Polao e Sehlōhō—Bahlaseluoa ba Lebetsoeng
“Melao ea Manazi ea ho bolaea sechaba e qetelletse ka lefu la Balichaba ba Poland ba bangata joaloka Bajode ba Poland, ka hona ba fetoha hahlaseluoa-’moho ‘Polaong e Sehlōhō e Lebetsoeng.’”—“The Forgotten Holocaust” ka Richard C. Lukas
POLAO E SEHLŌHŌ—ke eng? Ho ea ka libuka tse ling tse hlalosang mantsoe, e bolela ho bolaoa ha Bajode ba Europe ka boomo ke Manazi nakong ea Ntoa II ea Lefatše. Tlhaloso eo e ka fana ka maikutlo a hore ke Bajode feela ba ileng ba hlokofatsoa le ho shoa matsohong a Manazi. Leha ho le joalo, na ke toka le ’nete ho lebisa polao e sehlōhō ho Bajode feela mehleng ea Nazi?
Mongoli Richard Lukas oa bolela: “Ho batho ba bangata polao e sehlōhō ke tlokotsi eo Bajode ba ileng ba e otloa tlas’a Majeremane nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše. Ho latela monahano ona, ke ho utloahalang kajeno ho lemoha lebaka le etsang hore Bajode ba bolele hore polelo ena ka ho khethehileng e hlalosa phihlelo ea Bajode.... Empa leha ho le joalo, ka ho se kopanyelletse ba bang polaong eo e sehlōhō, litlokotsi tseo Mapolishe, Maslav, le Magypsy a li mamelletseng matsohong a Manazi hangata lia hlokomolohoa, haeba li sa lebaloe.”
Lukas o boetse oa bolela: “Ho bona [borahistori], polao e sehlōhō e ama Bajode ka ho khethehileng, ’me ka hona ba hlalosa hanyenyane kapa ha ba hlalose letho ka Balichaba ba limillione tse robong, ho kopanyelletsa le ba limillione tse tharo ba [Balichaba] ba Poland, bao le bona ba shoeleng koluoeng e khōlō ka ho fetisisa eo lefatše le kileng la e tseba.”
Meharo ea Hitler Bakeng sa Sebaka sa Bolulo
Ha mabotho a Hitler a hlasela Poland ka Loetse 1939, a ne a neiloe litaelo tsa ho phethahatsa tsamaiso ea Hitler ea ho fumana Lebensraum, sebaka sa bolulo, bakeng sa Majeremane. Joalokaha Richard Lukas a bolela: “Ho Manazi, batho ba Poland e ne e le Untermenschen, (batho ba tlaasana) ba neng ba lula naheng eo e neng e le karolo ea Lebensraum (sebaka sa bolulo) se neng se lakatsoa ke moloko o phahameng oa Jeremane.” Ka hona, Hitler o ile a laela mabotho a hae ho bolaea “ntle ho mohau kapa qenehelo banna kaofela, basali, le bana ba setso sa Poland, kapa puo. Ke ka tsela ena feela re ka fumanang sebaka sa bolulo seo re se hlokang.”
Ka Loetse 1939 ha qaleha polao e sehlōhō ea batho ba Poland. Hitler o ne a boletse: “Ntoa e tlameha ho ba ntoa ea timetso.” Motšehetsi oa Hitler Heinrich Himmler o ile a phatlalatsa: “Batho bohle ba Poland ba tla felisoa lefatšeng. . . . Ke ha bohlokoa hore batho ba Jeremane ba nke ho bolaea batho bohle ba Poland e le mosebetsi o moholo.” Ka hona, polao e sehlōhō e ne e sa rereloa Bajode ba Poland feela; empa “batho bohle ba Poland.”
“Ho ile ha sebelisoa tšabo linaheng tsohle tse futuhetsoeng.... Empa Poland [motho] e mong le e mong o ile a hlekefetsoa ka sehlōhō, a bolaoa larita ka baka la molao o neng o re moahi e mong le e mong oa Poland, ho sa tsotellehe lilemo, bong, kapa bophelo, e ne e le setho sa sechaba se rohakiloeng—se rohakiloeng ke baetsi ba molao mokheng oa Nazi,” ho bolela Catherine Leach, mofetoleli oa buka ea Sepolishe Values and Violence in Auschwitz. O boletse hore Himmler o ne a talima batho ba Poland e le ba morabe o tlaase o lokelang ho bolokoa bokhobeng.
“Esita le ka mor’a ho inehela ha Poland [ka la 28 Loetse, 1939], Wehrmacht [mabotho a Jeremane] a ile a tsoela pele ho latela ka botebo keletso ea Hitler ea la 22 Phato, 1939, ha a ne a fuoa taelo ea ho bolaea ‘ka ntle ho mohau kapa qenehelo banna kaofela, basali, le bana ba setso sa Poland kapa puo.’” Ke joang lebotho la Jeremane le ma-SS a neng a susumetsoa ke lipolao tse sehlōhō joalo? A ile a rutoa lithuto tse phahamisang moloko oa ma-Aryan le tse khellang meloko e meng fatše. Ka hona, joalokaha Lukas a ile a bolela ho The Forgotten Holocaust: “Khopolo ea Nazi ea ho etsa Poland koloni ea eona e ne e theiloe tabeng ho felisa Mapolishe e le sechaba hobane Hitler o ne a ba hloile haholo joaloka Bajode.”
“Molao o Mobe oa ho Lekanyetsa Lenane la Batho”
Mantsoeng a selelekela a buka Commandant of Auschwitz, Morena Russell oa Liverpool o itse: “Nakong ea ntoa mohlomong batho ba ka tlaase ho limillione tse 12, banna, basali, le bana ba tsoang libakeng tse ileng tsa futuheloa ba ile ba bolaoa ke Majeremane. Ha ho lekanyetsoa, ba ka bang limillione tse robeli ho bona ba ile ba shoela likampong tsa mahloriso. Har’a bona, ba limillione tse hlano e ne e le Bajode. . . . Leha ho le joalo, lenane la sebele le ke ke la tsejoa.” Motheong oa lipalo-palo tsena feela, bonyane babolauoa ba limillione tse supileng e ne e se Bajode.
Bopaki bo bong hape ke ba Catherine Leach, ea ngotseng: “Poland e bile eona naha ea pele e ileng ea qobelloa ke ‘molao o mobe oa ho lekanyetsa lenane la batho’ la Hitler eo morero oa hae e neng e le ho bula libaka tse ngata tsa ‘Bochabela’ bakeng sa bolulo ba Majeremane, ’me Poland e ile ea lahleheloa ke bophelo ba bangata haholo ho feta linaha tsohle—batho ba 220 ho baahi ba bang le ba bang ba 1000. Mehloli ea Poland e bolela hore baahi ba fetang 6 028 000 ba Poland . . . ba ile ba shoa.” Ho bana, ba 3 200 000 e ne e le Bajode. Sena se bolela hore hoo e ka bang karolo ea 50% ea baahi ba Poland e shoeleng e ne e se Bajode.
Ha ho khang, ho bile le “polao e sehlōhō e Lebetsoeng” ea babolauoa ba limillione bao e seng Bajode, haholo-holo ba setso sa ma-Slavic. Bana ba kopanyelletsa Marussia a limillione a ileng a bolaoa ke Manazi. Marussia ao a ne a se na khetho. Ka lebaka la thuto ea Nazi ea khethollo ea morabe, a ile a ahloleloa lefu.
Leha ho le joalo, lipalo-palo tsena li hlōleha ho akarelletsa Majeremane a liketekete ao e seng Bajode ao le ’ona a ileng a hlokofatsoa ke mehato eo ea ho rinya batho ka sehlōhō haeba ba hanyetsa Hitler le mohopolo oa hae o phahamisang morabe o mong. Har’a bana ho bile le Lipaki tsa Jehova tse liketekete, tse ileng tsa hana ho sebeletsa sesoleng sa Hitler. E, hohle linaheng tsa Jeremane le Nazi ho bile le batho ba likete-kete bao ka ho rata ba ileng ba khetha ho isoa likampong tsa mahloriso ’me ba bangata ho bona ba shoela tumelo ea bona.
Ka hona, ntho ea bohlokoa ke hore, Ho na le phapang efe mahareng a bao e neng e le bahlaseluoa ba polao e sehlōhō le bao e neng e le bashoela-tumelo?
[’Mapa/Litšoantšo leqepheng la 10]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Tse ling tsa likampo tsa mahloriso le polao Europe. Ho phaella moo, ho ne ho e-na le likampo tsa batšoaruoa ba sebelisoang ka thata tse 165
NORTH SEA
LATVIA
Riga
LITHUANIA
Kaunas
E. PRUSSIA
POLAND
Stutthof
Treblinka
Chelmno
Sobibor
Lublin
Skarysko-Kamienna
Majdanek
Plaszow
Belzec
Auschwitz
GERMANY
Papenburg
Neuengamme
Belsen
Ravensbrück
Sachsenhausen
Oranienburg
Lichtenberg
Dora-Nordhausen
Torgau
Buchenwald
Gross-Rosen
Ohrdruf
Flossenbürg
Dachau
Landsberg
NETH.
Westerbork
Vught
BELG.
LUX.
FRANCE
Natzweiler-Struthof
SWITZ.
ITALY
AUSTRIA
Mauthausen
Sachsenburg
CZECHOSLOVAKIA
Theresienstadt
[Setšoantšo]
Hitler o boletse: “Ntoa e lokela ho ba ntoa ea timetso.” Bolaeang “ka ntle ho mohau, kapa qenehelo banna kaofela, basali, le bana ba setso sa Poland kapa puo”
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Laebrari ea Congress
[Setšoantšo]
Himmler o boletse: “Batho bohle ba Poland ba tla felisa lefatšeng”
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
UPl/Bettmann Newsphotos