Lebaka Leo ka Lona Likereke li Ileng Tsa Khutsa
KA LA 8 December, 1993, Dr. Franklin Littell oa Univesithi ea Baylor o ile a bua Musiamong oa Boikhopotso ba Polao e Sehlōhō United States mabapi le “’nete e tiileng” e tšoenyang. E ne e le eng?
Littell o ile a re ’nete e ne e le hore “Bajode ba limilione tse tšeletseng ba ne ba reriloe ’me ba ile ba bolaeloa setsing sa Bokreste-’mōtoana ka sehlōhō, ke Mak’hatholike a Roma a kolobelitsoeng, Maprostanta le Maorthodox a Bochabela ao le ka mohla a sa kang a khalemeloa ka matla, ho se ho sa thoe letho ka ho ba khaola.” Leha ho le joalo, moemeli e mong o ile a ’na a bua a sa khaotse ka ho itšunya-tšunya ha baruti pusong ea Hitler. ’Me moemeli eo, joalokaha re bone, e ne e le Lipaki tsa Jehova.
Hitler e ne e le Mok’hatholike oa Roma ea kolobelitsoeng, le baeta-pele ba bangata pusong ea hae ka ho tšoanang. Ke hobane’ng ha ba sa ka ba khaoloa? Ke hobane’ng ha Kereke e K’hatholike e sa ka ea nyatsa liketso tse tšabehang tseo banna baa ba neng ba li etsa? Ke hobane’ng ha likereke tsa Boprostanta le tsona li ile tsa khutsa?
Na ka sebele likereke li ile tsa khutsa? Na ho na le bopaki ba hore li ile tsa tšehetsa boiteko ba ntoa ba Hitler?
Karolo ea Kereke e K’hatholike
Rahistori oa Mok’hatholike E. I. Watkin o ile a ngola: “Le hoja e le ho utloisang bohloko ho ho lumela, re ke ke, molemong oa thuto ea bohata kapa botšepehi boo e leng ba bolotsana ra latola kapa hona ho hlokomoloha ’nete ea histori ea hore Babishopo ka ho sa khaotseng ba ’nile ba tšehetsa lintoa tsohle tse loanoang ke puso ea naha ea habo bona. . . . Moo ho amehang pefo ea bochaba ba ’nile ba fetoha babuelli ba Sesare.”
Ha Watkin a ne a re babishopo ba Kereke e K’hatholike “ba ’nile ba tšehetsa lintoa tsohle tse loanoang ke puso ea habo bona,” o ne a akarelletsa lintoa tsa khatello tse ileng tsa loanoa ke Hitler. Joalokaha Friedrich Heer, moprofesa oa Roma e K’hatholike oa histori Univesithing ea Vienna a lumetse: “Linnete tse ke keng tsa latoloa tsa histori ea Jeremane, Sefapano le swastika li ’nile tsa atamelana hammoho haholoanyane, ho fihlela ha swastika e phatlalatsa molaetsa oa tlhōlo litoreng tsa likereke Jeremane, lifolakha tsa swastika li ne li hlahella ho pota-pota lialetare ’me baruti ba thuto ea bolumeli ba Mak’hatholike hammoho le Maprostanta, baruti, batho ba kereke le litsebi litabeng tsa ’muso ba ile ba amohela selekane le Hitler.”
Baeta-pele ba Kereke e K’hatholike ba ile ba fana ka tšehetso e joalo e feletseng lintoeng tsa Hitler hoo moprofesa oa Roma e K’hatholike Gordon Zahn a ileng a ngola: “Mok’hatholike oa Jeremane ea neng a itšetlehile ho baeta-pele ba hae ba bolumeli bakeng sa keletso le tataiso ea moea mabapi le ho sebeletsa lintoeng tsa Hitler o ile a fumana likarabo tse batlang li tšoana le tseo a ka beng a li fumane ho ’musi oa Bonazi ka boeena.”
Taba ea hore Mak’hatholike ka kutlo a ile a latela tataiso ea baeta-pele ba ’ona ba kereke e ile ea ngoloa ke Moprofesa Heer. O ile a hlokomelisa: “Har’a Mak’hatholike a Jeremane a neng a ka ba limilione tse mashome a mararo a metso e ’meli—bao ba limilione tse leshome le metso e mehlano e neng e le banna—ke [batho] ba supileng feela bao pepenene ba ileng ba hana tšebeletso ea sesole. Ba tšeletseng ho bana e ne e le batho ba Austria.” Bopaki ba morao-rao tjena bo bontša hore Mak’hatholike a mang, hammoho le Maprostanta a mang, a ile a ema khahlanong le ’Muso oa Bonazi ka lebaka la litumelo tsa bolumeli. Ba bang ba bile ba lahleheloa ke bophelo ba bona, ha ka nako e tšoanang baeta-pele ba bona ba bolumeli ba ne ba eka litho tsa likereke tsa bona bakeng sa ho ithuisa molemo Pusong ea Bonazi.
E Mong Hape ea Neng a Khutsitse, ea Neng a sa Khutsa
Joalokaha ho hlokometsoe ka holimo, Moprofesa Heer o ile a akarelletsa baeta-pele ba Maprostanta har’a ba ileng ba “amohela selekane le Hitler.” Na seo ke ’nete?
Maprostanta a mangata a utloile bohloko ka ho inyatsetsa hore ebe a ile a khutsa nakong ea lintoa tse mabifi tsa Hitler. Ka mohlala, ka October 1945 baruti ba 11 ba hlahelletseng ba ile ba kopana bakeng sa ho etsa moralo oa se bitsoang ka hore ke ho lumela ho ba molato ha Stuttgart. Ba ile ba re: “Rea iqosa ka hore ebe ha rea ka ra ba sebete ka ho eketsehileng ka ho bolela litumelo tsa rōna, ho tšepahala haholoanyane ha re etsa lithapelo tsa rōna, ho thaba haholoanyane ha re bontša tumelo ea rōna le ho ba mafolo-folo haholoanyane ka ho bontša lerato la rōna.”
History of Christianity ea Paul Johnson e itse: “Har’a baruti ba Evangeli ba 17 000, ho hang ha hoa ka ha e-ba le ba fetang mashome a mahlano ba ileng ba ahloleloa nako e telele chankaneng [ka lebaka la ho se tšehetse puso ea Bonazi] nakong leha e le efe.” Ha a bapisa baruti ba joalo le Lipaki tsa Jehova, Johnson o ile a ngola: “Ba ileng ba ba sebete ka ho fetisisa e ne e le Lipaki tsa Jehova, tse ileng tsa phatlalatsa khanyetso ea tsona e tobileng ea lithuto tsa bolumeli ho tloha qalong ’me ka lebaka leo tsa hlokofatsoa. Li ile tsa hana ho ba le tšebelisano leha e le efe le ’muso oa Bonazi.”
Morao koana ka 1939, selemo seo Ntoa ea II ea Lefatše e qalileng ka sona, Consolation e ile ea qotsa T. Bruppacher, moruti oa Moprostanta, a re: “Le hoja batho ba ipitsang hore ke Bakreste ba hlōlehile litekong tsa makhaola-khang, lipaki tsena tse sa tsejoeng tsa Jehova, joaloka bashoela-tumelo ba Bakreste, li bile le khanyetso e sa thekeseleng khahlanong le ho hatelloa ha letsoalo le borapeli ba litšoantšo ba bohetene. Rahistori oa nakong e tlang o tlameha hore ka letsatsi le leng a lumele hore hase likereke tse khōlō, empa ke batho bana ba etseletsoang le ba songoang, ba ileng ba ema pele khahlanong le khalefo ea modemona oa Bonazi . . . Ba hana borapeli ba Hitler le Swastika.”
