Kereke e K’hatholike Afrika
KA MONGOLLI OA TSOHA! ITALY
KEREKE e K’hatholike e na le balateli ba limilione tse mashome Afrika, ’me mathata a eona moo a maholo. Mathoasong a ngoahola baeta-pele ba fetang 300 ba kereke ba ile ba kopana Vatican Roma ho buisana ka a mang a mathata ana nakong ea sinoto e khethehileng e nkileng khoeli.
Joalokaha ho tlalehiloe ho L’Osservatore Romano, mopapa ha a bula mananeo o ile a re: “Kajeno ka lekhetlo la pele ho na le Sinoto ea Kereke ea Afrika e akaretsang k’honthinente eohle. . . . Afrika eohle e teng kajeno Kerekeng ea St Peter. Ka kameho e tebileng e lerato Mobishopo oa Roma o lumelisa Afrika.”
Ntoa ea Morabe
Joalokaha ba bangata ba hlokomela, mathata a Kereke e K’hatholike a maholo ka ho khetheha linaheng tsa Afrika tsa Burundi le Rwanda, tseo haholo-holo e leng tsa K’hatholike. Ntoa ea morabe mono e ile ea fetoha taba eo ho buuoang ka eona ke machaba nakong ea selemo ha ba likete tse makholo ba fenethoa ke baahisani ba bona. Paki e ’ngoe e boneng ka mahlo e tlaleha hore: “Re bone basali ba pepileng bana ba banyenyane ba bolaea. Re bone bana ba bolaea bana ba bang.”
National Catholic Reporter e boletseka tsieleho ea boeta-pele ba K’hatholike. E boletse hore mopapa “o utloile ‘bohloko haholo’ ka litlaleho tse eketsehileng tsa morao-rao tsa khohlano e sechabeng se senyenyane sa Afrika [sa Burundi], seo palo ea baahi haholo-holo e leng Mak’hatholike.”
Lipolao tse sehlōhō Rwanda e bile tse senyang le ho feta boeta-peleng ba K’hatholike. Sehlooho koranteng eona ena se ile sa re, “Mopapa o Nyatsa ka Thata Timetso ea Morabe Sechabeng sa K’hatholike se Etsang 70%.” Sehlooho sena se ile sa hlokomela: “Mopapa o itse ntoa sechabeng sa Afrika e ama ‘timetso ea sebele le ea ’nete ea morabe eo, ka bomalimabe, esita le Mak’hatholike a ikarabellang ho eona.’”
Kaha liketso tse sehlōhō Rwanda li ’nile tsa etsoa leha sinoto ea bohlokoahali historing ea K’hatholike e ne e kopane Roma, ka ho totobetseng tlhokomelo ea babishopo e ne e lebisitsoe boemong bo leng Rwanda. National Catholic Reporter e ile ea hlokomela: “Khohlano e leng Rwanda e senola ntho e ’ngoe e makatsang: Tumelo ea Bokreste ha ea tebisa metso ea eona ka ho lekaneng Afrika hore e ka hlōla bomorabe.”
E le ha e hlokomela kameho ea babishopo ba kopaneng, National Catholic Reporter e ile ea tsoela pele ho re: “Albert Kanene Obiefuna, mobishopo oa Awka, Nigeria, o ile a bua ka taba ena [ea bomorabe] ha a bua le sinoto.” Puong ea hae, Obiefuna o ile a hlalosa hore: “Moafrika ea tloaelehileng o phela bophelo ba lelapa le bophelo ba hae ba Bokreste a itšetlehile ka lithahasello tsa morabe oa hae.”
Joale, e le ha ntle ho pelaelo a nahanne ka Rwanda, Obiefuna o ile a tsoela pele ka puo ea hae ho sinoto: “Khopolo ena e atile hoo ho boleloang hore har’a Maafrika ha boemo bo thatafala, ha ho laole khopolo ea Bokreste ea Kereke e le lelapa empa ho e-na le hoo polelo ea hore ‘mali a loile ho feta metsi.’ ’Me ka metsi mona motho a ka nahana hore ho kopanyelletsoa metsi a Kolobetso ao ka ’ona motho a tsoalloang lelapeng la Kereke. Kamano ea mali ke ea bohlokoa haholo esita le ho Moafrika ea fetohileng Mokreste.”
Ka hona mobishopo o ile a lumela hore Afrika tumelo ea K’hatholike ha ea atleha ho hlahisa boena ba Bokreste moo balumeli ba ratanang e le kannete joalokaha Jesu Kreste a rutile hore ba lokela ho ratana. (Johanne 13:35) Ho e-na le hoo, “kamano ea mali ke ea bohlokoa haholo” ho Mak’hatholike a Maafrika. Sena se feletse ka hore ba behe lehloeo la morabe ka pele ho lintho tsohle tse ling. Joalokaha mopapa a lumetse, Mak’hatholike a Afrika a tlameha ho ikarabella bakeng sa tse ling tsa liketso tse sehlōhō ka ho fetisisa tsa haufinyane.
Ho Boleloa Hore Pholoho e Kotsing
Babishopo ba Afrika sinotong ba ile ba bolela tšabo ea bona ka ho pholoha ha Bok’hatholike Afrika. Bonifatius Haushiku, mobishopo oa Namibia o itse: “Haeba re batla hore Kereke e ’ne e be teng naheng ea heso, re tlameha ho nahanela ka botebo taba ea ho se lahle meetlo ea sebaka ka seng.”
E le ha Adista moemeli oa khatiso ea K’hatholike oa Italy a bolela maikutlo a tšoanang, o itse: “Ho bua ka ‘ho se lahle meetlo ea sebaka ka seng’ ha Kospele Afrika ho bolela ho bua ka bofelo ba Kereke e K’hatholike k’honthinenteng eo, ka menyetla ea eona ea ho pholoha kapa ea ho se pholohe.”
Ha e le hantle babishopo ba bolela eng ka “ho se lahle meetlo ea sebaka ka seng”?
Kereke le “Ho se Lahle Meetlo ea Sebaka ka Seng”
John M. Waliggo o ile a hlalosa hore “ho lumellana ke poleloana e ’nileng ea sebelisoa ka nako e telele ho hlalosa taba e ntseng e tšoana.” Ka mantsoe a bonolo feela, “ho se lahle meetlo ea sebaka ka seng” ho bolela ho amohela lineano le likhopolo tsa malumeli a bomorabe litšebeletsong le borapeling ba K’hatholike, ho fana ka lebitso le lecha le moelelo o mocha ho mekete ea boholo-holo, lintho tse itseng, lipontšo, le libaka.
Ho se lahle meetlo ea sebaka ka seng ho lumella Maafrika ho ba Mak’hatholike a boemong bo botle empa ba ntse ba tšoarelletse litloaelong, litšebeletsong, le litumelong tsa malumeli a bona a bomorabe. Na ho tlameha ho ba le khanyetso ho see? Ka mohlala, koranta ea Italy La Repubblica, e ile ea botsa: “Na hase ’nete hore Europe Keresemese e ile ea hokelloa moketeng oa Solis Invicti, o neng o le ka la 25 December?”
Ka sebele, joalokaha mok’hadinale Josef Tomko, hlooho ea Phutheho ea ho Bolella Lichaba Evangeli, a hlokometse: “Kereke ea boromuoa e ile ea etsa mosebetsi oa ho se lahle meetlo ea sebaka ka seng nako e telele pele ho qaloa ho sebelisa lentsoe leo.” Mokete oa Keresemese o hlakisa taba ena hantle, joalokaha La Repubblica e hlokometse. Qalong e ne e le mokete oa bohetene. New Catholic Encyclopedia e lumela hore: “Letsatsi la la 25 December ha le tsamaisane le tsoalo ea Kreste, empa le tsamaisana le mokete oa Natalis Solis Invicti, mokete oa Baroma oa letsatsi ha le kena tlung.”
Keresemese ke e ’ngoe ea litloaelo tse ngata tsa kereke tse hokelletsoeng boheteneng. Joaloka tumelo ea Boraro-bo-bong, ho se shoe ha moea, le tlhokofatso ea ka ho sa feleng ea meea ea batho ka mor’a lefu. Mok’hadinale John Henry Newman oa lekholong la bo19 la lilemo o ile a ngola hore “baeta-pele ba Kereke ho tloha mehleng ea pele ba ne ba ikemiselitse, ebang ho ne ho hlaha boemo, ho amohela, kapa ho etsisa, kapa ho lumella mekete le litloaelo tse teng tsa batho feela ba tloaelehileng.” Ha a thathamisa litloaelo tse ngata tse joalo le matsatsi a phomolo, o ile a bolela hore “kaofela li qalile boheteneng, ’me li halalelitsoe ke ho amoheloa ha tsona Kerekeng.”
Ha Mak’hatholike a kena libakeng tseo eseng tsa Bakreste, tse kang likarolo tsa Afrika, hangata ba fumana batho ba seng ba ntse ba e-na le litloaelo tsa bolumeli le litumelo tse tšoanang le tsa kereke. Sena ke hobane makholong a fetileng a lilemo kereke e ile ea amohela litloaelo le lithuto tsa lichaba tseo eseng tsa Bokreste ’me ea li kenyelletsa Bok’hatholikeng. Mok’hadinale Newman o boletse hore litloaelo tse joalo le lithuto, li “halalelitsoe ka ho amoheloa Kerekeng.”
Ka hona, ha Mopapa John Paul II a etela lichaba tseo eseng tsa Bakreste Afrika ka 1993, o ile a qotsoa ho L’Osservatore Romano a re: “Cotonou [Benin, Afrika] ke kopane le balateli ba voodoo, ’me ho ile ha totobala tseleng eo ba buang ka eona hore ka tsela e itseng likelellong tsa bona, litloaelong, liemahaleng le boikutlong ba na le lintho tse tšoanang le seo Kereke e batlang ho ba fa sona. Ba mpa ba emetse feela nako eo e mong a tla tla ’me a ba thuse ho etsa phetoho e hlokahalang ’me ba phele ka ho Kolobetsoa ho latela tsela eo ka mokhoa o itseng ba neng ba se ntse ba phela ka eona ’me ba na le phihlelo ea eona pele ho Kolobetso.”
Ke Eng Seo U Lokelang ho se Etsa?
Ho hlōleha ha kereke ho ruta Bokreste ba ’nete, bo sa tsoakoang ho lichaba tsa Afrika ho bile le liphello tse kotsi. Bomorabe bo kentse meno, joalokaha bochaba bo entse joalo libakeng tse ling, ho fellang ka hore Mak’hatholike a bolaeane. Ke ho hlompholla Kreste ho hokaakang! Bibele e bolela hore ho bolaeana ho joalo ka ho hloka molao ho khetholla batho e le “bana ba Diabolose,” ’me Jesu o itse ka bona: “Ntloheleng, lōna ba sebetsang bokhopo.”—1 Johanne 3:10-12; Mattheu 7:23.
Ka hona, ke eng seo Mak’hatholike a tšepahalang a tlamehang ho se etsa? Bibele e phehella Bakreste hore ba itebele khahlanong le ho sekisetsa tabeng ea litloaelo kapa litumelo tse ka etsang hore borapeli ba bona e be bo sa hloekang mahlong a Molimo. Bibele e re: “Se sikareng joko e le ’ngoe le ba sa lumelang.” E le hore ba fumane kamohelo ea Molimo, ho hlokahala hore ‘ba ikarole ’me ba se ame ntho leha e le efe e sa hloekang mahlong a Molimo.’—2 Ba-Korinthe 6:14-17.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 20]
Mopapa o itse: ‘Ntoa e leng Rwanda ke ho timetsa morabe ha sebele hoo esita le Mak’hatholike a ikarabellang ka hona’
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 18]
Photo: Jerden Bouman/Sipa Press