Liketso Tse Khopo Tsa Bonazi Lia Pepesoa
LILEMONG tsa bo-1920, ha Jeremane e ntse e hula ka thata ho hlaphoheloa ka lebaka la ho hlōloa ha eona Ntoeng ea I ea Lefatše, Lipaki tsa Jehova li ne li tšoarehile li aba lingoliloeng tse ngata-ngata tsa Bibele. Sena ha sea ka sa tlisa matšeliso le tšepo feela ho batho ba Jeremane empa se ile sa ba hlokomelisa ka matla a hōlang a khatello ea sesole. Pakeng tsa 1919 le 1933, Lipaki li ile tsa nehelana ka karolelano ea libuka, libukana, kapa limakasine tse robeli ho lelapa ka leng malapeng a ka bang limilione tse 15 a Jeremane.
Limakasine tsa The Golden Age le Consolation hangata li ne li hlokomelisa batho ka ntšetso-pele ea lihlomo tsa sesole Jeremane. Ka 1929, lilemo tse fetang tse tharo pele Hitler a busa, khatiso ea Sejeremane ea The Golden Age ka sebete e ile ea bolela: “Puso ea Sechaba eo ’Muso o Laolang Lintho Tsohle ke . . . mokhatloana o sebetsang . . . ka ho toba tšebeletsong ea sera sa motho, Diabolose.”
Pejana feela ho hore Hitler a buse, The Golden Age ea la 4 January, 1933, e ile ea re: “Mokhatloana oa Puso ea Sechaba eo ’Muso o Laolang Lintho Tsohle o hlahella joaloka selomo se tšosang. Ho bonahala ho le thata ho lumela hore ebe mokha oa lipolotiki o qalileng o fokola hakana, oo leano la oona e leng le sa tloaelehang hakana, ka lilemo tse seng kae, o ka ba le tsoelo-pele e pupetsang puso ea sechaba. Leha ho le joalo Adolf Hitler le mokha oa hae oa puso ea sechaba eo ’muso o laolang lintho tsohle (Manazi) ba finyelletse ketso ena e sa tloaelehang.”
Boipiletso Bakeng sa ho Utloisisa
Hitler e ile ea e-ba tona-khōlō ea Jeremane ka la 30 January, 1933, ’me likhoeli tse seng kae hamorao, ka la 4 April, 1933, ofisi ea lekala ea Lipaki tsa Jehova e Magdeburg e ile ea nkoa ka mahahapa. Leha ho le joalo, taelo eo e ile ea hlakoloa ka la 28 April, 1933, ’me mohaho oo o ile oa khutlisoa. Ho ne ho tla etsahala eng ka mor’a moo?
Ho sa tsotellehe bora bo neng bo totobetse ba puso ea Hitler, Lipaki tsa Jehova li ile tsa hlophisa kopano Berlin, Jeremane, ka la 25 June, 1933. Batho ba ka bang 7 000 ba ile ba bokana. Lipaki li ile tsa phatlalatsa merero ea tsona ka ho hlakileng: “Mokhatlo oa rōna o hlophisitsoeng hase oa bopolotiki ka kutloisiso leha e le efe. Re phehella feela ho ruta batho Lentsoe la Jehova Molimo, ’me re etsa seo ntle ho tšitiso ea letho.”
Kahoo Lipaki tsa Jehova li ile tsa etsa boiteko bo tiileng ba ho bolela boemo ba tsona. Liphello e bile life?
Tlhaselo E-ea Qala
Boemo bo sa sisinyeheng ba Lipaki ba ho se nke lehlakore, hammoho le botšepehi ba tsona ’Musong oa Molimo, e ne e le bo sa amoheleheng pusong ea Hitler. Manazi a ne a sa rera ho mamella ho hana leha e le hofe bakeng sa ho tšehetsa likhopolo tsa ’ona.
Kapele-pele ka mor’a hore kopano ea Berlin e phethoe, Manazi a ile a boela a nka ka mahahapa ofisi ea lekala e Magdeburg, ka la 28 June, 1933. A ile a itšohlometsa libokeng tsa Lipaki ’me a li tšoara. Kapele-pele Lipaki li ile tsa qala ho lelekoa mesebetsing ea tsona. Li ile tsa hlokofatsoa ka ho hlaseloa malapeng a tsona, tsa otloa le ho tšoaroa. Mathoasong a 1934 Manazi a ne a nkile ka mahahapa lingoliloeng tsa Bibele tse etsang litone tse 65 ho Lipaki ’me a li chesetsa kantle ho Magdeburg.
Boemo bo Tiileng ba Lipaki
Ho sa tsotellehe litlhaselo tsena tsa ho qala, Lipaki tsa Jehova li ile tsa ema li tiile ’me tsa nyatsa phatlalatsa khatello le ho hloka toka hoo. Tokollo ea The Watchtower ea November 1, 1933, e ne e e-na le sehlooho se reng “Le se ke la ba Tšaba.” Se ne se lokiselitsoe ka ho khethehileng bakeng sa Lipaki tse Jeremane, se li khothatsa hore li be sebete ha li tobane le khatello e ntseng e eketseha.
Ka la 9 February, 1934, J. F. Rutherford, mopresidente oa Mokhatlo oa Watch Tower, o ile a romela lengolo la boipelaetso ho Hitler le reng: “U ka ’na ua atleha ho hanyetsa motho leha e le ofe le batho bohle, empa u ke ke ua atleha ho hanyetsa Jehova Molimo. . . . Ka lebitso la Jehova Molimo le Morena oa Hae ea tlotsitsoeng, Kreste Jesu, ke batla hore u laele bahlanka bohle le basebeletsi ba ’muso oa hao hore lipaki tsa Jehova Jeremane li lumelloe hore li bokane ka khotso le ho rapela Molimo ntle le tšitiso.”
Rutherford o ile a beha la 24 March, 1934, e le letsatsi la ho qetela. O ile a bolela hore haeba ka nako eo Lipaki tsa Jeremane li e-s’o lokolloe, linnete mabapi le tlhoriso eo li tla phatlalatsoa ho pholletsa le Jeremane le lefatšeng lohle. Manazi a ile a arabela seo Rutherford a neng a se batla ka litlhekefetso tse eketsehileng, a romela ba bangata ba Lipaki tsa Jehova likampong tsa mahloriso tse neng li sa tsoa etsoa. Ka hona, li ile tsa e-ba har’a ba pele ba ileng ba kena likampong tsena.
Lipaki li Pepesa Liketso Tse Sehlōhō Tsa Bonazi
Joalokaha Lipaki tsa Jehova li ne li tšepisitse, li ile tsa qala ho pepesa liketso tse sehlōhō tse etsahalang Jeremane. Lipaki lefatšeng lohle ka makhetlo-khetlo li ile tsa romela boipelaetso ba tsona pusong ea Hitler.
Ka la 7 October, 1934, liphutheho tsohle tsa Lipaki tsa Jehova Jeremane li ile tsa bokana ho utloa ha ho baloa lengolo le neng le romeloa ho bahlanka ba ’muso ba puso ea Hitler. Le ne le re: “Ho na le ntoa e tobileng pakeng tsa molao oa lōna le molao oa Molimo . . . Ka baka leo, re le lemosa hore re tla utloa litaelo tsa Molimo tlas’a maemo leha e le afe, re tla kopana hammoho ho ithuta Lentsoe la Hae, ’me re tla Mo rapela le ho Mo sebeletsa joalokaha A laetse.”
Letsatsing lona leo, Lipaki tsa Jehova linaheng tse ling tse 49 li ile tsa kopana kopanong e khethehileng ’me tsa romela thelekramo e latelang ho Hitler: ‘Tšoaro ea hao e mpe ho lipaki tsa Jehova e tšosa batho bohle ba lokileng ba lefatše ’me e hlompholla lebitso la Molimo. Khaotsa ho tsoela pele u hlorisa lipaki tsa Jehova; ho seng joalo Molimo o tla u felisa le mokha oa hao oa sechaba.’
Manazi a ile a arabela kapele-pele ka ho eketsa tlhoriso ea ’ona. Hitler ka boeena o ile a hoeletsa: “Sehlotšoana sena se tla felisoa ka ho feletseng Jeremane!” Empa eitse ha khanyetso e e-ba matla haholoanyane, boikemisetso ba Lipaki bo ile ba e-ba matla ka ho tšoanang.
Ka 1935, The Golden Age e ile ea pepesa mekhoa ea tlhokofatso e tšoanang le ea Lekhotla le Otlang Bakhelohi ea puso ea Bonazi le mokhoa oa eona oa bohloela. E ile ea boela ea senola hore e ne e le morero oa mokhatlo oa Bacha oa Hitler ho etsa hore bacha ba Jeremane ba lahle tumelo ea bona ho Molimo. Selemong se latelang phutuho ea Gestapo naheng ka bophara e ile ea fella ka hore Lipaki tse likete-kete li tšoaroe. Kapele ka mor’a moo, ka la 12 December, 1936, Lipaki li ile tsa arabela ka phutuho ea tsona, tsa aba likopi tse mashome a likete tsa qeto likarolong tsohle tsa Jeremane li ipelaetsa ka ho hlorisoa ha Lipaki tsa Jehova.
Ka la 20 June, 1937, Lipaki tse neng li ntse li lokolohile li ile tsa aba molaetsa o mong o neng o sa hlathe koana le koana mabapi le mahloriso. O ne o bolela mabitso a bahlanka ba ’muso le libaka. Gestapo e ne e ferekantsoe ke ho pepesoa hona le ke bokhoni ba Lipaki ba ho atleha ho e pepesa.
Lerato ho moahisani ke lona le ileng la susumetsa Lipaki ho lemosa batho ba Jeremane hore ba se ke ba antšoa phooko ke puso ea lilemo tse sekete e khanyang ka Puso ea Bonazi. Face the Facts, bukana e hatisitsoeng ka 1938 e ile ea re: “Re tlameha ho bolela ’nete le ho fana ka temoso. Re talima puso ea bohatelli . . . e le sehlahisoa sa Satane se hlahisitsoeng e le moemeli oa ’muso oa Molimo.” Lipaki tsa Jehova li ne li le har’a bahlaseluoa ba pele ba tlhekefetso ea Bonazi, empa li ile tsa boela tsa etsa mohoo o nyatsang liketso tse sehlōhō khahlanong le Bajode, Mapholishe, ba holofetseng le ba bang.
Qeto e reng “Temoso!,” e ileng ea amoheloa kopanong ea Lipaki tsa Jehova ea 1938 Seattle, Washington, United States of America, e ile ea re: “Mafascista le Manazi, mekhatlo ea lipolotiki e mabifi, ka phoso e nkile taolo linaheng tse ngata tsa Europe . . . Batho bohle ba tla isoa sesoleng, tokoloho eohle ea bona e nkuoe, ’me bohle ba tla tlamelloa ho inehela pusong ea ’mampoli ea hatellang ’me joale Lekhotla la K’hatholike le Otlang Bakhelohi la boholo-holo le tla tsosolosoa ka ho feletseng.”
Kamehla Rutherford o ne a hasa seea-le-moeeng, a fana ka lipuo tse matla mabapi le sebōpeho sa bosatane sa Bonazi. Lipuo tseo li ile tsa hasoa hape lefatšeng ka bophara ’me tsa hatisoa bakeng sa hore ho ajoe likopi tse limilione. Ka la 2 October, 1938, o ile a fana ka puo e reng “Bofascista Kapa Tokoloho,” eo ho eona a ileng a nyatsa Hitler a sa hlathe koana le koana.
Rutherford o ile a phatlalatsa: “Batho ba bangata Jeremane ba rata khotso. Diabolose o behile moemeli oa hae Hitler taolong, monna ea se nang kelello ho hang, ea khopo, ea lonya le ea sehlōhō . . . Ka bokhopo o hlorisa Bajode hobane e kile ea e-ba batho ba selekane ba Jehova ’me ba ne ba jere lebitso la Jehova, le hobane Kreste Jesu e ne e le Mojode.”
Ha khalefo ea Manazi khahlanong le Lipaki tsa Jehova e mpefala le ho feta, liphatlalatso tsa nyatso tsa Lipaki e ile ea e-ba tse hlabang le ho feta. Tokollo ea Consolation ea la 15 May, 1940, e ile ea bolela: “Hitler ke ngoana ea phethahetseng hantle oa Diabolose hoo lipuo tsena le liqeto li phallang ka ho eena joaloka metsi a phallang ka har’a foro e hahiloeng hantle e tsamaisang likhoerekhoere.”
Liketso Tse Tšabehang Tsa Likampong Lia Pepesoa
Le hoja bongata ba sechaba bo ne bo sa hlokomele ka boteng ba likampo tsa mahloriso ho fihlela ka 1945, litlhaloso tse qaqileng tsa tsona li ne li hlaha hangata likhatisong tsa Watch Tower lilemong tsa bo-1930. Ka mohlala, ka 1937, Consolation e ile ea bolela ka ho etsoa ha liteko tsa khase e chefu Dachau. Ka 1940, likhatiso tsa Lipaki li ne li boletse ka likampo tse 20 tse fapaneng ’me li ne li tlalehile ka maemo a tsona a tšosang.
Ke hobane’ng ha Lipaki tsa Jehova li ne li tloaelane hamolemo hakaalo le likampo tsa mahloriso? Ha Ntoa ea II ea Lefatše e qala ka 1939, ho ne ho se ntse ho e-na le Lipaki tse 6 000 tse koaletsoeng likampong le lichankaneng. Rahistori oa Jeremane Detlef Garbe o hakanyetsa hore ka nako eo Lipaki li ne li etsa karolo e pakeng tsa 5 le 10 lekholong ea kakaretso ea batho bohle ba neng ba le ka kampong!
Seminareng e neng e tšoeroe mabapi le Lipaki le Polao e Sehlōhō, Garbe o ile a bolela: “Bathong ba 25 000 ba ileng ba lumela hore ke Lipaki tsa Jehova qalong ea Puso ea Bonazi, ba ka bang 10 000 ba ile ba koalloa ka linako tse telele tse fapaneng. Har’a bona, ba fetang 2 000 ba ile ba amoheloa likampong tsa mahloriso. Sena se bolela hore Lipaki tsa Jehova, ntle ho Bajode, li ne li hlorisoa ka ho fetisisa ke ma-SS har’a lihlopha tsohle tsa bolumeli.”
Ka June 1940, Consolation e ile ea re: “Ho ne ho e-na le Bajode ba 3 500 000 Poland ha Jeremane e qala Tlhaselo ea eona ea kapele-pele . . . , ’me haeba litlaleho tse fihlang lefatšeng la Bophirimela li nepahetse ho bonahala thipitlo ea bona e tsoela pele ka ho feletseng.” Ka 1943, Consolation e ile ea hlokomelisa: “Lichaba tse feletseng tse kang Magerike, Mapholishe le Maserbia li ntse li bolaoa lenyele-nyele.” Ka 1946, The Golden Age le Consolation li ne li tsebahalitse likampo tse fapaneng tse 60 tsa lichankana le tsa mahloriso.
Manazi a Ferekanngoa ke Lipaki
Le hoja Manazi a ile a leka ho khaotsa ho tsamaisoa ha lingoliloeng tsa Watch Tower, mohlanka e mong oa ’muso oa Berlin o ile a lumela: “Ho thata ho fumana libaka tsa lekunutu Jeremane moo lingoliloeng tsa Liithuti tsa Bibele li ntseng li hatisoa; ha ho na motho ea nang le mabitso kapa liaterese ’me ha ho na ea ekang e mong.”
Ho sa tsotellehe boiteko ba bona bo mabifi, le ka mohla Gestapo ha e-ea ka ea khona ho tšoara ba fetang halofo ea palo e akaretsang ea Lipaki tsa Jeremane ka nako leha e le efe. Nahana feela ka ho ferekana ha tsamaiso ea bohloela ea Bonazi e neng e sebetsa ka hloko—e ne e sitoa ho bokella le ho thōlisa lebotho lena le lenyenyane kapa ho khaotsa ho tsamaisoa ha lingoliloeng. Lingoliloeng li ile tsa fanoa literateng esita le ho phunyeletsa terateng e hlabang ea likampong tsa mahloriso!
Ho Hlōla Liketso Tse Sehlōhō
Manazi, a neng a talingoa e le litsebi tsa ho senya thato ea motho le maikutlo a hae, a ile a leka ka tieo ho etsa hore Lipaki tsa Jehova li hlompholle ho se nke lehlakore ha tsona ha Bokreste, empa a ile a hlōleha ka mokhoa o soabisang. Buka The Theory and Practice of Hell e ile ea re: “Motho o tlameha ho lumela hore, ha ho buuoa ka taba ea maikutlo, ma-SS le ka mohla ha aa ka a khona ho sebetsana le phephetso eo a ileng a e tlisetsoa ke Lipaki tsa Jehova.”
Ka sebele, Lipaki, li tšehelitsoe ke moea oa Molimo, li ile tsa hlōla ntoa. Rahistori Christine King mookameli oa Univesithi ea Staffordshire Engelane, o ile a hlalosa mahlakore a loantšanang tjena: “Ka ho le leng [ke Manazi] le leholo, le matla, le bonahala le ke ke la hlōloa. Le leng [ke Lipaki] le lenyenyane haholo . . . le na le tumelo ea lona feela, ha ho sebetsa se seng . . . Lipaki tsa Jehova li ile tsa hlōla matla ao a lifefo a Gestapo ka boitšoaro.”
Lipaki tsa Jehova e ne e le sehlopha se senyenyane, se nang le khotso ka har’a puso ea Bonazi. Leha ho le joalo, li ile tsa loana ’me tsa hlōla ntoa ka tsela ea tsona—ho loanela tokelo ea ho rapela Molimo oa tsona, ho loanela ho rata moahisani oa tsona le ho loanela ho bolela ’nete.
[Lebokose le leqepheng la 23]
Lipaki li Ile Tsa Pepesa Boteng ba Likampo
LE HOJA Auschwitz, Buchenwald, Dachau, le Sachsenhausen e ne e le mabitso a sa tsejoeng ke batho ba bangata ho fihlela ka mor’a Ntoa ea II ea Lefatše, a ne a tsejoa hantle ke babali ba The Golden Age le Consolation. Litlaleho tsa Lipaki tsa Jehova, tse neng li ntšoa ka sekhukhu likampong tlas’a boemo bo kotsi haholo le ho hatisoa ho lingoliloeng tsa Watch Tower, li ile tsa pepesa morero oa lipolao tse sehlōhō tsa Puso ea Bonazi.
Ka 1933, The Golden Age e ile ea hatisa litlaleho tsa pele ho tse ngata ka boteng ba likampo tsa mahloriso Jeremane. Ka 1938, Lipaki tsa Jehova li ile tsa hatisa buka Crusade Against Christianity, ka Sefora, Sejeremane, le Sepholishe. E ile ea ngola ka hloko ka litlhaselo tse mabifi tsa Bonazi ho Lipaki ’me ea kopanyelletsa le litšoantšo tsa likampo tsa mahloriso tsa Sachsenhausen le Esterwegen.
Mohapi oa khau ea Nobel Dr. Thomas Mann o ile a ngola: “Ke balile buka ea lōna le lintho tse tšosang tse ka har’a eona ka maikutlo a tebileng ka ho fetisisa. Ke sitoa ho hlalosa maikutlo a ho nyonya le ho nena a ileng a tlala pelong ea ka ha ke ntse ke bala ka hloko litlaleho tsena tsa ho senyeha ha batho le tsa bokhopo bo nyonyehang. . . . Ho khutsa ho ne ho tla sebeletsa feela boiphapanyo ba lefatše ka melao-motheo e lokileng ea boitšoaro . . . Le phethile boikarabelo ba lōna ka ho hatisa buka ena le ho tlisa linnete tsena tlhokomelong ea sechaba.”—Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.
[Lebokose le leqepheng la 22]
Lipaki Har’a ba Pele Likampong
MOFUMAHALI Geneviève de Gaulle, mochana oa eo e kileng ea e-ba mopresidente oa Fora Charles de Gaulle, e ne e le setho sa Mokhatlo oa Likhukhuni oa Fora. Ha a ne a tšoaroa ’me hamorao a koalloa kampong ea mahloriso ea Ravensbrück ka 1944, o ile a kopana le Lipaki tsa Jehova. Ka mor’a Ntoa ea II ea Lefatše, Mofumahali de Gaulle o ile a fana ka lipuo ho pholletsa le Switzerland ’me hangata o ne a bua ka botšepehi le sebete sa Lipaki. Puisanong e ’ngoe ka lipotso ea la 20 May, 1994, o ile a re ka tsona:
“Li ne li le har’a ba pele ba ileng ba ahloleloa ho ea kampong. Tse ngata li ne li se ntse li shoele . . . Re ne re li hlokomela ka beche ea tsona e ikhethang. . . . Li ne li thibetsoe ka ho feletseng ho bua ka litumelo tsa tsona kapa ho ba le libuka leha e le life tsa bolumeli, haholo-holo Bibele, e neng e talingoa e le buka e ka sehloohong ka ho fetisisa ea ho hlohlelletsa bofetoheli khahlanong le matla a ho laela. . . . Ke tseba [e mong oa Lipaki tsa Jehova], ea ileng a bolaoa ka lebaka la ho ba le maqephe a seng makae a taba e ngotsoeng ea Bibele, ’me ke ile ka bolelloa hore ho ne ho e-na le ba bang. . . .
“Ntho e ileng ea nkhahla haholo ka tsona ke hore li ne li ka tloha moo ka nako leha e le efe ka hore feela li saenele ho latola tumelo ea tsona. Qetellong, basali bana, ba neng ba bonahala ba fokola haholo ebile ba khathetse, ba ne ba le matla ho feta ma-SS, a neng a e-na le matla le mekhoa eohle ea ho fumana matla a ho laela. [Lipaki tsa Jehova] li ne li e-na le matla a tsona, ’me e ne e le ka boikemisetso ba tsona bo tiileng boo ho neng ho se motho ea ka bo hlōlang.”
[Lebokose le leqepheng la 25]
Boitšoaro ba Lipaki Likampong
KA LEBAKA la lerato la moahisani—motšoaruoa-’moho le eena, eo a nang le eena liahelong tsa sesole, eo a nang le eena kampong ea mahloriso—Lipaki li ne li arolelana le ba bang eseng feela lijo tsa tsona tsa moea empa hape le lijo leha e le life tsa nama tseo li neng li e-na le tsona.
Mojode e mong ea ileng a pholoha kampong ea mahloriso ea Buchenwald o ile a hlalosa: “Ke ile ka kopana le Ma-Bibelforscher moo. Kamehla a ne a paka litumelo tsa ’ona. Ha e le hantle, ho ne ho se letho le neng le tla a thibela ho bua ka Molimo oa ’ona. A ne a le molemo haholo ho batšoaruoa ba bang. Ha polao e sehlōhō e ne e etsa hore matšoele a Bajode a romeloe kampong ka la 10 November, 1938, ‘Jehovah’s schwein’, joalokaha balebeli ba ne ba a bitsa joalo, a ile a arolelana bohobe ba ’ona bo fokolang le Bajode ba tsofetseng le ba bolaoang ke tlala, ’ona ka boona a sala a se na lijo ho isa matsatsing a mane.”
Ka tsela e tšoanang, mosali e mong oa Mojode ea neng a koaletsoe kampong ea Lichtenburg, o ile a re ka Lipaki: “E ne e le batho ba sebete, ba mamellang maemo a bona a thata ka tiisetso. Le hoja batšoaruoa ba balichaba ba ne ba thibetsoe ho re buisa, basali bana le ka mohla ha baa ka ba mamela molao ona. Ba ne ba re rapella joalokaha eka re ne re le ba lelapa la bona, ’me ba re kōpa hore re se ke ra tela.”
[Lebokose le leqepheng la 26]
Boiteko ba ho Latola Polao e Sehlōhō bo ne bo Boletsoe Esale Pele
TOKOLLONG ea eona ea la 26 September, 1945, Consolation e ile ea hlokomelisa hore kamoso ho ka ’na ha etsoa boiteko ba ho lokisa histori le ho latola se ileng sa etsahala. Sehlooho se neng se re “Na Bonazi bo Felisitsoe?” se itse:
“Baphatlalatsi ba likhopolo tsa leshano ba nahana hore batho ba tla lebala kapele. Ke morero oa bona hore ba hlakole histori e fetileng, ba itlhahise tlas’a boikhakanyo ba kajeno joalokaha eka ke ba fanang ka se molemo, tlaleho ea bona e molato e patoe.”
Makasine eo e ile ea fana ka temoso ena e hlokomelehang: “Ho fihlela ha Jehova a loana Armageddone, Bonazi bo tla tsoela pele ho hlahella e le ntho e mpe ea sebele.”
[Setšoantšo se Qanollang se leqepheng la 21]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Basebetsi ba 150 ofising ea lekala ea Lipaki tsa Jehova e Magdeburg ka 1931
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Likhatiso tsa Lipaki tsa Jehova li ile tsa pepesa tšebelisano-’moho ea kereke le Bonazi
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Litšoantšo tsena tsa likampo tsa mahloriso li ile tsa hlaha likhatisong tsa Lipaki ka 1937