Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g96 6/8 maq. 16-27
  • Bopaki ba Tumelo ea Bona

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bopaki ba Tumelo ea Bona
  • Tsoha!—1996
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Pontšo ea Fora
  • Liphihlelo Tsa Botho
  • Khakolo
  • Likarabelo
  • Liketso Tse Khopo Tsa Bonazi Lia Pepesoa
    Tsoha!—1995
  • Polao e Sehlōhō—Bahlaseluoa Kapa Bashoela-tumelo?
    Tsoha!—1989
  • Batšepehi ba Sebete ba Hlōla Mahloriso a Manazi
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Ho Thaba Lefatšeng le sa Thabang
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
Bala Tse Ling
Tsoha!—1996
g96 6/8 maq. 16-27

Bopaki ba Tumelo ea Bona

SELEMO sa 1995 e bile sa bo50 sa ho ikhopotsa tokoloho likampong tsa mahloriso tsa Nazi. Ho pholletsa le Europe, mahlatsipa a Nazi a ile a ikhopotsa ketsahalo ena ka lipokano tse khōlō tseo ho tsona ho bileng teng baeta-pele ba ’Muso, Auschwitz, Bergen-Belsen, Buchenwald, Dachau, Ravensbrück, Sachsenhausen le likampong tse ling. Khopolo e le ’ngoe e neng e hlahella khafetsa e ne e le hore, “E se eka le ka mohla re ke ke ra lebala!”

Tumellanong le seo, Lipaki tsa Jehova li ile tsa etsa pontšo Europe selemong seo sa boikhopotso. Lipaki tse ngata li ne li ile tsa koalloa ke ’muso oa Hitler ka lebaka la ho hana ha tsona ho lumelisa Hitler ka tsela ea sesole le ho tšehetsa boiteko ba ntoa. Ho tloha ka 1933 ho ea pele, tse likete tsa tsona li ile tsa kenngoa teronkong, ’me tse ngata tsa shoa ka lebaka la tšoaro eo li ileng tsa e fumana moo.

Leha ho le joalo, ka kakaretso, liphihlelo tsa tsona ha li tsejoe ke sechaba. Sena se entse hore ho hlahe polelo e reng “mahlatsipa a lebetsoeng a histori.” Sehlopha sa Lipaki tse phonyohileng se ile sa bontša takatso ea ho lula li hopola malapa a tsona le metsoalle ba ileng ba hlorisoa, ba kenngoa teronkong, ba hlokofatsoa, kapa ba bolaoa le ho tsebahatsa bopaki ba tumelo ea bona le sebete tse siiloeng ke bo-Bibelforscher bana, e leng lebitso leo Lipaki tsa Jehova li neng li tsebahala ka lona ka likampong tsa mahloriso.

Ka la 29 September, 1994, United States Holocaust Memorial Museum, Washington, D.C., e ile ea tšoara seminara e amanang le Lipaki tsa Jehova ka likampong tsa mahloriso. Lipokano tse khōlō tsa boikhopotso tsa poelano li ile tsa tšoareloa Fora ke ba neng ba phonyohile, ka la 28 March, 1995, Strasbourg, le ka la 30 March, Paris. Ho ne ho ama maikutlo haholo ho utloa banna le basali bana ba tsofetseng, ba ntseng ba tšepahala ho Molimo lilemo tse 50 hamorao, ha ba pheta liphihlelo tsa bona. Ka la 27 April, seboka se tšoanang se ile sa tšoareloa haufi le Berlin, Brandenburg, Jeremane, moo Lipaki tse ngata li ileng tsa bolaoa ka ho khaoloa lihlooho. Letsatsing le latelang, baphonyohi ba bangata ba ile ba ba teng litšebeletsong tse neng li hlophisitsoe ke ’Muso oa Brandenburg ’me ba etela likampong tse sa tšoaneng.

Pontšo ea Fora

Lipokanong tsena tsa poelano, pontšo e neng e e-na le sehlooho se reng “Mémoire de Témoins” (Bopaki ba Lipaki) e ile ea bontšoa. Ho tloha ka May 1995 ho ea ho April 1996, e ile ea tsamaisoa metseng e 42 Fora le metseng e sa tšoaneng Belgium le karolong ea Switzerland moo ho buuoang Sefora. Habohlokoa ka ho fetisisa, banna le basali ba pontšong ke Lipaki tsa Jehova Molimo. Empa hape ke lipaki tsa tlhokofatso eo bona le ba bang ba ileng ba e mamella likampong tsa mahloriso. Ke lipaki tse boneng ka mahlo hore ho kile ha e-ba le mokhoa o leeme oa ho nahana oa ho se mamelle ba bang o ileng oa bakela batho ba limilione mahlomola le lefu ka lebaka la morabe oa bona kapa bolumeli. Ho feta moo, bopaki ba Lipaki, bo pepesa kamoo bao ho thoeng ke Bakreste ba ileng ba ikhethela mesia oa maiketsetso, Hitler, ho e-na le Jesu Kreste; ho hloea ho e-na le ho rata moahisani; le pefo ho e-na le khotso.

Pontšo eo e ne e kopanyelletsa liboto tse sephara tse 70 tse nang le litšoantšo, tse neng li qala ka liketsahalo ho ea ka nako eo li etsahetseng ka eona—ho buloa ha likampo Dachau le Oranienburg, ka March 1933; Melao ea Nuremberg ea ho “sireletsa mali a Jeremane,” ka September 1935; Anschluss, kapa ho kopanyelletsoa ha Austria ho ea Jeremane, ka March 1938; Kristallnacht (Bosiu bo Hlakileng), ka November ea selemo seo ka sona mabenkele a likete-kete a Bajuda a ileng a tlatlaptjoa ’me batho ba fetang 30 000 ba ile ba tšoaroa ’me ba lelekoa ka har’a naha; ho thibeloa ha Lipaki tsa Jehova butle-butle; ho hlaseloa ha Soviet Union, ka June 1941; ho bolaoa ha batho ba kulang kelellong, ho tloha ka 1939 ho ea ho 1941.

Liboto tse ngata tse nang le litšoantšo li ne li totobatsa ho foqoa ha bacha ba Mokhatlo oa Bacha oa Hitler lithuto haesita le liboka tse khōlōhali tse hohelang tse neng li tšoareloa matšoele-tšoele a Nazi Nuremberg. Litšoantšo tseo li ile tsa hopotsa batho ka ho hana ha Lipaki tsa Jehova ho etsa tšepiso ea hore li tla tšepahala ho moeta-pele oa mohatelli haesita le ho lumelisa Hitler ka tsela ea sesole. Liboto tse ling tse nang le litšoantšo li ne li bontša kamoo Lipaki tsa Jehova e ileng ea e-ba mahlatsipa a ho buuoa hampe le kamoo ho tloha ka 1935, li ileng tsa aba limakasine le lipampitšana tse pepesang liketso tse feteletseng tsa Nazi.

Liphihlelo Tsa Botho

Liboto tse sephara tse ka bang 40 tse nang le litšoantšo li ne li pheta liphihlelo tsa banna le basali ba tloaelehileng ba tsoang hohle Europe ba ileng ba hlorisoa esita le ho bolaoa ka lebaka la tumelo ea bona. Ba neng ba phonyohile ba ile ba tšehetsa pontšo ena ka ho ba teng ha bona, ’me baeti ba ne ba ba mametse ka hloko. Bana ba ne ba hloletsoe ha Louis Arzt a pheta pale ea hae. Qalong o ne a lula Mulhouse, Fora ’me a tlosoa ho batsoali ba hae eaba o romeloa Jeremane ka lebaka la ho hana ho re “Heil Hitler!” ha a le sekolong. O ile a phaella: “Lesole la le-SS le ile la nkotlela ho hana ho lumelisa Hitler ka tsela ea sesole. Le ile la nchapa lithupa tse 30. Matsatsi a mabeli hamorao le ile la mphaphatha lehetleng ’me la leka ho bapala hampe ka maikutlo a ka. ‘Nahana ka ’mè oa hao. A ka thabela haholo ho u bona. Seo ho hlokahalang hore u se etse feela ke hore u re “Heil Hitler!” ’me u ka kena tereneng ua ea hae.’ Ho ne ho le thata ho ngoana ea lilemo li 12.” Ba bangata ba ile ba angoa maikutlo ke liphihlelo tsa Joseph Hisiger ea ileng a fana ka karolo ea hae ea bohobe ba beke hore a mpe a fumane Bibele ea motšoaruoa-’moho le eena eo e neng e le Moprostanta.

Tšobotsi e ’ngoe ea pontšo ena e ne e le lipuisano tsa lipotso tse neng li hatisitsoe ka theipi ea video le bao pele ba neng ba leleketsoe likampong. Lipuisano tse ling tsa lipotso li ile tsa etsetsoa libakeng tsa likampo ka botsona—ka mohlala, Ebensee, Austria le Buchenwald le Sachsenhausen, Jeremane. Lipuisano tse ling tsa lipotso li ile tsa tlaleha litšobotsi tse sa tšoaneng tsa bophelo likampong kapa lintho tseo Lipaki tse neng li lelekiloe li neng li li hopola ha e sa le bana.

Khakolo

Tšebeletso e khutšoanyane e ile ea bula pontšo ka ’ngoe, eo ho eona moemeli oa bao pele ba neng ba lelekiloe naheng a neng a hlalosa khanyetso ea moea ea Lipaki tsa Jehova khahlanong le Bonazi. Ba neng ba lelekiloe bao e seng Lipaki hammoho le bo-rahistori ba bang le basebeletsi ba ’muso, ho akarelletsa le eo pele e neng e le letona la ’muso oa Fora, le bona ka mosa ba ile ba amohela limemo tsa ho bua.

Motho e mong eo pele a neng a lelekiloe naheng ea habo ea neng a tseba Lipaki tsa Jehova, Buchenwald, o ile a bua tjena ka tsona: “Ha ke tsebe sehlopha leha e le sefe sa ba neng ba lelekiloe, ka ntle ho Bajuda, sa ba neng ba tšoeroe hampe joaloka bona: ba otloa, ba nyelisoa, ba rohakoa, ba fuoa mesebetsi e mebe ka ho fetisisa. Haeba e ne e se ka tumelo ea bona, ba ne ba ke ke ba ema ka tieo khahlanong le seo. Ke ba hlompha ka ho fetisisa le ho ba nka e le batho ba bohlokoa haholo.”

Likarabelo

Batho ba fetang 100 000 ba ile ba etela pontšong ena. Libakeng tse ling batho ba makholo, bao har’a bona ho neng ho e-na le bacha ba bangata, ba ile ba kena mokolokong o lebang ka holong ea pontšo. Baeti ba bangata ba ile ba hlalosa maikutlo a bona ka mantsoe a seng makae bukeng ea baeti. Ka mohlala, mocha e mong o ile a ngola: “Lebitso la ka ke Sabrina. Ke lilemo li leshome ’me ke rata ho ba sebete joaloka Ruth e le hore nka thabisa Jehova.”a

Ba phatlalatso ea litaba le bona ba ile ba bua ka pontšo ena. Ka kakaretso, toropong ka ’ngoe ho ile ha hlaha sehlooho se le seng kapa tse peli likoranteng tsa teng. Ho phaella moo, liteishene tsa seea-le-moea tsa sebaka ka seng khafetsa li ne li phatlalatsa pontšo ’me li hasa mananeo a hlahisang lipuisano ka lipotso le bao pele ba neng ba lelekiloe naheng. Thelevishene ea tikolohong eo e ile ea hlahisa litlaleho tse khutšoanyane. Tlaleho e ’ngoe ea litaba e ileng ea bontšoa thelevisheneng e ile ea bua ka pontšo eo e le “pale e sa rarahanang empa e le e sisimosang le e shebisisang ka hare-hare ho lintho tse ke keng tsa buuoa. Ke ‘Bopaki ba Lipaki’ bo hlahisitseng tlhompho le seriti tseo ho seng mohla li ka tlosoang.”

Tšebeletso ea bo50 ea ho ikhopotsa tokoloho e tla lula ka nako e telele likelellong tsa baphonyohi. Le hoja kamehla ho ne ho se bonolo ho hopola lintho tse bohloko, ka ho li arolelana le ba bang le ka ho khokhotha sohle seo ba neng ba ka se hopola, Lipaki li ile tsa khona ho matlafatsa tumelo ea ba bang. Li ile tsa ho nka e le tokelo ho kopanela pontšong ena le ho felisa leeme le itseng le ho hloka tsebo tse ntseng li le teng le ka mor’a lilemo tse 50. Ka holim’a tsohle, li fumane khotsofalo ka ho tseba hore bopaki ba tsona bo tlisa tlotla ho Molimo oa tsona, Jehova le ho tiisa hore ba bang ba ke ke ba hlola ba lebala seo li ileng tsa se mamella joaloka Lipaki tsa hae.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ruth Danner o ile a lelekoa ka har’a naha ha a ne a le lilemo li robong hammoho le batsoali ba hae ’me o ile a koalloa likampong tse tšeletseng tse fapa-fapaneng. Bona 1980 Yearbook of Jehovah’s Witnesses, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc., leqepheng la 105.

[Setšoantšo se leqepheng la 16]

Lihlooho tsa “The Golden Age” li ile tsa nyatsa liketso tse feteletseng tsa Bonazi

[Setšoantšo se leqepheng la 16]

Tse ling tsa Lipaki tsa Jehova tse neng li lelekiloe naheng le ho koalloa ke ’muso oa Hitler li ile tsa pheta lipale tsa tsona

[Setšoantšo se leqepheng la 16, 17]

Liboto tse sephara tse ka bang 70 tse nang le litšoantšo li ile tsa bolela ka ho hlorisa ha Nazi banna, basali le bana ba neng ba hana ho latola tumelo ea bona

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela