Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g01 6/8 maq. 28-29
  • Na Polao e Sehlōhō e ka Etsahala Hape?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Polao e Sehlōhō e ka Etsahala Hape?
  • Tsoha!—2001
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Hase Bajuda Feela ba Amehileng
  • Polao e Sehlōhō le Lipaki Tsa Jehova
  • Lipaki Tsa Jehova le Bajuda ba Ileng ba Bolaoa ka Sehloho Ntoeng ea II ea Lefatše—Bibele e Re’ng ka Taba Ee?
    Lihlooho Tse Ling
  • Ke Hobane’ng ha Bajuda ba Ile ba Bolaoa ka Sehlōhō Ntoeng ea II ea Lefatše? Ke Hobane’ng ha Molimo a sa ka a Thibela Seo?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Polao e Sehlōhō—Bahlaseluoa ba Lebetsoeng
    Tsoha!—1989
  • Liketso Tse Khopo Tsa Bonazi Lia Pepesoa
    Tsoha!—1995
Bala Tse Ling
Tsoha!—2001
g01 6/8 maq. 28-29

Na Polao e Sehlōhō e ka Etsahala Hape?

KA MONGOLI OA TSOHA! SWEDEN

LIHLOOHO tsa Linaha le baemeli ba mebuso e 48 lefatšeng ka bophara ba ile ba bokana motse-moholo oa Sweden ka la 26-28 January, 2000, bakeng sa Seboka sa Machaba sa Stockholm se mabapi le Polao e Sehlōhō. Tse ling tsa lipolelo tseo ho fanoeng ka tsona sethaleng li ne li senola hore baeta-pele ba lefatše ba na le tšabo ea hore Bonazi bo tla tsosolosoa. Eo e kileng ea e-ba Tona-khōlō ea Iseraele Ehud Barak, o ile a re: “Seboka sena se fetisa molaetsa o akaretsang: Kae kapa kae holim’a lefatše, le ka mohla ho se lumelloe mofuta oa puso o khopo, o bolaeang ka sehlōhō le o khethollang batho ka lebaka la bolumeli, morabe kapa ’mala oa bona.”

Hase Bajuda Feela ba Amehileng

Batho ba bangata lefatšeng ka bophara ba nahana hore poleloana “Polao e Sehlōhō” e ama Bajuda feela. Leha ho le joalo, ba bang le bona e ne e le mahlatsipa. Moketeng oa sehopotso se neng se tsebahalitsoe hantle sa Polao e Sehlōhō ea Bajuda se neng se tšoaretsoe Synagogeng e Khōlō ea Stockholm nakong ea seboka seo, tona-khōlō ea Sweden e ile ea etsa tlhahiso ea hore ho lumellanoe ka hore ho buloe libaka tsohle tsa polokelo ea litlaleho lefatšeng ka bophara e le hore batho ba ka tseba ka Polao e Sehlōhō. E ile ea re: “Batho ba lokela ho tseba, ka bohato bo reretsoeng ho timetsa morabe oa batho ba Roma [Magypsy] ka ho feletseng, polao e sehlōhō ea batho ba holofetseng, tlhoriso le ho bolaoa ha basodoma, bafetoheli le Lipaki tsa Jehova.”

’Muso oa Sweden o hatisitse buka e buang ka Polao eo e Sehlōhō e nang le sehlooho se reng Tell Ye Your Children, e ileng ea ajoa ho pholletsa le naha eohle ntle le tefello malapeng ’ohle moo ho nang le bana. Sengoliloeng sena se bontša hore Lipaki tsa Jehova “li ile tsa hana ho hlapanya ka kano ea botšepehi ho Hitler le Jeremane ea Bonazi. Ho hana ho joalo e ne e le ntho e ikhethang hobane ka ho saena tokomane e phatlalatsang kano ea tsona ea botšepehi mahloriso a tsona a ne a tla fela—leha ho le joalo ke tse ’maloa tse ileng tsa khetha ho etsa joalo.”

Polao e Sehlōhō le Lipaki Tsa Jehova

Ka 1933, ho ne ho e-na le Lipaki tsa Jehova tse ka bang 25 000 Jeremane. Tse likete tsa tsona li ile tsa e-ba har’a batho ba pele ba ileng ba kenngoa likampong tsa Manazi le lichankaneng. E le Bakreste li ile tsa bolela hore ha li nke lehlakore mefuteng eohle ea lipolotiki le mesebetsing ea sesole. Ha lia ka tsa thoholetsa Hitler. Li ile tsa hana ho amohela khopolo ea Manazi ea khethollo ea morabe le ho nka karolo mokhatlong oa Hitler oa lipolotiki le ntoa. Ho ile ha shoa tse ka bang 2 000, tse fetang 250 tsa tsona tsa bolaoa.

Ho feta moo, batšoaruoa ba Lipaki ba ile ba thusa batšoaruoa-’moho le bona ho mamella, ho akarelletsa Bajuda le ba bang. Ba ile ba etsa joalo ka ho ba fa tšepo e thehiloeng Bibeleng le ka ho abela ba kulang le ba fokolang eng kapa eng eo ba neng ba e-na le eona, hangata ba ba fa le sengoathoana sa bona sa ho qetela sa bohobe. Nakong ea lilemo tsa pele tse qalang tsa mahloriso a Manazi, ka sekhukhu ba ile ba fana ka boitsebiso bo mabapi le likampo tsa Manazi le ka lintho tse neng li etsahala likampong tseo. Ho tloha nakong eo, ba sebelisa limakasine tsa bona tse ajoang lefatšeng ka bophara e leng Molula-Qhooa le Tsoha!, ba ile ba phatlalatsa lihlooho tse ’maloa tse tšohlang liketso tse sehlōhō tsa Manazi haesita le lipale tsa bophelo tsa ba phonyohileng.

Tšabo ea hore Bonazi bo ka tsosolosoa e ne e totobetse ho baemeli ba Seboka sena sa Machaba sa Stockholm se mabapi le Polao e Sehlōhō. Moprofesa Yehuda Bauer, mookameli oa Setsi sa Machaba sa Lithuto Mabapi le Polao e Sehlōhō Sekolong sa Sechaba sa Bajuda ba phetseng nakong ea liketsahalo tseo, Iseraele, o ile a ho hlalosa ka tsela ena: “Hobane ho etsahetse hanngoe, ho ka boela ha etsahala hape, eseng ka tsela e tšoanang, eseng hakaalo ho batho ba tšoanang, ho sa etsoe ke batho ba tšoanang, empa ho ka etsoa ke leha e le mang, ho mang kapa mang. Ke ntho eo ho seng mohla e kileng ea e-ba teng, empa ketsahalo eo ho seng mohla e kileng ea e-ba teng e se e etsahetse.”

[Setšoantšo se leqepheng la 28]

Ha li le likampong, Lipaki tsa Jehova li ne li khetholloa ka lesela le ’mala o pherese le likhutlo li tharo

[Litšoantšo tse leqepheng la 28, 29]

1. Julius Engelhardt, e mong oa Lipaki tsa Jehova, o ile a bolaoa ke Manazi Brandenburg ka la 14 August, 1944

2. Lipaki tsa Jehova tse tharo li ea hae ka mor’a ho lokolloa Sachsenhausen, ka 1945

3. Elsa Abt, Paki e ileng ea arohanngoa le morali oa eona e monyenyane le ho hlahleloa teronkong ka lilemo tse ka bang tharo

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Nordrhein-Westfälisches Hauptstaatsarchiv, Düsseldorf

[Litšoantšo tse leqepheng la 29]

Lipaki tse pholohileng li pheta lipale tsa tsona livideong tsena

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela