Ke’ng se Molemong oa Ngoana?
HO HLALA kapa ho se hlale? Eo ke potso e khōlōhali likelellong tsa banyalani ba bangata ba sa thabang. Lilemong tse ’maloa tse fetileng tlhalo e ne e le ntho e nyarosang, haeba e ne e sa nyatsuoe, ka mabaka a boitšoaro le a bolumeli. ’Me banyalani leha e le bafe ba sa thabang hangata ba ne ba lula hammoho molemong oa bana. Leha ho le joalo, litekanyetso tsa lefatše li fetohile haholo mehleng ea morao tjena. Kajeno tlhalo ea amoheleha hohle.
Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe ho amoheleha ha tlhalo, batsoali, baahloli, litsebi tsa kahisano le batho ba bang ba eketsehileng ba bontša ho ameha ka liphello tse mpe tseo tlhalo e bang le tsona ho bana. Hona joale ho etsoa temoso ka ho eketsehileng. Bopaki bo ntseng bo eketseha bo bontša hore tlhalo e ka ba le phello e senyang ho ngoana. Batsoali ba khothalletsoa ho nahana ka liphello tseo tlhalo e bang le tsona ho bona le ho bana ba bona. Setsebi litabeng tsa kahisano, Sara McLanahan, oa Univesithi ea Princeton, o bolela hore “malapa a pakeng tsa a mabeli ho a mararo le a mararo ho a mane a ba hlalanang a lokela ho ipha nako e eketsehileng le ho nahanisisa ka hore na a etsa ntho e lokileng kapa che.”
Liphuputso tsa morao tjena li bontša hore bana bao batsoali ba bona ba hlalaneng ba kotsing e khōloanyane ea ho ima ba le lilemong tsa bocha, ho nyahlatsa sekolo ka lehare, ho tepella maikutlo, ho hlala manyalong a bona ka bobona le ho ba ba amohelang lithuso tsa sechaba. Linaheng tsa Bophirimela, ngoana a le mong ho ba tšeletseng o angoa ke tlhalo. Rahistori Mary Ann Mason, bukeng ea hae e buang ka tokelo ea molao ea ho hlokomela ngoana United States, o ile a hlokomela: “Ngoana ea hlahileng ka 1990 o monyetleng oa hoo e ka bang karolo ea 50 lekholong oa ho hlaha ka pel’a lekhotla nyeoeng ea hore na o tla lula hokae hona le mang.”
Ka masoabi, hase kamehla bora bo felang ka mor’a tlhalo, kaha batsoali ba ka ’na ba tsoela pele ho loanela litokelo tsa molao ka makhotleng tsa ho hlokomela ngoana le ho mo etela, e leng ho utloisang bana bohloko le ho feta. Linyeoe tsena tse amang maikutlo tse bontšang ho hloeana ka lekhotleng li leka botšepehi ba bana ho batsoali ba bona ’me hangata li etsa hore ba ikutloe ba fokola ’me ba tšaba.
Moeletsi e mong oa lelapa o ile a re: “Tlhalo ha e lopolle bana. Ka linako tse ling e lopolla batho ba baholo.” ’Nete ke hore ka ho hlalana, batsoali ba ka ’na ba rarolla qaka ea bona, empa ka nako e tšoanang, ba ka baka tšenyo baneng ba bona, tšenyo eo ba ka ’nang ba qeta nako eohle ea bophelo ba bona ba ntse ba leka ho e koahela.
Litokelo Tsa Molao Tsa ho Hlokomela Ngoana Tse ka Khethoang
Bora le khatello ea maikutlo tse bang teng nakong ea tlhalo, li etsa hore ho be thata haholo ho buisana ka tsela e khutsitseng le e bontšang kahlolo e molemo ka hore na ke mang ea tla hlokomela bana. E le ho fokotsa qhoebeshano pakeng tsa batsoali le ho qoba linyeoe tsa tlhōlisano, makhotla a mang a buella tsela e ’ngoe ea ho rarolla mathata, joaloka ea lipuisano le mokena-lipakeng tse tšoaroang kantle ho lekhotla.
Ha li tsamaile hantle, lipuisano le mokena-lipakeng li lumella batsoali ho fihlela tumellano ka hore na ke mang ea hlokomelang bana ho e-na le ho siela moahloli ho ba etsetsa qeto. Haeba lipuisano le mokena-lipakeng li sa khonehe, batsoali ba ka ’na ba khona ho fihlela tumellano ka tlhokomelo le ho eteloa ha ngoana ka babuelli ba bona ba molao. Hang ha batsoali ba fihletse tumellano ’me ba e ngotse, moahloli a ka saenela taelo eo e nang le litakatso tsa bona.
Ha batsoali ba sitoa ho lumellana ka ho lokisetsa hore na ke mang ea hlokomelang ngoana, makhotla a molao linaheng tse ngata a ee a fane ka thuso ho leka ho tiisa hore lithahasello tse molemong oa ngoana lia sireletsoa. Moahloli o tla ameha haholo ka bana, eseng ka batsoali. Moahloli o tla hlahloba lintlha tse ngata tse amehang, tse kang litakatso tsa batsoali, kamano e teng pakeng tsa ngoana le motsoali ka mong, seo ngoana a se khethang le bokhoni ba motsoali ka mong ba ho fana ka tlhokomelo ea letsatsi le letsatsi. Kahoo, moahloli o tla etsa qeto ea hore na ke hokae le hore na ke mang eo ngoana a tlang ho lula le eena hammoho le tsela eo ka eona batsoali ba tlang ho etsa liqeto tsa bohlokoa tse amang bokamoso ba ngoana.
Tokisetsong eo ho eona motsoali a le mong a nang le tokelo e feletseng ea molao ea ho hlokomela ngoana, a ka ’na a ba le matla a ho etsa liqeto. Tokisetsong eo ho eona tokelo ea molao ea ho hlokomela ngoana e kopanetsoeng, batsoali ka bobeli ba tlameha ho lumellana liqetong tse khōlō, tse kang tse mabapi le tlhokomelo ea bophelo le thuto ea ngoana.
Lipotso Tseo ho ka Tobanoang le Tsona
Ha ba tobane le nyeoe ea hore na ke mang ea fuoang tokelo ea molao ea ho hlokomela ngoana, batsoali bao e leng Lipaki tsa Jehova ba boetse ba tlameha ho nahanela lithahasello tsa moea bakeng sa se molemo ka ho fetisisa ho bana. Ka mohlala, ho thoe’ng haeba motsoali eo e seng Paki a le khahlanong le koetliso leha e le efe ea bana e thehiloeng Bibeleng? Kapa ho thoe’ng haeba motsoali eo e seng Paki a khaotsoe phuthehong ea Bokreste?
Maemo ana a ka thatafalletsa batsoali ba Bakreste ho etsa qeto. Ba batla ho itšoara ka tsela e bohlale le e nang le kahlolo e molemo, ’me ba boetse ba batla ho lula ka letsoalo le letle ka pel’a Jehova ha ka thapelo ba hlahloba se molemong oa bana.
Lihloohong tse latelang, re tla hlahloba lipotso tse kang tsena: Ha ho fanoa ka tokelo ea ho hlokomela bana, molao o talima bolumeli joang? Nka tobana joang ka katleho le nyeoe e holim’a ho fanoa ka tokelo ea molao ea ho hlokomela ngoana? Nka sebetsana ka katleho joang le ho lahleheloa ke tokelo ea molao ea ho hlokomela bana ba ka? Ke talima tumellano ea ho ba le tokelo ea molao ea ho hlokomela ngoana e kopanetsoeng le motsoali ea khaotsoeng joang?