Ka ho tšoanang, Martin Niemoeller, moeta-pele oa kereke ea Prostanta eo ka boeena a bileng kampong ea mahloriso ea Bonazi, hamorao o ile a lumela: ‘Mohlomong ka ’nete ho ka hopoloa hore likereke tsa Bokreste, ho theosa le lilemo, kamehla li ’nile tsa lumela ho hlohonolofatsa ntoa, mabotho a ntoa, le lihlomo le hore li ile tsa rapella ka tsela e se nang Bokreste haholo ho felisoa ha sera sa tsona.’ O ile a lumela: “Sena sohle ke molato oa rōna le molato oa bo-ntat’a rōna, empa ka ho totobetseng hase molato oa Molimo.”
Joale Niemoeller o ile a eketsa: “’Me ke ho makatsang hore ebe rōna Bakreste ba kajeno re hlajoa ke lihlong ka lebaka la bao ho thoeng ke sehlotšoana sa bokhelohi sa liithuti tse tiileng tsa Bibele [Lipaki tsa Jehova], bao ka likete tse makholo-kholo ba ileng ba ea likampong tsa mahloriso ’me ba shoa kaha ba ne ba hana ho sebeletsa ntoeng ’me ba hana ho thunya batho.”
Susannah Heschel, moprofesa oa lithuto tsa Sejode, o ile a sibolla litokomane tsa kereke tse pakang hore baruti ba kereke ea Lutere ba ne ba ikemiselitse, e, ba laba-labela ho tšehetsa Hitler. O itse ba ne ba kōpile tokelo ea ho bontša matšoao a swastika ka likerekeng tsa bona. Patlisiso ea hae e ile ea bontša hore boholo ba bona bo ne bo sa qobelloe hore bo be le tšebelisano-’moho, empa e ne e le batšehetsi ba chesehang ba Hitler le likhopolo tsa hae tsa morabe oa Aryan.
Ha a fana ka lipuo, hangata litho tsa kereke li botsa Heschel, “Re ka be re entse’ng?”
O-oa arabela: “Le ka be le bile joaloka Lipaki tsa Jehova.”
Lebaka Leo ka Lona li Neng li Khutsitse
Lebaka leo ka lona likereke li neng li khutsitse lea hlaka. Ke kahobane baruti ba Bokreste-’mōtoana le mehlape ea bona ba ne ba lahlile lithuto tsa Bibele e le hore ba ka tšehetsa ’muso oa lipolotiki. Ka 1933 Kereke ea Roma e K’hatholike e ile ea etsa selekane le Manazi. Faulhaber, mok’hadinale oa Roma e K’hatholike o ile a ngolla Hitler: “Tumellano ena le ofisi ea Mopapa . . . ke ketso ea lehlohonolo le ke keng la lekanngoa. . . . E se eka Molimo a ka boloka Tona-Khōlō ea Puso [Hitler].”
Ka sebele, Kereke e K’hatholike le likereke tse ling ka ho tšoanang, li ile tsa fetoha likofuto tsa puso e khopo ea Hitler. Esita le hoja Jesu Kreste a itse balateli ba hae ba ’nete “hase ba lefatše,” likereke hammoho le litho tsa lipharishe li ile tsa fetoha karolo ea bohlokoa ea puso ea Hitler. (Johanne 17:16) Ka lebaka leo, li ile tsa hlōleha ho bua ka sebete ka liketso tse sehlōhō khahlanong le batho tse ileng tsa etsoa ke Manazi likampong tsa ’ona tsa mahloriso.
Ke ’nete hore batho ba seng ba kae ba sebete ba K’hatholike, Prostanta, le malumeli a mang a fapaneng ba ile ba ema khahlanong le ’Muso oa Bonazi. Empa esita le hoja ba bang ba bona ba ile ba lahleheloa ke bophelo ba bona, baeta-pele ba bona ba bolumeli, ba neng ba ipolela hore ba sebeletsa Molimo, ba ne ba sebeletsa e le linqaloka tsa Puso ea Bonazi.
Leha ho le joalo, ho ne ho e-na le moemeli a le mong ea ileng a bua ka sebete ka ho tsoelang pele. Le hoja ka kakaretso, mecha ea phatlalatso ea litaba e ne e hlokomolohile hore likereke li ne li kentse letsoho ka matla liketsong tsa Bonazi, Lipaki tsa Jehova li ile tsa ikutloa li tlamehile ho pepesa bolotsana le boikaketsi ba baruti, ka litaba tse qaqileng tsa tumellano ea bona e entsoeng ka sekhukhu. Ka maqephe a makasine o tlileng pele ho ona hammoho le likhatiso tse ling ho pholletsa le lilemo tsa bo-1930 le bo-1940, li ile tsa hatisa liqoso tse matla ho mekhatlo ea bolumeli e ileng ea fetoha likofuto tsa Bonazi.
Ho Tsebahatsa Balateli ba ’Nete ba Kreste
Lipaki tsa Jehova li fapane ka ho feletseng le malumeli a lefatše. Kaha hase karolo ea lefatše, ha li kopanele lintoeng tsa lichaba. Ka ho utloa litaelo tsa Molimo, ‘li teile liphehla tsa tsona tsa ntoa mehoma.’ (Esaia 2:4) E, ka ho utloa litaelo tsa Kreste, lia ratana. (Johanne 13:35) Sena se bolela hore ho hang ha li ee ntoeng le ho ntšana kotsi ka boomo.
Ha ho tluoa tabeng ea ho tsebahatsa barapeli ba ’nete ba Molimo, Bibele e hlakile haholo: “Ke hona moo ho bonahalang bao e leng bana ba Molimo le bao e leng bana ba Diabolose: E mong le e mong ea sa etseng ho lokileng hase oa Molimo, leha e le ea sa rateng ngoan’abo. Hobane taba eo le e utloileng, e sa le ho qaleng, ke hore re ratane, ’me re se ke ra ba joalo ka Kaine, e neng e le oa e mobe, ’me a bolaile ngoan’abo.” (Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.)—1 Johanne 3:10-12.
E, histori e senola hore kamehla Lipaki tsa Jehova li ’nile tsa bontša lerato ho ba habo tsona, esita le ha li tobane le khatello e matla. Ha Hitler a ne a loana ho pholletsa le Europe, Lipaki li ile tsa ema li tiile ha li tobane le boiteko bo se nang kutloelo-bohloko ba Bonazi ba ho li etsa hore li kenelle polaong e feteletseng. Moprofesa Christine King o ile a akaretsa taba ena hantle: “Lipaki tsa Jehova li hlile tsa bua ka sebete. Li ile tsa bua ka sebete ho tloha qalong. Li ile tsa bua ka sebete li le ntsoe-leng. ’Me li ile tsa bua ka sebete se matla, e leng seo e leng thuto ho rōna kaofela.”
Ho fihlela ha lefatše lena le sireletsehile tlas’a puso e lerato ea ’muso oa Jehova ’me le se na ntoa le bokhopo, Lipaki tsa Jehova li tla tsoela pele ho bua ka sebete. Hafeela e ntse e le thato ea ’Musi Morena Jehova, makasine ena e tla pepesa liketso tse mpe tsa lefatše lena la bosatane ’me e buelle tšepo feela ea ’nete bakeng sa moloko oa batho, ’Muso oa Molimo.—Mattheu 6:9, 10.
[Setšoantšo se leqepheng la 27]
Likoranta tsa United States li ile tsa tiisa ho tšehetsa ha kereke Bonazi
The New York Times, ea la 25 September, 1939, Khatiso ea Late City, leqepheng la 6
New York Post, ea la 27 August, 1940, Khatiso ea Blue Final, leqepheng la 15
The New York Times, ea la 7 December, 1941, Khatiso ea Late City, leqepheng la 33
[Setšoantšo se leqepheng la 29]
Ka ho fapaneng le likereke, Lipaki tsa Jehova li ile tsa bua ka sebete khahlanong le Bonazi