sa rera ho khaotsa boboleli ba tsona ba phatlalatsa.—Matheu 24:14; 28:19, 20.

Ho latela tlaleho e ho Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 1974 (ea Senyesemane), Lipaki tse ling tsa Jeremane li ile tsa nyahamisoa ke hore puo eo “Phatlalatso” ena e neng e ngotsoe ka eona e ne e sa hlaka haholoanyane. Na mookameli oa lekala, Paul Balzereit, o ile a hlapolla taba e ngotsoeng ea tokomane ee? Che, hobane ho bapisa taba e ngotsoeng ea Sejeremane le ea Senyesemane ho bontša hore ha ho joalo. Ka sebele, maikutlo a fapaneng le seo a ne a thehiloe monahanong oa ba bang ba neng ba sa ka ba lokisetsa “Phatlalatso” ena ka ho toba. E ka ’na eaba liqeto tsa bona li ile tsa boela tsa susumetsoa ke ’nete ea hore Balzereit o ile a latola tumelo ea hae lilemo tse peli feela hamorao.

Hona joale hoa tsebahala hore taelo ea ho thibela Lipaki tsa Jehova Jeremane e ile ea ntšoa ka Moqebelo oa la 24 June, 1933, letsatsi feela pele ho kopano ea Berlin. Ba neng ba lokisetsa kopano ena le mapolesa ba ile ba tseba ka thibelo ena matsatsi a seng makae hamorao. Ka lebaka la tsitsipano le bora bo totobetseng ba Manazi a boholong, hoa babatseha hore ebe kopano ena e ile ea tšoaroa. Hase ho fetelletsa litaba ho bolela hore Lipaki tse 7000 ka sebete li ile tsa beha bolokolohi ba tsona kotsing ka ho ba teng pokanong ena.

Ka mor’a kopano eo, Lipaki li ile tsa aba likopi tse limilione tse 2,1 tsa “Phatlalatso” ena. Lipaki tse ling li ile tsa tšoaroa hang-hang ’me tsa romeloa likampong tsa mosebetsi o boima. Kahoo, ’muso oa Manazi o ile oa senola ka ho feletseng sebōpeho sa oona sa ho hatella, le sa ho ba mabifi ’me kapele o ile oa qala tlhaselo ea khorola-koqo sehlopheng sena se senyenyane sa Bakreste.

Moprofesa Christine King o ile a ngola: “Manazi a ne a tla tseba hore lebotho le sehlōhō le ne le ke ke la hatella Lipaki.” Ho bile joalokaha “Phatlalatso” e ile ea bolela: “Matla a Jehova Molimo a phahame ka ho fetisisa ’me ha ho matla a ka atlehang ho mo hanyetsa.”a

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Sebaka ha se re lumelle ho fana ka boitsebiso bohle bo tšehetsang tlaleho ena ea histori. Leha ho le joalo, lethathamo la litšupiso tse feletseng lea fumaneha ha le kōptjoa ho bahatisi. U ka ba ua fumana ho beha leseling ho shebella k’hasete ea video eo sehlooho sa eona se reng Jehovah’s Witnesses Stand Firm Against Nazi Assault.

[Setšoantšo se leqepheng la 13]

Lifoto tsa kopano eo Lipaki tsa Jehova li neng li le ho eona ka 1933 Tennishallen

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela