Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g02 6/8 maq. 12-14
  • Sireletsa Kutlo ea Hao!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Sireletsa Kutlo ea Hao!
  • Tsoha!—2002
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Melumo eo re e Utloang
  • Kamoo Kutlo ea Rōna e Sebetsang Kateng
  • Kamoo Lerata le Lematsang Kutlo ea Rōna Kateng
  • Sireletsa le ho Boloka Kutlo ea Hao
  • Tsebe ea Hao—Setho se Seholo sa Puisano
    Tsoha!—1990
  • Lerata Seo U ka se Etsang ka Lona
    Tsoha!—1997
  • Ananela Limpho Tse Ikhethang Tseo U li Fuoeng
    Tsoha!—2011
Tsoha!—2002
g02 6/8 maq. 12-14

Sireletsa Kutlo ea Hao!

“Batho ba fetang limilione tse 120 lefatšeng ha ba utloe hantle litsebeng.”—World Health Organization.

KUTLO ea rōna ke mpho eo re lokelang ho e baballa. Leha ho le joalo, ha re ntse re hōla, hanyane ka hanyane ha re sa khona ho utloa hantle litsebeng. Ho bonahala eka tsoelo-pele ea kajeno, ka melumo ea eona e mengata le e fapaneng, e potlakisa bothata bona. Setsebi sa saense se okametseng Central Institute for the Deaf, St. Louis, Missouri, U.S.A., se re: “Lebaka le etsang hore karolo ea 75 lekholong ea Maamerika e be le bothata ba ho utloa hantle litsebeng hase botsofali empa ke seo u ileng ua lumella litsebe tsa hao hore li se utloe bophelong bohle ba hao.”

Ho mamela melumo e matla haholo esita le ka nako e khutšoanyane ho ka lematsa likaroloana tse bonolo tse ka hare-hare tsa tsebe. Leha ho le joalo, setsebi sa kutlo Dr. Margaret Cheesman o re: “Hangata ho se utloe hantle litsebeng ho bakoa ke mesebetsi e lerata, lintho tse tlosang bolutu tse lerata le boithabiso bo tletseng lerata.” Ke eng seo u ka se etsang ho sireletsa kutlo ea hao? Bakeng sa ho fumana karabo, ke habohlokoa ho tseba ho hong mabapi le tšebetso ea kutlo ea hao.

Melumo eo re e Utloang

Ho bonahala tikoloho eo re phelang ho eona e ntse e e-ba lerata haholoanyane. Letsatsi le leng le le leng batho ba bangata ba utloa melumo e sa tšoaneng ho qala ka lerata le bakoang ke makoloi, libese le literaka seterateng ho ea ho melumo ea lisebelisoa tsa motlakase sebakeng sa mosebetsi.

Ka linako tse ling re mpefatsa bothata bona ka ho eketsa molumo oa lisebelisoa tseo re li mamelang. Mokhoa o mong o tloaelehileng oa ho mamela ’mino ke oa ho sebelisa seletsa se nkehang habobebe se bapalang li-CD kapa lik’hasete, ho sebelisoa li-headphone. Ho ea ka e mong oa bathehi ba Musicians’ Clinics of Canada, Marshall Chasin, lipatlisiso tse ileng tsa etsoa Canada le United States li bontša hore bacha ba bangata ba ba le bothata ba ho se utloe hantle litsebeng ka lebaka la ho mamela ’mino o llelang holimo ba sebelisa li-headphone.

Empa ha molumo o phahame haholo ke ha o llela holimo hakae? Molumo o khetholloa ka likarolo tse tharo—ka bolelele ba nako ea oona, ka lebelo la maqhubu a oona le ka lerata la oona. Ka bokhutšoanyane bolelele ba nako ea oona bo akarelletsa nako eo molumo o utluoang ka eona. Lebelo la maqhubu a molumo, kapa ho phahama le ho teba ha molumo, ho hlalosoa ka lipotoloho tseo molumo o li etsang ka motsotsoana, kapa ka li-hertz. Tsebe ea motho ea tloaelehileng le ea phetseng hantle e khona ho utloa maqhubu a molumo a potolohang ka makhetlo a 20 ho ea ho a 20 000 ka motsotsoana.

Lerata la molumo kapa matla, le lekanngoa ka ho sebelisa tekanyo ea molumo e bitsoang li-decibel (dB). Molumo oa moqoqo o tloaelehileng ke li-decibel tse ka bang 60. Litsebi tsa maqhubu a molumo li bolela hore haeba u mametse ntho leha e le efe e nang le molumo o ka holimo ho li-decibel tse 85, monyetla oa hore u qetelle u sa utloe ho hang litsebeng o tla eketseha haholoanyane. Ha molumo o le lerata haholo, le tšenyo eo o e bakang kutlong e etsahala ka potlako. Tlaleho ea makasine ea Newsweek e re: “Tsebe ea hao e ka khona ho mamella lerata la boro ea motlakase ka lihora tse peli (100 dB), empa e ke ke ea mamella lerata ka metsotso e ka holimo ho e 30 (110 dB) setsing sa boithabiso sa lipapali tsa li-video. Ha molumo o eketseha ka li-decibel tse 10 sekaleng sa molumo seo se bontša ho eketseha ha lerata le thibang litsebe ka makhetlo a 10.” Lipatlisiso li bontša hore molumo o qala ho ba kotsi litsebeng ha o phahame ka li-decibel tse ka bang 120. Ho makatsang ke hore, lisebelisoa tse ling tsa lapeng tse ntšang molumo oa stereo li hlahisa molumo o ka holimo ho li-decibel tse 140!—Bona lebokose le tsamaeang le sehlooho sena.

Ho u thusa ho utloisisa lebaka leo melumo e phahameng e ka lematsang kutlo ea hao ka lona, a re ke re boneng hore na ho etsahala’ng ha maqhubu a molumo a fihla litsebeng tsa hao.

Kamoo Kutlo ea Rōna e Sebetsang Kateng

Tsela eo karolo e linama ea bokantle ba tsebe, e bitsoang auricle kapa pinna, e bōpehileng ka eona, e entsoe hore e khone ho amohela maqhubu a molumo le ho a fetisetsa kanaleng ea tsebe, moo a qetellang a fihlile moropeng oa tsebe. Hang feela ha a fihla moo maqhubu ana a molumo a sisinya moropa oa tsebe, ’me moropa oa tsebe oona o sisinya masapo a mararo a karolong e bohareng ea tsebe. Ka mor’a moo, molumo o bakoang ke ho sisinyeha hona o fetisetsoa karolong e ka hare ea tsebe, e leng lesapo le koahetsoeng ka letlalo le tšetseng mokelikeli. Molumo o bakoang ke ho sisinyeha hona o feta har’a mokelikeli ona ho fihlela o fihla karolong e ka hare ea tsebe (cochlea), e leng karolo ea ho utloa e ka hare-hare ea tsebe e bōpehileng joaloka khofu e nang le lisele tse kang boea. Mokelikeli ona o karolong e ka hare ea tsebe o etsa hore karolo e ka holimo ea lisele tsena tse kang boea e hlahise methapo ea kutlo e khonang ho fetisa boitsebiso. Methapo ena e fetisetsa boitsebiso bokong, moo bo laolloang teng le ho fetoloa hore e be molumo.

Tsamaiso ea likaroloana tsa methapo ea boko e amanang le maikutlo e thusa boko ho etsa qeto ea hore na bo lokela ho mamela melumo efe le hore na ke efe eo bo ka e hlokomolohang. Ka mohlala, ho ka ’na ha etsahala hore ’mè a se ke a elelloa ka ho feletseng melumo e tloaelehileng e etsoang ke ngoana ha a bapala, empa o tla arabela ka potlako ha a utloa ngoana a lla. Ho utloa ka litsebe tse peli ho re nolofalletsa ho utloa molumo ka stereo, e leng ntho e molemo haholo. Ho re thusa ho lemoha moo melumo e tsoang teng. Leha ho le joalo, ha molumo o e-na le mantsoe, boko bo ka khona ho utloisisa molaetsa o le mong feela ka nako. Buka e bitsoang The Senses e re: “Ke ka lebaka leo, ha u buisana le motho e mong thelefonong, u ke keng ua utloa seo motho ea haufi le uena a ntseng a se bua.”

Kamoo Lerata le Lematsang Kutlo ea Rōna Kateng

Ho bona kamoo melumo e lerata e ka lematsang kutlo ea rōna kateng, ak’u nahane ka papiso ena. Tlaleho e ’ngoe ea polokeho mosebetsing e bapisa lisele tsena tse koahetsoeng ka letlalo le lesesaane tse nang le boea ka hare-hare tsebeng le koro masimong ’me e boele e bapise molumo o kenang ka tsebeng le moea. Moea o fokang hasesaane, joaloka molumo o llelang tlaase, o tla sisinya lihloohoana tsa koro, empa koro ha e senyehe. Leha ho le joalo, moea o fokang ka matla, o tla hatella lehlaka la koro. Moea o fokang ka sekhahla ebile e le ka tšohanyetso kapa o tsoelang pele ka nako e telele o ka ’na oa roba lehlaka le ho le bolaea.

Ho joalo le ka lerata le lisele tse bonolo tse kang boea tse leng karolong e ka hare-hare ea tsebe. Lerata le leholo le ka tabola sehlopha sa lisele tse ka hare-hare tsa tsebe ’me la siea lipha tse ka etsang hore motho a se hlole a utloa ho hang litsebeng. Ho phaella moo, ho mamela melumo e phahameng ka nako e telele ho ka senya lisele tsena tse bonolo tse kang boea ka ho feletseng. Hang feela ha li ka senyeha, li ke ke tsa khona ho inchafatsa. Sena se ka ’na sa fella ka hore motho a be le bothata ba ho utloa melumo e sa khaotseng (tinnitus)—e kang ho hoba ha notši, mangenengene, kapa molumo o lerata ka litsebeng kapa ka hloohong.

Sireletsa le ho Boloka Kutlo ea Hao

Le hoja lefutso kapa kotsi e ’ngoe e sa lebelloang e ka ’na ea etsa hore re se utloe hantle litsebeng, re ka nka mehato ea ho sireletsa le ho boloka kutlo ea rōna ea bohlokoa. Ho hotle ho ithuta esale pele ka lintho tse ka ’nang tsa sokela kutlo ea rōna. Setsebi se seng sa maqhubu a molumo se itse, “ho ema ho fihlela ho e-ba le bothata ho tšoana le ho haha serobe phiri e se e jele.”

Hangata ntho ea bohlokoa ke mokhoa oo re mamelang ka oona eseng seo re se mamelang. Ka mohlala, ha u sebelisa li-headphone tsa stereo, ho ka ba molemo hore u theolele molumo tlaase hore u khone ho utloa melumo e u pota-potileng. Haeba molumo oa stereo sa koloi kapa sa lapeng o le holimo hoo moqoqo o tloaelehileng o seng o sa utloahale, sena e ka ba letšoao la hore o phahame haholo hoo o ka senyang methapo ea hao ea kutlo. Litsebi li lemosa hore ho mamela molumo oa bophahamo ba li-decibel tse 90 ka lihora tse peli kapa tse tharo ho ka lematsa litsebe tsa hao. Ho eletsoa hore neng le neng ha u le sebakeng se tletseng lerata u sebelise li-earplug kapa u nke mehato e meng ea ho itšireletsa.

Batsoali ba lokela ho hopola hore bana ba kotsing e khōlō ea ho lemala methapo ea kutlo ho feta batho ba baholo. Nahana ka kotsi e ka ’nang ea bakoa ke lintho tsa ho bapala tse lerata. Esita le ntho ea ho bapala e lerata ha e sisinngoa e ka hlahisa molumo oa li-decibel tse 110!

Litsebe tsa rōna ke litho tse nyenyane tse hlokang tlhokomelo, le tse hlollang. Ka tsona re khona ho utloa melumo e fapaneng le e monate ea lefatše le re potolohileng. Ka sebele mpho ena ea bohlokoahali ea kutlo e lokela ho sireletsoa.

[Lebokose le leqepheng la 13]

Khakanyo ea Li-decibel ea Melumo e Meng e Tloaelehileng

• Ho hema—li-decibel tse 10

• Mohoeshetso—li-decibel tse 20

• Moqoqo—li-decibel tse 60

• Sephethephethe—li-decibel tse 80

• Mochine o tsoakang lijo—li-decibel tse 90

• Terene e fetang—li-decibel tse 100

• Sakha ea motlakase—li-decibel tse 110

• Sefofane se fetang—li-decibel tse 120

• Molumo oa sethunya—li-decibel tse 140

[Lebokose le leqepheng la 14]

Ho ka ’na ha Etsahala Hore Ebe U na le Bothata ba ho Utloa Litsebeng Haeba

• U eketsa molumo oa seea-le-moea kapa oa TV empa ba bang ba utloa o le holimo haholo

• Ka linako tsohle u kōpa batho hore ba phete seo ba se buileng

• U sosobanya sefahleho, u atamela haufi kapa u reteletsa hlooho e le hore u ka utloa motho ea buang le uena hantle

• U e-na le bothata ba ho utloa ha batho ba bua libakeng tseo ba bokaneng ka bongata ho tsona kapa ha ho e-na le lerata le itseng ka thōko, joaloka ’mokeng oa boithabiso kapa lebenkeleng le phetheselang

• U itšetlehile ka ba bang hore ba u bolelle se builoeng

[Setšoantšo se Qanollang se leqepheng la 13]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

Bokantle ba tsebe

Masapo a mararo a tsebe e bohareng

Moropa oa tsebe

Bokahare ba tsebe

Methapo e fetisetsang boitsebiso bokong

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela