Ntoa e Rinya Bana ba Bangata
NAKO ea bongoana e lokela ho ba e thabisang. Nako ea ho ratoa, ea ho sireletsoa. Nako e se nang mano. Bana ba lebeletsoe ho bapala, ho ithuta le ho hlaolela litšobotsi tse tla ba thusa ho ba batho ba baholo ba nang le boikarabelo. Bana ha baa lokela ho bolaoa, ’me ka sebele ha ea lokela ho ba babolai. Leha ho le joalo, linakong tsa ntoa ho etsahala lintho tse ngata tse sa lokelang ho etsahala.
Ka masoabi, ntoa e atile lefatšeng ka bophara, ’me e bolaea bana ba bangata, e baka tšenyo ho bana le khōlong ea bona. Ka 1993, ho ile ha kupa lintoa tse khōlō linaheng tse 42 ha ka nako e tšoanang pefo ea lipolotiki e ile ea qhoma ho tse ling tse 37. Ho ne ho e-na le bana ba phelang ho e ’ngoe le e ’ngoe ea linaha tsena tse 79.
Bacha ba bangata kajeno ha ho mohla ba kileng ba tseba khotso. Qetellong ea 1995, Angola e ne e bile ntoeng ka lilemo tse fetang 30, Afghanistan tse 17, Sri Lanka tse 11, ’me Somalia tse 7. Libakeng tse ngata, bo-ralipolotiki ba ’nile ba bua ka sebete ka “ho thehoa ha khotso,” empa ho tsoela pele ho sa khaotseng ha ntoa ho ’nile ha tsoela pele ho senya bophelo ba batho.
Kamehla ntoa e ’nile ea hlokofatsa bana, empa tsela eo lintoa tsa mehleng ea morao tjena li loanoang ka eona e ekelitse batho ba bolailoeng ba seng sesoleng, ho akarelletsa le bana. Lintoeng tsa lekholo la bo18 le la bo19 la lilemo le mathoasong a lekholo lena la lilemo, hoo e ka bang halofo ea bahlaseluoa ba ntoa e bile batho ba seng sesoleng. Ntoeng ea II ea Lefatše, e loanneng ho tloha ka 1939 ho ea ho 1945, palo ea batho ba ileng ba shoa ba se sesoleng e ile ea eketseha ka karolo ea ba babeli ho ba bararo ba bolailoeng ke ntoa, mohlomong e le ka lebaka la tlhaselo ea libomo tse matla metseng.
Qetellong ea lilemo tsa bo-1980, batho ba bolailoeng ntoeng ba seng sesoleng ba ne ba eketsehile ka hoo e ka bang karolo ea 90 lekholong! Lebaka le leng la sena ke hobane lintoa e se e le tse rarahaneng haholo. Mabotho a ntoa ha a sa loanela lebaleng la ntoa feela. Lintoa tse ngata kajeno ha li pakeng tsa linaha, empa ke tsa mahae. Ho feta moo, ho loaneloa metsaneng kapa metseng, ’me moo, har’a pefo le ho se tšepane, babolai ha ba tsotelle ho khetholla sera ho bashebelli ba se nang molato.
Liphello tsa sena e bile tse tebileng ho bana. Ho ea ka United Nations Children’s Fund, ho hakanngoa hore lilemong tse leshome feela tse fetileng, lintoa li bolaile bana ba limilione tse peli ’me tsa holofatsa ba bang ba limilione tse ’nè ho isa ho tse hlano. Ntoa e siile bana ba fetang milione e le likhutsana le ba limilione tse 12 ba se na mahae. Ka lebaka la ntoa, bana ba ka bang limilione tse leshome ba lemetse kelellong.
Lilaebrari li na le libuka tse ngata tse buang ka ntoa. Li bontša kamoo lintoa tsena li ileng tsa loanoa le mabaka ao li neng li loanoa ka ’ona; li hlalosa libetsa le maqheka a ileng a sebelisoa; li tlotla balaoli ba mabotho ba ileng ba etella pele polaong e sehlōhō. Libaesekopo li totobatsa monyaka ’me li nyenyefatsa mahlomola a bakoang ke ntoa. Libuka le libaesekopo tse joalo ha li bue hakaalo ka bahlaseluoa ba se nang molato. Lihlooho tse latelang li tšohla kamoo bana ba ’nileng ba sebelisoa hampe ho ba bahlabani kateng, kamoo e ’nileng ea e-ba bahlaseluoa ba hlaselehang habonolo ka ho fetisisa ho bohle kateng, le hore na ke hobane’ng ha re ka bolela hore bana kajeno ba ka thabela bokamoso bo khanyang ka sebele.