Na ho Tla ke ho be le Khotso le Khutso?
HA BA botsoa hore na ke’ng seo ba se shebang ha ba ea phomolong naheng e ’ngoe, hoo e ka bang bahahlauli ba bararo ho ba bane Brithani ba ile ba araba ka hore, “Khotso le khutso.” Empa kaha tšitiso ea lerata ke bothata ba lefatše ka bophara, ba bangata ba lumela hore khotso le khutso tsa sebele e mpa e le toro feela.
Ho sa tsotellehe boiteko bo matla ba ho fokotsa tšitiso ea lerata, u ka ’na ua ipotsa hore na ke ho utloahalang ho lumela hore ho tla ke ho be le katleho ka ho feletseng. Ho thoe’ng ka ba bang ba sa amehang joaloka uena?
Litšitiso Tse Lokelang ho Hlōloa
Ha ho bonolo ho buisana le batho ba nang le bora, ’me ho bile ho thata ho feta ho etsa hore ba utloisise maikutlo a hao. Ha lihlopha tsa bacha ba lerata li ne li khobokana ka ntle ho mohaho oo Ron a neng a lula ho oona, o ile a nka khato pele ho itloaetsa bona. O ile a ithuta mabitso a bona. O ile a ba a ba thusa ho lokisa baesekele e ’ngoe ea bona. Ho tloha moo, eaba ha ba sa mo fa bothata.
Nahana ka boemo ba Marjorie, eo e leng motsoali ea se nang molekane ea nang le morali ea lilemong tsa bocha, ea lulang foleteng e pakeng tsa baahisani ba lerata ka holimo le ka tlaase. Mohiri ea foleteng e ka holimo ha a na ’mete fatše. Ka lebaka leo, Marjorie o tšoenngoa ke lerata le phunyelletsang la ha bana ba tsamaea ka li-roller skate, ba qhomisa bolo fatše, kapa esita le ha ba theoha betheng. Ho feta moo, ’mè oa bona o roala lieta tse lirethe li phahameng ha a le lapeng. Marjorie o ile a atamela moahisani oa hae ka mosa ho mo kōpa hore a fokotse lerata, empa ho se utloane ha bona ka puo ha baka pherekano. Lekhotla la ’masepala la moo le tšepisitse ho romella motoloki bakeng sa ho thusa ho rarolla bothata boo, kahoo, Marjorie o nahana hore boemo bo tla ntlafala.
Ka tlaase ho eena ke monna ea letsetsang ’mino oa hae holimo pakeng tsa hora ea bosupa le ea borobeli hoseng ho hong le ho hong, morethetho oa bese o kirietsa o sa khaotse. Ha Marjorie a atamela monna eo ka masene, o ile a mo fa karabo e reng o hloka ’mino oo oa hae e le hore ‘o mo kenye moeeng o motle oa tšebetso bakeng sa mosebetsi oa hae.’ Marjorie o sebetsana le boemo joang?
O re: “Ke sebelisa boitšoaro le mamello. Ke fetotse kemiso ea ka, ’me ke lula fatše ke bale ka har’a lerata leo. Ke fumana hore kapele-pele ke nkeha ka ho feletseng bukeng ea ka. Ka nako eo ha ke sa utloa lerata hakaalo.”
Ka lehlakoreng le leng, Heather o lula foleteng e shebaneng le nightclub, eo, ka mor’a morusu oa bosiu, e koalang ka bo-hora ea botšelela hoseng. Le hoja qetellong a ile a tletleba ho ba boholong sebakeng seo, ho entsoe ho fokolang haholo ho emisa khathatso eo.
Na Lerata le Tla Fela?
Dr. Ross Coles oa Medical Research Council’s Institute of Hearing Research ea Brithani oa hlokomela: “Batho ba bangata ba fumana khutso e feletseng e ba ferekanya ’me e ba tšosa.” Lipina tse monate tsa linonyana, ho khahlellana ho bonolo ha maqhubu lehlabatheng la lebōpo, mehoo ea thabo ea bana—melumo ena le e meng ea re thabisa. Le hoja e ka ’na eaba hona joale re labalabela tokoloho e itseng lerateng, re thabela ho qoqa le metsoalle ea rōna e hahang. Molimo o tšepisitse bahlanka ba hae ba tšepahalang khotso le khutso.
Ka Bibeleng mopesaleme oa phatlalatsa: “Ba bonolo ba tla rua lefatše, ba iketle khotsong e kholo.” (Pesaleme ea 37:11) Haufinyane ’Muso oa Molimo oa leholimo o tla kenella litabeng tsa batho. (Daniele 2:44) Joale, tlas’a bobusi ba Kreste Jesu, ho tla ba le ‘khotso ho isa ha khoeli e lesa ho ba teng.’—Pesaleme ea 72:7; Esaia 9:6, 7.
U ka kholiseha hore ho kenella ha Molimo litabeng ho tla finyella khotso le khutso tseo kaofela ha rōna re li lakatsang, feela joalokaha moprofeta oa Molimo Esaia a ile a bolela esale pele: “Moputso oa ho loka e tla ba khotso, tholoana ea ho loka e be phomolo le boiketlo ka ho sa eeng kae. Sechaba sa ka se tla aha moahong oa khotso, . . . nģalong tsa boiketlo le phomolo.”—Esaia 32:17, 18.
Esita le hona joale, u ka hlokomela khotso le khutso tsa moea libokeng tsa Lipaki tsa Jehova tse sebakeng sa heno. Le hoja ka linako tse ling li kopana hammoho li le likete tse mashome bakeng sa borapeli likopanong tse khōlō—’me ka sebele lipokano tsena li tletse ‘lerata la banna, basali le bana’—molumo oa tsona hase o ferekanyang empa ke o thabisang. (Mikea 2:12, NW) Iphumanele sena ka bouena ka ho ikopanya le Lipaki tse sebakeng sa heno kapa ka ho ngolla ho e ’ngoe ea liaterese tse leqepheng la 5 la makasine ena. Thabela khotso le khutso tsa sebele ka ho kopanela le tsona hona joale ’me mohlomong le ka ho sa feleng.