Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g97 11/8 maq. 10-11
  • Bokamoso bo Khanyang Bakeng sa Bana ba Rōna

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bokamoso bo Khanyang Bakeng sa Bana ba Rōna
  • Tsoha!—1997
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ba Tsotellang
  • Tšepiso ea Molimo ea Bokamoso bo Khanyang
  • Ntoa
    Tsoha!—2017
  • Ntoa e Tla Felisa Lintoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Lefatše le se Nang Ntoa le Haufi
    Tsoha!—1996
  • Ho Fela ha Ntoa
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
Bala Tse Ling
Tsoha!—1997
g97 11/8 maq. 10-11

Bokamoso bo Khanyang Bakeng sa Bana ba Rōna

HO TLOHA ha Ntoa ea II ea Lefatše e lala, mebuso ea lefatše e ralile le ho tekenela letoto la lilekane tse sireletsang baahi ba sa loaneng ntoeng. Har’a tsona ke lilekane tse lumellang hore liaparo hammoho le phepelo ea meriana le lijo li finyelle ho bana. Litumellano tsa machaba li tšepisa ho sireletsa bana khahlanong le ho hlekahlekoa ka likamano tsa botona le botšehali, ho hlokofatsoa le pefo. Litumellano tsena li boetse li thibela ho kenyelletsoa ha ngoana leha e le ofe ea ka tlaase ho lilemo tse 15 mabothong a hlometseng.

Tlaleho ea United Nations Children’s Fund e bitsoang The State of the World’s Children 1996, e thoholetsa melao ena e le “matšoao a ’nete” ’me ea phaella: “Kaha bo-ralipolotiki baa tseba hore ho na le litekanyetso tseo ba ka ’nang ba ahloloa ka tsona hamorao ho ka etsahala hore ba nahanele litekanyetso tsena ha ba etsa merero ea bona.”

Ntle ho pelaelo, bo-ralipolotiki le bona baa hlokomela hore hangata mokhatlo oa machaba o haelloa ke matla hammoho le takatso ea ho phethahatsa melao eo. Kahoo, tlaleho eo ea lumela hore “ha ho talingoa hore na ke ho isa bohōleng bofe melao-motheo ena e hlokomolohiloeng, ho bonolo ho tlōla litemana tse teng hona joale tsa melao ea machaba.”

Ho boetse ho na le taba ea chelete. Ka 1993, lintoa li ne li kupa lichabeng tse 79. Tse 65 tsa tsona e ne e le lichaba tse futsanehileng. Lichaba tsee tse futsanehileng li fumane libetsa tseo li loanang ka tsona hokae? Boholo ba tsona li tsoa lichabeng tse ruileng. ’Me ke life tse hlano tseo e leng tsona tse ka holimo-limo ho rekisetseng linaha tse ntseng li hōla moruong libetsa? Ke litho tse hlano tsa kamehla tsa United Nations Security Council!

Ba Tsotellang

Ka ho hlakileng, ho na le ba amehang ka ho teba ka mahlomola a bana ntoeng. Batho ka bomong hammoho le mekhatlo ba fana ka thuso e lerato ho bahlaseluoa bana ba banyenyane ba ntoa. Ka mohlala, Lipaki tsa Jehova, tse sa kenelleng ntoeng, li entse seo. Empa ho felisa ho hlaseloa ha bana ntoeng ho hlile ho bolela ho felisa ntoa ka boeona, e leng tebello e ka ’nang ea bonahala e ke ke ea etsahala. Ka lebaka la pale e telele ea liqabang le lintoa molokong oa batho, ba bangata ba etsa qeto ea hore batho le ka mohla ba ke ke ba tlisa khotso lefatšeng ka bophara. Ka kutloisiso ena, ba nepile.

Batho ba boetse ba etsa qeto ea hore Molimo le ka mohla a ke ke a kenella litabeng tsa lichaba kapa ho tlisa khotso e sa feleng lefatšeng. Ka kutloisiso ena, ba fositse.

’Mōpi oa rōna, Jehova Molimo, o tsotella ka ho teba lintho tse etsahalang lefatšeng. Lentsoeng la hae, Bibele, Jehova oa botsa: “Na ’na ke thabela lefu la ea khopo, ho e-na le hore a furalle litsela tsa hae, ’me a phele?” Molimo o arabela ka tiiso: “Ha ho eo ke thabelang lefu la hae.”—Ezekiele 18:23, 32, BPN.

Nahana ka sena: Haeba ’Mōpi oa rōna ea nang le kutloelo-bohloko a lakatsa hore esita le batho ba baholo ba khopo ba bake ’me ba thabele bophelo, ka sebele o batla hore bana ba phele ’me ba thabele bophelo le bona! Leha ho le joalo, Molimo oa rōna ea lerato a ke ke a mamella bokhopo ka ho sa feleng. Lentsoe la Molimo lea tšepisa: “Ba bolotsana ba tla felisoa. . . . Ho se ho se hokae, ’me molotsana o tla ba sieo.”—Pesaleme ea 37:9, 10.

Jesu Kreste, ea neng a bonahatsa botho bo phethahetseng ba Ntate oa hae oa leholimo, o ne a rata bana ’me o ile a re “’muso oa maholimo ke oa ba joaloka bona.” (Matheu 19:14) Ho etsoa ha bana mahlabelo ho melimo ea ntoa ke manyala ho Jehova Molimo le ho Mor’a hae, Jesu Kreste.—Bapisa le Deuteronoma 18:10, 12.

Tšepiso ea Molimo ea Bokamoso bo Khanyang

Molimo o lumeletse lintoa le mahlomola ho ba teng ka makholo a lilemo e le hore ’nete e boletsoeng ke moprofeta Jeremia e pakahatsoe mehleng eohle e tlang: “Oho! Jehova, kea tseba hobane tsela ea motho ha e matleng a hae, ’me motho ea tsamaeang a ke ke a lokisa lika tsa hae.” (Jeremia 10:23) Bibele e tšepisa hore haufinyane Jehova o tla tlosa qoso bobusing ba hae ba bokahohle ka ho “felisa lintoa ho isa pheletsong tsa lefatše.” (Pesaleme ea 46:10, BPN) Hape Bibele e bolela esale pele ka nako eo ka eona “[batho] ba tla tea liphehla tsa bona tsa ntoa mehoma, le marumo a bona ba a tee lisekele; sechaba se seng ha se sa tla hlola se futuhela sechaba se seng ka lerumo, ha ba sa tla hlola ba ithuta ho loana.”—Esaia 2:4.

Ho tla etsahala eng ka bao bophelo ba bona bo felisitsoeng ke ntoa? Na ho na le tšepo ka bona? Jesu o ile a tšepisa tsoho ea bafu lefatšeng le lokolohileng ntoeng, ha a re: “Hora ea tla eo ka eona bohle ba mabitleng a khopotso ba tla [tsoa].” (Johanne 5:28, 29) Ka tsela e tšoanang, moapostola Pauluse o ile a bolela ka kholiseho hore: “Ho tla ba le tsoho ea ba lokileng hammoho le ba sa lokang.”—Liketso 24:15.

Ntle ho tikatiko litšepiso tsa Molimo li tla phethahala. O na le matla hammoho le boikemisetso ba ho phethahatsa lintho tsohle tseo a li rerileng. (Esaia 55:11) Ha Jehova a bolela hore o tla felisa ntoa, o tiile. Ha a tšepisa hore o tla tsosetsa bafu bophelong, o tla ho etsa. Ho joalokaha lengeloi Gabriele le boletse, “ho Molimo ha ho polelo e se nang ho khoneha.”—Luka 1:37.

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

Ha ntoa e se e le sieo, bana bohle ba tla thabela bophelo bo molemo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela