Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g97 11/8 maq. 23-25
  • Lerata Khathatso ea Mehleng ea Kajeno

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lerata Khathatso ea Mehleng ea Kajeno
  • Tsoha!—1997
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Hase Bothata bo Bocha
  • Tšitiso e Jeleng Setsi Mehleng ea Kajeno
  • Lerata Seo U ka se Etsang ka Lona
    Tsoha!—1997
  • Na ho Tla ke ho be le Khotso le Khutso?
    Tsoha!—1997
  • Ba Letile Jerusalema
    Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • Sireletsa Kutlo ea Hao!
    Tsoha!—2002
Bala Tse Ling
Tsoha!—1997
g97 11/8 maq. 23-25

Lerata Khathatso ea Mehleng ea Kajeno

KA MONGOLLI OA TSOHA! BRITHANI

“Ke e ’ngoe ea lintho tse nyotobetsang bophelong.”—Makis Tsapogas, moeletsi oa World Health Organization.

“Tšitiso e atileng ka ho fetisisa, Amerika.”—The Boston Sunday Globe, ea U.S.A.

“Tšitiso e mpe ka ho fetisisa mehleng ea rōna.”—Daily Express, ea London, Engelane.

U KE ke ua le bona, ua le fofonela, ua le latsoa, leha e le ho le tšoara. LERATA, mohloli oa tšenyo ea bophelo metseng ea kajeno, le boetse le baka tšitiso libakeng tsa mahaeng.

Setsebi se seng sa lintho tsa tlhaho sa Amerika se ileng sa qeta lilemo tse ka bang 16 se rekota melumo ea tlhaho se ile sa fumana hore mosebetsi oa sona o ntse o thatafala ho ea pele. Ka 1984 se ile sa fuputsa litsi tse 21 seterekeng sa Washington, U.S.A., tse neng li se na lerata metsotso e 15 kapa ho feta. Lilemo tse hlano hamorao, ho ne ho setse tse tharo feela ho tsona.

Ho baahi ba bangata ba lefatše, ho fumana libaka tseo tse tharo tse se nang lerata ke phephetso. Tlaleho ea 1991 e tsoang Japane e akaretsang naha ka bophara e tlalehile hore lerata le bakile litletlebo tse ngata ho feta tšitiso leha e le efe e ’ngoe. Ka sebele, The Times ea London, ka ho loketseng e hlalosa lerata e le “khopiso e fetisisang bophelong ba mehla ena.” Ho tloha ho boholeng ho sa khaotseng ha ntja ho halefisang ho isa lerateng la stereo se khabolang sa moahisani kapa ho hlolieana ho sa khaotseng ha alamo ea koloi ea ho thibela masholu kapa ha seea-le-moea sa koloi, lerata le fetohile karolo ea bophelo. Leha ho le joalo, tšitiso e bakoang ke lerata ha e ncha. E na le pale e telele.

Hase Bothata bo Bocha

E le ho qoba tšubuhlellano ea sephethephethe, Julius Caesar o ile a thibela makoloi ho tsamaea ka har’a toropo ea Roma nakong ea motšehare. Ka bomalimabe, taelo eo e ile ea mo bakela tšitiso ea lerata le lengata bosiu, eena hammoho le batho ba habo ba Roma, “la ho khehlemana ha likosekara tse tsamaeang ka mabili a lehong le a tšepe ha li tsamaea litseleng tse katiloeng ka majoe.” (The City in History, ea Lewis Mumford) Lilemo tse fetang lekholo hamorao, seroki Juvenal se ile sa tletleba ka hore lerata leo le ile la bakela Baroma lefu la ho hlobaela ka ho sa feleng.

Lekholong la bo16 la lilemo, motse-moholo oa Engelane, London, o ile oa fetoha toropo e phetheselang. Alison Plowden, mongoli oa Elizabethan England, oa ngola: “Ntho ea pele eo e tlamehang hore e be e ile ea hatiseha ka matla ho baeti ba bangata ke lerata: batho ba buelang holimo le la ho kokotela ho etsoang ke lifeme tse sekete tsa mosebetsi oa matsoho, ho khehlemana le ho kotumana ha likosekara, ho lla ha likhomo tse isoang ’marakeng, moferefere oa barekisi ba hoeletsang seterateng ba buella thepa ea bona.”

Lekholo la bo18 la lilemo le ile la qala ka phetoho e khōlō ea indasteri. Joale liphello tsa lerata la mechine li ile tsa totobala ha basebetsi ba fektheri e e-ba bo-tsebe-tutu. Empa esita le baahi ba motse ba neng ba sa lule haufi le lifektheri ba ile ba tletleba ka tšitiso e eketsehang. Rahistori Thomas Carlyle o ile a tšabela “kamoreng ea hae e thōko le lerata la seterateng” ntlong ea hae e London e le ho qoba mekōkō e llang, lipiano tsa baahisani le sephethephethe sa seterata se haufi. The Times ea tlaleha: “Ha hoa ka ha sebetsa.” Hobane’ng? “Joale o ile a hloliuoa haholo ke letoto le lecha la lerata, ho akarelletsa la lihutara tsa liketsoana le tsa literene”!

Tšitiso e Jeleng Setsi Mehleng ea Kajeno

Kajeno ba ipelaetsang ka lerata ba lebisa tlhokomelo ea bona liemelong tsa lifofane kaha ba tsamaiso ea lifofane ba hanyetsa ka matla boiteko ba ho ntšoa ha molao o khahlanong le tšitiso ea lerata. Na ha boema-fofane ba Manchester, Engelane, bo ne bo beha litefiso tse tlamehang ho lefuoa nako le nako ha sefofane se fofang ka lebelo le phahameng ka ho fetisisa sa Concorde se phahama, li ile tsa sebetsa? Che. Moqhobi e mong oa Concorde o ile a lumela hore sefofane seo se lerata empa haeba se phahama ka peterole e bobebe e le hore se fokotse lerata, se tla sitoa ho fihla Toronto kapa New York se e-s’o lule fatše.

Ho thibela lerata la sephethephethe sa ’mileng le hona ho na le mathata ka ho tšoanang. Ka mohlala, liphuputso tse entsoeng Jeremane li senola hore mofuta ona oa tšitiso o tšoenya baahi ba etsang karolo ea 64 lekholong. ’Me ke bothata bo hōlang, ho ea ka tlaleho bo imenne ka makhetlo a sekete ho feta pele sechaba se qala ho sebelisa likoloi. Tlaleho e tsoang Greece e bolela hore “Athene ke motse o mong o lerata ka ho fetisisa Europe le hore lerata la teng le lebe hoo le senyang bophelo bo botle ba ’mele ba Baathene.” Ka ho tšoanang, Environmental Agency ea Japane e hlokomela ho eketseha ho ntseng ho mpefala ha lerata la sephethephethe ’me e hlalosa lebaka la sena e le keketseho e sa khaotseng ea tšebeliso ea likoloi. Ha e tsamaea ka lebelo le tlaase enjine ea koloi ke eona mohloli o moholo oa lerata, empa ha e tsamaea ka lebelo la lik’hilomithara tse 60 ka hora, lithaere e ba tsona tse etsang lerata ho feta.

Sesosa se seholo ka ho fetisisa sa litletlebo tsa lerata Brithani ke lerata la malapeng. Ka 1996, Chartered Institute of Environmental Health ea Brithani e boletse hore litletlebo ka baahisani ba lerata li eketsehile ka karolo ea 10 lekholong. Sebui sa mosali sa setsi sena se hlalositse hore: “Ho thata ho hlalosa boemo. Lebaka le leng ke hore e ka ’na eaba khatello eo batho ba sebetsang ba nang le eona bophelong e etsa hore ba batle ka ho eketsehileng khotso le khutso malapeng.” Karolo ea bobeli borarong ea litletlebo tsohle tse tlalehiloeng Brithani selemong sa 1994 e ne e akarelletsa ’mino o letsoang bosiu haholo le lienjine tse lerata tsa likoloi, lialamo le lihutara. Empa ho thoe’ng ka ba hakanyetsoang ho karolo ea 70 lekholong ea ba hloliuoang ka lerata empa ba sa tletlebe ka lebaka la ho tšaba ho hlaseloa? Ka sebele bothata boo bo atile.

Ka lebaka la ho ata ha khathatso ea lerata, mekhatlo e ikemiselitseng ho sireletsa tikoloho e tsitlallela hore ho be le melao e thibelang tšitiso ea lerata. Ka mohlala, libaka tse ling tsa United States li iketselitse melao ea sebaka e behang lithibelo tse itseng tšebelisong ea lithulusi tsa motlakase tse sebetsang serapeng. Brithani e ntšitse Molao o mocha oa Lerata bakeng sa baahisani ba lerata ’me o laela hore ba lefisoe hona hoo litefiso tsa ho o tlōla pakeng tsa hora ea 11:00 bosiu le 7:00 hoseng. Ba boholong libakeng tseo ba bile ba na le matla a ho nka thepa eo ea stereo e bakang khopiso. Leha ho le joalo, lerata le ntse le tsoela pele.

Kaha tšitiso ea lerata ke bothata bo hlileng bo hōlang, u ka ’na ua ipotsa hore na uena u le ea hloliuoang u ka etsa eng. Empa, hape, ke joang u ka qobang ho etsa lerata? Na ho tla ke ho be le khotso le khutso tsa ka ho sa feleng? Bala lihlooho tse latelang bakeng sa likarabo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela