Tsebe ea Hao—Setho se Seholo sa Puisano
U KA tutubala haeba u sa batle ho bona. U ka koala moea oa hao haeba u sa batle ho fofonela. Empa u ke ke oa koala litsebe tsa hao haeba u sa batle ho utloa. Maele a reng “ho ikoala litsebe” empa e le tšoantšiso. Ho utloa ha hao, joaloka ho otla ha pelo ea hao, ho tsoela pele esita leha u robetse.
Ka sebele, litsebe tsa rōna li sebetsa ka linako tsohle ho re kopanya le lefatše le re potolohileng. Lia khetha, lia hlophisa, li amohela seo re se utloang le ho se fetisetsa bokong. Boholeng ba li-cubic senthimithara tse 16, litsebe tsa rōna li sebelisa melao ea mahlale a molumo, mahlale a mechine, mahlale a tšebetso ea mekeli-keli, mahlale a elektroniki, le lipalo tse phahameng ho finyella seo li se etsang. Haeba kutlo ea rōna e sa holofala, nahana ka lintho tse ’maloa tseo tsebe e ka li etsang.
◻ Ho tloha ho lerata le lenyenyane joaloka ho hoeshetsa ho isa lerateng le matla la sefofane sa jet se tlohang fatše, litsebe tsa rōna li ka mamella phapang ea molumo ka makhetlo a 10-000 000 000 000. Ka puo ea mahlale, sena ke molumo oa li-decibel tse ka bang 130.
◻ Litsebe tsa rōna li ka khetholla moqoqo le ho mamela o le mong ka tlung e tletseng batho kapa hona ho khetholla noto e fosahetseng ea seletsa se le seng ea sehlopha sa liletsa tsa orchestra tse lekholo.
◻ Litsebe tsa motho li ka utloa phetoho ea likhato tse peli ea mohloling oa molumo. Li etsa sena ka ho utloa phapang e nyenyane nakong eo molumo o fihlang ka eona le sekhahla sa molumo litsebeng tse peli. Phapang ea nako e ka ba nyenyane ho fihla karolong ea leshome ea millione ka motsotsoana, empa litsebe li ka utloa sena le ho se fetisetsa bokong.
◻ Litsebe tsa rōna li ka hopola esita le ho khetha mahareng a melumo e 400 000. Tšebetso ea tsebe e ka hare e khetholla maqhubu a molumo le ho a bapisa le a bolokiloeng mohopolong oa rōna. Ke kahoo u ka tsebang ho bolela haeba pina e letsoa ka katara kapa foleiti, kapa hore na u bua le mang thelefonong.
“Tsebe” eo re e bonang lehlakoreng la hlooho ea rōna ke feela karolo e bonahalang ea tsebe ea rōna. Mohlomong ba bangata re sa hopola hore ha re sa kena sekolo hore tsebe e na le likarolo tse tharo: tsebe e kantle, tsebe e bohareng, le tsebe e ka hare, kamoo li bitsoang kateng. Tsebe e kantle e entsoe ka “tsebe” e tloaelehileng ea nama le lefufuru le tselana ea tsebe e lebisang ka hare ho ea moropaneng oa tsebe. Tsebeng e bohareng, ho na le masapo a manyenyane ka ho fetisisa ’meleng oa motho—malleus, incus, le li-stape tse tloaetsoeng ho bitsoa ka hore ke hammer, anvil, le stirrup—li etsa borokho bo amahanyang moropana le oval window, e leng tselana e kenellang tsebeng e ka hare. Tsebe e ka hare e entsoe ka likarolo tse peli tse makatsang: sehlopha sa likanale tse batlang li le selika-likoe le cochlea e kang khofu.
Tsebe e Kantle—Seamohela Molumo
Ka tloaelo, tsebe e kantle e bokella maqhubu a molumo moeeng le ho a tsamaisa ho ea likarolong tse ka hare tsa tsebe. Empa e etsa ho fetang moo.
Na u kile oa ipotsa haeba karolo e kantle ea tsebe ea hao e sebetsa morero o mong o khethehileng? Bo-ramahlale ba fumane hore lesoba le bohareng ba tsebe e kantle le tselana ea tsebe li bōpehile ka tsela eo li amohelang lenane le itseng la molumo. Seo se re tsoela molemo joang? Sena se etsahala ka tsela eo litšobotsi tsa bohlokoa tsa melumo ea puo ea motho li oelang karolong e tšoanang.a Ha melumo ena e feta har’a tsebe e kantle le tselaneng ea tsebe, o hōlisoa ka makhetlo a mabeli ho feta pele. Ona ke mokhoa o phahameng oa mahlale a tšebetso ea molumo!
Tsebe e kantle e phethahatsa karolo ea bohlokoa hore re fumane mohloli oa molumo. Joalokaha ho boletsoe, molumo o hlahang ka lehlakoreng le letšehali kapa le letona la hlooho o khetholloa ke phapang ea matla le nako eo o fihlang ka eona litsebeng tse peli. Empa ho thoe’ng ka molumo o tsoang ka morao? Sebōpeho sa tsebe e sa ntse e le sa bohlokoa. Ntlha ea tsebe ea rōna e bōpehile ka tsela e kopanyang melumo e tsoang ka morao, ho etsang tahlehelo e mahareng a li-hertz tse 3 000 ho ea ho tse 6 000. Sena se fetola tšobotsi ea molumo, ’me boko bo hlalosa sena e le molumo o tsoang ka morao. Molumo o tsoang ka holimo ho hlooho o boetse oa fetoloa empa ka leqhubu le fapaneng.
Tsebe e Bohareng—Mosebetsi o Makatsang
Mosebetsi oa tsebe e bohareng ke ho fetola maqhubu a molumo ho a fetisetsa tsebeng e ka hare. Se etsahalang mokoting ona o monyenyane o lekanang le erekisi ke mosebetsi o makatsang ka ’nete.
Ho fapana le khopolo ea hore molumo o phahameng o baka ho thothometsoa ha moropana, ha e le hantle maqhubu a molumo a etsa joalo ka tekanyetso e nyenyane. Molumo o monyenyane joalo ha oa lekana ho etsa hore tsebe e ka hare e tletseng mokeli-keli e sebetse. Tsela eo bothata bona bo hlōloang ka eona e boetse e bontša mosebetsi o hlollang oa tsebe.
Kamano ea masapo a mararo a manyenyane a tsebe e bohareng ha e mafolo-folo feela empa e boetse e molemo. E sebetsa joaloka sebete, e hōlisa matla a kenang ka karolo ea 30 lekholong. Ho feta moo, moropana o moholo ka makhetlo a 20 ho feta stirrup. Kahoo, khatello e leng holim’a moropa e ba sebakeng se senyenyane sa oval window. Lintho tsena tse peli li matlafatsa khatello ea moropa o thothomelang ka makhetlo a 25 ho ea ho a 30 ho oval window, e leng ho lekaneng ho etsa hore mokeli-keli oa cochlea o qalise ho phalla.
Na u fumana ka linako tse ling ho tšoaroa ke sefuba ho ama kutlo ea hao? Ho joalo hobane tšebetso e nepahetseng ea moropana e hloka hore khatello e lekane ka mahlakoreng a mabeli a tsebe. Hangata ho leka-lekana hona ho bolokoa ke lesoba le lenyenyane le bitsoang Eustachian tube, e hokelang tsebe e bohareng le lesoba la nko. Lesoba lena le buleha ka linako tsohle ha re koenya ’me le fokotsa khatello leha e le efe e bokellaneng ka tsebeng e bohareng.
Tsebe e Kahare—Qetello ea Mosebetsi oa Tsebe
Ho tloha ho oval window re tla ho tsebe e kahare. Masobana a emeng a bapile a bitsoang li-semicircular canal, a re nolofalletsa ho boloka botsitso. Leha ho le joalo, ke ho cochlea moo mosebetsi oa kutlo o qalisang teng.
Cochlea (ho tsoa ho Segerike ko·khliʹas, bakeng sa khofu) ke sehlopha sa masoba a mararo kapa litselana tse tletseng mokeli-keli, tse imenneng joaloka khetla ea khofu. Masobana ana a mabeli a hokelletsoe karolong e ka holimo ea karolo e selika-likoe. Ha oval window e leng botlaaseng ba spiral e thothometsoa ke li-stirrup, ’me lia holimo le tlaase joaloka li-piston, e be li etsa khatello ea maqhubu mokeli-keling. Ha maqhubu ana a ntse a ea holimo le tlaase, a etsa hore mabotana a arohanyang masobana a sarolohe le ho honyela.
Maboteng ana a tsebahalang e le lera la basilar, ho na le setho sa Corti se utloang ka potlako se rehelletsoeng ka Alfonso Corti, eo ka 1851 a ileng a sibolla setsi sena sa ’nete sa kutlo. Likarolo tse khōlō tsa setho sena li na le mela ea lisele tsa moriri tse ka bang 15 000 kapa ho feta. Ho tloha liseleng tsena tsa moriri, methapo ea kutlo e likete-kete e nka boitsebiso ho ea ka sekhahla sa molumo, le ho bo fetisetsa bokong e le kutlo.
Sephiri se Senotsoe
Kamoo setho sa Corti se fetisetsang boitsebiso bona bo rarahaneng bokong e bile sephiri ka nako e telele. Ntho e ’ngoe eo bo-ramahlale ba neng ba e tseba ke hore boko ha bo arabele ho thothomeleng ha litho tsa tsebe empa bo arabela feela liphetohong tsa motlakase le lik’hemik’hale. Ka tsela e ’ngoe setho sa Corti se lokela ho fetola maqhubu a molumo a lera la basilar ho lumellana le melaetsa ea motlakase le ho e romela bokong.
Ho nkile ra-mahlale oa Hungary Georg von Békésy lilemo tse 25 ho senola sephiri sa setho sena se senyenyane. Ntho e ’ngoe eo a ileng a e sibolla ke hore ha maqhubu a hatelletsoeng ke mokeli-keli a fihla tselaneng ea cochlea, a finyella tlhōrō ea ’ona le ho sututsa lera la basilar. Maqhubu a bakoang ke molumo o phahameng haholo a sututsa lera le pel’a karolo e ka holimo ea tsebe. Ka hona, Békésy o ile a fihlela qeto ea hore molumo o itseng o etsa hore maqhubu a otle lera la basilar sebakeng se khethehileng, ’me sena se etse hore lisele tsa moriri li arabele ka ho romela melaetsa bokong. Lisele tsa moriri li lumellana le maqhubu a molumo, ’me lenane la lisele tsa moriri tse tsosoang le tla lumellana le matla a molumo.
Tlhaloso ena ke e loketseng bakeng sa ’mino. Leha ho le joalo, melumo ea tlhaho ha e bonolo. Molumo oa nketjoane o fapane haholo le oa seletsa sa moropa esita leha li ka ba le maqhubu a tšoanang. Ho joalo hobane molumo ka mong o na le linoto tse ngata tsa motheo. Linoto tse itseng le matla a tsona li neha molumo ka mong tšobotsi e khethehileng. Ke kamoo re hopolang melumo eo re e utloang.
Lera la basilar le ka arabela melumong eohle ka nako e tšoanang le ho lekanyetsa hore na ho na le melumo e mekae, ka hona le khetholle molumo. Liithuti tsa lipalo li bitsa mokhoa ona Fourier analysis, ba o rehelletse ka seithuti se bohlale sa lipalo sa Lefora sa lekholong la bo19 la lilemo Jean-Baptiste-Joseph Fourier. Leha ho le joalo, ke khale tsebe e sebelisa mokhoa ona o tsoetseng pele oa lipalo ho khetholla molumo oo re o utloang le ho fetisetsa boitsebiso bokong.
Esita le hona joale, bo-ramahlale ha ba kholiseha hantle hore na ke mofuta ofe oa molumo oo tsebe e bohareng e o romelang bokong. Liphuputso li senola hore melaetsa eohle e romeloang ke lisele tsa moriri bokong e nka nako e lekanang le matla. Kahoo, bo-ramahlale ba lumela hore ha se molaetsa ka boona empa molumo o bonolo o fetisetsang molaetsa bokong.
Bakeng sa ho ananela bohlokoa ba sena, hopola lipapali tsa bana moo ba phetang pale ho tloha ho ngoana e mong ho theosa ho fihla ho ea lutseng qetellong. Seo ngoana ea lutseng qetellong ea mola a se utloang ha se tšoane le se utloiloeng ke oa pele. Haeba ho fetisoa code, e emelang molaetsa oo, ho ka etsahala hore molaetsa o fihlile hantle ho e-na le taba e rarahaneng e fihlang e senyehile. Ka ho hlakileng, ke sona seo tsebe e bohareng e se etsang.
Ka ho thahasellisang, mokhoa oa mehleng ena o sebelisoang mekhoeng ea puisano e tsoetseng pele o bitsoang pulse code modulation, o sebetsa ka tsela e tšoanang. Ho e-na le ho romela boitsebiso ba ketsahalo, ho romelloa code ea ketsahalo eo. Ena ke tsela eo litšoantšo tsa Mars li ileng tsa romeloa lefatšeng ka eona ka binary bits, kapa ka tsela eo molumo o ka fetoleloang likarolong tse nyenyane bakeng sa ho theipuoa le ho bapaloa hamorao. Empa tsebe ke eona ebileng le sena pele!
Mosebetsi o Tsoileng Matsoho oa Pōpo
Mohlomong litsebe tsa rōna e ke ke ea ba tse lethoethoe kapa tse utloang ka potlako, empa li loketse ho phethahatsa tlhoko ea rōna e khōlōhali—puisano. Li etselitsoe ho arabela hantle litšobotsing tsa molumo oa motho. Masea a lokela ho utloa molumo oa mantsoe a batsoali hore a hōle hantle. Ha a ntse a hōla, ho hlokahala hore a utloe mantsoe a batho haeba a tla hōlisa matla a puo. Litsebe tsa ’ona li a lumella ho khetholla melumo e fosahetseng ea puo ka ’ngoe ka ho nepahetseng hoo a hōlang a e bua joaloka motho oa sebakeng seo.
Sena sohle ha se ka lebaka la ho iphetola ha lintho ho sefofu. Ho e-na le hoo, re leboha ’Mōpi oa rōna ea lerato, Jehova, ka ho re neha matla a kutlo. (Liproverbia 20:12) Ruri litsebe tsa rōna ke mosebetsi o tsoileng matsoho oa pōpo le pontšo ea bohlale ba Moetsi oa rōna. Ka litsebe tsa rōna re tseba ho buisana le batho ba bang. Empa ka holim’a tsohle, e se e ka re ka mamela bohlale bo tsoang Lentsoeng la Molimo, hore re ithute ho Ntate oa rōna oa leholimo, Jehova Molimo.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Litšobotsi tse khethehileng tsa molumo oa batho li oela karolong e ka bang li-hertz tse 2 000 ho ea ho tse 5 000 (lipotoloho ka motsotsoana), ’me ho lekanyetsoa hore lena ke lenane la maqhubu a molumo ka motsotsoana leo tselana ea tsebe e kantle e amohelang molumo ka lona.
[Setšoantšo se Qanollang se leqepheng la 15]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
TSEBE E KANTLE
Tsebe
Tselana ea tsebe
Moropana
TSEBE E BOHARENG
Hammer
Anvil
Stirrup
Eustachian tube
TSEBE E KAHARE
Li-semicircular canal
Oval window
Cochlea
[Setšoantšo se Qanollang se leqepheng la 16]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Setšoantšo se bontša likanale tse tharo ha li phuthollotsoe
COCHLEA
Vestibular canal
Lesobana la Cochlea
Tympanic canal