Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w96 1/15 maq. 3-4
  • Ho Thaba Lefatšeng le sa Thabang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Thaba Lefatšeng le sa Thabang
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Lefika Har’a Seretse”
  • Liketso Tse Khopo Tsa Bonazi Lia Pepesoa
    Tsoha!—1995
  • Batšepehi ba Sebete ba Hlōla Mahloriso a Manazi
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Polao e Sehlōhō—Bahlaseluoa Kapa Bashoela-tumelo?
    Tsoha!—1989
  • Bopaki ba Tumelo ea Bona
    Tsoha!—1996
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
w96 1/15 maq. 3-4

Ho Thaba Lefatšeng le sa Thabang

SEHLOOHO sa baphatlalatsi ho The New York Times ea la 26 January, 1995, se ile sa qala tjena: “Boemong bo bobe ka ho fetisisa ba lona, lena e bile lekholo la lilemo la Satane. Ha ho mohla batho ba kileng ba bontša tšekamelo e khōlō hakana, le takatso ea ho bolaea limilione tsa batho ka lebaka la morabe, bolumeli kapa sehlopha.”

Selemo sa bo50 sa boikhopotso ba ho lokolloa ha batšoaruoa likampong tsa lefu tsa Manazi se ile sa susumetsa lihlooho tsa baphatlalatsi tse tšoanang le se boletsoeng ka holimo. Leha ho le joalo, lipolao tse tšoanang le tseo tse mabifi li ntse li etsahala likarolong tse ling tsa Afrika le Europe Bochabela.

Ho harinngoa ha batho, litlhoekiso tsa morabe, lipolao tsa morabe—ho sa tsotellehe hore na li bitsoa eng—phello e ba ho hlomoha ho hoholo. Empa, har’a pefo ena eohle ho hlaha mantsoe a matla a thabo. Ka mohlala, a re shebeng Jeremane ka bo-1930.

Pele ho April ka 1935, Lipaki tsa Jehova li ne li thibetsoe mesebetsing eohle ea ho sebeletsa ’muso ke Hitler le lekhotla la hae la Nazi. Hape Lipaki li ile tsa tšoaroa, tsa kenngoa teronkong le ho isoa likampong tsa mahloriso ka lebaka la ho se nke lehlakore ha Bokreste. (Johanne 17:16) Bofelong ba August ka 1936, Lipaki tsa Jehova li ne li tšoaroa ka bongata. Tse likete li ile tsa isoa likampong tsa mahloriso, moo tse ngata li ileng tsa lula ho fihlela ka 1945 haeba li ile tsa pholoha. Leha ho le joalo, Lipaki li ile tsa arabela joang tšoarong e sehlōhō eo li ileng tsa tšoaroa ka eona likampong? Ho ka bonahala ho makatsa hore li ile tsa lula li thabile ho sa tsotellehe tikoloho ea tsona e sa thabiseng.

“Lefika Har’a Seretse”

Mongoli oa history oa Lebrithani Christine King, o ile a buisana ka lipotso le mosali oa Mok’hatholike ea neng a le likampong. Dr. King o ile a re: “O sebelisitse poleloana eo ke sa kang ka e lebala le ka mohla. O ile a bua ka ho qaqileng haholo ka bophelo bo tšosang, le maemo a nyonyehang ao a neng a phela ho ’ona. Hape a bolela hore o ne a tseba Lipaki, ’me Lipaki tseo e ne e le lefika har’a seretse. Li le joaloka sebaka se tiileng har’a qhafutso eo eohle. O boletse hore e ne e le bona feela batho ba neng ba sa tšoele mathe ha balebeli ba feta. E ne e le bona feela batho ba sa kang ba sebetsana le boemo bona bohle ka lehloeo empa ka lerato le tšepo le boikutlo ba hore ho na le morero.”

Ke eng se ileng sa etsa hore Lipaki tsa Jehova e be ‘mafika har’a seretse’? Ke tumelo e sa sisinyeheng ho Jehova Molimo le Mora oa hae, Jesu Kreste. Ka hona, boiteko ba Hitler bo ile ba hlōleha ho bipetsa lerato le thabo ea bona ea Bokreste.

Mamela ha bapholohi ba babeli ba hopola ka mor’a lilemo tse 50 tsa hore ba tobane le teko ena ea tumelo ka katleho. E mong o re: “Ke tlala thabo ho tseba hore ke bile le tokelo e ikhethang ea ho paka lerato la ka le teboho ho Jehova ka tlas’a maemo a sehlōhō ka ho fetisisa. Ha ho ea neng a nqobeletse ho etsa sena! Ho fapana le moo, ba lekileng ho re qobella e ne e le lira tsa rōna tse lekileng ka litšoso hore re mamele Hitler ho e-na le Molimo—empa ha lia atleha! Ha kea thaba hona joale feela, empa ka lebaka la letsoalo le letle, ke ne ke thabile esita le ka mor’a mabota a teronko.”—Maria Hombach, ea lilemo li 94.

Paki e ’ngoe ea bolela: “Ke talima morao matsatsing a ka teronkong ka teboho le thabo. Lilemo tseo ke li phetseng ka tlas’a Hitler literonkong le likampong tsa mahloriso li ne li le thata ebile li tletse liteko. Empa ke ne nke ke ka rata hore ebe li ile tsa mpota ka thōko, hobane li nthutile ho tšepa Jehova ka ho feletseng.”—Johannes Neubacher, ea lilemo li 91.

“Ho tšepa Jehova ka ho feletseng”—leo e ne e le lekunutu la thabo eo Lipaki tsa Jehova li neng li e-na le eona. Ka hona, li thabile, le hoja li potolohiloe ke lefatše le sa thabang. Thabo ea tsona e ile ea totobala Likopanong tsa Setereke tsa “Barorisi ba Thabileng” likhoeling tsa morao tjena. A re hlahlobeng hakhutšoanyane lipokano tsena tsa thabo.

[Setšoantšo se leqepheng la 4]

Maria Hombach

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela