Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g89 4/8 maq. 4-8
  • Polao e Sehlōhō—E, e Hlile ea Etsahala!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Polao e Sehlōhō—E, e Hlile ea Etsahala!
  • Tsoha!—1989
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Fallela Sebakeng se Seng Kapa ho Bolaoa?
  • Molaoli e Moholo oa Sesole oa Ipolela
  • Ho Bolaea ka ho Khamisoa Metsi
  • Polao e Sehlōhō—Bahlaseluoa ba Lebetsoeng
    Tsoha!—1989
  • “Li Hlahleloa Chankaneng ka Lebaka la Tumelo ea Tsona”
    Tsoha!—2006
  • Polao e Sehlōhō—Bahlaseluoa Kapa Bashoela-tumelo?
    Tsoha!—1989
  • Liketso Tse Khopo Tsa Bonazi Lia Pepesoa
    Tsoha!—1995
Bala Tse Ling
Tsoha!—1989
g89 4/8 maq. 4-8

Polao e Sehlōhō—E, e Hlile ea Etsahala!

KA HO makatsang, ho na le sehlotšoana sa batho se lumelang hore polao e sehlōhō ea batho e ntsoeng ke Manazi ha ea etsahala ho ea ka tlhaloso ea histori ea joale. Bukeng ea hae Did Six Million Really Die? The Truth at Last, Richard Harwood oa bolela: “Qoso ea hore Bajode ba limillione tse tšeletseng ba ile ba shoa nakong ea Ntoa ea Bobeli ea Lefatše, ka lebaka la molao oa Jeremane oa ho bolaea batho larita, hase ’nete.”

Kahoo ho phahama lipotso: Na Manazi a ile a laela polao ea Bajode nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše? Na Bajode ba limillione tse ’ne ho isa ho tse tšeletseng ba hlile ba e-shoa likampong tsa mahloriso? Na ho bile le lintho tse kang matlo ao batšoaruoa ba ileng ba bolaoa ka ho pompeloa ka khase? Kapa lintho tsee ke ho sothoa ha histori ea Jeremane?

Borahistori ba bang ba ntlafatsang histori ba lumetse hore liketsahalo tsena ha lia etsahala. Ba phea khang ka hore ke Bajode ba likete tse ’maloa feela ba ileng ba shoa le hore boholo ba bona bo ile ba fallela linaheng tse ling.

Nyeoe ea lekhotla haufinyana Canada e phahamisitse tseko ena. Mofalli oa Jeremane Canada o ile a qosetsoa “ho hatisa boitsebiso bo fosahetseng bo neng bo tla baka kotsi sechabeng kapa mamellong ea sona” ka ho latola hore polao e sehlōhō ea batho ke Manazi ha ho mohla e kileng ea etsahala, ho tlalehile The Globe and Mail ea Toronto, Canada. Phello ebile kotlo ea ho koalloa teronkong likhoeli tse 15 le ho thibela ka molao libuka tsa hae tse buang ka ho fetoloa ha taba ea polao e sehlōhō e entsoeng ke Manazi.

Ka 1985 Jeremane Bophirima e ile ea fetola molao o khahlanong le ho senya motho lebitso e le hore ho lumelloe batho bao e seng Bajode ho etsa boipelaetso ka “mang kapa mang ea somang, ea ba qosang ka bohata, kapa ea tlotlollang batho ba ‘lahlehetsoeng ke bophelo ba bona e le bahlaseluoa ba Puso ea Bonazi kapa mefuta e meng ea puso ea bohatelli.’” Phello ea molao ona ke “ho etsa hore ea latolang polao ea Bajode likampong tsa mahloriso nakong ea puso ea Bonazi a lokeloe ke kotlo,” ho bolela Hamburger Abendblatt.

Ho latola polao e sehlōhō ea Manazi ho bitsoa “leshano la Auschwitz.” Auschwitz (eo hona joalo e leng Oświcim) e ne e le kampo ea mahloriso e tummeng hampe Poland moo Manazi a ileng a bolaea batho ka bongata. Ho ea ka mohloli oa litaba oa Jeremane Bophirima, batho ba lumellanang le ’muso ba lekile ho pata kapa ho hanyetsa liketsahalo tsena ’me ka hona ba li bitsa “leshano la Auschwitz.”

Ho Fallela Sebakeng se Seng Kapa ho Bolaoa?

Kajeno ho ba teng ha Bajode ba limillione ba setso sa Europe ho paka hore Manazi a ile a hlōleha ho timetsa Bajode ba Europe. Hore Bajode ba bangata ba phonyohile timetso likampong tsa mahloriso ho lumetsoe ke rahistori William L. Shirer, ea ngotseng bukeng ea hae 20th Century Journey—The Nightmare Years 1930-1940: “Hase Bajode bohle ba Austria ba ileng ba timela likampong tsa mahloriso le lichankaneng tsa Nazi. Bajode ba bangata ba ne ba sa lumelloa ho ithekolla botlamuoeng le ho ea linaheng tse ling. Hangata ba ne ba lokela ho lefa ka bophelo ba bona.... Hoo e ka bang halofo ea Bajode ba Vienna ba 180 000 ba ile ba tseba ho reka tokoloho ea bona pele polao e sehlōhō e qalisa.” Mokhoa ona oa ho ithekolla o ile oa kena tšebetsong haholo-holo ka bo-1930.

Leha ho le joalo, Shirer o hlalosa hore le hoja Ofisi ea Bajode ea Phallo e ile ea hlongoa tlas’a Reinhard Heydrich, “hamorao e ne e tla fetoha sebaka sa polao, le ho hlophisa polao ea Bajode ba fetang limillione tse ’ne, ho feta ho ba sebaka sa boemeli sa phallo.” ‘Tharollo ena ea ho qetela’ e ile ea phethahatsoa tlas’a bolaoli ba Karl Adolf Eichmann, eo qetellong a ileng a bolaeloa Iseraele ka baka la litlōlo tsa hae tsa ntoa.

Likampo tsa mahloriso e ne e se tsona feela mokhoa oa ho felisa seo Manazi a neng a se talima e le batho ba tlaase le ba moloko o tlaase. Ho ne ho boetse ho le teng Einsatz gruppen (Lihlopha tsa Bohato bo Khethehileng), mabotho a bolaeang a neng a sala morao lebotho le kenang ka likhoka naheng e ’ngoe, “morero oa lona o moholo e ne e le ho bolaea Bajode. . . . [Mabotho] Einsatzgruppen a neng a hata haufi-ufi le lebotho le kenang naheng a ne a thunya ka ho hloka mohau, a khaola ka sabole, a chesa, a hlokofatsa, a bipetsa ka khase ho fihlela lefung kapa a epela Bajode ba ka bang halofo ea millione ba phela likhoeling tsa pele tse tšeletseng tsa letšolo la ’ona.”—Hitler’s Samurai—The Waffen-SS in Action, ka Bruce Quarrie.

Na palo eo ke e ke keng ea lumeleha? E sebetsahala ka karolelano e ka tlaase ho polao ea motho a le mong ka letsatsi bakeng sa setho se le seng sa sehlopha sa lebotho la litho tse 3 000. Ha mabotho ana a khethehileng a fihla libakeng tsa Soviet, palo ea ba bolailoeng e sa fellang e ka “feta 900 000, palo e ka etsang likarolo tse peli ho tse tharo tsa lenane lohle la Bajode ba bolailoeng ke lihlopha tsena tse tsamaeang.”—The Destruetion ofthe European Jews, ka Raul Hilberg.

Molaoli e Moholo oa Sesole oa Ipolela

Ho na le bopaki bofe bo tsoang ho ba bileng le karolo lipolaong likampong tsee tsa mahloriso? Rudolf Höss, eo e kileng ea eba molaoli e moholo oa sesole oa kampo ea Auschwitz o ile a tletleba: ‘Nkholoeng, ka mehla ho ne ho sa thabise ho bona liqubu tseo tsa litopo le monkho o tsoelang pele oa ho cha.’ O boetse a “bua ka ho makalla Mabotho a Khethehileng a Bajode (Sonderkommandos) a neng a ithaopela ho thusa ho bipetsa litho tsa morabe oa ’ona ka khase bakeng sa ho lelefatsa bophelo ba ’ona.” (The Face of the Third Reich, ka Joachim C. Fest, leqephe 285) Mongoli oa Lejeremane Fest oa phaella: “Boithoriso bona ba katleho tšebetsong eo bo hlahella polelong ea Höss: ‘Ka tumello ea Moeta-pele oa Bonazi oa SS [Heinrich Himmler], Auschwitz e ile ea fetoha setsi se seholo ka ho fetisisa sa polao ea batho,’ kapa ha a qolla ka khotsofalo morero o atlehileng oa matlo a ho bipetsa ka khase a kampo ea hae a neng a le boholo bo imenneng ka makhetlo a leshome ho feta a Treblinka.”

Tlalehong ea liketsahalo tsa bophelo ba hae Höss o ngotse: “Ke ile ka kenya letsoho phelisong e khōlō ea batho Pusong ea Nazi Jeremane.” “Moeta-pele oa SS oa Bonazi [Himmler] o ile a romela baeta-pele ba phahameng ba Mokha le ba ofisiri ba SS Auschwitz e le hore ba ka iponela ka bobona mokhoa oo ho bolaoang Bajode ka ’ona. Ba ile ba makala haholo ke seo ba se boneng.”a

Leha ho le joalo, ka ho hlakileng ba ile ba angoa ke phapang mahareng a poleloana “tharollo ea ho qetela bothateng ba Bajode” le ho phethahatsoa ha sebele ha eona ho tšosang matlong a ho bipetsa ka khase. Ha Höss a botsoa hore na o ne a ka e mamella joang, o arabile: “Karabo ea ka e tsitsitseng e bile hore boikemisetso bo thata boo re neng re lokela ho phetha litaelo tsa Hitler ka bona bo ka fumanoa feela ka ho hatella maikutlo ’ohle a botho.”

Ka hona, Höss, ea neng a laoloa ke tšusumetso ea liketso tse sehlōhō, o lumetse hantle hore polao e sehlōhō e entsoeng ke Manazi e bile ntho ea sebele le hore eena ka boeena e bile e mong oa babolai joaloka molaoli e moholo oa sesole oa Auschwitz.

Values and Violence in Auschwitz, buka ea pele e hatisitsoeng ka Sepolishe, mofetoleli Catherine Leach, o bolela hore Bajode ba Poland ba ka bang 3 200 000 ba ile ba bolaoa larita, ba hlokofatsoa, ba etsoa makhoba likampong tsa mahloriso. Oa bolela: “Polao e sehlōhō ea Bajode ba Europe ke Manazi e etsahetse Poland.”

Ho Bolaea ka ho Khamisoa Metsi

Lefu le ne le etsoa ka litsela tse ngata likampong—tlala, boloetse, ho thunngoa molaleng, matlo a bipetsang a khase, litlhokofatso, ho khangoa, ho khaoloa molala ka sabole, le ho khamisoa metsi. Ho khamisoa metsi e ne e le mokhoa o khethehileng oa ho hloekisa.

Mongoli Terrence Des Pres oa hlalosa: “’Nete ke hore batšoaruoa ba ne ba qobelloa litšila ka tsela e hlophisitsoeng. Ba ne ba bolaoa ka mantle.... Batšoaruoa likampong tsa Nazi ba ne ba khangoa ke metsi a bona a litšila, ’me ho khamisoa ka metsi a kopaneng le mantle ho ne ho tloaelehile. Ka mohlala, Buchenwald, matloana ane a ena le mekoti e bulehileng e bolelele ba limithara tse robeli, botebo ba limithara tse ’ne le bophara ba limithara tse ’ne.... Mantsiboea mekoti ena, e neng e lula e tšoloha, e ne e hloekisoa ke batšoarua ba neng ba sebelisa liemere tse nyenyane ho kha metsi.” Paki e ’ngoe e boneng ka mahlo ea hopola: “Sebaka seo se ne se thella haholo ’me se le lefifi. Ho banna ba 30 ba abetsoeng mosebetsi ona, ka karolelano ba leshome ba ne ba oela ka mokoting bosiung bo bong le bo bong. Ba bang ba ne ba sa lumelloa ho ntša ba oetseng. Ha mosebetsi o phethiloe ’me mokoti o se na letho, ke hona ba neng ba lumelloa ho ntša litopo.”

Ho na le bopaki bo bongata bo ka qotsoang ho tiisa hore polao e bile karolo ea tsamaiso ea Nazi ha mabotho a ntse a kena linaheng tse ngata tsa Europe. Pale ea taba ena ke e sa feleng, ’me bopaki ba paki e boneng ka mahlo, hammoho le bopaki ba litšoantšo, ke bo nyarosang. Empa na polao e sehlōhō e etsahalletse Bajode feela? Ha Manazi a futuhela Poland, na e ne le Bajode feela bao ba neng ba batla ho ba bolaea?

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bakeng sa litlōlo tsa hae tsa molao tsa ntoa, Rudolf Höss, mohlophisi e moholo oa kampo ea ba hanang sesole ka mabaka a letsoalo le mohlanka oa ’muso ea tšepahalang, o ile a fanyehoa Auschwitz ka ’Mesa 1947.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 5]

“Batšoaruoa [ba ileng ba isoa likampong tsa mosebetsi o boima] ba ka be ba sirelelitsoe bohlokong bo boholo haeba feela ba ne ba isitsoe ka ho toba matlong a ho bipetsa ka khase Auschwitz.”—Rudolf Höss molaoli e moholo oa sesole oa Auschwitz

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 6]

‘Nkholoeng, ka mehla ho ne ho sa thabise ho bona liqubu tseo tsa litopo le monkho o tsoelang pele oa ho cha.’—Rudolf Höss

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 8]

“Batho ba bangata ba ne ba ntse ba tla, ka mehla ba eketsehileng, bao re neng re se na sebaka sa ho ba bolaea.... Matlo a ho bipetsa ka khase a hlōleha ho boloka batho ba bangata hakaalo.”—Franz Suchomel, moofisiri oa SS

[Lebokose le leqepheng la 6]

Tefo Bakeng sa Bopaki

“Moputso [oa R115 000] oa ‘bopaki’ ba hore Manazi a bolaile Bajode ka ho ba bipetsa ka khase likampong tsa mahloriso o lokela ho lefuoa mophonyohi oa Auschwitz tlas’a melao ea lekhotla, ho boletse ’muelli oa mophonyohi kajeno.

“Moahloli Robert Wenke oa Lekhotla le Phahameng la Linyeoe [Los Angeles] o amohetse boipiletso bo batlang Mokhatlo oa Tlhahlobo ea Histori ho lefa Mel Mermelstein, mophonyohi oa Auschwitz....

“Mokhatlo, o bolelang hore polao e sehlōhō e entsoeng ke Manazi ha ea etsahala, le ’ona o lokela ho lefa Monghali Mermelstein [R230 000] bakeng sa bohloko le matšoenyeho tse bakiloeng ke moputso, ho boletse ’muelli oa molao....

“‘Tlhōlo ea Monghali Mermelstein nyeoeng ena’ [ho boletse ’muelli oa molao, Gloria Allred] ‘joale e tla romella molaetsa o hlakileng ho bohle bao ho potoloha lefatše ba lekileng ho fetola histori ka bolotsana le ho baka masisa-pelo le matšoenyeho ho Bajode hore baphonyohi ba polao e sehlōhō ba tla iphetetsa ka tsamaiso ea molao ho sireletsa ’nete e buang ka bophelo ba bona.’”—The New York Times, Phupu 25, 1985.

[Lebokose le leqepheng la 7]

Sachsenhausen—“Kampo e Sireletsehileng”?

Na Sachsenhausen e ne e hlile e le kampo ea polao? Kapa e ne mpa e le “kampo e sireletsehileng”?

Karabo ka Max Liebster, mohlaseluoa oa Mojode ea phonyohileng polao e sehlōhō:

“Bopaki ba ka bo theiloe phihlelong ea ka le seo ke se boneng kampong ena. Ha ke hloke bopaki bo tsoang ka ntle ho fumana se etsahetseng Sachsenhausen. Ke ’nete, batlalehi ba litaba le ’muso oa Nazi ba bolela hore e ne e le Schutzhaftlager, ‘kampo e sireletsehileng.’ Liphihlelo tse latelang lia ipuella:

“Ka Pherekhong 1940, ke ile ka tlisoa ke Gestapo (mapolesa a sekhukhu a ’muso) ho tsoa Pforzheim ho tla teronkong ea Karlsruhe, ’me ke ile ka bolelloa ke Gestapo hore ke ne ke le tseleng e eang kampong ea polao. Gestapo e ile ea ntšoma: ‘Du Stinkjude wirst dort verecken, kommst nicht mehr zuruck!’ (Mojode ting ea nkhang. O tla shoa joaloka phoofolo. U ke ke ua hlola u khutla!)

“Tšoaro e mpe eo re ileng ra e fuoa ha re fihla Sachsenhausen ke e ke keng ea utloisisoa ke motho. Bajode ba ne ba romeloa kampong e ka thōko ka har’a kampo e khōlō. Ba ne ba ena le maemo a mabe ka ho fetisisa ho e-na le ba bang. Ka mohlala, Bajode ba ne ba se na sebaka sa ho robala, haese feela mekotla e tšetsoeng joang e lahletsoeng fatše. Sebaka sa bolulo se ne se tletse hoo ho neng ho hlokahala ho robala le petetsane joaloka litlhatsoana, hoo maoto a motho e mong a neng a le hloohong ea motho e mong. Hoseng, banna ba shoeleng ba ne ba fumanoa ba robetse haufi le ba phelang. Ho ne ho se tlhokomelo ea meriana bakeng sa Bajode.

“Ke ile ka utloa hore ntate o ne a le meahong e meraro ea bolulo ho tloha moo ke leng teng. Ke ile ka mo fumana a robetse har’a qubu ea mekotla e tletseng joang, maoto a hae a ruruhile ke metsi ’me matsoho a hae a ne a hoamme. Hoba a shoe, ke ile ka lokela ho jara setopo sa hae mahetleng ho ea moo ho chesoang litopo. Moo ke ile ka bona qubu e khōlō ea litopo ho feta eo ba neng ba ka e chesa.

“Ba likete-kete ba ile ba shoa Sachsenhausen ka lebaka la tšoaro e mpe. Ho bahlaseluoa ba bangata ho ne ho le molemo ho shoela Sachsenhausen ho e-na le ho shoela matlong a ho bolaoa ka ho bipetsoa ka khase Auschwitz.”

[Lebokose le leqepheng la 8]

“Ha ho Mohlala oa Bona o Lokelang ho Sala”

“Ha qetellong ho buloa lebitla le leholo, ke ile ka tseba baheso kaofela. ’Mè le likhaitseli tsa ka. Bokhaitseli ba bararo le bana ba bona. Kaofela ba ne ba le ka hare. Ba ne ba epetsoe ka likhoeli tse ’ne, ’me e ne e le mariha.” “Mookameli oa Gestapo Vilna o ile a re bolella: ‘Ho na le batho ba likete tse mashome a robong ba robetseng mona, ’me ho hang ha ho mohlala oa bona o lokelang ho sala.’”—Bopaki ba baphonyohi ba Bajode, Motke Zaïdl le Itzhak Dugin.

“Ha re ntse re feta, ba ne ba ntse ba bula menyako ea ntlo ea ho bolaea ka ho bipetsa ka khase, ’me batho ba ne ba e-oa joaloka litapole. . . . Letsatsi le letsatsi ho ne ho khethoa Bajode ba lekholo ho hula litopo ho li isa mabitleng a maholo. Mantsiboea Maukraine a ne a khannela Bajode bao matlung a ho bipetsa ka khase kapa ba ba thunya. Letsatsi le leng le le leng! . . . Batho ba eketsehileng ba ne ba ntse ba e-tla, ka linako tsohle ba eketsehileng, bao re neng re se na sebaka sa ho ba bolaea. . . . Matlo a ho bipetsa a khase a ne a hlōleha ho jara moroalo o mokalo.”—Franz Suchomel, moofisiri oa SS (Unterscharführer), ka seo a se boneng ka lekhetlo la pele kampong ea polao ea Treblinka.

(Mantsoe ana a qotsitsoeng a nkiloe lipuisanong tsa tlhaloso ea setšoantšo Shoah.)

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela