Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g94 11/8 maq. 21-23
  • Bolumeli bo Nka Lehlakore

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bolumeli bo Nka Lehlakore
  • Tsoha!—1994
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Malumeli ka Mahlakoreng a Hanyetsanang
  • Boikarabelo ba Bolumeli
  • Hase Matla a Sebele a Susumetsang Khotso
  • Lebaka Leo ka Lona Likereke li Ileng Tsa Khutsa
    Tsoha!—1995
  • Kereke e K’hatholike Afrika
    Tsoha!—1995
  • Boiteko ba ho Kopana
    Tsoha!—1991
  • Na Bolumeli Ke Tšusumetso Bakeng sa Boitšoaro bo Botle?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
Bala Tse Ling
Tsoha!—1994
g94 11/8 maq. 21-23

Bolumeli bo Nka Lehlakore

KA LA 1 September, 1939, Jeremane e ile ea futuhela Poland, ’me ea qalisa Ntoa ea II ea Lefatše. Libeke tse tharo hamorao The New York Times e ne e-na le sehlooho: “Likereke li Khothaletsa Masole a Majeremane ho Loana ka Matla.” Na ka sebele likereke tsa Jeremane li hlile tsa tšehetsa lintoa tsa Hitler?

Friedrich Heer, moprofesa oa histori oa Roma e K’hatholike Univesithing ea Vienna o ile a lumela hore likereke li hlile tsa etsa joalo: “’Nete e ke keng ea qojoa ea histori ea Jeremane ke hore, Sefapano le swastika li ile tsa sebelisana hammoho, ho fihlela ha swastika e phatlalatsa molaetsa oa tlhōlō litoreng tsa likereke tsa Jeremane, lifolaga tsa swastika li ile tsa bonahala li pota-potile lialetare ’me baruti ba thuto ea bolumeli ba K’hatholike le Prostanta, baruti le litho tsa kereke, le lihlooho tsa linaha li ile tsa etsa selekane le Hitler.”

Ka sebele, baeta-pele ba kereke ba ile ba tšehetsa boiteko ba Hitler ba ntoa ka ho feletseng, joalokaha moprofesa oa Roma e K’hatholike Gordon Zahn a ile a ngola: “Mok’hatholike oa Jeremane leha e le ofe ea ileng a talima ho baeta-pele ba hae ba bolumeli bakeng sa keletso le tataiso ea moea mabapi le ho sebeletsa lintoeng tsa Hitler o ile a fumana likarabo tse tšoanang le tseo a neng a tla li fumana ho ’musi oa Nazi ka boeena.”

Malumeli ka Mahlakoreng a Hanyetsanang

Empa likereke li ne li re’ng linaheng tse neng li hanyetsana le Jeremane? The New York Times ea la 29 December, 1966, e ile ea tlaleha: “Nakong e fetileng sehlopha sa sebaka se itseng sa baruti ba K’hatholike se ne se tšehetsa lintoa tsa lichaba tsa tsona hoo e batlang e le kamehla, se ne se hlohonolofatsa mabotho le ho rapella tlhōlo, ha sehlopha se seng sa babishopo ka lehlakoreng le leng se rapella sephetho se fapaneng phatlalatsa.”

Na tšehetso ena ea mabotho a hanyetsanang e entsoe ka tumello ea Vatican? Nahana: Ka la 8 December, 1939, likhoeli tse tharo feela ka mor’a ho qhoma ha Ntoa ea II ea Lefatše, Mopapa Pius XII o ile a ntša lengolo la molao Asperis Commoti Anxietatibus le eang ho baruti bohle. Lengolo lena le ne le lebisitsoe ho baruti ba mabotho a lichaba tse loantšanang, ’me le ile la khothaletsa ba leng ka mahlakoreng ka bobeli ho tšepa babishopo ba bona ba sesole ba fapaneng. Lengolo le ile la hlokomelisa baruti ba sesole “hore joaloka ba loanelang naha ea habo bona ba tlameha hore ba boele ba loanele Kereke.”

Hangata bolumeli bo ile ba etella pele ka matla ho lokisetsa le ho hlophisetsa linaha bakeng sa ntoa. Moruti oa Prostanta Harry Emerson Fosdick ea seng a shoele o ile a lumela: “Esita le ka likerekeng tsa rōna re behile lifolaga tsa ntoa.” Mabapi le ntoa ea pele ea lefatše, ofisiri e khōlō ea Brithani Frank P. Crozier o ile a re: “Likereke tsa Bokreste ke tsona tse ka sehloohong tse khothaletsang tšollo ea mali eo re nang le eona, ’me re li sebelisitse ka bolokolohi.”

Leha ho le joalo, eo e bile tlaleho ea bolumeli nakong e fetileng. Ho thoe’ng ka karolo ea bona lintoeng tsa haufinyane lirephabliking tsa naha eo pele e neng e le Yugoslavia, moo batho ba bangata e leng Maroma a K’hatholike kapa Maorthodox?

Boikarabelo ba Bolumeli

Sehlooho sa litaba sa Asiaweek ea la 20 October, 1993, se itse: “Bosnia ke Setsi sa Khohlano ea Bolumeli.” Sehlooho sa litaba se batlang litlhaloso sa San Antonio Express-News ea la 13 June, 1993, se ile sa re: “Baeta-pele ba Bolumeli ba Tlameha ho Felisa Bomalimabe ba Bosnia.” Sehlooho seo se ile sa re: “Malumeli a Roma e K’hatholike, Orthodox ea Bochabela le Mamosleme . . . a ke ke a balehela boikarabelo ba se etsahalang. Eseng nakong ena, moo batho lefatšeng lohle le shebeletseng litaba mantsiboea a mang le a mang. Ke ntoa ea bolumeli ba bona. . . . Molao-motheo o bolelang hore baeta-pele ba bolumeli ba na le boikarabelo bakeng sa ntoa o hlakile. Khalalelo ea bona ea boikaketsi ke eona e qholotsang ntoa. Ka ho hlohonolofatsa lehlakore le leng ka ho le bapisa le le leng ba khothaletsa ntoa.”

Ka mohlala, ke hobane’ng ha lehloeo mahareng a litho tsa Kereke ea Roma e K’hatholike le Likereke tsa Orthodox ea Bochabela le le leholo hakaale? Bapapa, bapatriareka le baeta-pele ba bang ba kereke ke bona ba ikarabellang. Ho tloha ha ho e-ba le karohano ea ho qetela malumeling ana ka 1054, baeta-pele ba kereke ba ile ba khothalletsa lehloeo le lintoa mahareng a litho tsa bona. Koranta ea Montenegro, Pobeda ea la 20 September, 1991, e bontšitse hore karohano ea bolumeli le liphello tsa eona ke tsona lisosa tsa ntoa ea haufinyane. Tlas’a sehlooho “Babolai Lebitsong la Molimo,” sehlooho se ile sa hlalosa:

“Taba ea bohlokoa ha e mahareng a lipolotiki le [mopresidente oa Croatia] Tudjman le [moeta-pele oa Serbia] Milošević, empa ho e-na le hoo ke ntoa ea bolumeli. Ho ka boleloa hore ho se ho fetile lilemo tse sekete ho tloha ha Mopapa a ne a etsa qeto ea ho felisa bolumeli ba Orthodox joalokaha e le boo a hlōlisanang le bona. . . . Ka 1054 . . . Mopapa o tsebahalitse Kereke ea Orthodox e le eona e ikarabellang bakeng sa karohano. . . . Ka 1900 seboka sa pele sa K’hatholike se ile sa hlalosa ka ho hlakileng ka leano la ho fenetha balumeli ba Orthodox lekholong la bo20 la lilemo. Hona joale leano [lena] lea sebetsa.”

Leha ho le joalo, likhohlano tsa haufinyane hase mohlala oa pele oa ntoa ea bolumeli lekholong lena la lilemo. Lilemong tse 50 tse fetileng, nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše, Maroma a K’hatholike a ile a leka ho felisa boteng ba Kereke ea Orthodox sebakeng seo. Ka lebaka la tšehetso ea mopapa, mokha oa Croatia o buellang boipuso ba sechaba o bitsoang Ustashi o ile oa laola naha e ipusang ea Croatia. The New Encyclopædia Britannica e tlaleha hore molao ona o amohetsoeng ke Vatican o ile oa sebelisa “mekhoa e sa tloaelehang e sehlōhō ka ho fetisisa ea polao, e neng e akarelletsa lipolao tsa Maserbia le Bajode ba likete tse makholo-kholo.”

Bukeng The Yugoslav Auschwitz and the Vatican, ha hoa ngoloa ka litlaleho tsa lipolao tsena tse sehlōhō feela—tse akarelletsang bahlaseluloa ba likete tse mashome—empa ho ngotsoe le ka ho itšunya-tšunya ha Vatican.

Ka lehlakoreng le leng, Kereke ea Orthodox e thusitse Maserbia ntoeng ea ’ona. Ha e le hantle, moeta-pele e mong oa lebotho la Serbia o ile a qotsoa a re:

‘Mobishopo ke eena molaoli oa ka.’

Ke’ng se ka beng se entsoe ho thibela polao, moo Bosnia le Herzegovina feela batho ba ka bang 150 000 ba shoeleng kapa ba nyametseng? Fred Schmidt o ile a bolela ho San Antonio Express-News hore Lekhotla la Machaba a Kopaneng la Tšireletso le tlameha ho fetisa “qeto e phehellang mopapa, mobishopo oa Constantinople, le [baeta-pele ba bang] ba K’hatholike, Orthodox ea Bochabela, le likereke tsa Mamosleme tse nang le taolo Bosnia-Herzegovina ho thibela lintoa hang-hang le ho kopana bakeng sa ho fumana leano la kamoo batšehetsi ba tsona ba ka phelisanang hammoho le batho ba malumeli a mang joaloka baahisani.”

Ka tsela e tšoanang, mohlalosi ho Progress Tribune ea Scottsdale, Arizona, o ile a fihlela qeto ea hore mohlomong ntoa “e ka thibeloa haeba baeta-pele ba bolumeli ba sebakeng seo ba ka etsa boiteko bo matla ho e thibela.” Sehlooho sena se ile sa fana ka tlhahiso ea hore baeta-pele ba bolumeli ba ka etsa seo “ka hore kapele-pele ba khaole setho leha e le sefe sa phutheho se thunyetsang kulo Sarajevo.”

Hase Matla a Sebele a Susumetsang Khotso

Leha ho le joalo, hangata bapapa ba ile ba hana ho khaola batlōli ba molao ba ntoa ba babe ka ho fetisisa, esita leha Mak’hatholike-’moho a ne a ipiletsa hore ho nkuoe khato ka ketso e joalo. Ka mohlala, Catholic Telegraph-Register ea Cincinnati, Ohio, U.S.A., tlas’a sehlooho “Molaetsa o Eang ho Mopapa, a Hōlisitsoe Joaloka Mok’hatholike Empa a Hlompholla Tumelo,” sehlooho se itse: “Ho entsoe boipiletso bo eang ho Pius XII hore Reichsfuehrer Adolph Hitler a khaoloe. . . . Karolo ea [molaetsa] e ne e baleha tjena, ‘Adolph Hitler o tsoetsoe ke batsoali ba Mak’hatholike, a kolobetsoa joaloka Mok’hatholike, le ho hōlisoa joaloka Mok’hatholike, ’me a rupeloa e le eena.’” Leha ho le joalo, ha ho mohla Hitler a kileng a khaoloa.

Nahana hape ka boemo likarolong tse ling tsa Afrika moo ho ’nileng ha loana ntoa e sehlōhō. Babishopo ba 15 ba Roma e K’hatholike ba lichaba tsa Afrika tsa Burundi, Rwanda, Tanzania, Uganda le Zaire ba boletse hore ho sa tsotellehe boteng ba “Bakreste” ba bangata ba kolobelitsoeng libakeng tseo, “likhohlano tsa ka har’a naha li lebisitse lipolaong tse sehlōhō, tšenyong le ho tlosoa ha batho ka mahahapa.” Babishopo ba ile ba lumela hore sesosa se seholo sa bothata bona “ke hore tumelo ea Bokreste ha e ea susumetsa likelello tsa batho ka ho lekaneng.”

National Catholic Reporter ea la 8 April, 1994, e boletse hore “mopapa . . . o utloile ‘bohloko bo boholo haholo’ ka litlaleho tsa morao-rao tsa khohlano sechabeng se senyenyane sa Afrika [sa Burundi], moo palo e khōlō ea baahi e leng Mak’hatholike.” Mopapa o boletse hore Rwanda, moo hoo e ka bang karolo ea 70 lekholong ea baahi e leng Mak’hatholike, “esita le Mak’hatholike a ikarabella” bakeng sa polao. E, Mak’hatholike ka mahlakoreng a mabeli a ile a bolaeana joalokaha a entse lintoeng tse ngata tse fetileng. ’Me joalokaha re hlokometse, malumeli a mang le ’ona a entse se tšoanang.

Kahoo na re tlameha ho fihlela qeto ea hore malumeli ’ohle a bile le seabo ntoeng? Na ho na le bolumeli leha e le bofe boo e leng tšusumetso ea ’nete ea khotso?

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Mona Hitler, o bonoa a e-na le mopapa e moholo Basallo di Torregrossa, empa ha ho mohla a kileng a khaoloa

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Bundesarchiv Koblenz

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela